Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 11/1 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Hanelang “Moea oa Lefatše”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Joala—Pono ea Bokreste ka Bona ke Efe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na ho Noa Lino Tse Tahang ho Fosahetse?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 11/1 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Phutheho ea Bokreste e Talima Bonyollo Joang?

Lentsoe la Molimo le nyatsa botahoa le bonyollo ka hore ke boitšoaro bo sa lokelang batho ba sebeletsang Molimo. Ka hona, phutheho ea Bokreste e talima monyollo ea sa batleng ho fetoha ka tsela e tšoanang le eo e talimang motho ea lemalletseng botahoa. Motho eo e leng letahoa kapa monyollo e ke ea e-ba karolo ea phutheho ea Bokreste.

Liproverbia 23:20, 21 e re: “U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo, har’a ba jang nama ka bonyollo. Etsoe letahoa le monyollo ba tla futsaneha, ’me ho otsela ho tla apesa motho maharasoa.” Ho Deuteronoma 21:20, re bala ka motho ea ‘manganga oa lerabele,’ ea neng a tšoaneloa ke lefu Molaong oa Moshe. Ho ea ka temana ena, motho eo oa lerabele le ea sa bakeng o ne a tsebahala ka litšobotsi tse peli e leng ‘bonyollo le botahoa.’ Ho hlakile hore Iseraeleng ea boholo-holo, bonyollo bo ne bo nkoa e le mokhoa o sa lokelang ho ba neng ba lakatsa ho sebeletsa Molimo.

Ha e le hantle monyollo ke eng, hona Mangolo a Segerike a Bakreste a re’ng ka taba ee? Monyollo o hlalosoa e le “motho ea lemalletseng ho ja le ho noa ka meharo a sa khotsofale.” Kahoo, taba e ’ngoe ke hore, bonyollo ke mofuta o mong oa meharo, ’me Lentsoe la Molimo le re bolella hore “batho ba meharo” ke mofuta oa batho ba ke keng ba rua lefa la ’Muso oa Molimo. (1 Bakorinthe 6:9, 10; Bafilipi 3:18, 19; 1 Petrose 4:3) Ho phaella moo, ha moapostola Pauluse a lemosa Bakreste ka “mesebetsi ea nama,” o ile a bua ka “ho inehella botahoa, mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena.” (Bagalata 5:19-21) Hangata ho ja ho tlōla ho tsamaisana le ho inehella botahoa le mekete e lerata. Ho feta moo, ha ho pelaelo hore bonyollo bo akarellelitsoe mantsoeng a Pauluse a reng “le lintho tse joaloka tsena.” Joaloka ‘mesebetsi e meng ea nama,’ Mokreste ea tsebahalang e le monyollo le eo ka manganga a hanang ho fetola boitšoaro ba hae ba ho ba meharo o lokela ho tlosoa ka phuthehong.—1 Bakorinthe 5:11, 13.a

Le hoja Lentsoe la Molimo le beha letahoa le monyollo boemong bo tšoanang, ho bonolo haholo ho lemoha letahoa ho feta monyollo. Hangata matšoao a botahoa a hlakile. Leha ho le joalo, ho lemoha hore na motho ke monyollo ea sa batleng ho fetoha ha a le boemong bofe ho thata ka ho fetisisa hobane bonyollo hase ntho e ka lemohuoang feela ka chebahalo. Ka hona, ho hlokahala hore baholo ba phutheho ba be hlokolosi haholo ba be ba sebelise temoho ha ba sebetsana le litaba tsa mofuta ona.

Ka mohlala, botenya e ka ’na ea e-ba pontšo ea bonyollo, empa hase kamehla ho leng joalo. Motho a ka ’na a nona haholo ka lebaka la boloetse. Lefutso le lona le ka ’na la baka botenya. Hape re lokela ho hopola hore botenya ke ntho e amang ’mele, ha bonyollo bona e le se ka kelellong. Botenya bo hlalosoa e le “boemo bo khetholloang ka ho ba le mafura a mangata haholo ’meleng,” empa bonyollo ke meharo kapa ho ikhotsofatsa ka tsela e feteletseng. Kahoo, bonyollo ha bo lemohuoe ka boima ba motho ba ’mele, empa bo lemohuoa ka boikutlo boo motho a nang le bona ka lijo. Motho a ka ’na a ba le boima bo itekanetseng ba ’mele kapa mohlomong a be mosesaane empa e le monyollo. Ho feta moo, seo ho nkoang hore ke boima kapa sebōpeho se loketseng sa ’mele se fapana haholo ho ea ka libaka.

Matšoao a bonyollo ke afe? Hangata monyollo ke motho ea sa khoneng ho itšoara, ea phakang hoo lijo li mo kukunelang kapa li mo kulisang. Ho hloka boitšoaro ha hae ho bontša hore ha aa ameha ho hang ka hore o nyelisa Jehova le ka hore o senya botumo bo botle ba batho ba Hae. (1 Bakorinthe 10:31) Ka lehlakoreng le leng, motho ea tšohang a jele ho tlōla ho ke ke ha be ho se ho thoe ke “motho ea meharo.” (Baefese 5:5) Leha ho le joalo, ho ea ka moelelo oa Bagalata 6:1, Mokreste ea joalo a ka ’na a hloka thuso. Pauluse o re: “Barab’eso, esita le hoja motho a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo.”

Ke hobane’ng ha keletso ea Bibele ea ho qoba ho ja ho tlōla e le ea bohlokoa ka ho khetheha kajeno? Ke hobane, ha Jesu a ne a lemosa ka mehla ea rōna ka ho khetheha, o ile a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba.” (Luka 21:34, 35) Ho qoba ho ja ho tlōla ke tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo ka eona re ka phemang mokhoa ona oa bophelo o lematsang moeeng.

Ho etsa lintho ka ho lekanyetsa ke tšobotsi e ntle eo Mokreste a lokelang ho ba le eona. (1 Timothea 3:2, 11) Ka lebaka leo, ka sebele Jehova o tla thusa bao ka tieo ba batlang ho sebelisa keletso ea Bibele e mabapi le mekhoa ea ho ja le ho noa ka ho lekanyetsa.—Baheberu 4:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” tokollong ea Molula-Qhooa oa May 1, 1986.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela