LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA
Tšenolo 21:1—“Leholimo le Lecha le Lefatše le Lecha”
“Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha. Leholimo la pele le lefatše la pele li ne li se li fetile ’me leoatle le ne le se le le sieo.”—Tšenolo 21:1, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
“Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha hobane leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, le lona leoatle le ne le se le le sieo.”—Tšenolo 21:1, Bibele e Halalelang.
Tlhaloso ea Tšenolo 21:1
Temana ena e sebelisa mantsoe a tšoantšetso ho bontša hore ’Muso oa Molimo o tlo felisa mebuso eohle ea batho. ’Muso oa Molimo o tla tlosa lintho tse mpe ’me o buse batho ba ikemiselitseng ho mamela Molimo.
Buka ea Tšenolo e bua ka ‘lipontšo’ kapa lintho tsa tšoantšetso. (Tšenolo 1:1) Kahoo, hoa utloahala hore re re leholimo le lefatše tseo ho buuoang ka tsona temaneng ena ke tsa tšoantšetso. Ho ekelletsa moo, ho buuoa ka “maholimo a macha” le “lefatše le lecha” tsa tšoantšetso litemaneng tse ling tsa Bibele. (Esaia 65:17; 66:22; 2 Petrose 3:13) Ho hlahloba mangolo ana le litlaleho tse ling tsa Bibele ho ka re thusa ho utloisisa hore na temana ena e bolela’ng.
“Leholimo le lecha.” Ka linako tse ling, Bibele e sebelisa lentsoe “leholimo” ha e bua ka mebuso. (Esaia 14:12-14; Daniele 4:25, 26) Ke kahoo tšupiso e ’ngoe ha e bua ka lipono tsa boprofeta e reng “leholimo le tšoantšetsa matla a ho busa kapa ’muso.”a “Leholimo le lecha” leo ho buuoang ka lona ho Tšenolo 21:1 le bolela ’Muso oa Molimo. ’Muso ona oa leholimo oo ka linako tse ling o bitsoang “’Muso oa maholimo” ho buuoa ka ona lengolong lohle la Tšenolo le libukeng tse ling tsa Bibele. (Matheu 4:17; Liketso 19:8; 2 Timothea 4:18; Tšenolo 1:9; 5:10; 11:15; 12:10) ’Muso oa Molimo oo Morena oa oona e leng Jesu, o tla nkela “leholimo la pele” sebaka e leng mebuso eohle e sa phethahalang ea batho.—Daniele 2:44; Luka 1:31-33; Tšenolo 19:11-18.
“Lefatše le lecha.” Bibele e ruta hore lefatše leo re phelang ho lona ha le na senngoa kapa ho tlosoa moo le leng teng. (Pesaleme ea 104:5; Moeklesia 1:4) Joale lefatše la tšoantšetso ke’ng? Hangata Bibele e sebelisa lentsoe “lefatše” ha e bua ka batho. (Genese 11:1; 1 Likronike 16:31; Pesaleme ea 66:4; 96:1) Joale e tlameha hore e be “lefatše le lecha” le bolela batho ba ikemiselitseng ho busoa ke ’Muso oa Molimo o leholimong. “Lefatše la pele” kapa batho ba hanyetsang ’Muso oa Molimo, ha ba sa tla hlola* ba e-ba teng.
“Leoatle le ne le se le le sieo.” “Leoatle” le lona le sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso ho Tšenolo 21:1. Joalokaha leoatle le bakela batho mathata ha le loebehlana, ho loketse ho le tšoantša le batho ba bakang mathata le pherekano hobane ba sa batle ho mamela Molimo kapa ho phela ka melao ea hae. (Esaia 17:12, 13; 57:20; Tšenolo 17:1, 15) Batho bana ba tla felisoa. Pesaleme ea 37:10 e re: “Ho setse nakoana e seng kae ’me batho ba khopo ha ba sa tla hlola* ba e-ba teng. U tla sheba moo ba neng ba le teng empa ba tla be ba le sieo.”
Litaba Tse Potolohileng Tšenolo 21:1
Buka ea Tšenolo e profetile se etsahalang “letsatsing la Morena.” (Tšenolo 1:10) Ho latela boprofeta ba Bibele, letsatsi leo le qalile ka 1914 ha Jesu a qala ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo.b Empa ha a tlo busa lefatše hang-hang. Ha e le hantle, boprofeta bo bong bo bontša hore maemo a lefatše a tlo mpefala le ho feta qalong ea ‘letsatsi la Morena.’ Nako eo e bitsoa ‘mehla ea bofelo.’ (2 Timothea 3:1-5, 13; Matheu 24:3, 7; Tšenolo 6:1-8; 12:12) Ha mehla eo ea bofelo e fela, ’Muso oa Molimo o tla tlosa mebuso eohle ea batho hammoho le batho ba hanyetsang Molimo e leng leholimo la khale le lefatše la khale ’me o tla etsa hore ho be le khotso le kutloano. Batho ba tla beng ba busoa ke ’Muso oa Molimo e leng “lefatše le lecha” ba tla thabela bophelo bo monate le bo phethahetseng.—Tšenolo 21:3, 4.
Shebella video ena e khutšoanyane ho ithuta ho eketsehileng ka buka ea Tšenolo.
a McClintock and Strong’s Cyclopedia (1891), Volume IV, leqephe 122.
b Sheba sehlooho se reng “Tatellano ea Liketsahalo Tsa Bibele e Bontša’ng Mabapi le Selemo sa 1914?”