OLEH RADZYMINSKYI | PALE EA BOPHELO
Teronko ha E-ea ka ea Nkarohanya le Jehova
Ke hlahetse Siberia ka 1964, ka mor’a hore ’muso o fallisetse batsoali ba ka teng ho tsoa Ukraine. Ho tloha ha ke sa le ngoana, batsoali ba ka le batsoali ba bona haesale ba tšepa Jehova leha ba ne ba koalletsoe teronkong. Ntate-moholo oa ka o ile a koalloa teronkong ka lilemo tse supileng hobane e ne e le molebeli oa potoloho. Hamorao le ’na ke ile ka kena teronkong ’me ka lokela ho bontša hore ke tšepa Jehova.
Ka 1966 re ile ra khutlela Ukraine. Ke hopola hore ha ke le lilemo li ’nè, ’na le ’mè oa ka re ile ra chakela ntate-moholo oa ka teronkong. Re ile ra nka leeto le lelelele la terene ho tloha Kryvyi Rih, Ukraine, ho ea kampong ea batšoaruoa Mordovian e Russia bohareng. Le hoja ntate-moholo a ne a ntse a katiloe, re ile ra lumelloa ho qeta lihora tse peli le eena a nkukile.
Ho Tšepa Jehova ha ke le Sekolong
’Na le ngoan’eso Mykhailo (ka ho le letona)
Ha ke ntse ke hola Ukraine, tšepo ea ka ho Jehova e ile ea lekoa ka makhetlo a mangata. Ka mohlala, ha bana ba ne ba qala ho ea sekolong, ba ne ba lokela ho apara uniform e nang le sepele sa moetso oa naleli se nang le setšoantšo sa Lenin ha a le monyenyane.a Lilemo hamorao, bana ba ne ba lokela ho fasa lesela le lekhubelu molaleng ho bontša hore ba tšehetsa Lenin. Ke ile ka hana ho sebelisa matšoao ana a lipolotiki hobane ke ne ke tseba hore ke lokela ho tšepahalla Jehova ka ho feletseng.
Batsoali ba ka ba ile ba nthusa ho iketsetsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ka hore ebe ka mamello ba ile ba ntlhalosetsa hore na ke hobane’ng ha ho ne ho le bohlokoa hore re se ke ra nka karolo lipolotiking. Ba ile ba nkhothalletsa ho sebetsa ka thata sekolong hobane seo se ne se tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova.
Ka le leng, moqolotsi oa litaba ho tsoa makasineng oa Nauka i religiia (Saense le Bolumeli) e khothalletsang batho hore ba se ke ba lumela bolumeling kapa ho Molimo, o ile a tla sekolong sa rona. Matichere a ile a mpeha moleng o ka pele ha moqolotsi eo oa litaba a ntse a bua ka hore Molimo ha a eo.
Ka mor’a hore a bue, matichere a ile a nkisa ho eena a mo kopa hore a bue le ’na eaba oa mpotsa hore na ke oa bolumeli bofe. Ha kea ka ka tsila-tsila hore “ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova.” Ha a ka a re letho ntle le ho leboha hore ke ile ka mo mamela ka hloko. Sena se ile sa halefisa matichere haholo.
Ho Tšepa Jehova re le Lelapa
Re le lelapa, re ne re itšetlehile ka Jehova hore a re thuse hore re hatise lingoloa le hore re fane ka tsona. Ho feta moo, ntate oa ka e ne e le molebeli oa potoloho a etela liphutheho le lihlopha Ukraine bohareng.
Ka letsatsi le leng ka February 1978, matsatsi a mabeli pele ngoan’eso oa ho fela Pavlik a hlaha, ke ile ka fumana mapolesa a hlekemantse ka tlung ha ke tsoa sekolong ’me a nkile lingoloa tsohle tsa rona.
Letsatsi le hlahlamang, ’na le ngoan’eso e mong Mykhailo, re ile ra qaboloa ke tsela eo matichere a neng a re sheba ka eona. Ba ne ba re sheba joalokaha eka ba ntse ba re re bana ba lihloela tsa Amerika. Hamorao matichere a ile a hlokomela hore seo e ne e se ’nete ’me hamorao ba bang ba baithuti e ile ea e-ba Lipaki.
Ka 1981, mapolesa a ile a boela a tla hape lapeng. Le hoja ke ne ke so be lilemo li 18, ’na, ntate oa ka le ntate-moholo, re ile ra bitsetsoa ofising ea mochochisi. Mofuputsi ea ka sehloohong o ile a ntšosa ka hore o tla nkenya teronkong ha monna e mong ea neng a sa apara uniform a ile a ntšepisa bokamoso bo chabileng ha ne nka sebelisana le bona. Ha ba ntse ba leka ho ntšusumelletsa hore ke sebelisane le bona, ba ile ba nkhopotsa makhetlo ao ka ’ona ntate oa ka, ntate-moholo, bo-malome le bo-rangoane oa ka ba ileng ba tšoaroa ka ’ona. Leha ho le joalo, mapolesa a ne a sa tsebe hore ho nkhopotsa lintho tsena ho ile ha nkholisa hore Jehova o ne a tla nthusa hore ke mamelle ha ke le teronkong.—Bafilipi 4:13.
Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Ntate oa ka, ’na, Pavlik, ’mè oa ka le Mykhailo nakoana pele ke tšoaroa
Ho Tšepa Jehova ha ke le Teronkong
Letsatsi ka mor’a hore ke be lilemo li 18, ke ile ka bolelloa hore ke lokela ho kenela sesole. Ha kea ka ka kenela sesole, ka lebaka leo ke ile ka isoa teronkong ha ke ntse ke emetse nyeoe ea ka. Ke ne ke koalletsoe ka seleng e kholo le banna ba 85 empa ho e-na le libethe tse 34 tseo re neng re lokela ho chenchana ka tsona. Re ne re lumelletsoe ho hlapa hanngoe feela ka beke.
Ha ke qeta ho kena ka seleng ’me lemati le koaloa, mahlo kaofela a ne a le ho ’na. Banna ba neng ba lutse k’honeng e ’ngoe ba qala ho mpotsa lipotso hore na ke tšoaretsoe eng. Le hoja ke ne ke tšohile, ke ile ka hopola tlaleho e hlahang ka Bibeleng ea Daniele ea ileng a tsoa ka sekoting sa litau a sa lemala. Tlaleho ena e ile ea nthusa hore ke tšepe Jehova ka ho feletseng ’me ke khobe matšoafo.—Esaia 30:15; Daniele 6:21, 22.
Ka mor’a lijo tsa mantsiboea, e mong oa batšoaruoa ka seleng o ile a mpotsa lipotso ka seo ke se lumelang. Butle-butle ho ile ha thola tu ka seleng batšoaruoa ba bang ba se ba mametse moqoqo oa rona. Ke ile ka hlalosa seo ke se lumelang ka lihora tse ’nè ho isa ho tse hlano. Ke ile ka ananela haholo thuso eo Jehova a ileng a mpha eona.
Pele ho nyeoe ea ka, ke ile ka kopa Jehova hore a mphe bohlale le sebete sa ho emela tumelo ea ka. Mochochisi o ile a re ke ne ke re ke lumela ho Molimo feela e le hore ke se ke ka ea sesoleng. Ke ile ka leka ho hlalosetsa lekhotla hore haeba nka ba lesole, ke ne ke tla halefisa motho ea matla ka ho fetisisa bokahohleng. Leha ho le joalo, ka 1982 lekhotla le ile la mphumana ke le molato eaba ke ahloleloa lilemo tse peli kampong ea teronko.
Ke ile ka thaba ha ke fumana bara ba bang ba bo rona ba bahlano kampong moo. Le hoja re ne re se na nako e ngata ea ho buisana, re ne re sebelisa motsotso o mong le o mong oo re neng re o fumana ho khothatsana ka litemana tsa Bibele. Kaha re ne re se na Bibele, re ne re khothatsana ka litemana tse neng li hlaha mangolong ao ba lelapa le metsoalle ba neng ba re ngolla oona kapa libukeng tse ling tseo re neng re li bala.
Ho Tšepa Jehova Nakong eo ke Ileng ka Lemala ka Tšohanyetso
Ka 1983 ha ke ntse ke sebetsa ka workshopong ea teronko ke ile ka oeloa ke qubu ea masenke a ka etsang lithane tse peli a theoha holim’a crane. A ile a hatella leoto la ka le letšehali eaba lea robeha.
