Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Lipuo tse ncha: Betsimisaraka (Northern), Betsimisaraka (Southern), Konkomba, Matses, Mi'kmaq
  • Kajeno

Laboraro, la 15 October

Ke ’na Alfa le Omega.—Tšen. 1:8.

Ka Segerike tlhaku ea pele ke alfa, ea ho qetela ke omega. Ha Jehova a re “ke ’na Alfa le Omega” o bontša hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e qalang oa e qeta. Ka mor’a hore Jehova a bope Adama le Eva, o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Gen. 1:28) Ha Jehova a ne a ba bolella morero oa hae, ho ne ho tšoana le ha eka o ne a re “Alfa.” Ha morero oa Jehova o se o phethahetse ’me bana ba Adama le Eva ba tletse lefatše le ho le etsa paradeise, ho tla tšoana le ha eka Jehova o re “Omega.” Ha Jehova a qeta ho bopa “maholimo le lefatše le lintho tsohle tse ho tsona,” o ile a bua ntho e ’ngoe e neng e tla re kholisa hore morero oa hae o tla phethahala. O re kholisa hore o tla phethahatsa morero oa hae ka lefatše le ka batho ’me morero oo oa hae o tla phethahala qetellong ea letsatsi la bosupa.—Gen. 2:​1-3. w23.11 5 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labone, la 16 October

Hlekang tsela ea Jehova! Etsang tsela e kholo e otlolohileng bakeng sa Molimo oa rona lehoatateng.—Esa. 40:3.

Leeto le boima leo Baiseraele ba neng ba tla le nka ho tloha Babilona ho ea Iseraele, le ne le ka nka likhoeli tse ’nè. Empa Jehova o ile a ba tšepisa hore litšitiso leha e le life tseo ba neng ba tla kopana le tsona li ne li tla suthisoa. Bajuda ba tšepahalang ba ne ba tseba hore melemo ea ho khutlela Iseraele e mengata ho feta boitelo leha e le bofe boo ba neng ba ka bo etsa. Tlhohonolofatso e kholo ka ho fetisisa eo ba neng ba tla e fumana e ne e amana le borapeli ba bona. Ho ne ho se na tempele leha e le ’ngoe feela ea Jehova Babilona. Ho ne ho se na aletare eo Baiseraele ba neng ba ka etsa mahlabelo ao ba neng ba lokela ho a etsa ho latela Molao oa Moshe hape ho ne ho se na baprista ba hlophisitsoeng hore ba etse mahlabelo ao. Batho ba neng ba rapela melimo ea bohata motseng oo ba ne ba le bangata ho feta ba hlomphang Jehova le ho mamela melao ea hae. Kahoo, Bajuda ba likete ba ratang Jehova ba ne ba labalabela ho khutlela ha habo bona moo ba neng ba tla rapela Jehova ka tsela eo a e batlang. w23.05 14-15 ¶3-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labohlano, la 17 October

Tsoelang pele le phela joaloka bana ba leseli.—Baef. 5:8.

Re hloka moea o halalelang oa Molimo e le hore re tsoele pele re phela “joaloka bana ba leseli.” Hobane’ng? Hobane ha ho bonolo ho lula re hloekile lefatšeng lena le tletseng boitšoaro bo bobe. (1 Bathes. 4:​3-5, 7, 8) Moea o halalelang o ka re thusa hore re se ke ra nahana joaloka batho ba lefatše lena, ba sa shebeng lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona. O boetse o ka re thusa hore re hlahise “mefuta eohle ea lintho tse molemo le tse lokileng.” (Baef. 5:9) Tsela e ’ngoe ea ho fumana moea o halalelang ke ka hore re o rapelle. Jesu o ile a re Jehova “o tla fana ka moea o halalelang ho ba mo kopang.” (Luka 11:13) Re boetse re fumana moea o halalelang ha re rorisa Jehova hammoho libokeng tsa Bokreste. (Baef. 5:​19, 20) Moea o halalelang oa Molimo o re susumeletsa hore re phele ka tsela e thabisang Molimo. w24.03 23-24 ¶13-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela