Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbv sehlooho 45
  • Pesaleme ea 37:4—“Thabela Morena”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pesaleme ea 37:4—“Thabela Morena”
  • Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pesaleme ea 37:4 e bolela’ng?
  • Litemana tse potolohileng Pesaleme ea 37:4
  • “Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Liproverbia 16:3—“Beha Mesebetsi ea Hao Atleng Tsa Morena”
    Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
  • Na U Thabela “Molao oa Jehova”?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Pesaleme ea 46:10—“Tlohelang, ’me le Tsebe Hoba ke ’na Molimo”
    Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
Bala Tse Ling
Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
ijwbv sehlooho 45

LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA

Pesaleme ea 37:4—“Thabela Morena”

“Jehova o tla etsa hore u thabe haholo, o tla u fa lintho tseo pelo ea hao e li batlang.”—Pesaleme ea 37:4, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

“Thabela Morena, ’me o tla u nea tse lakatsoang ke pelo ea hao.”—Pesaleme ea 37:4, Phetolelo e Ncha.

Pesaleme ea 37:4 e bolela’ng?

Mopesaleme o hlalosa hore bahlanka ba Molimo baa thaba hobane e le metsoalle ea Hae e haufi. Ka hona, bohle ba thabelang setsoalle seo ba ka kholiseha hore Jehovaa Molimo o tla ba fa lintho tseo ba li batlang tse tumellanong le thato ea hae.

“Jehova o tla etsa hore u thabe haholo.” Ka mantsoe a bonolo, re lokela ho thabisoa ke ho sebeletsa Molimo oa ’nete. (Pesaleme ea 37:4) Ke hobane’ng ha re cho joalo?

Batho ba sebeletsang Jehova ba sheba litaba ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona joalokaha ho bontšoa ka Bibeleng. Ba tseba Molimo ebile baa tseba hore ha ba mo mamela ba tla ba bohlale. Kahoo, ba na le letsoalo le hloekileng ebile ba qoba mathata a mangata. (Liproverbia 3:5, 6) Ka mohlala, ha ba halefe kapa ho monela batho ba sa tšepahaleng le ba meharo ha ba atleha bophelong. (Pesaleme ea 37:1, 7-9) Batho ba Molimo ba thabisoa ke ho tseba hore haufinyane o tla felisa ho hloka toka ’me a putse batho ba tšepahalang ka lebaka la boitšoaro ba bona bo botle. (Pesaleme ea 37:34) Ba boetse ba thabisoa ke ho tseba hore ba thabisa Ntate oa bona ea leholimong.—Pesaleme ea 5:12; Liproverbia 27:11.

“O tla u fa lintho tseo pelo ea hao e li batlang.” Mantsoe ana a ka boela a fetoleloa e le “o tla araba lithapelo tsa lona” kapa e le “o tla le fa lintho tseo le li labalabelang.” Ke ’nete hore Jehova a ke ke a re fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e kopang. Joaloka motsoali ea lerato, Jehova oa tseba hore na ke lintho life tseo bana ba Hae ba li hlokang. Kahoo, lithapelo tsa rona le tsela eo re phelang ka eona li lokela ho lumellana le melao-motheo le thato ea hae. (Liproverbia 28:9; Jakobo 4:3; 1 Johanne 5:14) Ha re etsa joalo re tla atamela “Ea Utloang thapelo” re kholisehile hore o tla re utloa.—Pesaleme ea 65:2; Matheu 21:22.

Litemana tse potolohileng Pesaleme ea 37:4

Pesaleme ea 37 e qapuoe ke Morena Davida. O ngotse pesaleme ena a sebelisa tatellano ea litlhaku tsa alfabete ea Seheberu.b

Batho ba bangata ba ne ba sa tšoare Davida hantle. Morena Saule le batho ba bang ba ne ba batla ho mo bolaea. (2 Samuel 22:1) Ho ntse ho le joalo, Davida o ne a tšepile Molimo ka pelo eohle. Davida o ne a tseba hore Jehova o tla felisa ba khopo. (Pesaleme ea 37:10, 11) Le hoja ho ne ho bonahala eka ba atleha joaloka “joang bo bocha bo botala” ba ne ba tla felisoa.—Pesaleme ea 37:2, 20, 35, 36.

Pesaleme ea 37 e bontša se tla etsahalla batho ba mamelang melao-motheo ea Molimo le ba sa e mameleng. (Pesaleme ea 37:16, 17, 21, 22, 27, 28) Ho feta moo, pesaleme ena e re thusa bona hore na ke joang re ka bang bohlale le ho ba batho bao Molimo a ba amohelang.

Bala Pesaleme ea 37 Bibeleng ea Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ho bonolo ho utloisisa Bibele ena, e na le litlhaloso tsa mantsoe, limmapa ebile u khona ho e mamela.

Shebella video ea selelekela sa buka ea Pesaleme.

a Jehova ke lebitso la Molimo. E le hore u bone hore na ke hobane’ng ha li Bibele tse ngata li sa sebelise lebitso la Molimo, bala sehlooho se re’ng “Jehova ke Mang?”

b Tsela eo pesaleme ena e ngotsoeng ka eona, litemaneng tse qalang ho sebelisitsoe alfabete e qalang ea Seheberu, tse latelang ha sebelisoa alfabete ea bobeli, joalo joalo. Sena se ne se thusa babali hore ba hopole pesaleme ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela