October
Laboraro, la 1 October
Motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong . . . o itokiselitse ho mamela.—Jak. 3:17.
Na u kile oa thatafalloa ke ho mamela? Morena Davida le eena o kile a utloa ho le thata ho mamela eaba o rapela Molimo o re: “Etsa hore ke batle ho u mamela.” (Pes. 51:12) Davida o ne a rata Jehova. Ho ntse ho le joalo, ka linako tse ling o ne a thatafalloa ke ho mamela. Ho joalo le ka rona. Hobane’ng? Lebaka la pele ke hore re na le tloaelo eo re e futsitseng ea ho se mamele. Lebaka la bobeli ke hore Satane o lula a re susumeletsa hore re be marabele joaloka eena. (2 Bakor. 11:3) Lebaka la boraro ke hore re pota-potiloe ke batho ba nang le moea oa borabele, e leng “moea o hlohlelletsang batho hore ba se ke ba mamela Molimo.” (Baef. 2:2) Re lokela ho sebetsa ka thata ho loantša sebe sena seo re se futsitseng le hore re se ke ra lumella Diabolose le batho ba lefatše la hae hore ba re susumeletse hore re se ke ra mamela. Re lokela ho etsa boiteko ba ho mamela Jehova le batho bao a ba fileng matla a bolaoli. w23.10 6 ¶1
Labone, la 2 October
Uena esale u boloka veine ea boleng bo phahameng ho fihlela hona joale.—Joh. 2:10.
Re ka ithuta’ng mohlolong oa ho fetola metsi veine? Re lokela ho ikokobetsa. Jesu ha aa ka a ikotla sefuba ka mohlolo oo ebile ha ho mohla a kileng a ikotla sefuba ka ntho leha e le efe eo a kileng a e etsa. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso o ne a lula a rorisa Ntate oa hae bakeng sa lintho tsohle. (Joh. 5:19, 30; 8:28) Haeba re ikokobelitse joaloka Jesu re ke ke ra ikhantša ka lintho tseo re li finyeletseng. A re se keng ra ithorisa empa ho e-na le hoo re rorise Jehova ka lintho tsohle tseo re khonang ho mo etsetsa tsona. (Jer. 9:23, 24) Re lokela ho rorisa Molimo hobane ke eena feela ea lokelang ho rorisoa. Etsoe ha ho na letho leo re ka khonang ho le finyella haeba Jehova a sa re thuse. (1 Bakor. 1:26-31) Haeba re ikokobelitse re ke ke ra batla hore batho ba tsebe lintho tse ntle tseo re li etselitseng batho ba bang. Re khotsofalla hore ebe Jehova oa bona ebile o ananela lintho tseo re li etsetsang batho ba bang. (Bapisa le Matheu 6:2-4; Baheb. 13:16) Jehova oa thaba ha re ikokobelitse joaloka Jesu.—1 Pet. 5:6. w23.04 4 ¶9; 5 ¶11-12
Labohlano, la 3 October
Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.—Bafil. 2:4.
Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ba amehe ka lintho tse tsoelang batho ba bang molemo. Re ka sebelisa keletso ee joang ha re le libokeng? Ka hore re hopole hore bana ba bang ba bo rona le bona ba batla ho arabela libokeng. Nahana ka sena, ha u qoqa le metsoalle ea hao na u batla hore e lule e le uena feela ea buang? Ha ho joalo. U batla hore le bona ba qoqe. Ka tsela e tšoanang, ha re le libokeng re batla ho fa ba bang menyetla ea ho arabela. Ha e le hantle, tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho khothatsa Bakreste-’moho ke ka ho ba fa monyetla oa ho bua ka tumelo ea bona. (1 Bakor. 10:24) Fana ka likarabo tse khutšoanyane e le hore le ba bang ba ka arabela. Leha u fana ka karabo e khutšoanyane qoba ho bua lintlha tse ngata. Haeba u akareletsa lintlha tsohle tse hlahang serapeng, ba bang ba ke ke ba e-ba le monyetla oa ho arabela. w23.04 22-23 ¶11-13
Moqebelo, la 4 October
Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse monate e le hore nka li arolelana le ba bang.—1 Bakor. 9:23.
Re lokela ho hopola hore ke habohlokoa hore re thuse batho ba bang, haholo-holo ka ho etsa mosebetsi oa boboleli. Re lokela ho fetoha le maemo ha re etsa mosebetsi oa boboleli. Batho bao re ba bolellang molaetsa oa Bibele ba lumela lintho tse sa tšoaneng ebile ba tsoa litsong tse fapaneng. Moapostola Pauluse o ne a fetoha le maemo ’me re ka ithuta mohlaleng oa hae. Jesu o ile a khetha Pauluse hore e be “moapostola ea ronngoeng” lichabeng. (Bar. 11:13) Pauluse o ile a bolela litaba tse monate ho Bajuda, Bagerike, batho ba rutehileng, ba sa rutehang, ba hlaheletseng le ho marena. Pauluse e “bile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle” e le hore a khone ho bolella batho ba sa tšoaneng litaba tsena. (1 Bakor. 9:19-22) O ne a nahana ka setso sa batho bao a buang le bona, tsela eo ba holisitsoeng ka eona le lintho tseo ba li lumelang ’me a fetola tsela eo a buang le bona ka eona. Le rona re ka atleha mosebetsing oa boboleli haeba re fetoha le maemo ’me re ntlafatsa tsela eo re buisanang le batho ka eona e le hore re ka ba thusa. w23.07 23 ¶11-12
Sontaha, la 5 October
Mohlanka oa Morena ha aa lokela ho loana empa o lokela ho ba bonolo ho bohle.—2 Tim. 2:24.
