Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/09 maq. 12-15
  • Ke Qetile Lilemo Tse Mashome a Mararo ke Fetolela ka Sekhukhu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Qetile Lilemo Tse Mashome a Mararo ke Fetolela ka Sekhukhu
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Ithuta Linnete Tsa Bibele
  • Kamoo Tsebo ea Ka ea Bibele e Ileng ea Hōla Kateng
  • Ke Qala ho Fetolela ka Sekhukhu
  • Ke Boetse ke Qala ho Fetolela
  • Boemo Boa Fetoha
  • Ke Atlehile Ho Sebeletsa Molimo Tlas’a Mathata
    Tsoha!—2005
  • Ke Ithutile ho Tšepa Molimo
    Tsoha!—2006
  • Lilemong Tse 90 Tse Fetileng ke Ile ka Qala ho ‘Hopola ’Mōpi oa ka e Moholo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Tlohetse ho ba Sengangele sa Lipolotiki ka ba Mokreste ea sa Nkeng Lehlakore
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 6/09 maq. 12-15

Ke Qetile Lilemo Tse Mashome a Mararo ke Fetolela ka Sekhukhu

Joalokaha ho boletse Ona Mockutė

Ka April 1962, ke ne ke le ka lekhotleng le tletseng batho Klaipeda, Lithuania, ke qosoa ka hore ke tlōtse molao sechabeng. Ka October selemong se ka pele ho seo, ke ne ke ile ka tšoaroa ’me ka qosoa ka hore ke etsa mosebetsi oa bolumeli oo ho neng ho nkoa hore ke tlōlo ea molao Naheng ea Soviet Union. E-re ke u hlalosetse hore na ho tlile joang hore ke tšoaroe ke be ke koalloe teronkong ka lebaka la ho fetolela lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova ka sekhukhu.

KE HLAHILE ka 1930, ’me ke hlahetse karolong e ka bophirimela ea Lithuania, haufi le Leoatle la Baltic. Pele ke hlaha, ’Mè o ne a ile a rapella hore ha ke hōla ke be moitlami. Empa ka lekhetlo le leng, o kile a re ho ’na: “Ha ho kamoo nka rapelang ka pel’a Mohalaleli Petrose kapa setšoantšo leha e le sefe se sa pheleng.” Kaha ke ne ke ntse ke hopola seo, ke ne ke qoba ho khumama ka kerekeng, le hoja ke ne ke khumamela setšoantšo sa Kreste ha a le sefapanong, ha ke le tseleng ke tsoa sekolong.

Hamorao, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše—e loannoeng ka 1939 ho isa ka 1945—ke ile ka bona liketso tse sehlōhō tseo ke sitoang ho li hlalosa ’me li ile tsa ntula pelong habohloko. Ka letsatsi le leng, ha masole a Jeremane a ntse a hapile naha, ke ne ke ntse ke kha monokotšoai le ’Mangoane. Re ile ra bona mekoti e ’meli e meholo e nang le mali a sa tsoa rothela moo. Kaha re ne re tseba hore Bajuda ba bang, ho akarelletsa le metsoalle ea ka ea sekolong, e leng Tese le Sara, ba sa tsoa bolaoa, re ile ra etsa qeto ea hore e tlameha ebe ao ke ’ona mabitla ao ba patiloeng ho ’ona. Ke hloletsoe ke sena, ke ile hooa, ka re: “Molimo, kea tseba hore u molemo! Empa ke hobane’ng ha u lumeletse masetla-pelo a tjee?”

Ka 1949, ke ile ka qeta sekolong se phahameng, Klaipeda, haufi le lapeng ’me ka mor’a moo ka tsoela pele ho ithutela ’mino. Eaba ka 1950 ke kena mokheng oa lipolotiki oa sekhukhu o neng o thehiloe ke liithuti tse batlang liphetoho lipolotiking, empa ka mor’a nakoana ba bang ba ile ba re tsoa tlaase ’me ’na le liithuti tse ling tse 12 ra tšoaroa. Ke ile ka koalloa teronkong Klaipeda, ’me ha ke le moo ka kopana le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka lekhetlo la pele.

Ke Ithuta Linnete Tsa Bibele

Mosali e mong ea lilemong tse bohareng o ile a akheloa ka seleng eo re neng re koaletsoe ka ho eona. O ile a bososela le rōna ka mosa, ’na le banana ba bang ba tšeletseng. Ke ile ka re ho eena: “Motho oa batho, batšoaruoa ba atisa ho kena ba hloname teronkong, empa uena ua bososela! Ebe u behoa ke’ng moo?”

O ile a re: “Ke mona ka lebaka la ’nete.”

Eaba kea mo botsa: “Empa ’nete ke eng?”

Mosali eo e ne e le Lydia Peldszus. E ne e le Mojeremane ’me a tšoaretsoe hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Re ile ra bua ka lintho tse ngata tsa Mangolo. Linnete tse thobang pelo tsa Bibele tseo Lydia a ileng a re ruta tsona li ile tsa fetola bophelo ba ka hammoho le ba banana ba bang ba bararo bao re neng re koaletsoe le bona ka seleng eo.

Kamoo Tsebo ea Ka ea Bibele e Ileng ea Hōla Kateng

Ka lebaka la ho kenella mesebetsing ea lipolotiki ea sekhukhu e khahlanong le ’muso oa Soviet, ke ile ka ahloleloa lilemo tse 25 ke le teronkong le tse ling tse 5 ke lelekiloe naheng. Ke ile ka ithuta lintho tse ngata ka Molimo le ka merero ea hae ho Lipaki tseo ke ileng ka kopana le tsona ha ke ntse ke le teronkong le ha ke ntse ke sebetsa likampong tsa Siberia. Lipaki tsena le tsona, joaloka Lydia, li ne li ahlotsoe ka lebaka la tumelo ea tsona.

Ntle le hore tsebo ea ka ea Bibele e ile ea hōla lilemong tseo, ke ile ka boela ka bolella ba bang seo ke se lumelang. Le hoja ke sa ka ka fumana monyetla oa hore ke tšoantšetse boinehelo ba ka ho Molimo ka ho kolobetsoa, batšoaruoa ba bang le ba boholong teronkong ba ne ba nkuka ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka lokolloa ka 1958, ka mor’a hore ke hoehle lilemo tse robeli ho tseo ke neng ke li ahloletsoe. Ke ile ka khutlela Lithuania ke kula, empa ke e-na le tumelo e matla ho Jehova.

Ke Qala ho Fetolela ka Sekhukhu

Ka nako eo, ho ne ho setse Lipaki tse seng kae feela Lithuania. Tse ling li ne li le teronkong kapa li leleketsoe Siberia. Ka 1959, barab’abo rōna ba babeli ba neng ba le Siberia ba ile ba khutla ’me ba nkhothalletsa hore ke fetolele lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele ka Selithuania. Ke ile ka amohela phephetso ena ka thabo, ke nka seo e le tlotla.

Ke ile ka qala ho fetolela ka March 1960, ’me ka July ka kolobetsoa ka sekhukhu Nōkeng ea Dubysa. Kaha KGB (Komiti ea Tšireletso ea Naha ea Soviet Union) e ne e le khahlanong le seo ke se etsang, ke ne ke sa khone ho fumana mosebetsi oa boipheliso, kahoo ke ne ke lula le batsoali ba ka, ba neng ba sa hanyetse bolumeli ba ka. Ke ne ke lisa likhomo tsa lapeng le tsa baahelani ba bang. Ha ke ntse ke lisitse, ke ne ke boetse ke fetolela. Ofisi ea ka e ne e le ntle, ke lula holim’a kutu ea sefate ’me e e-na le k’hapete ea joang bo botala. Siling e le leholimo le leputsoa, ’me deske ea ka e le mangole.

Empa ke ile ka hlokomela hore ha hoa sireletseha ho fetolela ke le naheng, kaha mahlahana a KGB kapa limpimpi tsa eona li ne li ka ’na tsa mpona habonolo. Kahoo ha ke fumana libaka tse ling tseo nka ipatang ho tsona, ke ile ka tloha lapeng. Ka linako tse ling ke ne ke sebeletsa ka molikong, ka lehlakoreng le leng ho na le liphoofolo ha ’na ke thaepa ka hloko ke le ka lehlakoreng le leng.

Ho ne ho se na motlakase, kahoo ke ne ke sebetsa motšehare. Ho ne ho e-na le leloala le hahiloeng ka tsela e khethehileng, ka ntle ho moliko, le neng le thiba lerata la mochine o thaepang. Ha ho fifala, ke ne ke ea ka tlung ke ja lijo tsa mantsiboea. Ha ke qeta ke khutlela ka molikong moo ke neng ke robala holim’a furu.

Ka October 1961, ke ile ka tšoaroa hammoho le Lipaki tse ling tse peli ha mapolesa a fumana hore ke etsa mosebetsi oa bolumeli. Sena ke sona se ileng sa etsa hore ke qosoe ka 1962, joalokaha ke boletse qalong. Ba boholong ba ile ba lumella sechaba hore se be teng nyeoeng ea rōna, ’me re ile ra thabela ho fana ka bopaki ho bashebelli ba bangata. (Mareka 13:9) Ke ile ka ahloleloa lilemo tse tharo ’me ka isoa teronkong Tallinn, Estonia. Kamoo ke tsebang kateng, e ne e le ’na feela ea koaletsoeng teronkong eo ka lebaka la bolumeli. Ba boholong motseng oo, ba ile ba nketela ’me ka ba bolella lintho tseo ke li lumelang.

