Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Betsimisaraka (Northern), Betsimisaraka (Southern), Konkomba, Matses, Mi'kmaq
  • Kajeno

Sontaha, la 12 October

[Jehova] o tla le tiisa, a le thuse hore le lule le tšepahala a be a le matlafatse.—1 Pet. 5:10.

Hangata ha Lentsoe la Molimo le bua ka banna ba neng ba rata Molimo, le re ba matla. Empa ha se ka linako tsohle ba neng ba ikutloa ba le matla. Mohlala, maemong a mang Morena Davida o ne a utloa a le “matla joaloka thaba” empa ka linako tse ling o ile a “tšoha haholo.” (Pes. 30:7) Le hoja Samsone a ne a e-na le matla a sa tloaelehang ka lebaka la moea oa Molimo, o ne a tseba hore o ‘tla fokola a be joaloka banna ba bang kaofela’ haeba a se na matla a tsoang ho Molimo. (Baahl. 14:​5, 6; 16:17) Banna bana ba ratang Molimo ba ne ba le matla hobane feela Jehova a ba file matla. Moapostola Pauluse o ile a elelloa hore le eena o hloka matla a tsoang ho Jehova. (2 Bakor. 12:​9, 10) O ne a kula. (Bagal. 4:​13, 14) Ka linako tse ling o ne a thatafalloa ke ho etsa lintho tse nepahetseng. (Bar. 7:​18, 19) Hape ka linako tse ling o ne a ikutloa a tšoenyehile a bile a sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka eena. (2 Bakor. 1:​8, 9) Leha ho le joalo, o ile a ba matla a ntse a fokola joalo. O khonne joang? Jehova o ile a fa Pauluse matla ao a neng a a hloka e le hore a mamelle mathata a hae. w23.10 12 ¶1-2

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Mantaha, la 13 October

Jehova o bona se ka pelong.—1 Sam. 16:7.

Haeba ka linako tse ling re utloa eka ha re na thuso, re lokela ho hopola hore Jehova o re huletse ho eena. (Joh. 6:44) O bona makhabane a rona ao rona re ka ’nang ra se ke ra a bona hape o tseba lipelo tsa rona. (2 Likron. 6:30) Kahoo, re ka mo tšepa ha a re re ba bohlokoa. (1 Joh. 3:​19, 20) Ba bang ba rona pele re ithuta Bibele re entse lintho tse ka ’nang tsa etsa hore re ikutloe re le molato le hona joale. (1 Pet. 4:3) Esita le Bakreste ba tšepahalang ba loantšana le mefokolo e itseng. Na ka linako tse ling u utloa eka Jehova a ke ke a u tšoarela? Haeba ho joalo, u ka tšelisoa ke ho tseba hore bahlanka ba bang ba Jehova ba tšepahalang ba ile ba e-ba le maikutlo a tšoanang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a utloa bohloko ha a nahana ka mefokolo ea hae. (Bar. 7:24) Pauluse o ne a baketse libe tsa hae a bile a kolobelitsoe. Ho ntse ho le joalo, o ile a re ha se “oa bohlokoa ka ho fetisisa har’a baapostola” le hore ke moetsalibe “ea ka pele-pele.”—1 Bakor. 15:9; 1 Tim. 1:15. w24.03 27 ¶5-6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labobeli, la 14 October

Batho ba tlohela ntlo ea Jehova.—2 Likron. 24:18.

Ntho e ’ngoe eo re ithutang eona liqetong tse fosahetseng tseo Morena Joase a ileng a li etsa ke hore re lokela ho khetha metsoalle e ratang Jehova ebile e ikemiselitse ho mo thabisa. Metsoalle e joalo e tla re thusa ho etsa lintho tse nepahetseng. Re ka ba metsoalle le batho ba baholo kapa ba banyenyane ho rona. Hopola hore Joase o ne a le monyenyane haholo ho motsoalle oa hae Jehojada. Ha u khetha metsoalle ipotse lipotso tsena: ‘Na e nthusa ho ba le kamano e matla le Jehova? Na e nthusa ho mamela melao le melao-motheo ea Molimo? Na e bua ka Jehova le ka lintho tsa bohlokoa tseo a re rutang tsona? Na e mamela melao le melao-motheo ea Molimo? Na e mpolella lintho tseo nka thabelang ho li utloa feela kapa na e ba le sebete sa ho nkeletsa ha ke kheloha?’ (Liprov. 27:​5, 6, 17) Ho hlakile hore haeba metsoalle ea hao e sa rate Jehova, ha u e hloke. Empa haeba metsoalle ea hao e rata Jehova, u se ke oa e tlohela hobane e tla ba le tšusumetso e ntle ho uena.—Liprov. 13:20. w23.09 9-10 ¶6-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela