Labobeli, la 4 November
Lefu, metsu ea hao e hlabang e hokae?—Hos. 13:14.
Na Jehova o batla ho tsosa bafu? Kannete o batla ho ba tsosa. O ile a susumeletsa batho ba ’maloa hore ba ngole ka tšepiso ena ka Bibeleng. (Esa. 26:19; Tšen. 20:11-13) Jehova o lula a phethahatsa lintho tseo a li tšepisitseng. (Josh. 23:14) Ha e le hantle Jehova o labalabela ho tsosa bafu. Nahana ka seo Jobo a ileng a se bua. O ne a kholisehile hore le haeba a ne a ka shoa, Jehova o ne a tla hloloheloa ho mo bona hape. (Jobo 14:14, 15, nal.) Jehova o ikutloa ka tsela e tšoanang ka bahlanka bohle ba hae ba hlokahetseng. O labalabela ho ba tsosa ba phetse hantle ebile ba thabile. Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba libilione ba hlokahetseng ba sa ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka Jehova? Le bona Molimo oa rona ea lerato o batla ho ba tsosa. (Lik. 24:15) O batla ho ba fa monyetla oa hore e be metsoalle ea hae le oa hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng.—Joh. 3:16. w23.04 9 ¶5-6
Laboraro, la 5 November
Molimo o tla re fa matla.—Ps. 108:13.
U ka etsa’ng e le hore tšepo ea hao e be matla le ho feta? Haeba u na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, bala litemana tsa Bibele tse buang ka Paradeise ’me u nahanisise ka tsona. (Esa. 25:8; 32:16-18) Nahana ka hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha. Ipone u le moo. Haeba re lula re nahanisisa ka tšepo eo re nang le eona ea lefatše le lecha, mathata a rona e tla ba ‘a nakoana ’me a be bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Tšepo eo Jehova a u fileng eona e tla u matlafatsa. O se a ntse a u file lintho tseo u li hlokang e le hore u fumane matla a tsoang ho eena. Kahoo, ha u hloka matla e le hore u etse mosebetsi o itseng, u mamelle mathata kapa u lule u thabile, rapela Jehova ho tsoa pelong ’me u ithute Bibele le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng e le hore u fumane tataiso ea hae. Amohela likhothatso tseo Bakreste-’moho le uena ba u fang tsona. Lula u nahanisisa ka tšepo eo u nang le eona ka bokamoso. Ha u etsa joalo, Molimo o tla u ‘matlafatsa ka matla a hae a maholo, e le hore u tle u mamelle lintho tsohle u tiiselitse ebile u thabile.’—Bakol. 1:11. w23.10 17 ¶19-20
Labone, la 6 November
Le lebohele lintho tsohle.—1 Thess. 5:18.
Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova ha re mo rapela. Re ka mo leboha bakeng sa eng kapa eng e molemo eo re nang le eona hobane mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo e tsoa ho eena. (Jak. 1:17) Ka mohlala, re ka mo leboha ka lefatše le letle leo a le bopileng le lintho tse ling tse hlollang tseo a li entseng. Re ka boetse ra mo leboha bakeng sa bophelo, malapa a rona, metsoalle ea rona le tšepo ea bokamoso eo re nang le eona. Hape re lokela ho leboha Jehova hore ebe o re lumeletse ho ba metsoalle ea hae. Re ka ’na ra lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho nahana ka mabaka a ho leboha Jehova. Batho ba bangata mehleng ena ha ba na teboho. Ba nahana haholo ka hore na ba ka fumana lintho tseo ba li batlang joang ho e-na le ho nahana hore na ba ka etsa’ng ho bontša teboho bakeng sa lintho tseo ba nang le tsona. Haeba re tšoaetsoa ke mokhoa ona, lithapelo tsa rona e tla lula e le likopo feela. Ho qoba hore seo se re etsahalle, re lokela ho itloaetsa ho lula re bontša kananelo bakeng sa lintho tsohle tseo Jehova a re etsetsang tsona.—Luka 6:45. w23.05 4 ¶8-9