Ke ile ka rapela Jehova hore a mphe matla a ho mamella bohloko boo bo otlang pelo. Mooki oa teronko o ile a re ke hoeletse ke rohakane ho ntša bohloko empa ke ile ka bina lipina tsa ’Muso.
E le hore ke fihle sepetlele, ke ile ka palama teraka, seketsoana le ambulance. Leeto leo le ile la nka lihora tse tšeletseng ’me ke ile ka lahleheloa ke mali a mangata. Kaha ke ne ke kholisehile hore ke tl’o lokela ho sebetsoa, ke ile ka rapella hore lingaka li be le bohlale le hore li hlomphe qeto ea ka e thehiloeng melao-motheong ea Bibele e mabapi le ho tšela mali. Ngaka ha e-ea ka ea mamela ha ke e hlalosetsa seo ke se lumelang empa ke ile ka mo kopa hore a hlomphe qeto ea ka. Ke ile ka mo bolella hore ke ikemiselitse ho nka boikarabello ba eng kapa eng e ka etsahalang ka lebaka la ho se tšeloe mali. Ke ile ka thaba ha qetellong e lumela ho ntšebetsa e sa ntšele mali. Leha ho le joalo, karolo e ’ngoe ea leeto la ka e ile ea tlameha ho khaoloa.
Libeke tse ’maloa ka mor’a ho sebetsoa, ke ne ke fokola ke le lipakeng tsa bophelo le lefu. Ka letsatsi le leng, mooki o ile a mpolella hore ke behetsoe lijo tse khethehileng tseo ke neng ke sa tl’o li fumana ha ke le teronkong ho nthusa hore ke boele ke be le matla hape. Ka letsatsi ke ne ke fuoa khaba ea mahe a linotši, lehe le botoro. Batsoali ba ka ba ile ba etsa tokisetso ea ho nthekela lijo tsena ka mor’a ho utloa ka se etsahetseng. Leha ho le joalo, lepolesa le amohelang lintho le ile la li lumella hanngoe feela.
Letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane. (Esaia 59:1) Ka mor’a ho ntlamisa, baoki ba ne ba mpha lijo tseo ba itletseng le tsona ba bile ba eketsa lijo tsane tse khethehileng tseo ke neng ke lokela ho li ja. Sena se ile sa nkhopotsa tlaleho ea Bibele ea mosali oa mohlolohali eo nkho ea hae e sa kang ea felloa ke oli.—1 Marena 17:14-16.
Hanyane ka hanyane ke ile ka qalella ho fola. Ke ile ka tšelisoa le ho khothatsoa ke ho bala mangolo a 107 ao ke ileng ka a ngolloa ke ba lelapa le metsoalle le ho a araba kaofela. Ke ile ka boela ka fumana mpho ho tsoa ho bara ba bang ba bo rona ba neng ba le kampong e ’ngoe ea teronko.
Ka mor’a likhoeli tse peli tse telele ka ho fetisisa, ke ne ke se ke khona ho ema ke hlape. Ke ne ke se ke bile ke nahana ka ho khutlela kampong ea teronko e le hore ke il’o ba le bara beso hape.
Ngaka e neng e ntse e lokisa lipampiri tsa ka tsa ho lokolloa e ile a mpitsetsa ofising ’me ea qala ho mpotsa lipotso ka tumelo ea ka. Ka mor’a moo, e ile ea re e se eka nka tsoela pele ke le sebete ’me ka emela tumelo ea ka. Ke ile ka makala ha ke utloa mantsoe ao a buuoa ke motho ea apereng uniform ea masole.
Ka April 1984, letsatsing leo ho neng ho lokela ho etsoa qeto ea hore na ke tla lokolloa teronkong kapa che, ke ile ka botsoa hore na nka kenela sesole. Ke ile ka re ho botsa potso eo ha ho thuse ka letho hobane joale ke ne ke se ke tsamaea ka lithupa ka leeto le le leng. Eaba ba botsa potso e ’ngoe ba re: “U ne u tla etsa’ng haeba u ne u e-na le maoto a mabeli?” Ke ile ka ba bolella hore ke ne ke ikemiselitse ho tšepahalla Molimo oa ka, kahoo ke ne ke tla hana. Ba ile ba re ba tla etsa bonnete ba hore ke qeta nako eo ke neng ke e ahloletsoe teronkong. Leha ho le joalo, ke ile ka lokolloa likhoeli tse peli le matsatsi a 12 pele ho letsatsi leo ke neng ke le behetsoe.
’Na le Mykhailo (ka ho le letona) ka mor’a hore ke lokolloe kampong ea teronko
Ho Tšepa Jehova le ka Mor’a Hore ke Lokolloe Teronkong
Selemo ka mor’a hore ke lokolloe teronkong, ke ile ka ba le leoto la maiketsetso. Ho nkuka hora hoseng ho hong le ho hong ho le kenya. Mariha ho ba thata haholo ho kenya leoto lena ebile ho ba thata hore karolo ea leoto la ka e setseng e futhumale hobane mali ha a phalle hantle. Ke tatetse lefatše le lecha ha ke se ke khona ho matha hobane ke qetetse ho matha ha ke le lilemo li 19.—Esaia 35:6.
Letsatsi la rona la lenyalo
Ho ne ho le thata haholo ho fumana mosebetsi hobane ho ne ho se na motho ea batlang ho hira motho ea holofetseng. Le hoja ke kentse leoto la maiketsetso, ha ho na mosebetsi oo ke ileng ka o fumana oo ke neng ke sebetsa ke lutse letšehare kaofela. Ke qetile nako ke lokisa likoloi tsa mefuta e fapaneng eaba hamorao ke sebetsa kahong.
Ka 1986, ke ile ka nyala morali oa bo rona ea ratehang Svitlana. Le eena batsoali ba hae, nkhono le ntate-moholo oa hae e ne e le Lipaki. O ne a lula a mpolella hore o thabela hore ho tloha ha re qala ho ratana, re ile ra lumellana hore ho sebeletsa Jehova e tla lula e le eona ntho e tlang pele lenyalong la rona.
Bana ba rona Olia le Volodia ba ile ba ithuta ho etsa mosebetsi oa kaho ha ba ntse ba nthusa ho lokisa ntlo ea rona ea khale eo re neng re lula ho eona. Ha ba se ba holile, ba ne ba thabela ho thusa likahong tsa Liholo Tsa ’Muso. E ile ea boela ea e-ba bo-pula-maliboho ba kamehla. Hona joale Olia o sebeletsa likahong ha Volodia eena a sebeletsa e le moholo oa phutheho.
Mokhoenyana oa rona Oleg; morali oa rona Olia; Svitlana; ’na; ngoetsi ea rona Anna le mora oa rona Volodia
Haesale Svitlana a ntšehelitse hore ke khone ho phetha boikarabelo ba ka ka phuthehong. Ka bo 1990, liphutheho tse ngata Ukraine li ne li e-na le bahoeletsi ba ka holimo ho 200 le moholo a le mong kapa ba babeli feela. Hanngoe ka khoeli, ke ne ke qeta mafelo beke ke isetsa liphutheho tse Ukraine bohareng lingoloa.
Ho Tšepa Jehova le Hona Joale
Ka 2022, ’na le Svitlana re ile ra siea lehae la rona le Kryvyi Rih ho ea sebeletsa phuthehong e ’ngoe Austria.
Ho tloha ke sa le monyenyane, ke ile ka ithuta mehlaleng ea batho bao ke neng ke amana le bona bao e neng e le Lipaki ba neng ba thabile le hoja ba ne ba kopana le mathata. Bibele e re thusa hore re tsebe ’Mopi oa rona hantle le hore re be le kamano e haufi le eena. (Jakobo 4:8) Kamano ea rona le ’Mopi oa rona ke eona e etsang hore bophelo bo be le morero. Ke motlotlo hore ebe ho sa tsotellehe mathata ao ke ileng ka kopana le oona, ke ile ka tsoela pele ho fa Jehova thoriso e mo lokelang.
’Na le Svitlana re le Austria
a Vladimir Lenin ke eena ea qalileng Mokhatlo oa Bokomonisi oa Russia ’me e ne e le moetapele oa pele oa Soviet Union.