Naletsana
a Bonyollo ke ntho e ka kelellong ’me bo bonahala ka meharo le ho ja ho tlōla. Kahoo, ha bo bonoe ka hore na motho o motenya kapa o mosesanyane, empa bo bonoa ka hore na maikutlo a hae ke afe ka lijo. Motho e ka ’na ea e-ba ea itekanetseng kapa a ba mosesanyane, empa ea e-ba monyollo. Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ba ka ’na ba e-ba batenya ka lebaka la ho kula kapa lefutso. Ho sa tsotellehe hore na motho o motenya kapa o mosesanyane taba ea bohlokoa ke hore na o meharo kapa che.—Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa November 1, 2004.