September
Mantaha, la 1 September
Re tla bona khanya e tsoang leholimong e tšoanang le ea ha letsatsi le chaba.—Luka 1:78.
Molimo o file Jesu matla a ho felisa mathata ’ohle a rona. Jesu o ile a etsa mehlolo ho bontša hore o na le matla a ho hlola mathata ao re ke keng ra a hlola ka borona. Ka mohlala, o na le matla a ho re lokolla mohloling oa mathata a rona e leng sebe seo re se futsitseng le liphello tsa sona tse kang ho kula le lefu. (Mat. 9:1-6; Bar. 5:12, 18, 19) Mehlolo eo Jesu a e entseng ea tiisa hore a ka folisa “mafu a mefuta eohle” a ba a tsosa bafu. (Mat. 4:23; Joh. 11:43, 44) O boetse o na le matla a ho laola lifefo tse matla le ho ntša bademona ba keneng bathong. (Mar. 4:37-39; Luka 8:2) Kannete hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o file Mora oa hae matla a makana. Re ka kholiseha hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala nakong e tlang tlas’a ’Muso oa hae. Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ha a ntse a le lefatšeng ea re bontša hore na o tla etsa lintho tse kholo hakae ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. w23.04 3 ¶5-7
Labobeli, la 2 September
Moea o senola lintho tsohle esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.—1 Bakor. 2:10.
Haeba u le phuthehong e kholo ’me u bona eka u khethoa ka seoelo, u ka ’na oa ikutloa u se u sa thabele ho arabela. Empa u se ke oa tela. Lokisetsa likarabo tse ngata. Haeba u sa khethoe qalong ea Thuto ea Molula-Qhooa, u tla ’ne u fumane menyetla e meng ea ho arabela ha liboka li ntse li tsoela pele. Nahana hore na serapa ka seng se amana joang le sehlooho ha u lokisetsa Molula-Qhooa. Ha u etsa joalo u tla ba le likarabo tse monate tseo u ka fanang ka tsona. U ka boela oa lokisetsa ho arabela lirapeng tse hlalosang lithuto tse tebileng. Hobane’ng? Hobane e ka ba batho ba ’maloa feela ba phahamisang serapeng seo. U ka etsa’ng haeba u ntse u sa khethoe? Pele liboka li qala u ka bua le mor’abo rona ea tl’o khanna thuto ’me u mo kope hore a u khethe ho arabela serapeng seo u se khethileng. w23.04 21-22 ¶9-10
Laboraro, la 3 September
Eaba Josefa . . . o etsa kamoo lengeloi la Jehova le neng le mo laetse kateng, a isa mosali oa hae lapeng.—Mat. 1:24.
Josefa o ne a mamela tataiso ea Jehova hang-hang ’me seo se ile sa etsa hore e be monna ea molemo. Liketsahalong tse tharo, o ile a fumana litaelo tse tsoang ho Molimo mabapi le lelapa la hae. O ile a mamela litaelo tseo hang-hang le ha ho ne ho se bonolo. (Mat. 1:20; 2:13-15, 19-21) Kaha Josefa o ne a mamela tataiso ea Molimo, o ile a khona ho sireletsa Maria, ho mo tšehetsa le ho mo hlokomela. Nahana feela hore na lintho tseo Josefa a ileng a li etsa li ile tsa etsa hore Maria a mo rate le ho mo hlompha hakae. Banna, le ka etsisa Josefa ka hore le batle likeletso tse tsoang ka Bibeleng e le hore le hlokomele malapa a lona. Ha u mamela likeletso tsena le haeba u tlameha ho etsa liphetoho, u tla be u bontša hore u rata mosali oa hao ebile le tla ratana le ho feta. Morali oa bo rona ea lulang Vanuatu ea seng a qetile lilemo tse 20 a nyetsoe o re: “Ha monna oa ka a batla tataiso ea Jehova a bile a e mamela, ke mo hlompha le ho feta. Ke ikutloa ke sireletsehile ebile ke tšepa liqeto tsa hae.” w23.05 21 ¶5
Labone, la 4 September
Ho tla ba le tsela e kholo e bitsoang Tsela ea Khalalelo.—Esa. 35:8.
Bajuda ba tsoang Babilona e ne e lokela ho ba “sechaba se halalelang” sa Molimo. (Deut. 7:6) Leha ho le joalo, taba ena e ne e sa bolele hore ba ne ba sa lokela ho etsa liphetoho e le hore ba thabise Jehova. Ho bonahala eka boholo ba Bajuda ba hlahetseng Babilona bo ne bo se bo tloaetse mekhoa ea Bababilona bo bile bo se bo nahana joaloka bona. Lilemo tse ngata ka mor’a hore Bajuda ba khutlele Iseraele, Nehemia o ile a makala ha a fumana hore bana ba hlahetseng Iseraele ba ne ba sa tsebe ho bua puo ea Bajuda. (Deut. 6:6, 7; Neh. 13:23, 24) Bana bao ba ne ba tla ithuta ho rata le ho sebeletsa Jehova joang empa ba sa utloisise Seheberu e leng puo eo Lentsoe la Molimo le neng le ngotsoe ka eona? (Esdr. 10:3, 44) Kahoo, Bajuda ba ne ba lokela ho etsa liphetoho tse ngata empa ho ne ho tla ba bonolo hore ba li etse ha ba le Iseraele e leng moo Jehova a neng a ka rapeloa ka tsela eo a e batlang.—Neh. 8:8, 9. w23.05 15 ¶6-7
Labohlano, la 5 September
Jehova o tšehetsa bohle ba oang ebile o phahamisa bohle ba imetsoeng.—Pes. 145:14.
Re ka ’na ra hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang le hoja re ne re ikemiselitse ho etsa lintho tseo re neng re li rerile. Ka mohlala, re ka hlaheloa ke “lintho ka tšohanyetso” tse ka re sitisang ho etsa lintho tseo re neng re li rerile. (Moek. 9:11) Re ka hlaheloa ke mathata hoo re ka nyahamang ’me ra felloa ke matla. (Liprov. 24:10) Kaha re baetsalibe, re ka etsa liphoso tse ka etsang hore ho be thata ho finyella lintho tseo re batlang ho li etsa. (Bar. 7:23) Ka linako tse ling re ka ikutloa re khathetse. (Mat. 26:43) Re ka thusoa ke’ng ha re hlaheloa ke lintho tseo re sa li lebellang? Ha ho etsahala ntho eo u sa e lebellang e u sitisang ho finyella seo u se rerileng, seo ha se bolele hore u hlolehile. Bibele e re re ka hlaheloa ke mathata hangata. Leha ho le joalo, e boetse e bontša hore Jehova a ka re thusa hore re finyelle lintho tseo re li rerileng. Ha u leka ho finyella seo u se rerileng le hoja ho le thata, u bontša Jehova hore u batla ho mo thabisa ’me o thaba haholo ha a bona u etsa joalo. w23.05 30 ¶14-15
Moqebelo, la 6 September
Le behele mohlape mohlala.—1 Pet. 5:3.
Tšebeletso ea nako e tletseng. Bara ba bo rona ba bangata ba nang le tumelo e matla ba kenetse tšebeletso ea nako e tletseng e sa le bacha. Ho ba pula-maliboho ho thusa mor’abo rona e mocha hore a sebetse le batho ba fapaneng hantle. Ho boetse ho mo thusa hore a khone ho sebelisa chelete hantle. (Bafil. 4:11-13) Haeba mor’abo rona e mocha a batla ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, a ka qala pele ka hore e be pula-maliboho e thusang, ’me seo se ka mo thusa hore e be bo-pula-maliboho ea kamehla. Ho ba pula-maliboho ho ka u bulela menyetla e meng ea tšebeletso joaloka ho sebeletsa kahong kapa Bethele. Bara ba bo rona ba lokela ho leka ho etsa hore ba tšoanelehe hore e be baholo. Bibele e re bara ba bo rona ba batlang ho ba baholo ba “lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Tim. 3:1) Pele mor’abo rona o lokela ho sebetsa ka thata hore e be mohlanka ea sebeletsang. Bahlanka ba sebeletsang ba thusa baholo ka litsela tse ngata. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba hlokomela phutheho ebile ba chesehela ho bolela litaba tse monate. w23.12 28 ¶14-16
Sontaha, la 7 September
Ha . . . e sa le moshanyana, a qala ho sebeletsa Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.—2 Likron. 34:3.
Ha Morena Josiase e sa le moshanyana, o ile a qala ho sebeletsa Jehova. O ne a batla ho ithuta ka Jehova le ho etsa thato ea hae. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo. O ile a tlameha ho emela borapeli bo hloekileng nakong eo borapeli ba bohata bo neng bo atile. O ile a fela a etsa joalo. Pele Josiase a ka ba lilemo li 20, o ile a qala ho felisa borapeli ba bohata naheng eohle. (2 Likron. 34:1, 2) U ka etsisa Josiase ka ho sebeletsa Jehova le ho ithuta ho ananela makhabane a hae le haeba u le monyenyane haholo. Ha u etsa joalo, u tla batla ho inehela ho Jehova. Boinehelo boo bo tla ama bophelo ba hao joang letsatsi le letsatsi? Luke ea kolobelitsoeng ha a le lilemo li 14 o re: “Ho tloha hona joale ho ea pele, ke tla etsa hore ho sebeletsa Jehova le ho mo thabisa e be eona ntho e tlang pele bophelong ba ka.” (Mar. 12:30) E tla ba tlhohonolofatso e kaakang haeba le uena u ikemiselitse ho etsa ntho e tšoanang! w23.09 11 ¶12-13
Mantaha, la 8 September
Le hlomphe ba sebetsang ka thata har’a lona, ba le etellang pele mosebetsing oa Morena.—1 Bathes. 5:12.
Ha moapostola Pauluse a ngola lengolo lena, phutheho ea Thesalonika e ne e e-na le selemo e thehiloe. E ka ’na eaba baholo ba phutheho eo ba ne ba se na boiphihlelo, kahoo ka linako tse ling ba ne ba etsa liphoso. Leha ho le joalo, phutheho e ne e lokela ho ba hlompha. Ha mahlomola a maholo a ntse a atamela, re tl’o hloka ho mamela litaelo tse tsoang ho baholo le ho feta. Ho ka etsahala hore re se ke ra fumana tataiso e tsoang ho bara ba bo rona ba ntlo-kholo le ba ofising ea lekala, ke kahoo ho leng bohlokoa hore re rate baholo hona joale le ho ba hlompha. Ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng, a re luleng re hlaphohetsoe likelellong ka hore re se ke ra sheba liphoso tsa bara ba bo rona bana ba tšepahalang empa re lule re hopola hore Jehova oa ba tataisa a sebelisa Kreste. Feela joalokaha helmete e sireletsa hlooho ea lesole, tšepo eo re nang le eona e sireletsa tsela eo re nahanang ka eona. E re thusa ho hlokomela hore lintho tseo lefatše lena le fanang ka tsona ha li na thuso. (Bafil. 3:8) Tšepo eo e re thusa hore re lule re khobile matšoafo. w23.06 11-12 ¶11-12
Labobeli, la 9 September
Mosali ea se nang kelello o lerata. Ke sethoto.—Liprov. 9:13.
Batho ba utloang ha “mosali ea se nang kelello” a ba hoeletsa ba ka khetha hore na baa fapohela kapa ha ba fapohele. Re na le mabaka a utloahalang a ho qoba boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. “Mosali ea se nang kelello” o re: “Metsi a utsoitsoeng a monate.” (Liprov. 9:17) “Metsi a utsoitsoeng” ke eng? Bibele e bapisa thobalano pakeng tsa monna le mosali ba nyalaneng le metsi a pholileng. (Liprov. 5:15-18) Monna le mosali ba nyalaneng ka molao ba lumeletsoe ho thabela ho etsa thobalano. “Metsi a utsoitsoeng” oona ke eng? Oona ke thobalano eo Molimo a sa e lumellang e leng e etsoang ke batho ba sa nyalanang. Hangata batho ba e etsang baa ipata joalokaha lesholu le ipata ha le il’o utsoa. “Metsi a utsoitsoeng” a ka utloahala a le monate haeba batho ba nahana hore ba khonne ho pata ntho eo ba e entseng. Baa ithetsa hobane Jehova o bona lintho tsohle. Ha ho na ntho e bohloko joaloka ho lahleheloa ke setsoalle sa rona le Jehova. Kahoo, ha ho na ntho e “monate” ka taba eo.—1 Bakor. 6:9, 10. w23.06 22 ¶7-9
Laboraro, la 10 September
Haeba ke li bolela ke sa batle, ke ntse ke fuoe boikarabelo ba ho li bolela.—1 Bakor. 9:17.
U ka etsa’ng haeba u hlokomela hore ha u sa rapela ho tsoa pelong le hore ha u sa sebeletsa Jehova joaloka pele? U se ke oa nahana hore Jehova ha a sa u fa moea oa hae o halalelang. U motho ea etsang liphoso ka linako tse ling, kahoo u ka ’na oa ikutloa ka tsela ena. Haeba u hlokomela hore ha u sa etsa lintho joaloka pele, nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ne a leka ho etsisa Jesu empa o ne a tseba hore ka linako tse ling o ne a ke ke a e-ba le matla a ho etsa lintho tseo a neng a lokela ho li etsa. Pauluse o ne a ikemiselitse ho etsa tšebeletso ea hae ka ho feletseng ho sa tsotellehe hore na o ne a ikutloa joang. Ka ho tšoanang u se ke oa etsa liqeto ho ea feela ka hore na u ikutloa joang. Ikemisetse ho etsa lintho tse nepahetseng ho sa tsotellehe tsela eo u ikutloang ka eona. Haeba u itloaetsa ho etsa lintho tse nepahetseng, tsela eo u ikutloang ka eona e tla fetoha.—1 Bakor. 9:16. w24.03 11-12 ¶12-13
Labone, la 11 September
Ba bontšeng hore lea ba rata.—2 Bakor. 8:24.
Re ka bontša bana ba bo rona hore rea ba rata ka hore re ba etse metsoalle ea rona. (2 Bakor. 6:11-13) Boholo ba rona re liphuthehong tse nang le bara le barali ba bo rona ba fapaneng le rona ka litsela tse ngata ebile ba e-na le botho bo sa tšoaneng. Ntho e tla re thusa hore re lule re ba rata kaofela ke hore re shebe makhabane a bona. Re bontša hore re rata bana ba bo rona haeba re ithuta ho ba sheba ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona. Re tla hloka ho ratana nakong ea mahlomola a maholo. Ha mahlomola ao a qala, re tla balehela hokae e le hore re sireletsehe? Ha Babilona ea mehleng ea khale e ne e hlaseloa, hlokomela hore na Jehova o ile a laela batho ba hae hore ba etse’ng: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, u koale mamati. Ipate ka nakoana ho fihlela khalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Ho bonahala eka mantsoe ao a lebisitsoe le ho rona ba tla tobana le mahlomola a maholo. w23.07 6-7 ¶14-16
Labohlano, la 12 September
Boemo ba lefatše lena boa fetoha.—1 Bakor. 7:31.
Tsebahala u le motho ea sa tsitlelleng maikutlo a hao. Ipotse: ‘Na batho ba bona ke le motho ea sa tsitlelleng maikutlo a ka, ea fetohang le maemo ha ho hlokeha le ea hlomphang maikutlo a batho ba bang? Na ba bona ke le motho ea tšoarang batho ba bang ka thata kapa ea manganga? Na ke mamela batho ba bang le ho lumellana le maikutlo a bona ha ho loketse?’ Haeba re sa tsitlelle maikutlo a rona ’me re khona ho fetoha le maemo, re bontša hore re etsisa Jehova le Jesu. Re lokela ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho. Liphetoho tsena li ka etsa hore re hlaheloe ke mathata ao re neng re sa a lebella. Re ka kula ka tšohanyetso, maemo a moruo a fetoha ka tšohanyetso kapa maemo a lipolotiki a moo re lulang teng a re thatafaletsa bophelo. (Moek. 9:11) Re ka thatafalloa ke ho amohela mosebetsi o mong oo re o fuoang ka hare ho mokhatlo oa Jehova. Re ka khona ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho, hafeela re etsa lintho tsena tse ’nè: (1) amohela hore lintho ha li sa tšoana le pele, (2) nahana ka bokamoso, (3) nahana ka lintho tse khothatsang ’me (4) u thuse batho ba bang. w23.07 21-22 ¶7-8
Moqebelo, la 13 September
U motho ea ratoang haholo.—Dan. 9:23.
Moprofeta Daniele e ne e sa le mocha ha Bababilona ba mo isa hole le habo hore e e’o ba motšoaruoa ’me ba ile ba mo rata. Ba ile ba “bona se bonoang ke mahlo feela.” Ba ile ba bona feela hore Daniele o ‘phetse hantle ebile o shebahala hantle’ hape o tsoa lelapeng la borena. (1 Sam. 16:7) Kahoo, Bababilona ba ile ba mo ruta hore a sebeletse phaleising ea morena. (Dan. 1:3, 4, 6) Jehova o ne a rata Daniele ka lebaka la makhabane a hae. E ka ’na eaba Daniele o ne a le lilemo li 20 ha Jehova a ne a re o tšoana le Noe le Jobo. Jehova o ne a nka Daniele a lokile joaloka Noe le Jobo ba ileng ba mo tšepahalla ka lilemo tse ngata. (Gen. 5:32; 6:9, 10; Jobo 42:16, 17; Ezek. 14:14) Jehova o ile a lula a rata Daniele bophelo bohle ba hae.—Dan. 10:11, 19. w23.08 2 ¶1-2
Sontaha, la 14 September
Utloisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo.—Baef. 3:18.
Ha u batla ho reka ntlo, u ka batla ho hlahloba lintlha tsohle ka ntlo eo u tla lula ho eona. Re ka etsa ntho e tšoanang ha re bala le ho ithuta Bibele. Haeba u e bala kapele feela, u ka ’na oa ithuta linnete tse bonolo tsa Bibele e leng “lintho tsa motheo tsa lentsoe la Molimo le halalelang.” (Baheb. 5:12) Ho e-na le ho e bala u potlakile, iphe nako ’me u hlahlobe lintlha tsohle joalokaha eka u hlahloba ntlo ka hare. Tsela e molemo ea ho ithuta Bibele ke hore u leke ho hlahloba hore na litaba tsa eona li amana joang. U se ke oa leka feela ho utloisisa lithuto tseo u li lumelang empa u hlahlobe hore na ke hobane’ng ha u lumela lithuto tseo. E le hore re utloisise Lentsoe la Molimo ka ho feletseng, re lokela hore re ithute lithuto tsa lona tse tebileng. Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste-’moho le eena hore ba ithute Lentsoe la Molimo ka ho feletseng e le hore ba ka “utloisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo” ba lona. Ha ba etsa joalo, tumelo ea bona e ne e tla tiea “joaloka sefate se metseng ka metso.” (Baef. 3:14-19) Re hloka ho etsa se tšoanang. w23.10 18 ¶1-3
Mantaha, la 15 September
Bana beso, latelang mohlala oa baprofeta ba neng ba bua lebitsong la Jehova. Ba ile ba utloisoa bohloko ka litsela tse ngata empa ba ile ba mamella.—Jak. 5:10.
Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ea batho ba neng ba e-na le mamello. Ho ithuta ka bona ho ka u tsoela molemo. Ka mohlala, le hoja Davida a ile a khethoa hore e be morena oa Iseraele a sa le monyenyane, o ile a tlameha ho ema lilemo tse ngata pele a ka qala ho busa. Simeone le Anna ba ile ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ha ba ntse ba emetse hore Mesia a fihle. (Luka 2:25, 36-38) Ha u ntse u ithuta ka batho ba kang bana, batla likarabo tsa lipotso tsena: E ka ’na eaba motho eo o ile a thusoa ke eng ho ba le mamello? Ho ba le mamello ho ile ha mo thusa joang? Nka mo etsisa joang? Ntho e ’ngoe e ka u thusang ke ho ithuta ka mehlala ea batho ba neng ba se na mamello. (1 Sam. 13:8-14) U ka ipotsa lipotso tsena: ‘E ka ’na eaba ke eng e entseng hore ba se ke ba e-ba le mamello? Litla-morao e ile ea e-ba life?’ w23.08 25 ¶15
Labobeli, la 16 September
Rea lumela ebile rea tseba hore u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.—Joh. 6:68.
Moapostola Petrose o ne a tšepahalla Jesu. Ha aa ka a lumella letho ho mo sitisa hore a lule a latela Jesu. O ile a bontša hore o tšepahalla Jesu nakong eo a neng a bua ntho eo barutuoa ba bang ba neng ba sa e utloisise. (Joh. 6:68) Barutuoa ba bangata ba ile ba khaotsa ho latela Jesu ba sa mo botsa le ho mo botsa hore na o ne a bolela’ng. Petrose eena ha aa ka a khaotsa ho mo latela. O ile a hlokomela hore ke Jesu feela ea nang le ‘mantsoe a fanang ka bophelo bo sa feleng.’ Jesu o ne a tseba hore Petrose le baapostola ba bang ba hae ba ne ba tl’o mo lahla. Leha ho le joalo, o ile a bolella Petrose hore ka mor’a hore a mo lahle, o ne a tla khutla ’me a tsoele pele a tšepahala. (Luka 22:31, 32) Jesu o ne a utloisisa hore “pelo e na le tabatabelo empa nama ea fokola.” (Mar. 14:38) Kahoo, le ka mor’a hore Petrose a latole hore o tseba Jesu, Jesu ha aa ka a mo lahla. Ka mor’a hore a tsosoe bafung, o ile a hlaha ho Petrose moo a neng a le mong. (Mar. 16:7; Luka 24:34; 1 Bakor. 15:5) E tlameha ebe ntho eo e ile ea khothatsa Petrose haholo nakong eo a neng a nyahame. w23.09 22 ¶9-10
Laboraro, la 17 September
Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng. Ho thaba motho eo Jehova a ke keng a hopola sebe sa hae ho hang.—Bar. 4:7.
Molimo o tšoarela libe tsa batho ba lumelang ho eena kapa re ka re oa li koahela. O ba tšoarela ka ho feletseng ebile a ke ke a hopola libe tsa bona ho hang. (Pes. 32:1, 2) O nka batho ba joalo ba se na molato ebile ba lokile hobane ba e-na le tumelo. Le hoja Abrahama, Davida le bahlanka ba bang ba Molimo ba ne ba nkoa ba lokile, e ne e ntse e le baetsalibe. Empa ka lebaka la tumelo ea bona, Molimo o ile a ba nka ba se na molato, haholo-holo ha ba bapisoa le batho ba sa mo sebeletseng. (Baef. 2:12) Lengolong la hae le eang ho Baroma, moapostola Pauluse o re re lokela ho ba le tumelo e le hore re be metsoalle ea Molimo. Joalokaha Abrahama le Davida e ne e le metsoalle ea Molimo hobane ba ne ba e-na le tumelo, le rona re tla ba metsoalle ea Molimo ha re e-na le tumelo. w23.12 3 ¶6-7
Labone, la 18 September
Re lokela ho lula re rorisa Molimo. Ho etsa joalo ho tšoana le ho mo etsetsa sehlabelo. Re bolela lebitso la hae phatlalatsa ka melomo ea rona.—Baheb. 13:15.
Mehleng ena Bakreste bohle ba na le monyetla oa ho sebelisa nako ea bona, matla le lintho tseo ba nang le tsona ho sebeletsa Molimo. Re ananela monyetla oo re nang le oona oa ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. Moapostola Pauluse o ile a bua ka lintho tseo re sa lokelang ho khaotsa ho li etsa. (Baheb. 10:22-25) Lintho tsena li akareletsa ho rapela Jehova, ho bolela litaba tse monate tsa Bibele, ho ea libokeng le ho khothatsana. Re lokela ho etsa “lintho tsena le ho feta hobane rea bona hore letsatsi [la Jehova] le ntse le atamela.” Likhaolong tsa ho qetela tsa lengolo la Tšenolo, ka makhetlo a mabeli lengeloi la Jehova le ile la re: “Rapela Molimo” ho bontša hore ke habohlokoa hore re rapele Jehova. (Tšen. 19:10; 22:9) E se eka re ka lula re hopola lintho tse tebileng tseo re ithutileng tsona ka tempele ea Jehova e kholo ea tšoantšetso ’me re lule re ananela monyetla oo re nang le oona oa ho rapela Molimo oa rona ea matla. w23.10 29 ¶17-18
Labohlano, la 19 September
A re luleng re ratana.—1 Joh. 4:7.
Kaofela re batla ho ‘lula re ratana.’ Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hopola hore Jesu o ile a re lemosa hore “batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Mat. 24:12) Jesu o ne a sa re bongata ba barutuoa ba hae ha bo sa tla ratana. Ho ntse ho le joalo, re lokela ho lula re le hlokolosi hore re se ke ra tšoana le batho ba lefatše lena eaba le rona ha re sa ratana. Re sa le tabeng eo, a re hlahlobeng potso ena ea bohlokoa: Ke’ng e tla re thusa ho bona hore na re rata bana ba bo rona haholo? Ntho e ’ngoe e tla re thusa ho bona hore na re batho ba lerato hakae, ke ho sheba hore na re itšoara joang ha ho hlaha maemo a itseng bophelong. (2 Bakor. 8:8) Boemo bo bong ke bo boletsoeng ke moapostola Petrose ha a re: “Ka holimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.” (1 Pet. 4:8) Kahoo, tsela eo re itšoarang ka eona ha bana ba bo rona ba etsa liphoso kapa ba re utloisa bohloko e tla re thusa ho bona hore na re ba rata hakae. w23.11 10-11 ¶12-13
Moqebelo, la 20 September
Le ratane.—Joh. 13:34.
Re ke ke ra khona ho mamela taelo ea Jesu ea hore re ratane haeba re rata batho ba itseng feela ka phuthehong. Ke ’nete hore joaloka Jesu re ka ’na ra tloaela batho ba itseng haholo ho feta ba bang. (Joh. 13:23; 20:2) Empa moapostola Petrose o re hopotsa hore re lokela ho ‘rata bana ba bo rona kaofela’ hobane re lelapa. (1 Pet. 2:17) Petrose o ile a re khothaletsa hore re ‘ratane ka pelo eohle.’ (1 Pet. 1:22) Mantsoe ana a bolela hore re lokela ho rata batho ba bang le hoja ho ka ba thata ho etsa joalo. Ka mohlala, re ka etsa’ng haeba Mokreste-’moho le rona a bua kapa a etsa ntho e re utloisang bohloko? Le rona re ka ’na ra batla ho mo utloisa bohloko. Petrose o ile a ithuta ho Jesu hore ho etsa joalo ha ho thabise Molimo. (Joh. 18:10, 11) Petrose o ile a re: “Le se ke la etsa ba bang hampe hobane ba le entse hampe kapa la ba rohaka hobane ba le rohakile. Ho e-na le ho etsa joalo, le ba etsetse lintho tse molemo.” (1 Pet. 3:9) Haeba u rata Bakreste-’moho le uena haholo, u tla ba bontša mosa u be u ba nahanele. w23.09 28-29 ¶9-11
Sontaha, la 21 September
Basali le bona . . . ba be le teka-tekano linthong tsohle tseo ba li etsang hape ba tšepahale linthong tsohle.—1 Tim. 3:11.
Rea hlolloa ha re bona tsela eo ngoana a holang kapele ka eona. Ho bonahala tsela eo a holang ka eona e iketsahalla feela. Leha ho le joalo, ha ho iketsahalle feela hore re be le tumelo e matla. (1 Bakor. 13:11; Baheb. 6:1) Re hloka ho ba metsoalle ea Jehova. Re boetse re hloka moea oa hae o halalelang, makhabane a mo thabisang, re ithute ho etsa lintho tse tla re thusa bophelong ’me re itokisetse boikarabelo boo re ka bang le bona nakong e tlang. (Liprov. 1:5) Jehova o bopile monna le mosali. (Gen. 1:27) Ho bonolo ho hlokomela hore monna le mosali ha ba tšoane ka lebaka la tsela eo ba bopiloeng ka eona. Empa ba fapane le ka litsela tse ling. Ka mohlala, Jehova o file banna le basali boikarabelo bo itseng boo ba lokelang ho bo phetha. Kahoo, ho na le makhabane ao ba lokelang ho ba le ’ona le lintho tseo ba lokelang ho li tseba tse tla ba thusa hore ba phethe boikarabelo ba bona.—Gen. 2:18. w23.12 18 ¶1-2
Mantaha, la 22 September
Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora.—Mat. 28:19.
Na Jesu o ne a batla hore batho ba bang le bona ba sebelise lebitso la Ntate oa hae? E, ho joalo. Ho ka etsahala hore ebe baeta-pele ba bang ba bolumeli mehleng ea Jesu ba ne ba nka ho fosahetse ho bitsa lebitso la Molimo empa ha ho mohla Jesu a ileng a lumella meetlo e joalo e sa thehoang mangolong hore e mo sitise ho hlompha lebitso la Ntate oa hae. Nahana ka lekhetlo leo ka lona a ileng a folisa monna ea neng a e-na le bademona naheng ea Bagerasa. Jesu ha aa ka a lula sebakeng seo hobane batho ba moo ba ne ba tšohile ’me ba mo kopa hore a tsamaee. (Mar. 5:16, 17) Leha ho le joalo, Jesu o ne a batla hore lebitso la Jehova le tsejoe moo. Kahoo, o ile a laela monna eo a neng a mo folisitse hore a bolelle batho hore na Jehova o entse’ng eseng hore na Jesu o entse’ng. (Mar. 5:19) O batla hore le rona mehleng ena re tsebahatse lebitso la Ntate oa hae lefatšeng lohle. (Mat. 24:14; 28:20) Ha re etsa joalo, re thabisa Morena oa rona Jesu. w24.02 10 ¶10
Labobeli, la 23 September
U mameletse mathata ka lebaka la lebitso la ka.—Tšen. 2:3.
Re hlohonolofalitse haholo ka hore ebe re karolo ea mokhatlo oa hae matsatsing ana a thata a ho qetela. Maemo a lefatše lena a ntse a mpefala letsatsi le letsatsi empa Jehova o re file bara le barali ba bo rona hore ba re thuse. (Pes. 133:1) O re thusa hore re be le malapa a thabileng. (Baef. 5:33–6:1) O boetse o re fa bohlale e le hore re khone ho ba le khotso ea kelello. Leha ho le joalo, re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Hobane’ng? Hobane ka linako tse ling batho ba bang ba ka ’na ba re utloisa bohloko ka lintho tseo ba li buang kapa tseo ba li etsang. Hape re ka nyahamisoa ke liphoso tsa rona, haholo-holo haeba re pheta liphoso tse tšoanang hangata. Re lokela ho tsoela pele re sebeletsa Jehova (1) leha Mokreste-’moho a re utloisitse bohloko, (2) leha molekane a re soetsitse le (3) ha re nyahamisitsoe ke liphoso tsa rona. w24.03 14 ¶1-2
Laboraro, la 24 September
A re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.—Bafil. 3:16.
Nako le nako u tla utloa lipale tsa Bakreste-’moho le rona ba entseng qeto ea ho eketsa tšebeletso ea bona ho Jehova. Mohlomong ba ile Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso kapa ba ile moo ho hlokehang bahoeletsi ba bangata. U etsa hantle haeba le uena u batla ho etsa e ’ngoe ea lintho tsena. Batho ba Jehova ba lula ba ikemiselitse ho eketsa tšebeletso ea bona. (Lik. 16:9) Empa u ka etsa’ng hona joale haeba u sa khone ho etsa e ’ngoe ea lintho tsena? U se ke oa nahana hore ha u motho oa bohlokoa ha u bapisoa le batho ba khonang ho li etsa. Ntho ea bohlokoa ke hore u lule u mameletse. (Mat. 10:22) U se ke oa lebala hore u thabisa Jehova haholo ha u mo sebeletsa ho latela bokhoni ba hao le maemo a hao. Eo ke tsela ea bohlokoa eo ka eona u bontšang hore u ntse u latela Jesu le ka mor’a hore u kolobetsoe.—Pes. 26:1. w24.03 10 ¶11
Labone, la 25 September
O ile a tšoarela libe tsohle tsa rona ho tsoa pelong.—Bakol. 2:13.
Ntate oa rona ea leholimong o tšepisa ho re tšoarela haeba feela re bakile. (Pes. 86:5) Kahoo, haeba kannete re soabetse libe tseo re li entseng, re ka tšepa hore Jehova o re tšoaretse joalokaha a tšepisitse. Hopola hore Jehova o fetoha le maemo. Ha ho mohla a lebellang hore re etse lintho tse ngata ho feta tseo re ka khonang ho li etsa. O ananela eng kapa eng eo re mo etsetsang eona hafeela e le sohle seo re ka se khonang. Hape nahana ka mehlala e ka Bibeleng ea batho ba ileng ba sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle. Ka mohlala, nahana ka moapostola Pauluse. O ile a sebetsa ka thata ka lilemo tse ngata, a tsamaea libaka tse telele e le hore a thehe liphutheho tse ngata tse ncha. Empa ha maemo a hae a bophelo a fetoha ’me a se a sa khone ho bolela joaloka pele, na Jehova ha aa ka a hlola a mo amohela? Che. O ile a tsoela pele a etsa seo a ka se khonang ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa. (Lik. 28:30, 31) Ka ho tšoanang, le rona lintho tseo re li etsetsang Jehova li ka fetoha ka linako tse ling. Empa ntho ea bohlokoa ho eena ke sepheo seo re mo sebeletsang ka sona. w24.03 27 ¶7, 9
Labohlano, la 26 September
[Jesu] a tsoha ka meso ho sa le lefifi, a tsoela ka ntle eaba o ea moo a leng mong, ha a fihla moo a rapela.—Mar. 1:35.
Jesu o behetse barutuoa ba hae mohlala oa hore na ba ka rapela joang ka tsela eo eena a neng a rapela ka eona. O ile a rapela hangata nakong ea tšebeletso ea hae. Kaha o ne a phathahane ebile ho lula ho e-na le batho ba bangata ba nang le eena, o ile a lokela ho ipha nako ea ho rapela. (Mar. 6:31, 45, 46) O ne a tsoha esale hoseng e le hore a ka ba le nako ea ho rapela moo a leng mong. Ka lekhetlo le leng o ile a rapela bosiu kaofela pele a etsa qeto ea bohlokoa. (Luka 6:12, 13) Bosiu ba ho qetela pele a shoa, o ile a rapela ka makhetlo a mangata ha a le mothating oa ho phetha karolo e thata ka ho fetisisa ea thomo ea hae. (Mat. 26:39, 42, 44) Mohlala oa Jesu o re ruta hore ho sa tsotellehe hore na re phathahane hakae, re lokela ho ipha nako ea ho rapela. Joaloka Jesu, re ka ’na ra lokela ho ipehela nako eo re tla rapela ka eona. Mohlomong re ka tsoha hoseng haholo kapa ra lieha ho robala e le hore re ka ba le nako ea ho rapela. Ha re etsa joalo re tla be re bontša Jehova hore re ananela mpho ena e khethehileng eo a re fileng eona. w23.05 3 ¶4-5
Moqebelo, la 27 September
Molimo o sebelisa moea o halalelang oo a re fileng oona ho bontša hore oa re rata.—Bar. 5:5.
Ka puo eo lengolo lena la temana ea letsatsi le neng le ngotsoe ka eona qalong, temana ena e fana ka maikutlo a hore lerato leo Jehova a ratang batlotsuoa ka lona le matla hoo le ka tšoantšoang le metsi a phallang. Papiso ena e bontša ka ho hlaka hore Jehova o rata batlotsuoa haholo. Batlotsuoa baa tseba hore ‘ba ratoa ke Molimo.’ (Juda 1) Moapostola Johanne o ile a hlalosa hore na ba ikutloa joang ha a ne a re: “Bonang hore na Ntate o re rata hakaakang! O re bitsa bana ba hae.” (1 Joh. 3:1) Na Jehova o rata batlotsuoa feela? Che, Jehova o bontšitse hore o re rata kaofela. Ke eng e ka sehloohong e bontšang hore Jehova oa re rata? O ile a re lopolla. Ka ho etsa joalo, Jehova o bontšitse lerato le fetang leo motho ofe kapa ofe a kileng a le bontša.—Joh. 3:16; Bar. 5:8. w24.01 28 ¶9-10
Sontaha, la 28 September
Lira tsa ka li tla baleha letsatsing leo ke hoeletsang ke kopa thuso. Ke kholisehile ka sena: Molimo o ka lehlakoreng la ka.—Pes. 56:9.
Temaneng ena e ka holimo Davida o bua ka ntho e ’ngoe e mo thusitseng ha a ne a tšohile. O ile a nahanisisa ka lintho tseo Jehova a neng a tl’o mo etsetsa tsona nakong e tlang le hoja bophelo ba hae bo ne bo ntse bo le kotsing. Davida o ne a tseba hore Jehova o tla mo pholosa ka nako e nepahetseng. Jehova o ne a boletse hore Davida e ne e tl’o ba morena oa Iseraele ea latelang. (1 Sam. 16:1, 13) Davida o ne a kholisehile hore tšepiso ea Jehova e ne e tl’o phethahala. Ke’ng eo Jehova a tšepisitseng ho re etsetsa eona? Ha rea lebella hore Jehova a re sireletse mathateng ’ohle a re hlahelang. Hopola hore lefatšeng le lecha Jehova o tla felisa mathata ’ohle ao re nang le ’ona hona joale. (Esa. 25:7-9) ’Mopi oa rona o na le matla a hore a tsose bafu, a re folise a be a felise le batho bohle ba re hanyetsang.—1 Joh. 4:4. w24.01 6 ¶12-13
Mantaha, la 29 September
Ho thaba eo phoso ea hae e tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se koahetsoeng.—Pes. 32:1.
Nahana ka mabaka a entseng hore u inehele ho Jehova le ho kolobetsoa. U ile oa etsa lintho tsena hobane u ne u batla ho ba ka lehlakoreng la Jehova. Nahana ka se ileng sa u thusa hore u kholisehe hore u fumane ’nete. U ile oa ithuta ka Jehova eaba u qala ho mo hlompha, ho mo rata le ho mo nka e le Ntate oa hao ea leholimong. U ile oa ba le tumelo, oa khaotsa ho etsa lintho tse fosahetseng ’me oa qala ho etsa lintho tse thabisang Molimo. U ile oa thaba ha u hlokomela hore Molimo o u tšoaretse. (Pes. 32:2) U ile oa ea libokeng tsa Bokreste ’me oa qala ho buisana le ba bang ka lintho tse thabisang tseo u ithutileng tsona. Hona joale u tsamaea tseleng e isang bophelong u le Mokreste ea inehetseng le ea kolobelitsoeng ’me u ikemiselitse ho lula u tsamaea tseleng ena. (Mat. 7:13, 14) E se eka u ka lula u tiile, u tšepahalla Jehova le ho mamela melao ea hae. w23.07 17 ¶14; 19 ¶19
Labobeli, la 30 September
Molimo oa tšepahala ’me a ke ke a lumella hore le hlaheloe ke liteko tseo le ke keng la khona ho li mamella. Ha le lekoa, o tla le thusa e le hore le khone ho mamella.—1 Bakor. 10:13.
Haeba u nahana ka thapelo eo u ileng oa e etsa ha u ne u inehela ho Jehova, u tla khona ho hlola boemo leha e le bofe bo ka etsang hore u lekehe ho etsa ntho e fosahetseng. Ka mohlala, na u ka bontša hore u rata molekane oa motho e mong? Che! Lebaka ke hobane ha u ne u inehela ho Jehova u ile oa mo tšepisa hore u ke ke oa etsa lintho tse sa mo thabiseng. Haeba u sa itumelle ho ba le maikutlo a fosahetseng u ke ke oa e-ba le bothata ba ho a felisa. U tla “tsamaella hole” le ‘tsela ea batho ba khopo.’ (Liprov. 4:14, 15) Ho nahanisisa ka mohlala o motle oo Jesu a re behetseng oona oa ho thabisa Ntate oa hae, ho tla u thusa hore hang-hang u qobe ho etsa lintho tse sa thabiseng Molimo eo u inehetseng ho eena. (Mat. 4:10; Joh. 8:29) Liqeto tseo u li etsang ha u hlaheloa ke mathata kapa u lekeha ho etsa ntho e fosahetseng, li tla bontša hore u ikemiselitse ho lula u latela Jesu. Hape u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa hore u etse joalo. w24.03 9-10 ¶8-10