Pale ea Bophelo
Ho Mamella Joaloka Lesole la Kreste
JOALOKAHA HO BOLETSE YURII KAPTOLA
“Joale ke kholisehile hore e le ruri u na le tumelo!” Mantsoe ana a ile a buuoa ke ofisiri ea lebotho la Russia, e leng motho eo ke neng ke sa lebella hore a ka a bua, ’me a ile a nkhothatsa ka nako e loketseng ka ho fetisisa. Ke ne ke ahloletsoe nako e telele haholo chankaneng ’me ke ne ke rapetse Jehova ka matla hore a ntšehetse. Ke ne ke tobane le ntoa e telele e neng e tla hloka mamello le boikemisetso.
KE HLAHILE ka la 19 October, 1962, ’me ka hōlela karolong e ka bophirimela ea Ukraine. Ntate le eena lebitso la hae e ne e le Yurii, ’me selemong sona seo, o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova. Kapele feela e ile ea e-ba morapeli oa pele oa Jehova motseng oa habo rōna. Mosebetsi oo a neng a o etsa o ile oa bonoa ke ba boholong ba neng ba hanyetsa Lipaki Tsa Jehova.
Ho sa tsotellehe seo, baahelani ba bangata ba ne ba hlompha batsoali ba ka ka lebaka la botho ba bona ba Bokreste le ho nahanela ha bona. Batsoali ba ka ba ile ba sebelisa monyetla o mong le o mong ho nthuta le likhaitseli tsa ka tse tharo hore re rate Molimo re sa le banyenyane, ’me sena se ile sa nthusa hore ke tobane le mathata a mangata ao ke ileng ka thulana le ’ona sekolong. Bothata bo bong bo ile ba hlaha ha ho thoe ngoana e mong le e mong oa sekolo a qhoaele beche e bontšang hore ke setho sa mokhatlo oa Bana ba October ba Lenin. Ka lebaka la ho se jele paate lipolotiking hobane ke le Mokreste, ha kea ka ka qhoaela beche eo ’me ke ile ka hlaha ke le mokhelo.—Johanne 6:15; 17:16.
Hamorao ha ke le sehlopheng sa boraro, bana bohle ba sekolo ba ile ba laeloa hore e be litho tsa mokhatlo oa bacha ba Makomonisi o bitsoang Young Pioneers. Ka letsatsi le leng sehlopha sa rōna se ile sa isoa lebaleng la sekolo hore se e’o ngolisa mokhatlong ona. Ke ile ka tšoha hobane ke ne ke lebeletse hore ke tla tšehoa le ho songoa. Bohle ntle ho ’na ba ne ba tlile le lik’hafo tse ncha tse khubelu tsa litho tsa Young Pioneers, ’me bana ba sekolo ba ne ba eme moleng o molelele ka pel’a mosuoe-hlooho, mesuoe e meng le liithuti tsa lihlopha tse phahameng. Ha liithuti tsa lihlopha tse phahameng li bolelloa hore li re fase lik’hafo melaleng, ke ile ka inamisa hlooho ka tšepo ea hore ha ho na motho ea tla mpona.
Re Isoa Lichankaneng Tse Hōle
Ha ke e-na le lilemo tse 18, ke ile ka ahloleloa lilemo tse tharo chankaneng ka lebaka la ho se jele paate lipolotiking hobane ke le Mokreste. (Esaia 2:4) Ke ile ka sebetsa selemo sa pele toropong ea Trudovoye, Seterekeng sa Vinnitskaya sa Ukraine. Ha ke ntse ke le moo, ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova tse ling tse ka bang 30. Re ile ra ajoa ka bobeli ka bobeli lihlopheng tse arohaneng tsa mosebetsi, kaha ba boholong ba ne ba batla ho re thibela ho kopana hammoho.
Ka August 1982, ’na le Paki e ’ngoe e bitsoang Eduard hammoho le sehlopha sa batšoaruoa ba bang, re ile ra palamisoa makarecheng a batšoaruoa eaba re isoa ka terene Lithabeng Tsa Ural tse ka leboea. Ka matsatsi a robeli re ile ra mamella mocheso o feteletseng le ho petetsana ho fihlela re fihla Chankaneng ea Solikamsk e Seterekeng sa Permskaya. ’Na le Eduard re ile ra koalloa liseleng tse sa tšoaneng. Libeke tse peli hamorao, ke ile ka isoa pejana ka leboea Vels, lebatooeng la Krasnovishersky.
Koloi ea rōna e ile ea fihla har’a mp’a bosiu, ’me lefifi e ne e le la bonka-ntjana. Le hoja ho ne ho le lefifi, ofisiri e ’ngoe e ile ea laela sehlopha sa rōna hore se tšele nōka ka seketsoana. Re ne re sa bone nōka eo esita le seketsoana seo! Ho sa tsotellehe seo, re ile ra phopholetsa ho fihlela re fumana seketsoana seo ’me, le hoja re ne re tšohile, re ile ra tšela nōka eo. Ha re se re tšetse nōka, re ile ra haba khanyeng e neng e bonahala leralleng le haufi, moo re ileng ra fumana litente tse seng kae. E ne e le moo re tla lula teng. Ke ile ka lula tenteng e khōloanyane le batšoaruoa ba ka bang 30. Nakong ea mariha re ne re mamella mohatsela oo ka linako tse ling o neng o theohela ka tlas’a ntlha ea khoamo ka likhato tse 40, ’me ho ne ho bata ka tenteng. Mosebetsi o moholo oa batšoaruoa e ne e le ho rema lifate, empa ’na ke ne ke haha matlo a batšoaruoa.
Lijo Tsa Moea li Fihla Motsaneng oa Rōna o Thōko
Ke ne ke le Paki ke le mong motsaneng oo, empa Jehova ha aa ka a ntahla. Ka letsatsi le leng ke ile ka fumana sephutheloana se tsoang ho ’Mè, ’me ka nako eo o ne a ntse a lula Ukraine bophirimela. Ntho ea pele eo molebeli a ileng a e bona ha a bula sephutheloana seo, ke Bibele e nyenyane. O ile a e ntša ka har’a sephutheloana eaba o ntse a e phetla butle-butle. Ke ile ka leka ho nahana seo nka se buang ho thibela hore a se ke a nka letlotlo lena la moea. Molebeli enoa o ile a botsa ka bohale: “Ke’ng eona ee?” Pele nka nahana karabo, mohlahlobi ea neng a eme haufi le moo o ile a re: “Ke bona eka ke dikishinari!” Ke ile ka thola feela. (Moeklesia 3:7) Mohlahlobi eo o ile a phenya sephutheloana seo kaofela eaba o mpha sona le Bibele eo ea bohlokoa. Ke ile ka thaba hoo ke ileng ka mo arolela matokomane a neng a le ka sephutheloaneng seo. Ha ke fumana sephutheloana sena, ke ile ka tseba hore Jehova ha aa ntebala. O ile a nthusa ka mosa a ba a ntlhokomela moeeng.—Baheberu 13:5.
Ho Bolela ke sa Phetse
Likhoeli tse seng kae hamorao, ke ile ka makala ha ke fumana lengolo le tsoang ho mor’abo rōna e mong oa Mokreste ea neng a le chankaneng e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 400. O ne a nkōpa hore ke batle monna e mong ea thahasellang eo a neng a nahana hore mohlomong o kampong e le ’ngoe le ’na. Kaha mangolo a rōna a ne a hlahlojoa, e ne e se bohlale ho ngola mangolo ao litaba tsa ’ona li ka utloisisoang ke mang le mang. Ka lebaka leo, ofisiri e ’ngoe e ile ea mpitsetsa ofising ea eona eaba e ntemosa ka matla hore ke khaotse ho bolela litaba tse molemo. Ka mor’a moo e ile ea ntaela hore ke saene tokomane eo ho eona ke bolelang hore ke tla khaotsa ho bua le batho ba bang ka tumelo ea ka. Ke ile ka e bolella hore ha ke utloisise lebaka la hore ke saene polelo ea mofuta oo hobane e mong le e mong o se a ntse a tseba hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka botsa hore na ke re’ng ho batšoaruoa ba bang ha ba batla ho tseba hore na ke tšoaretsoe eng. (Liketso 4:20) Ofisiri eo e ile ea bona hore e ke ke ea ntšosa, eaba e etsa qeto ea ho ntlosa moo. Ke ile ka isoa kampong e ’ngoe.
Ke ile ka isoa motseng oa Vaya, o bohōle ba lik’hilomithara tse 200. Balaoli ba moo ba ne ba hlompha taba ea hore ke Mokreste ’me ba ile ba mpha mosebetsi o sa amaneng le sesole—ke qalile ke le ’metli, ’me hamorao ka ba ramotlakase. Empa mesebetsi ena e ne e e-na le mathata a eona. Ketsahalong e ’ngoe, ke ile ka bolelloa hore ke nke lisebelisoa tsa ka ebe ke ea ntlong ea mokhatlo oa motse. Ha ke fihla moo, masole a neng a le ntlong eo a ile a thaba ha a mpona. A ne a thatafalloa ho lokisa mabone a bonesang litšoantšetso tse fapa-fapaneng tsa sesole. A ne a batla hore ke a thuse ho lokisa lintho hobane a ne a lokisetsa mokete oa selemo le selemo oa Letsatsi la Red Army. Ka mor’a hore ke rapelle taba ena, ke ile ka a bolella hore nke ke ka etsa mosebetsi oa mofuta oo. Ke ile ka a fa lisebelisoa tsa ka eaba kea tsamaea. A ile a ntlaleha ho motlatsi oa mookameli, ’me se ileng sa ’makatsa ke hore ha a qeta ho mamela litletlebo tsa masole ao, o ile a re: “Ke mo rolela khaebana. O phelela seo a se buang.”
Ke Khothatsoa ke Motho eo ke sa mo Lebellang
Ka la 8 June, 1984, ka mor’a ho ba litlamong ka lilemo tse tharo tse feletseng, ke ile ka lokolloa. Ha ke khutlela Ukraine, ke ile ka tlameha ho ngolisa sesoleng hore ke ne ke le motšoaruoa. Ba boholong ba ile ba mpolella hore ho ka etsahala hore ke qosoe hape ka mor’a likhoeli tse tšeletseng le hore ho ka ba molemo hore ke tlohe ka ho feletseng seterekeng seo. Kahoo ke ile ka tloha Ukraine eaba qetellong ke fumana mosebetsi Latvia. Ke ile ka bolela litaba tse molemo ka nakoana le sehlotšoana sa Lipaki tse neng li lula tikolohong ea motse-moholo, e leng Riga. Leha ho le joalo, ka mor’a selemo feela, ke ile ka thaotheloa sesole hape. Ke ile ka bolella ofisiri e neng e le ofising e ngolisetsang sesole hore ke se ke ile ka hana tšebeletso ea sesole. E ile ea phasoloha ka lerata: “Na u tseba hantle seo u se etsang? Ke tla bona hore na u tla re’ng ho mokoronele oa molefothenente!”
O ile a nkisa kamoreng e ’ngoe e mokatong oa bobeli moo mokoronele oa molefothenente a neng a lutse teng ka pel’a tafole e telele. Mokoronele eo o ile a ’mamela ka hloko ha ke ntse ke hlalosa boemo ba ka eaba o mpolella hore ke sa na le nako ea ho fetola qeto ea ka pele ke e-ea ka pel’a komiti e ngolisetsang sesole. Ha re tsoa ka ofising ea mokoronele oa molefothenente, ofisiri e neng e ile ea ntšoma e ile ea tsoa ka taba, ’me ea re: “Joale ke kholisehile hore e le ruri u na le tumelo!” Ha ke le ka pel’a komiti ea sesole, ke ile ka ba bolella hape hore ha ke jele paate lipolotiking, eaba ba ntlohela ka nakoana.
Ke ne ke lula hostele nakong eo. Mantsiboeeng a mang, ke ile ka utloa motho a kokota hanyenyane monyako. Ke ile ka bula eaba ke fumana monna ea apereng sutu ea nkileng mokotlana oa libuka. O ile a itlhalosa tjena: “Ke tsoa lefapheng la Tšireletso la Naha. Kea tseba hore u na le mathata le hore u tla qosoa ka lekhotleng.” Eaba ke re: “U bua ’nete.” Monna eo o ile a tsoela pele a re: “Re ka u thusa haeba u lumela ho re sebeletsa.” Ke ile ka re: “Che, ha ho khonehe. Nke ke ka koenehela tumelo ea ka ea Bokreste.” O ile a fella hona moo, eaba oa tsamaea.
Ke Khutlela Chankaneng, ’me ke Khutlela Boboleling
Ka la 26 August, 1986, Lekhotla la Sechaba la Riga le ile la nkahlola hore ke sebetse ka thata ka lilemo tse ’nè chankaneng, ’me ke ile ka isoa Chankaneng e Khōlō ea Riga. Ke ile ka koalloa le batšoaruoa ba bang ba 40 ka seleng e khōlō, ’me ke ile ka leka ho bolella motšoaruoa e mong le e mong ea neng a le ka seleng eo litaba tse molemo. Ba bang ba ne ba bolela hore ba lumela ho Molimo; ba bang bona ba ne ba soma. Ke ne ke hlokometse hore banna bana ba bokana ka lihlopha, ’me ka mor’a libeke tse peli baeta-pele ba lihlopha tsena ba ile ba mpolella hore kaha ke ne ke sa tsamaisane le melao ea bona e sa ngoloang, ha kea lumelloa ho bolela litaba tse molemo. Ke ile ka ba bolella hore melao eo ke phelang ka eona ha e tšoane le ea bona le hore ke tšoaretsoe eona.
Ke ile ka tsoela pele ho paka ka bohlale, ’me eitse ha ke fumana ba bang ba ratang litaba tsa Molimo, ke ile ka ithuta Bibele le ba bane ba bona. Ha re ntse re buisana, ba ne ba ngola lithuto tsa motheo tsa Bibele libukeng tsa ho ngola lintlha. Likhoeli tse seng kae hamorao, ke ile ka isoa kampong e sirelelitsoeng ka thata ea Valmiera, moo ke ileng ka ba ramotlakase. Ke hona moo ke ileng ka ithuta Bibele le ramotlakase e mong eo e ileng ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka mor’a lilemo tse ’nè.
Ka la 24 March, 1988, ke ile ka tlosoa kampong eo e sirelelitsoeng ka thata, eaba ke isoa kampong e ’ngoe e haufi ea motsana oo. Sena se ile sa nthusa ka ho eketsehileng hobane ke ile ka lokoloha haholo. Ke ile ka fuoa mosebetsi libakeng tse ngata tsa ho haha, ’me nako le nako ke ne ke batla menyetla ea ho bolela litaba tse molemo. Hangata ke ne ke tloha kampong eo ho ea bolela litaba tse molemo ho fihlela bosiu, empa ho ne ho se mohla ke thulanang le mathata ha ke khutlela moo ke lulang teng.
Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba ka. Ho ne ho e-na le Lipaki tse seng kae tse lulang sebakeng seo, empa toropong teng ho ne ho e-na le Paki e le ’ngoe feela. E ne e le morali e mong oabo rōna ea neng a hōlile ea bitsoang Vilma Krūmin̗a. ’Na le Morali’abo rōna Krūmin̗a re ile ra qala lithuto tsa Bibele le bacha ba ’maloa. Ka linako tse ling, bara le baralib’abo rōna ba ne ba tloha Riga ho tla sebetsa le rōna tšimong, ’me bo-pula-maliboho ba bang ba kamehla ba ne ba bile ba tloha Leningrad (hona joale ke St. Petersburg). Jehova o ile a re thusa ho qalisa lithuto tse ngata tsa Bibele, ’me kapele feela ke ile ka ngolisoa ke le pula-maliboho ea sebetsang lihora tse 90 ka khoeli boboleling.
Ka la 7 April, 1990, nyeoe ea ka e ile ea lula Lekhotleng la Sechaba la Valmiera. Qalong ea nyeoe eo, eitse ha ke bona mochochisi, ka bona hore ke motho eo ke mo tsebang. E ne e le mohlankana eo nkileng ka buisana le eena ka Bibele! O ile a ntseba eaba oa bososela empa a se ke a bua. Ke sa ntse ke hopola seo moahloli a ileng a mpolella sona mohla nyeoe eo. O ile a re: “Yurii, qeto e ileng ea etsoa lilemong tse ’nè tse fetileng ea hore u koalloe chankaneng, e ne e se ea molao. Ba ne ba sa tšoanela ho u ahlola.” Ke ile ka lokoloha ke sa lebella.
Lesole la Kreste
E le hore ke fumane tumello ea ho lula, ho ile ha hlokahala hore ka June 1990, ke boele ke ngolise lebitso la ka ofising e ngolisetsang sesole ea Riga. Ke ile ka kena ofising eona eane e nang le tafole e telele eo ke neng ke ile ka kena ho eona lilemong tse ’nè pele ho moo, le eo ho eona ke ileng ka bolella mokoronele oa molefothenente hore nke ke ka sebetsa sesoleng. Lekhetlong lena, o ile a ema a ntumelisa ka letsoho, eaba o re: “Ke mahlabisa-lihlong hore ebe u ile ua hlaheloa ke lintho tsena. Ke masoabi ka se etsahetseng.”
Ke ile ka re ho eena: “Ke lesole la Kreste, ’me ke lokela ho phelela litaelo. Le uena Bibele e ka u thusa hore u phele u thabile ’me ka moso u fumane bophelo bo sa feleng—e leng seo Kreste a se tšepisitseng balateli ba hae.” (2 Timothea 2:3, 4) Mokoronele eo o ile a re: “Hase khale ke rekile Bibele, ’me kea e bala hona joale.” Ke ne ke e-na le buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.a Ke ile ka e phetla khaolong e buang ka pontšo ea matsatsi a ho qetela eaba ke mo bontša kamoo boprofeta ba Bibele bo amanang le mehla ea rōna kateng. Mokoronele eo o ile a leboha ka tlhompho e khōlō eaba o ntšoara ka letsoho hape, ’me a nthoholetsa hore ke tsoele pele.
Nakong ena masimo a Latvia a ne a soeufaletse kotulo e le kannete. (Johanne 4:35) Ka 1991, ke ile ka qala ho sebetsa ke le moholo oa phutheho. Naheng ena eohle ho ne ho e-na le baholo ba babeli feela ba khethiloeng! Ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela Latvia, ’me selemo hamorao e ile ea aroloa ea e-ba liphutheho tse peli, e ’ngoe e le ea Selatvia ’me e ’ngoe e le ea Serussia. Ke ile ka fuoa monyetla oa ho sebeletsa phutheho ea Serussia. Palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha ka potlako hoo selemong se latelang e ileng ea etsoa liphutheho tse tharo! Ha ke nahana ka se etsahetseng, ho hlakile hore Jehova ka boeena o ne a tataisetsa linku tsa hae mokhatlong o hlophisitsoeng oa hae.
Ka 1998, ke ile ka khethoa hore ke be pula-maliboho ea khethehileng Jelgava, e leng toropo e lik’hilomithara tse 40 ka boroa-bophirimela ho Riga. Selemong sona seo, ke ile ka ba e mong oa ba pele ba tsoang Latvia ba ileng ba memeloa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi sa Serussia se neng se tšoaretsoe Solnechnoye, haufi le St. Petersburg, Russia. Ha ke ntse ke le sekolong seo, ke ile ka hlokomela hore ho rata batho ke habohlokoa haholo e le hore motho a atlehe tšebeletsong. Se ileng sa nkama ho feta lintho tseo re neng re li rutoa sekolong, ke lerato leo re ileng ra le bontšoa le tlhokomelo eo re ileng ra e fuoa ke lelapa la Bethele le barupeli ba sekolo.
Ke ile ka nka khato e ’ngoe ea bohlokoa bophelong ka 2001 ha ke nyala morali e mong oabo rōna ea ratehang oa Mokreste ea bitsoang Karina. Karina o ile a sebetsa le ’na re le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ’me letsatsi le leng le le leng kea khothala ha ke bona mosali oa ka a khutla tšimong a bonahala a thabile. Ha ho pelaelo hore ho sebeletsa Jehova ho thabisa haholo. Lintho tse bohloko tse ileng tsa ntlhahela pusong ea Bokomonisi li ile tsa nthuta hore ke mo tšepe ka ho feletseng. Boitelo bo bong le bo bong ke ba bohlokoa ha motho a batla hore Jehova e ’ne e be motsoalle oa hae le ha a batla hore a ’ne a tšehetse bobusi ba Jehova. Ho thusa batho ba bang ho ithuta ka Jehova ho mpha seo nka se phelelang. E bile tlotla e khōlō ho ’na hore ke sebeletse Jehova “joaloka lesole le khabane la Kreste.”—2 Timothea 2:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ke ile ka ahloleloa lilemo tse ’nè ke sebetsa mosebetsi oo ke o qobelloang Chankaneng e Khōlō ea Riga
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
’Na le Karina re le tšimong