Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Mantaha, la 3 November

Ha [Jehova] a buile ntho, na a ke ke a e etsa?—Num. 23:19.

Tsela ea pele ea kamoo re ka matlafatsang tumelo ea rona ke ho nahana ka sehlabelo sa Jesu. Sehlabelo sena sea re kholisa hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala. Ha re nahana ka hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a re shoela le hore na Jehova o tetse’ng, seo se matlafatsa tumelo ea rona le ho re kholisa hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho re fa bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Jehova o ile a tela’ng? Jehova o ile a romela Mora oa hae oa letsibolo eo a mo ratang hore a tlohe leholimong a tl’o phela mona lefatšeng e le motho ea phethahetseng. Ha a le mona lefatšeng, o ile a mamella maemo a thata. O ile a hlorisoa a ba a bolaoa ka sehloho. Jehova o tetse ntho e kholo e le kannete. Molimo oa rona ea lerato a ka be a sa fana ka Mora oa hae hore a hlorisoe le ho bolaoa ka sehloho hore feela re phele ka nakoana. (Joh. 3:16; 1 Pet. 1:​18, 19) Kaha Jehova o ile a fana ka Mora oa hae eo a mo ratang ho re thusa, o tla etsa bonnete ba hore re fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha. w23.04 27 ¶8-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labobeli, la 4 November

Lefu, metsu ea hao e hlabang e hokae?—Hos. 13:14.

Na Jehova o batla ho tsosa bafu? Kannete o batla ho ba tsosa. O ile a susumeletsa batho ba ’maloa hore ba ngole ka tšepiso ena ka Bibeleng. (Esa. 26:19; Tšen. 20:​11-13) Jehova o lula a phethahatsa lintho tseo a li tšepisitseng. (Josh. 23:14) Ha e le hantle Jehova o labalabela ho tsosa bafu. Nahana ka seo Jobo a ileng a se bua. O ne a kholisehile hore le haeba a ne a ka shoa, Jehova o ne a tla hloloheloa ho mo bona hape. (Jobo 14:​14, 15, nal.) Jehova o ikutloa ka tsela e tšoanang ka bahlanka bohle ba hae ba hlokahetseng. O labalabela ho ba tsosa ba phetse hantle ebile ba thabile. Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba libilione ba hlokahetseng ba sa ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka Jehova? Le bona Molimo oa rona ea lerato o batla ho ba tsosa. (Lik. 24:15) O batla ho ba fa monyetla oa hore e be metsoalle ea hae le oa hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng.—Joh. 3:16. w23.04 9 ¶5-6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Laboraro, la 5 November

Molimo o tla re fa matla.—Ps. 108:13.

U ka etsa’ng e le hore tšepo ea hao e be matla le ho feta? Haeba u na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, bala litemana tsa Bibele tse buang ka Paradeise ’me u nahanisise ka tsona. (Esa. 25:8; 32:​16-18) Nahana ka hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha. Ipone u le moo. Haeba re lula re nahanisisa ka tšepo eo re nang le eona ea lefatše le lecha, mathata a rona e tla ba ‘a nakoana ’me a be bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Tšepo eo Jehova a u fileng eona e tla u matlafatsa. O se a ntse a u file lintho tseo u li hlokang e le hore u fumane matla a tsoang ho eena. Kahoo, ha u hloka matla e le hore u etse mosebetsi o itseng, u mamelle mathata kapa u lule u thabile, rapela Jehova ho tsoa pelong ’me u ithute Bibele le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng e le hore u fumane tataiso ea hae. Amohela likhothatso tseo Bakreste-’moho le uena ba u fang tsona. Lula u nahanisisa ka tšepo eo u nang le eona ka bokamoso. Ha u etsa joalo, Molimo o tla u ‘matlafatsa ka matla a hae a maholo, e le hore u tle u mamelle lintho tsohle u tiiselitse ebile u thabile.’—Bakol. 1:11. w23.10 17 ¶19-20

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela