VIRGILIJUS PUDŽIUVYS | PALE EA BOPHELO
Jehova o Lula a Fana ka Thuso
’Na le ba lelapa leso re tla lula re ananela nako eo malome oa ka le mosali oa hae ba ileng ba re etela ka eona ka 1976. Malome oa ka ea neng a ithuta le Lipaki Tsa Jehova, o ile a bolella batsoali ba ka ka ntho e ncha eo a ithutileng eona Bibeleng. Ntho ea pele eo a buileng ka eona, ke seo Jesu a ileng a se bua ka baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ho Matheu khaolo ea 23. O ile a boela a re baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba tšoana hantle le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ena. ’Mѐ oa ka eo e neng e le Mok’hatholike oa popota, o ne a sa lumele hore Jesu o ile a khalemela baeta-pele ba bolumeli ka ho tobileng. Kahoo, o ile a etsa qeto ea hore a ithute Bibele.
Re ne re lula Lithuania eo e neng e le karolo ea Soviet Union nakong e fetileng. Ka lebaka la hore ’muso oa moo o ne o thibetse batho ho ba le bolokolohi ba bolumeli, e ne e le batho ba seng bakae feela ba nang le Bibele. Kahoo, ’mѐ oa ka o ile a alima Bibele kerekeng e ’ngoe, o ile a e bala ’me a netefatsa hore Jesu o ile a khalemela baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae kaha e ne e le baikaketsi. ’Mѐ oa ka o ne a hlolletsoe haholo ’me o ile a ipotsa hore na ke sefe se seng seo Bibele e se rutang. O ile a fumana lingoloa ho Paki e neng e ithuta le malome oa ka.
Ho e-s’o ee kae, lelapa leso le ile la qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ka lebaka la hore mosebetsi oa Lipaki o ne o thibetsoe, li ne li tšoarela liboka libakeng tse fapaneng, ka linako tse ling li tšoarela liboka morung o haufinyane. ’Mѐ oa ka o ile a kolobetsoa ka 1978 hammoho le ’na le khaitseli ea ka Danguolė, eo e leng lefahla la ka. ’Na le khaitseli ea ka re ne re le lilemo li 15 ka nako eo. Ntate oa ka o ile a kolobetsoa lilemo tse seng kae ka mor’a moo.
Na le lefahla la ka Danguolė ha re le lilemo li ’nѐ
Jehova o Ile a Nthusa Bocheng ba ka
Khoeli ka mor’a hore re kolobetsoe, ’na le Danguolė re ile ra qala ho hlorisoa sekolong. Nakong eo ho neng ho e-na le ketsahalo e khethehileng ka holong ea sekolo, matichere a ile a hlokomela hore re ne re sa ema nakong eo ho neng ho binoa pina ea sechaba ea Soviet kaha re ne re sa nke lehlakore ka lebaka la bolumeli ba rona. Matichere a ile a fa mosuoe-hlooho mabitso a rona. Mosuoe-hlooho o ile a bolella mapolesa a neng a tsebahala ka hore ke KGB, ao hamorao a ileng a fihla lapeng ’me a re hloma lipotso.
’Na le Danguolė re ile ra tlameha hore re lule re matlafetse tumelong nakong eo matichere a neng a batla ho re kholisa hore Molimo ha a eo. Ka mohlala, ha re le lilemo li 16, re ile ra fuoa mosebetsi ka tlelaseng oa hore re ngole ka sehlooho se reng: “Ke Hobane’ng ha ke sa Lumele ho Molimo?” Kaha ke ne ke sa lumellane le sehlooho seo, ke ile ka ngola ka sehlooho se reng: “Ke lumela ho Molimo” leqetšoaneng ’me ka le beha tafoleng. Ha tichere e bona leqetšoana leo, e ile ea halefa ’me ea hoeletsa ea re: “Ngola ka hore na ke hobane’ng ha u lumela ho Molimo!” Ke ne ke thabile hore ebe ke fuoe tumello ea ho ngola seo ke se lumelang, khaitseli ea ka le eona e ile ea qalella ho ngola ka seo e se lumelang. Ha banana ba bang ba babeli ba bona hore na re ne re ngola ka eng, le bona ba ile ba ngola hore na ke hobane’ng ha ba lumela ho Molimo. Ona ke o mong oa mehlala e mengata eo ke boneng ka eona hore Jehova o lula a fana ka thuso nakong e thata.—1 Bakorinthe 10:13.
Ka nako e ka etsang khoeli, bara ba bo rona ba neng ba etella pele ba ile ba re alima buka ea From Paradise Lost to Paradise Regained, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Ho latela kamoo ke tsebang kateng, ka nako eo ho ne ho e-na le likopi tse ’nѐ kapa tse hlano tsa buka eo Lithuania. ’Na le Danguolė re ile ra re: “Haeba ho ne ho khoneha, re ne re ka inkela eona buka ena!” Empa kaha re ne re sa khone, re ile ra tlameha ho etsa ntho e neng e tla re tsoela molemo. Re ile ra kopitsa buka ena ka letsoho! Matsoho a rona a ne a shoashoasela empa re ne re thabile haholo hore ebe re na le sengoliloeng sena sa bohlokoa se neng se tla re thusa ho matlafatsa tumelo ea rona.
Ka 1982, nakoana ka mor’a hore ke be lilemo li 19, ke ile ka ahloleloa lilemo tse peli teronkong hobane ke hanne ho kenela sesole. Ho ne ho le thata teronkong hobane ke ne ke pota-potiloe ke litloli tsa molao tse kotsi. Empa ke ne ke ananela hore ka linako tse ling ke ne ke kopana le Paki e ’ngoe e koaletsoeng teronkong eo ke neng ke le ho eona. Ke ile ka qeta lilemo tseo ke neng ke li ahloletsoe empa ke ne ke tseba hore leo e ne e ke ke ea e-ba lekhetlo la ho qetela ke le teronkong.
Ke Hlohonolofatsoa ka Mosali
’Na le Lidija nakoana pele re nyalana
Ka mor’a hore ke lokolloe teronkong ka 1984, ke ile ka kopana le Lidija, morali oa bo rona ea motle ea neng a rata Jehova oa Ukraine. Ka mor’a lechato la rona, Lidija o ile a falla naheng ea habo ’me a tl’o lula le ’na Lithuania. Ka lebaka la hore eena le batsoali ba hae e ne e le Lipaki Tsa Jehova le eena o ile a hlorisoa ha a le sekolong. Nakong ea liteko tseo, o ile a matlafatsoa ke litlaleho tsa bana ba bo rona ba neng ba mamelletse likampong tsa ’muso oa Manazi kapa ba ileng ba lelekeloa Siberia.
Lilemong tsa bo-1980, Lipaki Tsa Jehova li ne li ntse li thibetsoe Lithuania. Kahoo, manyalo a Lipaki a ne a sebelisoa e le monyetla oa ho tšoara likopano tsa matsatsi a mabeli ka sekhukhu. Ke sona se ileng sa etsahala lenyalong la rona. Baeti ba rona ba ile ba thabela lechato le rona empa re ile ra boela ra mamela lipuo, ra bina lipina ra ba ra shebella litšoantšiso tse ’nѐ. Ke hopola e ne e le batho ba ka bang 450 ba neng ba le teng, ho akarelletsa ba malapa a rona ba neng ba tlile ho tsoa linaheng tse ling tsa Soviet Union esita le mapolesa a KGB a neng a imemme, ao bara ba bo rona ba ileng ba a hlokomela hore a teng!
Lenyalo la rona le bile ka kopano ea matsatsi a mabeli. ’Na le motsoala oa ka re eme sethaleng le balekane ba rona kaha manyalo a rona a bile ka nako e le ’ngoe
Ke Hlaha ka Pel’a Lekhotla Hape
Haeba motho a ne a ka lokolloa teronkong ’me a lula a sa nke lehlakore, ka linako tse ling ’muso o ne o mo khutlisetsa teronkong. Kahoo, hoo e ka bang selemo ka mor’a hore re nyalane, ke ile ka hlaha ka pel’a lekhotla. Ke ile ka qeta letsatsi lohle ke le lekhotleng ’me kaha Lidija o ne a le ’meleng, o ile a qeta letsatsi a le sepetlele se haufi le moo. Ke ne ke sa lumelloa hore ke mo etele nakong eo lekhotla le lutseng. Leha ho le joalo, ke ne ke khona ho tsamaea ka maoto ho ea mo bona nakong eo lekhotla le nkileng khefu ’me ke ne ke ema ka ntle fensetereng ea hae. Lidija o ne a bula fensetere, ebe rea bua le ho khothatsana. Hamorao letsatsing leo, ke ile ka ahloleloa ho ea teronkong lilemo tse tharo.
Ka bomalimabe, matsatsi a mabeli hamorao Lidija o ile a senyeheloa ke mpa. Lidija o re o ne a utloile bohloko haholo hoo a neng a utloa eka o pongoa likoto. Ho ekelletsa moo, o ne a lokela ho mamella bohloko boo, ha ka nako e tšoanang a tlameha ho tloaela bophelo ba naha e ’ngoe. Hape o ne a il’o lula le batsoali ba ka ba neng ba sa tsebe Seukraine le Serussia hantle e leng lipuo tseo Lidija a neng a li bua. Ho ntse ho le joalo, Lidija o ne a tšepile Jehova ka ho felletseng ’me batsoali ba ka ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho mo hlokomela le ho mo tšehetsa nakong eo e thata.
Jehova o Ile a Tsoela Pele ho re Thusa
Maemo ao ke fetileng ho ’ona ha ke ne ke tšoaroa ka lekhetlo la pele, a nthusitse hore ke se ke ka ngongoreha ha ke tšoaroa ka lekhetlo la bobeli. Ntho e ’ngoe e neng e nthusa hore ke mamelle e ne e le ho bolella ba bang litaba tse monate. Ka mohlala, ha re ne re tsamaea re ea teronkong, batšoaruoa ba ne ba petetsana ka har’a likoloi le literene. Ka linako tse ling, banna ba ka bang 15 ho ea ho 20 ba ne ba qobelloa sebakeng se etselitsoeng batho ba bahlano kapa ba tšeletseng. Ke ne ke sebelisa boemo bona e le monyetla oa ho bua le batšoaruoa-’moho le ’na ka molaetsa oa Bibele. Ke ne ke ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ke sa nke lehlakore ntoeng le lipolotiking le hore ho tlile joang hore ke tšoaroe le ho ahloleloa teronko. Ke ne ke boetse ke ba bolella hore na ke hobane’ng ha ke lumela hore Molimo o teng.
Teronko eo ke neng ke koalletsoe ho eona e ne e le Marijampolė.a Seo ke se tsebang ke hore ke ne ke le Paki ke le mong ka har’a litloli tsa molao tse kotsi tse 2 000. Ho ne ho tloaelehile har’a batšoaruoa hore ebe ba tšosana, ba otlana esita le ho bolaeana. Ke kahoo ka lekhetlo le leng ke ileng ka otloa habohloko. Ho sa tsotellehe maemo ao a boima, ke ne ke leka ho khothatsa le ho bontša batšoaruoa ba bang kutloelo-bohloko e leng ntho e neng e sa tloaeleha hore ba e bontšoe teronkong.
Mapolesa a KGB a ne a re imetsa likelello ha re le teronkong. Ka tsela e itseng, a ne a tseba hore na ba lelapa leso ba bua ka eng ha ba le hae ’me a ne a mpolella seo ba se buang. Empa mapolesa ao a ne a fetola seo ba lelapa leso ba se buileng hore ho bonahale eka ho na le liqabang le likarohano ka har’a lelapa. Le hoja ke sa ka ka kholoa mapolesa ao, ka mor’a hore ke lokolloe teronkong ke ile ka bapisa se neng se buuoa ke mapolesa a KGB le seo ba lelapa leso ba neng ba se bua.—Matheu 10:16.
Ka lekhetlo le leng, morali oa bo rona e mong o ile a kopa molebeli e mong oa teronkong eo e neng e le moahisani oa hae hore a mphe Bibele e nyenyane ea Serussia ka sekhukhu. Bosiu ke ne ke ngola litemana tse seng kae tse buang ka Thuto ea Jesu ea Thabeng leqetšoaneng e le hore letsatsi le hlahlamang nka li bala khafetsa ha ke ntse ke sebetsa femeng ea teronko ha ho se na motho ea nchebileng. Ke kamoo ke ileng ka tšoara Thuto ea Jesu ea Thabeng ka hlooho ka Serussia le hoja e ne e se puo ea ka ea letsoele. Qetellong, balebeli ba ile ba fumana Bibele eo ’me ba e nka. Empa ka nako eo ke ne ke se ke tseba thuto eo ea Jesu ka hlooho e bile e le pelong.
Lidija o ile a ntšehetsa haholo ka hore ebe o ile a ’ngolla mangolo a khothatsang hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng. Leha ho le joalo, ke ne ke lumelletsoe ho mo araba habeli feela ka khoeli. Ho sa tsotellehe seo, o ile a mpolella hore mangolo ao ke neng ke mo romela ’ona a ne a mo kholisa ka lintho tsena tse tharo tsa bohlokoa: hore ke ntse ke phela, ke tšepahalla Jehova ebile ke ntse ke mo rata.
Jehova o Ile a Arabela Lithapelo Tsa Ka
Ka le leng, sehlopha se seng sa batšoaruoa se ile sa batla hore baokameli ba teronko ba ntlafatse maemo ao se sebetsang ho ’ona ’me ba ne ba hana ho sebetsa pele seo se etsahala. Batšoaruoa bao ba ile ba fumana kotlo e matla ka lebaka la borabele ba bona. Baokameli ba teronko ba ile ba re ’na le ba bang re tla nkela batšoaruoa ba ileng ba rabela sebaka mosebetsing oa bona.
Haeba ke ne nka hana ho amohela mosebetsi oo o mocha, ke ne ke tla fuoa kotlo e boima. Empa haeba ke ne nka o amohela, batšoaruoa ba bang ba ne ba tla nkuka ke le mofetoheli ’me ba ne ba ka iphetetsa ka hore ba nkotle kapa ho ntlhaba ho fihlela ke e-shoa. Ke ile ka utloa ke na le khatello e ngata, ke tlameha ho etsa qeto pakeng tsa lintho tse peli. Ke ne ke sa tsebe hore ke etse’ng. (2 Likronike 20:12) Kahoo, ke ile ka kopa Jehova ka tieo hore a nthuse.
Re sa lebella, motšoaruoa e mong ea neng a le sehlopheng sa ka o ile a re nka kaofela le batšoaruoa ba bang ’me ra ea ofising ea mookameli oa teronko. Motšoaruoa enoa e ne e se motsoalle oa ka, ebile re ne re sebetsa ’moho ka seoelo. Ho sa tsotellehe seo, o ile a tsitlella hore ’na ke tsoele pele ke etsa mosebetsi oo re neng re ntse re o fuoe sehlopheng sa rona ho tloha qalong. Sena se ile sa etsa hore mookameli oa teronko a halefe ’me ba ile ba ngangisana. Qetellong, mookameli eo ea neng a tsebahala ka ho se fetole monahano oa hae, o ile a re leleka ofising ea hae ’me a ntumella hore ke sale ke etsa mosebetsi oo re neng re o fuoe ho tloha qalong. Seo se ile sa etsa hore ke imolohe haholo. (2 Petrose 2:9) Lilemong tsohle tseo ke li qetileng teronkong, ha ke e-s’o ka ke bona motšoaruoa e mong a tšehetsa motšoaruoa-’moho le eena ka tsela e joalo. Phihlelong eo, ke ithutile hore Jehova a ka sebelisa mang kapa mang ho re thusa ha a araba lithapelo tsa rona.
Jehova o Ile a Lula a Thusa Lidija
E re ke le joetse hore na ke eng se ileng sa etsahalla Lidija ha ke ntse ke koaletsoe teronkong. O ne a hloka hore a fumane mosebetsi. Empa ka lebaka la hore ke ne ke le teronkong, bahiri ba bangata ba ne ba sa batle ho mo hira hobane ba ne ba tšaba hore mapolesa a KGB a ne a ka ba bakela mathata. Qetellong, o ile a fumana mosebetsi oo a neng a sebetsa lihora tse 12 ka letsatsi a hlokomela bana ba 30. E ne e le mosebetsi o khathatsang haholo empa Jehova o ile a mo fa matla a hore a ee mosebetsing letsatsi le leng le le leng. Ho ekelletsa moo, bara le barali ba bo rona ba ne ba khanna lik’hilomithara tse makholo ho tsoa libakeng tse hole tsa Lithuania e le ho mo khothatsa, ho thabela botsoalle le eena le ho mo tlisetsa lingoliloeng ka puo ea Serussia. Ha ho mohla a kileng a ikutloa a le mong.
Re Sebeletsa Jehova re le Lelapa
Ka mor’a hore ke lokolloe teronkong, ke ile ka thusa hore ho be le lingoliloeng tse fetoleloang ka puo ea Selithuania. Lilemo tse seng kae hamorao, Soviet Union e ile ea oa ’me mosebetsi oa rona oa ho bolela litaba tse monate o ile oa lumelloa Lithuania. Ha nako e ntse e-ea, ho ile ha e-ba le ofisi ea phetolelo Lithuania. Le hoja re ne re lula hora le halofo hole le ofisi, ke ne ke thabela ho khanna ho ea thusa ofising ea phetolelo. Ke ile ka etsa joalo beke e ’ngoe le e ’ngoe ka lilemo tse hlano.
Ka August 1997, ’na le Lidija re ile ra fumana memo ea ho sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Lithuania, e tsebahalang ka hore ke Bethele. Re ne re thabile haholo ha re fumana memo eo. Re ne re e-na le barali ba babeli e leng Oksana ea neng a le lilemo li robong le Svajūnė ea neng a le lilemo li hlano ka nako eo. Re ne re fuoe matsatsi a mahlano feela hore re pake thoto ea rona ho ea sebakeng seo re neng re tla lula ho sona haufi le Bethele ’me re ile ra ngolisa Oksana sekolong se secha.
Re ne re batla hore borapeli ba lelapa e be bo rutang ’me bo be monate joalokaha ho bontšitsoe drameng ea Asueruse, Esthere le Mordekai
Joale, re ne re khona ho hlokomela bana ba rona joang ha ka nako e tšoanang re sebeletsa Bethele? Hoseng ho hong le ho hong ke ne ke ea Bethele, ha Lidija eena a ne a fihla hamorao ka mor’a hore banana ba ee sekolong. Lidija o ne a ea lapeng pele ho ’na hore a fihle pele ho banana e le hore a ka qeta nako le bona.
Re ne re apare liaparo tsa setso tsa Lithuania ha ho ne ho khakoloa katoloso ea lekala la Lithuania ka 2003
Lelapa la rona le ne le thabela mantsiboea a Labohlano. Re ne re pheha, re hloekisa, re thabela borapeli ba lelapa ebile re bapala ’moho. Re ne re boetse re hloa lithaba, re ea leoatleng hape re etela liofisi tse fapaneng tsa makala tse Europe e le hore barali ba rona ba ka thabela ho bona popo ea Jehova le ho tseba bara le barali ba bo rona ba tsoang linaheng tse ling. ’Na le Lidija re motlotlo haholo ka barali ba rona hobane ka bobeli ba bona ba ile ba nka bopula-maliboho ba kamehla ba le lilemo li 15. Kajeno, Oksana le monna oa hae Jean-Benoit, ba sebeletsa ofising ea phetolelo ea Lithuania ha Svajūnė le monna oa hae Nicolas bona ba sebeletsa lekaleng la Fora.
’Na le Lidija re bile “nama e le ’ngoe” hobane ho sebeletsa Jehova e bile ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona. (Baefese 5:31; Moeklesia 4:12) Le hoja re ne re “petelitsoe” ebile re ile ra hlorisoa ka lilemo tse ngata, ha ho mohla re kileng ra ikutloa re lahliloe kherehloa, kapa ra utloa ‘re se na tsela ea ho tsoa’ mathateng a rona. (2 Bakorinthe 4:8, 9) Ka makhetlo a mangata, re bone ha Jehova a re thusa ’me re kholisehile hore o tla lula a ntse a re thusa.
’Na le mosali oa ka ea ratehang Lidija
a E ne e bitsoa Kapsukas ho tloha ka 1955 ho fihlela ka 1990.