Motho ea bonolo ha a fokole. Ha e le hantle o lokela ho khoba matšoafo ha ho hlaha boemo bo thata. Bonolo ke e ’ngoe ea “litholoana tse behoang ke moea o halalelang.” (Bagal. 5:22, 23) Ka linako tse ling lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bonolo,” le ne le sebelisoa ha ho buuoa ka pere e hlaha e seng e thapisitsoe. Le hoja pere eo e thapisitsoe, e ntse e le matla. Rona re ka ba batho ba bonolo le ba matla joang? Re hloka thuso e le hore re be batho ba joalo. Re lokela ho kopa Molimo hore a re fe moea oa hae o halalelang ’me a re thuse hore re be bonolo. Ho na le batho ba bangata ba ithutileng ho ba bonolo. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li bua ka bonolo ha batho ba li hanyetsa ’me seo se thusitse batho ba bang hore ba fetole maikutlo a bona ka Lipaki.—2 Tim. 2:24, 25. w23.09 15 ¶3
Mantaha, la 6 October
Ke ne ke rapela . . . ’me [Jehova] o ile a mpha seo ke ileng ka mo kopa sona.—1 Sam. 1:27.
Moapostola Johanne o ile a bona pono e hlollang moo baholo ba 24 ba leholimong ba neng ba rapela Jehova. Ba ne ba rorisa Molimo ’me ba re o “tšoaneloa ke ho rorisoa le ho hlomphuoa.” (Tšen. 4:10, 11) Mangeloi a tšepahalang le ’ona a na le mabaka a mangata a ho rorisa le ho hlompha Jehova. A lula le eena leholimong ’me a mo tseba hantle. A bona makhabane a hae linthong tseo a li etsang. Ha a bona lintho tseo Jehova a li etsang, a susumeletseha ho mo rorisa. (Jobo 38:4-7) Le rona ka ho tšoanang re lokela ho rorisa Jehova ha re rapela, re mo bolelle hore na ke hobane’ng ha re mo rata ebile re mo ananela. Ha u ntse u bala Bibele le ho ithuta eona, leka ho bona hore na ke makhabane afe a Jehova ao u a ratang ka ho khetheha. (Jobo 37:23; Bar. 11:33) Ka mor’a moo, bolella Jehova hore na u ikutloa joang ka makhabane ao. Re ka boetse ra rorisa Jehova hobane oa re thusa ebile o thusa Bakreste-’moho le rona kaofela.—1 Sam. 2:1, 2. w23.05 3-4 ¶6-7
Labobeli, la 7 October
Tsela eo le phelang ka eona e lokela ho thabisa Jehova.—Bakol. 1:10.
Ka 1919, Babilona e Moholo e ne e se e sa khone ho laola batho ba Molimo. Selemong sona seo, “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” o ile a qala ho sebeletsa hore batho ba lipelo li ntle ba qale ho tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’ (Mat. 24:45-47; Esa. 35:8) Batho ba ileng ba etsa mosebetsi ona lilemo tse ngata tse fetileng ba ile ba thusa batho ba neng ba se ba qalile ho tsamaea tseleng ena e kholo hore ba ithute haholoanyane ka Jehova le ka merero ea hae. (Liprov. 4:18) Hape ba ne ba ka phela ka tsela eo Jehova a batlang hore batho ba phele ka eona. Jehova o ne a sa lebella hore batho ba hae ba etse liphetoho tsohle tse hlokehang ka nako e le ’ngoe. Ho fapana le hoo, o ile a thusa batho ba hae hore ba etse liphetoho hanyane ka hanyane. Kaofela ha rona re tla thaba haholo ha re se re khona ho thabisa Molimo ka lintho tsohle tseo re li etsang. Tsela e hloka ho lokisoa khafetsa e le hore e lule e le maemong a matle. Ho tloha ka 1919, “Tsela ea Khalalelo” e ile ea ’na ea lokisoa e le hore batho ba bangata ba ka tsoa Babilona e Moholo. w23.05 17 ¶15; 19 ¶16
Laboraro, la 8 October
Nke ke ka u tlohela.—Heb. 13:5.
Sehlopha se Busang se ntse se koetlisa bathusi likomiting tse fapa-fapaneng tsa Sehlopha se Busang. Bathusi bana ba tšepahalang ba na le boikarabelo bo boholo ka har’a mokhatlo oa Jehova. Ba koetlisitsoe hantle ho tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa ho hlokomela linku tsa Kreste. Ka mor’a hore batlotsuoa kaofela ba ee leholimong ho elella qetellong ea mahlomola a maholo, batho ba Jehova ba lefatšeng ba tla tsoela pele ba mo sebeletsa ka botšepehi. Re leboha Jehova ka boeta-pele ba Jesu Kreste hobane barapeli ba Molimo ba tla tsoela pele ba mo rapela. Ke ’nete hore ka nako eo, re tla hlaseloa ke Gogo oa Magogo, e leng linaha tse ikopantseng. (Ezek. 38:18-20) Empa tlhaselo eo ea nakoana, e ke ke ea atleha hobane e ke ke ea etsa hore batho ba Molimo ba khaotse ho mo rapela. Jehova o tla ba pholosa. Ponong, moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo” ba linku tse ling tsa Kreste. Johanne o ile a bolelloa hore “bongata bo boholo” bo pholohile “mahlomola a maholo.” (Tšen. 7:9, 14) Bongata bo boholo bo tla lula bo sireletsehile. w24.02 5-6 ¶13-14
Labone, la 9 October
Le se ke la sitisa moea oa Molimo hore o sebetse ho lona.—1 Bathes. 5:19.
Re ka etsa’ng e le hore re fumane moea o halalelang? Re ka kopa hore Jehova a re fe oona, ra ithuta Lentsoe la hae le ho sebelisana le mokhatlo oa hae o tataisoang ke moea o halalelang. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re be le “litholoana tse behoang ke moea o halalelang. (Bagal. 5:22, 23) Ke batho ba nahanang lintho tse nepahetseng le ba itšoereng hantle feela bao Molimo a ba fang moea oa hae o halalelang. A ka khaotsa ho re fa moea oa hae o halalelang haeba re nahana ka lintho tse fosahetseng ebile re li etsa. (1 Bathes. 4:7, 8) E le hore re ’ne re fumane moea o halalelang, ha rea lokela ho “bua hampe ka boprofeta.” (1 Bathes. 5:20) Temaneng ena lentsoe “boprofeta” le bolela melaetsa eo Jehova a re fang eona a sebelisa moea oa hae o halalelang. Melaetsa eo e akareletsa e buang ka letsatsi la Jehova le kamoo le potlakileng kateng mehleng ena. Ha rea lokela ho nahana hore letsatsi la Jehova kapa Armagedone e ke ke ea tla mehleng ena eo re phelang ho eona. Ho e-na le hoo, re bontša hore re lula re nahana ka lona ka hore re tsoele pele ho “sebeletsa Molimo ka botšepehi” le ka ho lula re itšoere hantle.—2 Pet. 3:11, 12. w23.06 12 ¶13-14
Labohlano, la 10 October
Mohato oa pele oa ho fumana bohlale ke ho hlompha Jehova.—Liprov. 9:10.
Re lokela ho etsa’ng haeba ka tšohanyetso setšoantšo sa pornography se ka hlaha lisebelisoeng tsa rona tsa elektronike? Hang-hang feela re se tlose. Re ka nolofalloa ho etsa joalo haeba re hopola hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke setsoalle sa rona le Jehova. Litšoantšo tse ling li ka etsa hore re be le takatso ea ho etsa boitšoaro bo bobe le hoja e se pornography. Ke hobane’ng ha re lokela ho li qoba? Hobane ha re batle ho etsa letho le ka etsang hore re nahane ka ho etsa boitšoaro bo bobe. (Mat. 5:28, 29) Mor’abo rona David eo e leng moholo ea lulang naheng ea Thailand o re: “Ke ee ke ipotse hore na le hoja litšoantšo tsena e se pornography, na Jehova a ka thaba ha a mpona ke lula ke li shebile. Ho ipotsa potso ena ho nthusa hore ke etse lintho hantle.” Ho tšaba ho etsa eng kapa eng e ka utloisang Jehova bohloko ho tla re thusa hore re etse lintho ka bohlale. Ho hlompha Jehova ke “mohato oa pele” oa ho ba “bohlale.” w23.06 23 ¶12-13
Moqebelo, la 11 October
E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare.—Esa. 26:20.
E ka ’na eaba ‘likamore tse ka hare’ ke liphutheho tsa habo rona. Nakong ea mahlomola a maholo, haeba re lula re momahane le Bakreste-’moho le rona, re tla sireletseha feela joalokaha Jehova a tšepisitse. Kahoo, re lokela ho sebetsa ka thata hona joale ho rata bana ba bo rona ho e-na le ho ba mamella feela. Ntho eo e ka pholosa bophelo ba rona. “Letsatsi le leholo la Jehova” le tla tlisetsa batho mahlomola. (Sof. 1:14, 15) Batho ba Jehova le bona e ke ke ea e-ba mekhelo. Empa haeba re itokisa hona joale, re tla khona ho lula re khobile matšoafo re be re thuse batho ba bang. Re tla khona ho mamella mathata afe kapa afe ao re tla kopana le ’ona. Ha bana ba bo rona ba le maqakabetsing, re tla etsa sohle se matleng a rona ho bontša hore rea ba qenehela ka ho ba thusa le ka ho ba fa lintho tseo ba li hlokang. Hape haeba re ithuta ho rata bana ba bo rona hona joale, re tla khona ho ba rata le ka moso. Ha re etsa lintho tsena, Jehova o tla re putsa ka ho re fa bophelo bo sa feleng lefatšeng leo ho lona mathata le mahlomola ’ohle a tla be a lebetsoe.—Esa. 65:17. w23.07 7 ¶16-17
Sontaha, la 12 October
[Jehova] o tla le tiisa, a le thuse hore le lule le tšepahala a be a le matlafatse.—1 Pet. 5:10.
Hangata ha Lentsoe la Molimo le bua ka banna ba neng ba rata Molimo, le re ba matla. Empa ha se ka linako tsohle ba neng ba ikutloa ba le matla. Mohlala, maemong a mang Morena Davida o ne a utloa a le “matla joaloka thaba” empa ka linako tse ling o ile a “tšoha haholo.” (Pes. 30:7) Le hoja Samsone a ne a e-na le matla a sa tloaelehang ka lebaka la moea oa Molimo, o ne a tseba hore o ‘tla fokola a be joaloka banna ba bang kaofela’ haeba a se na matla a tsoang ho Molimo. (Baahl. 14:5, 6; 16:17) Banna bana ba ratang Molimo ba ne ba le matla hobane feela Jehova a ba file matla. Moapostola Pauluse o ile a elelloa hore le eena o hloka matla a tsoang ho Jehova. (2 Bakor. 12:9, 10) O ne a kula. (Bagal. 4:13, 14) Ka linako tse ling o ne a thatafalloa ke ho etsa lintho tse nepahetseng. (Bar. 7:18, 19) Hape ka linako tse ling o ne a ikutloa a tšoenyehile a bile a sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka eena. (2 Bakor. 1:8, 9) Leha ho le joalo, o ile a ba matla a ntse a fokola joalo. O khonne joang? Jehova o ile a fa Pauluse matla ao a neng a a hloka e le hore a mamelle mathata a hae. w23.10 12 ¶1-2
Mantaha, la 13 October
Jehova o bona se ka pelong.—1 Sam. 16:7.
Haeba ka linako tse ling re utloa eka ha re na thuso, re lokela ho hopola hore Jehova o re huletse ho eena. (Joh. 6:44) O bona makhabane a rona ao rona re ka ’nang ra se ke ra a bona hape o tseba lipelo tsa rona. (2 Likron. 6:30) Kahoo, re ka mo tšepa ha a re re ba bohlokoa. (1 Joh. 3:19, 20) Ba bang ba rona pele re ithuta Bibele re entse lintho tse ka ’nang tsa etsa hore re ikutloe re le molato le hona joale. (1 Pet. 4:3) Esita le Bakreste ba tšepahalang ba loantšana le mefokolo e itseng. Na ka linako tse ling u utloa eka Jehova a ke ke a u tšoarela? Haeba ho joalo, u ka tšelisoa ke ho tseba hore bahlanka ba bang ba Jehova ba tšepahalang ba ile ba e-ba le maikutlo a tšoanang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a utloa bohloko ha a nahana ka mefokolo ea hae. (Bar. 7:24) Pauluse o ne a baketse libe tsa hae a bile a kolobelitsoe. Ho ntse ho le joalo, o ile a re ha se “oa bohlokoa ka ho fetisisa har’a baapostola” le hore ke moetsalibe “ea ka pele-pele.”—1 Bakor. 15:9; 1 Tim. 1:15. w24.03 27 ¶5-6
Labobeli, la 14 October
Batho ba tlohela ntlo ea Jehova.—2 Likron. 24:18.
Ntho e ’ngoe eo re ithutang eona liqetong tse fosahetseng tseo Morena Joase a ileng a li etsa ke hore re lokela ho khetha metsoalle e ratang Jehova ebile e ikemiselitse ho mo thabisa. Metsoalle e joalo e tla re thusa ho etsa lintho tse nepahetseng. Re ka ba metsoalle le batho ba baholo kapa ba banyenyane ho rona. Hopola hore Joase o ne a le monyenyane haholo ho motsoalle oa hae Jehojada. Ha u khetha metsoalle ipotse lipotso tsena: ‘Na e nthusa ho ba le kamano e matla le Jehova? Na e nthusa ho mamela melao le melao-motheo ea Molimo? Na e bua ka Jehova le ka lintho tsa bohlokoa tseo a re rutang tsona? Na e mamela melao le melao-motheo ea Molimo? Na e mpolella lintho tseo nka thabelang ho li utloa feela kapa na e ba le sebete sa ho nkeletsa ha ke kheloha?’ (Liprov. 27:5, 6, 17) Ho hlakile hore haeba metsoalle ea hao e sa rate Jehova, ha u e hloke. Empa haeba metsoalle ea hao e rata Jehova, u se ke oa e tlohela hobane e tla ba le tšusumetso e ntle ho uena.—Liprov. 13:20. w23.09 9-10 ¶6-7
Laboraro, la 15 October
Ke ’na Alfa le Omega.—Tšen. 1:8.
Ka Segerike tlhaku ea pele ke alfa, ea ho qetela ke omega. Ha Jehova a re “ke ’na Alfa le Omega” o bontša hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e qalang oa e qeta. Ka mor’a hore Jehova a bope Adama le Eva, o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Gen. 1:28) Ha Jehova a ne a ba bolella morero oa hae, ho ne ho tšoana le ha eka o ne a re “Alfa.” Ha morero oa Jehova o se o phethahetse ’me bana ba Adama le Eva ba tletse lefatše le ho le etsa paradeise, ho tla tšoana le ha eka Jehova o re “Omega.” Ha Jehova a qeta ho bopa “maholimo le lefatše le lintho tsohle tse ho tsona,” o ile a bua ntho e ’ngoe e neng e tla re kholisa hore morero oa hae o tla phethahala. O re kholisa hore o tla phethahatsa morero oa hae ka lefatše le ka batho ’me morero oo oa hae o tla phethahala qetellong ea letsatsi la bosupa.—Gen. 2:1-3. w23.11 5 ¶13-14
Labone, la 16 October
Hlekang tsela ea Jehova! Etsang tsela e kholo e otlolohileng bakeng sa Molimo oa rona lehoatateng.—Esa. 40:3.
Leeto le boima leo Baiseraele ba neng ba tla le nka ho tloha Babilona ho ea Iseraele, le ne le ka nka likhoeli tse ’nè. Empa Jehova o ile a ba tšepisa hore litšitiso leha e le life tseo ba neng ba tla kopana le tsona li ne li tla suthisoa. Bajuda ba tšepahalang ba ne ba tseba hore melemo ea ho khutlela Iseraele e mengata ho feta boitelo leha e le bofe boo ba neng ba ka bo etsa. Tlhohonolofatso e kholo ka ho fetisisa eo ba neng ba tla e fumana e ne e amana le borapeli ba bona. Ho ne ho se na tempele leha e le ’ngoe feela ea Jehova Babilona. Ho ne ho se na aletare eo Baiseraele ba neng ba ka etsa mahlabelo ao ba neng ba lokela ho a etsa ho latela Molao oa Moshe hape ho ne ho se na baprista ba hlophisitsoeng hore ba etse mahlabelo ao. Batho ba neng ba rapela melimo ea bohata motseng oo ba ne ba le bangata ho feta ba hlomphang Jehova le ho mamela melao ea hae. Kahoo, Bajuda ba likete ba ratang Jehova ba ne ba labalabela ho khutlela ha habo bona moo ba neng ba tla rapela Jehova ka tsela eo a e batlang. w23.05 14-15 ¶3-4
Labohlano, la 17 October
Tsoelang pele le phela joaloka bana ba leseli.—Baef. 5:8.
Re hloka moea o halalelang oa Molimo e le hore re tsoele pele re phela “joaloka bana ba leseli.” Hobane’ng? Hobane ha ho bonolo ho lula re hloekile lefatšeng lena le tletseng boitšoaro bo bobe. (1 Bathes. 4:3-5, 7, 8) Moea o halalelang o ka re thusa hore re se ke ra nahana joaloka batho ba lefatše lena, ba sa shebeng lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona. O boetse o ka re thusa hore re hlahise “mefuta eohle ea lintho tse molemo le tse lokileng.” (Baef. 5:9) Tsela e ’ngoe ea ho fumana moea o halalelang ke ka hore re o rapelle. Jesu o ile a re Jehova “o tla fana ka moea o halalelang ho ba mo kopang.” (Luka 11:13) Re boetse re fumana moea o halalelang ha re rorisa Jehova hammoho libokeng tsa Bokreste. (Baef. 5:19, 20) Moea o halalelang oa Molimo o re susumeletsa hore re phele ka tsela e thabisang Molimo. w24.03 23-24 ¶13-15
Moqebelo, la 18 October
Le ’ne le kope, le tla fuoa. Le ’ne le batle, le tla fumana. Hape le ’ne le kokote, le tla buleloa.—Luka 11:9.
Na u hloka ho ba le mamello? Haeba ho joalo, rapela Jehova hore a u thuse. Mamello ke e ’ngoe ea litholoana tse behoang ke moea o halalelang. (Bagal. 5:22, 23) Kahoo, re ka kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang le ho re thusa ho ba le litholoana tse behoang ke oona. Haeba re le boemong boo ho bona ho leng thata ho ba le mamello, ‘re ’ne re kope’ hore a re fe moea o halalelang e le hore o re thuse ho ba le eona. (Luka 11:13) Re ka boela ra kopa Jehova hore a re thuse ho sheba litaba ka tsela eo a li shebang ka eona. Ka mor’a hore re rapele, re lokela ho leka ho ba le mamello letsatsi le leng le le leng. Haeba re lula re kopa Jehova hore a re thuse ho ba le mamello ebile re etsa boiteko ba ho ba le eona, o tla re thusa ho ba le mamello le haeba ka tlhaho re se batho ba nang le eona. Re ka boela ra thusoa ke ho nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Bibeleng. Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ea batho ba neng ba e-na le mamello. Ho nahanisisa ka mehlala ea bona ho ka re thusa ho bona hore na re ka etsa’ng ho bontša hore re na le mamello. w23.08 22 ¶10-11
Sontaha, la 19 October
Theolela[ng] matlooa tlase hore le tšoase litlhapi.—Luka 5:4.
Jesu o ile a kholisa moapostola Petrose hore Jehova o tla mo hlokomela. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a etsetsa Petrose le baapostola ba hae mohlolo o mong hape oa ho tšoasa litlhapi. (Joh. 21:4-6) Mohlolo oo o ile oa kholisa Petrose hore Jehova a ka khona ho mo hlokomela. Mohlomong moapostola eo o ile a hopola mantsoe a Jesu ha a ne a re Jehova o tla hlokomela ba etsang hore “Muso oa Molimo” e be ntho e tlang pele bophelong ba bona. (Mat. 6:33) Ka lebaka leo, Petrose o ile a etsa hore mosebetsi oa boboleli e be oona o tlang pele, eseng khoebo ea hae ea ho tšoasa litlhapi. O ile a bolela litaba tse monate ka sebete ka letsatsi la Pentekonta ka selemo sa 33 ’me a thusa batho ba bangata hore e be barutuoa. (Lik. 2:14, 37-41) Ka mor’a moo, o ile a thusa le Basamaria le Balichaba hore e be balateli ba Kreste. (Lik. 8:14-17; 10:44-48) Kannete Jehova o ile a sebelisa Petrose haholo ho thusa batho ba mefuta eohle hore ba tle ka phuthehong. w23.09 20 ¶1; 23 ¶11
Mantaha, la 20 October
Haeba le sa mpolelle toro eo ke e lorileng le tlhaloso ea eona, le tla khaoloa likoto.—Dan. 2:5.
Hoo e ka bang lilemo tse peli ka mor’a hore Bababilona ba felise Jerusalema, Morena Nebukadnezare oa Babilona o ile a lora toro e tšosang ea setšoantšo se seholohali. O ile a re o tla bolaea banna bohle ba bohlale ho akareletsa le Daniele haeba ba sa mo bolelle hore na o lorile eng hape ba sa hlalose toro ea hae. (Dan. 2:3-5) Daniele o ne a lokela ho bona hore na o etsa’ng ho seng joalo batho ba ne ba tl’o bolaoa. O ile “a ea ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ea hore a tl’o mo hlalosetsa toro eo.” (Dan. 2:16) Daniele o ile a bontša hore o sebete ebile o na le tumelo hobane ha ho na tlaleho e bontšang hore Daniele o kile a hlalosa litoro. O ile a kopa metsoalle ea hae hore “ba rapele Molimo oa leholimo, ba mo kope hore a ba hauhele ’me a ba senolele sephiri sena.” (Dan. 2:18) Jehova o ile a araba lithapelo tsa bona. Molimo o ile a thusa Daniele hore a hlalose toro ea Nebukadnezare. Daniele le metsoalle ea hae ha baa ka ba bolaoa. w23.08 3 ¶4
Labobeli, la 21 October
Ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholoha.—Mat. 24:13.
Nahana ka melemo e tlisoang ke ho mamella. Ha re e-na le mamello, re tla ba le khotso le khutso. Ka lebaka leo, ho ba le mamello ho ka re thusa hore re lule re phetse hantle ’meleng le kelellong. Ha re mamella batho ba bang, re khona ho sebelisana hantle le bona. Phutheho ea habo rona e tla momahana le ho feta. Haeba re lieha ho halefa ha motho e mong a entse ntho e re tenang, re tla qoba ho mpefatsa boemo. (Pes. 37:8, nal.; Liprov. 14:29) Ka holimo ho tsohle, re tla be re etsisa Ntate oa rona ea leholimong ebile setsoalle sa rona le eena se tla tiea le ho feta. Ho ba le mamello ke ntho e ntle ebile ho tla re tsoela molemo. Ha se kamehla ho leng bonolo hore re be le mamello empa Jehova o tla re thusa hore re lule re e-na le eona. Ha re ntse re emetse hore lefatše le lecha le fihle, re ka kholiseha hore “leihlo la Jehova le shebile ba mo tšabang, ba emetseng hore a ba bontše hore oa ba rata.” (Pes. 33:18) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho lula re e-na le mamello. w23.08 22 ¶7; 25 ¶16-17
Laboraro, la 22 October
Tumelo, ha e sa bontšoe ka liketso e shoele.—Jak. 2:17.
Jakobo o ile a bontša hore motho a ka ’na a re o na le tumelo empa liketso tsa hae li hanana le seo. (Jak. 2:1-5, 9) Jakobo o ile a boela a bua ka motho ea bonang ngoana oabo ‘a se na liaparo kapa lijo tse lekaneng’ empa joale a sa mo thuse. Le haeba motho eo a ne a ka re o na le tumelo, e ne e tla be e se na thuso hobane e se na mesebetsi. (Jak. 2:14-16) Jakobo o ile a re Rahaba ke mohlala oa motho ea ileng a bontša ka liketso tsa hae hore o na le tumelo. (Jak. 2:25, 26) Rahaba o ne a ile a utloela ka Jehova a ba a hlokomela hore o ne a thusa Baiseraele. (Josh. 2:9-11) O ile a bontša tumelo ea hae ka liketso ka hore a sireletse lihloela tse peli tsa Baiseraele ha li ne li le kotsing ea ho bolaoa. Ka lebaka leo, joaloka Abrahama, mosali enoa ea neng a sa phethahala ebile e se Moiseraele o ile a nkoa a lokile. Mohlala oa Rahaba o re ruta bohlokoa ba hore tumelo ea rona e bontšoe ka liketso. w23.12 5-6 ¶12-13
Labone, la 23 October
E se eka le ka ema le tiile holim’a motheo oa tumelo joaloka sefate se metseng ka metso.—Baef. 3:17.
Kaha re Bakreste, ha rea lokela ho ithuta feela lithuto tse bonolo tse ka Bibeleng. Moea oa Molimo o halalelang o re thusa hore re ithute “le lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakor. 2:9, 10) U ka boela oa etsa lipatlisiso ka lintho tse tla u thusa hore u lule u le motsoalle oa Jehova. Ka mohlala, u ka ithuta ka hore na Molimo o ile a bontša joang hore o rata bahlanka ba hae ba nakong e fetileng le hore na seo se bontša joang hore le uena oa u rata. U ka ’na oa hlahloba hore na Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba mo rapele joang ’me oa bapisa seo le kamoo a batlang hore Bakreste ba mo rapele kateng mehleng ena. Kapa u ka ithuta ka ho tebileng ka boprofeta boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ha a ne a le lefatšeng. Ha u etsa lipatlisiso, u ka thusoa ke Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ha u ithuta Bibele ka ho tebileng, u tla matlafatsa tumelo ea hao ’me e tla u thusa hore u ‘tsebe Molimo.—Liprov. 2:4, 5. w23.10 18-19 ¶3-5
Labohlano, la 24 October
Ka holimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.—1 Pet. 4:8.
Temaneng ena, ka Segerike lentsoe “haholo” le bolela “ho saroloha.” Karolo ea bobeli ea temana ena ea bontša hore na ho tla etsahala’ng ha re ratana haholo. Re tla lula re itokiselitse ho tšoarela kapa ho koahela liphoso tsa bana ba bo rona. Nahana ka tafole e nang le mengoapo e mengata. Motho a ka khona ho nka lesela ebe o le ala holim’a tafole eo ho koahela mengoapo e mengata e tafoleng eo. Ka tsela e tšoanang ho rata bana ba bo rona haholo, ho ka re thusa ho koahela kapa ho tšoarela liphoso tsa bona tse ngata. Re lokela ho rata bana ba bo rona haholo hoo re ka ba tšoarelang ha ba re sitetsoe, le haeba ho etsa joalo ho ka ba thata haholo ka linako tse ling. (Bakol. 3:13) Ha re tšoarela batho ba bang, rea bontša hore lerato la rona le matla ebile re batla ho thabisa Jehova. w23.11 11-12 ¶13-15
Moqebelo, la 25 October
Shafane o e balla morena.—2 Likron. 34:18.
Ha Morena Josiase a le lilemo li 26, o ile a qala ho nchafatsa tempele. Ha ho ntse ho etsoa mosebetsi oo, ho ile ha fumanoa “buka ea Molao oa Jehova oo a neng a fane ka oona a sebelisa Moshe.” Ha morena a utloa mantsoe ao, o ile a laela hore ho etsoe lintho tse neng li ngotsoe bukeng eo. (2 Likron. 34:14, 19-21) Na u batla ho bala Bibele kamehla? Haeba u se u qalile, na hoa u natefela? Na u tšoaea litemana tsa Bibele tse ka u thusang? Ha Josiase a le lilemo li ka bang 39, o ile a etsa phoso e ileng ea etsa hore a bolaoe. O ile a itšepa ho e-na le ho kopa tataiso ho Jehova. (2 Likron. 35:20-25) Re ithuta’ng? Ho sa tsotellehe hore na re baholo hakae kapa hore na re na le nako e kae re ithuta Bibele, re lokela ho tsoela pele re batla tataiso ea Jehova. Sena se akareletsa hore kamehla re rapelle tataiso ea hae, re ithute Lentsoe la hae le ho mamela likeletso tsa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Sena se ka etsa hore re thabe bophelong re be re qobe ho etsa liphoso tse kholo.—Jak. 1:25. w23.09 12 ¶15-16
Sontaha, la 26 October
Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang empa o mosa ho ba ikokobelitseng.—Jak. 4:6.
Bibele e bua ka makhabane a mangata a basali ba neng ba rata Jehova le ho mo sebeletsa. Ba ne ba e-na le “teka-tekano linthong tsohle” ’me ba ‘tšepahala linthong tsohle.’ (1 Tim. 3:11) Ho ekelletsa moo, barali ba bo rona ba ka fumana mehlala ea barali ba bo rona ba holileng bao ba ka ba etsisang liphuthehong tsa habo bona. Barali ba bo rona ba bacha, na ho na le barali ba bo rona ba behang mohlala o motle oo le ka o etsisang? Sheba makhabane a matle ao ba nang le ’ona. Nahana ka hore na u ka bontša makhabane ao joang. Re lokela ho ikokobetsa e le hore re be le tumelo e matla. Haeba morali oa bo rona a ikokobelitse, o tla ba le setsoalle se setle le Jehova le batho ba bang. Ka mohlala, morali oa bo rona ea ratang Jehova o ikokobeletsa tokisetso ea bohlooho eo Ntate oa hae ea leholimong a e thehileng. (1 Bakor. 11:3) Jehova o boetse o entse hore ho be le bohlooho ka phuthehong le ka lapeng. w23.12 18-19 ¶3-5
Mantaha, la 27 October
Banna ba rate basali ba bona joalokaha ba rata ’mele ea bona.—Baef. 5:28.
Jehova o lebeletse hore monna a rate mosali oa hae le ho mo hlokomela ka lintho tseo a li hlokang, e be motsoalle oa hae le ho mo thusa hore a lule a rata Jehova. Ho ba motho ea nang le kelello, ho hlompha basali le ho ba motho ea ka tšeptjoang li tla u thusa hore u be monna ea molemo. Ka mor’a hore u nyale, u ka khetha ho ba le bana. U ka ithuta ho ba ntate ea molemo joang ho Jehova? (Baef. 6:4) Jehova o ile a bolella Mora oa hae Jesu hore oa mo rata le hore oa mo khahlisa. (Mat. 3:17) Haeba u ba le bana, etsa bonnete ba hore kamehla oa ba tiisetsa hore oa ba rata. Lula u ba babatsa ha ba etsa lintho tse ntle. Bo-ntate ba etsisang mohlala oa Jehova ba thusa bana ba bona hore e be banna le basali ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. U ka itokisetsa boikarabelo bona hona joale ka hore u hlokomele lelapa leno le ba bang ka phuthehong le ka hore u ithute ho ba bolella hore oa ba rata ebile oa ba ananela.—Joh. 15:9. w23.12 28-29 ¶17-18
Labobeli, la 28 October
[Jehova] o etsa hore bophelo ba lona bo tsitse.—Esa. 33:6.
Le hoja re le bahlanka ba Jehova, re hlaheloa ke mathata ebile rea kula joaloka motho e mong le e mong. Hape re ka hanyetsoa kapa ra hlorisoa ke batho ba hloileng bahlanka ba Molimo. Le hoja Jehova a sa etse hore mathata ana a re pote ka thoko, o tšepisa hore o tla re thusa. (Esa. 41:10) A ka re thusa hore re lule re thabile, re etse liqeto tse nepahetseng le hore re lule re mo tšepahalla leha re hlaheloa ke mathata a boima ka ho fetisisa. Jehova o tšepisa hore o tla re fa “khotso.” (Bafil. 4:6, 7) Ha re e-na le khotso eo, re khona ho khoba matšoafo ka lebaka la kamano e ntle eo re nang le eona le eena. Khotso ena ke “eo batho ba ke keng ba e utloisisa.” Ke e hlollang ho feta kamoo re ka nahanang kateng. Na u kile oa rapela Jehova ka matla eaba ka mor’a moo u utloa u tleloa ke khotso eo u sa tsebeng hore na e tsoa kae? Ke eona khotso eo Molimo a re fang eona. w24.01 20 ¶2; 21 ¶4
Laboraro, la 29 October
Ke tla rorisa Jehova, ke rorise lebitso la hae le halalelang ka pelo ea ka eohle.—Pes. 103:1.
Bahlanka ba Molimo ba rorisa lebitso la hae ka lipelo tsohle hobane ba mo rata. Morena Davida o ne a utloisisa hore ho rorisa lebitso la Jehova ke ho rorisa Jehova ka boeena. Lebitso la Jehova le akareletsa botumo ba hae. Kahoo, le re hopotsa makhabane ’ohle a hae le lintho tsohle tse ntle tseo a li entseng. Davida o ne a batla ho nka lebitso la Ntate oa hae le halalela le ho le rorisa. O ne a batla ho etsa joalo ‘ka pelo ea hae eohle.’ Balevi le bona ba ile ba etella pele ho roriseng Jehova. Ka boikokobetso ba ile ba lumela hore ha ba na mantsoe a lekaneng a ho rorisa lebitso la Jehova le halalelang ka tsela eo le tšoaneloang ho rorisoa ka eona. (Neh. 9:5) Joang kapa joang Jehova o ile a thaba haholo ha a bona bahlanka ba hae ba mo rorisa ka pelo eohle ebile ba ikokobelitse. w24.02 9 ¶6
Labone, la 30 October
A re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.—Bafil. 3:16.
Jehova a ke ke a nka hore u hlolehile haeba u sa khona ho etsa ntho e itseng e ka holim’a matla a hao. (2 Bakor. 8:12) Ithute linthong tse ileng tsa u sitisa ho finyella seo u se rerileng. Lula u nahana ka lintho tseo u li etselitseng Jehova. Bibele e re “Molimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi oa [hao].” (Baheb. 6:10) Kahoo, le uena u se ke oa lebala lintho tseo u mo etselitseng tsona. Nahana ka lintho tseo u seng u li entse tse kang ho ba motsoalle oa Jehova, ho bolella batho ba bang ka eena kapa ho kolobetsoa. U ntse u ka khona ho etsetsa Jehova lintho tse ling le hona joale feela joalokaha u ile oa khona ho mo etsetsa lintho tse itseng nakong e fetileng. Jehova a ka u thusa ho finyella lintho tseo u rerileng ho li etsa. Ha u ntse u tsoela pele ho sebetsa ka thata ho finyella lintho tseo u li rerileng, u se ke oa lebala ho thabela ho bona ha Jehova a u thusa le ho u hlohonolofatsa. (2 Bakor. 4:7) Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo haeba u sa tele.—Bagal. 6:9. w23.05 31 ¶16-18
Labohlano, la 31 October
Ntate oa le rata hobane lea nthata ebile lea lumela hore ke moemeli oa hae.—Joh. 16:27.
Jehova o batla litsela tseo a ka bontšang batho ba hae hore oa ba rata le hore baa mo thabisa. Bibele e bua ka makhetlo a mabeli ao Jehova a ileng a joetsa Jesu hore ke Mora oa hae eo a mo ratang ea mo khahlisang. (Mat. 3:17; 17:5) Na u ka rata ho utloa Jehova a u bolella hore oa mo khahlisa? Jehova ha a bue le rona a le leholimong empa o bua le rona a sebelisa Lentsoe la hae Bibele. Ha re bala mantsoe ao Jesu a a buileng ho barutuoa ba hae a bontšang hore oa ba rata, ho tšoana le ha re “utloa” Jehova a bua mantsoe ao ho rona. Jesu o ne a etsisa makhabane a Ntate oa hae ka ho phethahetseng. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ba tšepahalang empa ba sa phethahala hore oa ba rata. Kahoo, ha re bala litlaleho tse joalo, re ka nka e le Jehova ea buang mantsoe ao ho rona. (Joh. 15:9, 15) Haeba re e-na le mathata, ha ho bolele hore Molimo ha a sa re amohela. Ho e-na le hoo, re ba le monyetla oa ho bontša Jehova hore re mo rata haholo le hore rea mo tšepa.—Jak. 1:12. w24.03 28 ¶10-11