Ke Boetse ke Qala ho Fetolela

Ha ke lokolloa teronkong Estonia ka 1964, ke ile ka khutlela Lithuania. Ha ke le moo ke ile ka tsoela pele ho fetolela lingoliloeng tsa rōna, tse ngata tsa tsona e le tsa Serussia ke li fetolela ka Selithuania. Mosebetsi o ne o le mongata haholo. Le hoja ba bang ba ne ba ntse ba thusa, ke ’na feela ea neng a fetolela Selithuania nako eohle. Ke ne ke atisa ho sebetsa matsatsi a supileng ka beke, ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela. Haeba e ne e se ka thuso ea Jehova, ke ne nke ke ka khona ho finyella seo.

Kaha ke ne ke hlokomela hore mosebetsi ona ke oa bohlokoa, ke ne ke leka ka hohle ho ba hlokolosi. Bara le barali beso ba Bakreste ba ne ba atisa ho ipeha kotsing le ho beha ba malapa a bona kotsing ka hore ba mpate, ba mphe lijo ’me ba ntšireletse. Ho sebelisana-’moho ka tsela eo ho ile ha etsa hore re atamelane haholoanyane. Ha ke ntse ke sebetsa, ba lelapa leo ke lulang le lona ba ne ba sheba motho leha e le ofe ea ka ’nang a ntlaleha. E le ho ntlhokomelisa, motho e mong o ne a otla liphaephe habeli ka tšepe. Ha ke utloa temoso eo, ke ne ke pata ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e ka ’na ea tsosa libata masene.

Ha re ne re hlokomela hore ntlo eo ke sebeletsang ho eona e behiloe leihlo, ka potlako ke ne ke ea sebakeng se seng. Ka nako eo, ho ba le mochine o thaepang ntle ho tumello ea ba boholong e ne e le tlōlo ea molao e khōlō, kahoo motho e mong o ne a nkisetsa mochine oo sebakeng se secha seo ke il’o sebeletsa ho sona. Ke ne ke atisa ho tsamaea bosiu ha ke ea moo.

Ka sebele, Jehova o ile a ntšireletsa. Le hoja ba boholong ba ne ba se na bopaki, ba ne ba tseba mosebetsi oo ke o etsang. Ka mohlala, ka 1973, ha ho ne ho qosoa Lipaki tse ling tse robeli tsa Jehova, moahloli o ile a mpitsa ’me a ntlhoma lipotso. O ile a mpotsa ka ho toba, a re, “Mockutė, ke lingoliloeng tse kae tseo u li hatisitseng ho pholletsa le lilemo?”

Ke ile ka re ke sitoa ho araba potso eo. Eaba oa mpotsa, o re, “Joale ke potso efe eo u ka khonang ho e araba?”

Ka re: “Nka araba potso e sa amaneng le mosebetsi ona.”

Boemo Boa Fetoha

Ho elella bofelong ba lilemo tsa bo-1980, boemo bo ile ba qala ho fetoha Lithuania. Ho ne ho se ho sa hlokahale hore re ipatele mahlahana a ’muso. Kahoo, ba bang ba ile ba qala mosebetsi oa ho fetolela ka 1990. ’Me ka la 1 September, 1992, ho ile ha thehoa ofisi e nyenyane ea bafetoleli motseng oa Klaipeda, oo ke qeteletseng ke lula ho oona.

Ka kakaretso, ke qetile lilemo tse 30 ke le mofetoleli ’me ke sebelelitse libakeng tse 16. Ke ne ke se na ha ka. Empa ruri kea thaba ha ke bona litholoana tsa mosebetsi oa rōna! Kajeno ho na le Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 3 000, Lithuania. Hona joale mosebetsi oa ho fetolela oo ka nako e ’ngoe ke neng ke o etsa ke ipatile ka melikong le libakeng tseo ho behoang thepa ho tsona, o etsetsoa ofising e ntle ea lekala la Lithuania, haufi le motse oa Kaunas.

Ke ntse ke hopola phihlelo e hlollang, ha ke ne ke kopana le mosali eloa ka seleng e batang, lilemong tse ka bang 60 tse fetileng, Klaipeda. E ile ea fetola bophelo ba ka! Ke tla lula ke leboha Jehova, ’Mōpi oa rōna e moholo, ka hore ebe ke tsebile ’nete ka eena le ka merero ea hae ’me ke inehetse ho eena ho etsa thato ea hae.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Linnete tse thobang pelo tsa Bibele tseo Lydia a ileng a re ruta tsona li ile tsa fetola bophelo ba rōna

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Nyeoe ea ka e ile ea hlahisoa koranteng ea Soviet ka 1962

[Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]

Tse ling tsa lingoliloeng tsa Bibele tseo ke ileng ka ipeha kotsing ea ho tšoaroa ka lebaka la ho li fetolela

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lydia ea ileng a nthuta linnete tsa Bibele ha ke le teronkong

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lipaki tse peli (ka ho le letšehali) tse ileng tsa nthuta ho eketsehileng ka Molimo ha ke le teronkong e Khabarovsk, Russia, ka 1956

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Mochine oo ke neng ke thaepa ka oona ha mosebetsi o thibetsoe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela