Sontaha, la 2 November
A re se keng ra robala joalokaha ba bang ba robetse empa re lule re falimehile ebile re e-na le likelello tse hlaphohetsoeng.—1 Bathes. 5:6.
Ke habohlokoa hore re be le lerato e le hore re lule re falimehile le ho hlaphoheloa kelellong. (Mat. 22:37-39) Ho rata Molimo ho re thusa hore re mamelle ha re ntse re etsa mosebetsi oa boboleli le hoja re ka hlaheloa ke mathata. (2 Tim. 1:7, 8) Kaha re rata le batho ba sa sebeletseng Jehova, re lula re ba bolella litaba tse monate ebile rea ba founela le ho ba ngolla mangolo ho ba bolella molaetsa oo. Re lula re e-na le tšepo ea hore ka le leng batho bao ba tla fetoha, ba etse lintho tse nepahetseng. (Ezek. 18:27, 28) Re rata Bakreste-’moho le rona. Re bontša hore rea ratana ka “ho khothatsana le ho matlafatsana.” (1 Bathes. 5:11) Rea khothatsana joaloka masole a loanang ntoeng. Re ke ke ra utloisa bara le barali ba bo rona bohloko ka boomo kapa ra iphetetsa ha ba re utloisitse bohloko. (1 Bathes. 5:13, 15) Hape re bontša hore re rata bara ba bo rona ba etellang pele phutheho ka ho ba hlompha.—1 Bathes. 5:12. w23.06 10 ¶6; 11 ¶10-11
Mantaha, la 3 November
Ha [Jehova] a buile ntho, na a ke ke a e etsa?—Num. 23:19.
Tsela ea pele ea kamoo re ka matlafatsang tumelo ea rona ke ho nahana ka sehlabelo sa Jesu. Sehlabelo sena sea re kholisa hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala. Ha re nahana ka hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a re shoela le hore na Jehova o tetse’ng, seo se matlafatsa tumelo ea rona le ho re kholisa hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho re fa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Jehova o ile a tela’ng? Jehova o ile a romela Mora oa hae oa letsibolo eo a mo ratang hore a tlohe leholimong a tl’o phela mona lefatšeng e le motho ea phethahetseng. Ha a le mona lefatšeng, o ile a mamella maemo a thata. O ile a hlorisoa a ba a bolaoa ka sehloho. Jehova o tetse ntho e kholo e le kannete. Molimo oa rona ea lerato a ka be a sa fana ka Mora oa hae hore a hlorisoe le ho bolaoa ka sehloho hore feela re phele ka nakoana. (Joh. 3:16; 1 Pet. 1:18, 19) Kaha Jehova o ile a fana ka Mora oa hae eo a mo ratang ho re thusa, o tla etsa bonnete ba hore re fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. w23.04 27 ¶8-9
Labobeli, la 4 November
Lefu, metsu ea hao e hlabang e hokae?—Hos. 13:14.
Na Jehova o batla ho tsosa bafu? Kannete o batla ho ba tsosa. O ile a susumeletsa batho ba ’maloa hore ba ngole ka tšepiso ena ka Bibeleng. (Esa. 26:19; Tšen. 20:11-13) Jehova o lula a phethahatsa lintho tseo a li tšepisitseng. (Josh. 23:14) Ha e le hantle Jehova o labalabela ho tsosa bafu. Nahana ka seo Jobo a ileng a se bua. O ne a kholisehile hore le haeba a ne a ka shoa, Jehova o ne a tla hloloheloa ho mo bona hape. (Jobo 14:14, 15, nal.) Jehova o ikutloa ka tsela e tšoanang ka bahlanka bohle ba hae ba hlokahetseng. O labalabela ho ba tsosa ba phetse hantle ebile ba thabile. Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba libilione ba hlokahetseng ba sa ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka Jehova? Le bona Molimo oa rona ea lerato o batla ho ba tsosa. (Lik. 24:15) O batla ho ba fa monyetla oa hore e be metsoalle ea hae le oa hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng.—Joh. 3:16. w23.04 9 ¶5-6