Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Laboraro, la 5 November

Molimo o tla re fa matla.—Ps. 108:13.

U ka etsa’ng e le hore tšepo ea hao e be matla le ho feta? Haeba u na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, bala litemana tsa Bibele tse buang ka Paradeise ’me u nahanisise ka tsona. (Esa. 25:8; 32:​16-18) Nahana ka hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le lecha. Ipone u le moo. Haeba re lula re nahanisisa ka tšepo eo re nang le eona ea lefatše le lecha, mathata a rona e tla ba ‘a nakoana ’me a be bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Tšepo eo Jehova a u fileng eona e tla u matlafatsa. O se a ntse a u file lintho tseo u li hlokang e le hore u fumane matla a tsoang ho eena. Kahoo, ha u hloka matla e le hore u etse mosebetsi o itseng, u mamelle mathata kapa u lule u thabile, rapela Jehova ho tsoa pelong ’me u ithute Bibele le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng e le hore u fumane tataiso ea hae. Amohela likhothatso tseo Bakreste-’moho le uena ba u fang tsona. Lula u nahanisisa ka tšepo eo u nang le eona ka bokamoso. Ha u etsa joalo, Molimo o tla u ‘matlafatsa ka matla a hae a maholo, e le hore u tle u mamelle lintho tsohle u tiiselitse ebile u thabile.’—Bakol. 1:11. w23.10 17 ¶19-20

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labone, la 6 November

Le lebohele lintho tsohle.—1 Thess. 5:18.

Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova ha re mo rapela. Re ka mo leboha bakeng sa eng kapa eng e molemo eo re nang le eona hobane mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo e tsoa ho eena. (Jak. 1:17) Ka mohlala, re ka mo leboha ka lefatše le letle leo a le bopileng le lintho tse ling tse hlollang tseo a li entseng. Re ka boetse ra mo leboha bakeng sa bophelo, malapa a rona, metsoalle ea rona le tšepo ea bokamoso eo re nang le eona. Hape re lokela ho leboha Jehova hore ebe o re lumeletse ho ba metsoalle ea hae. Re ka ’na ra lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho nahana ka mabaka a ho leboha Jehova. Batho ba bangata mehleng ena ha ba na teboho. Ba nahana haholo ka hore na ba ka fumana lintho tseo ba li batlang joang ho e-na le ho nahana hore na ba ka etsa’ng ho bontša teboho bakeng sa lintho tseo ba nang le tsona. Haeba re tšoaetsoa ke mokhoa ona, lithapelo tsa rona e tla lula e le likopo feela. Ho qoba hore seo se re etsahalle, re lokela ho itloaetsa ho lula re bontša kananelo bakeng sa lintho tsohle tseo Jehova a re etsetsang tsona.—Luka 6:45. w23.05 4 ¶8-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labohlano, la 7 November

U kope [u] e-na le tumelo, [u] sa belaele ho hang.—Jak. 1:6.

Kaha Jehova ke Ntate oa rona ea lerato, ha a batle ho bona re utloa bohloko. (Esa. 63:9) Leha ho le joalo, ha a thibele hore re se ke ra hlaheloa ke mathata ’ohle a tšoanang le linoka kapa malakabe. (Esa. 43:2) Empa o re tšepisa hore o tla re thusa hore re fete mathateng ao. Hape a ke ke a lumella hore mathata a re hlahelang a etse hore re se ke ra khona ho mo sebeletsa. Jehova o boetse o re fa moea oa hae o halalelang ho re thusa hore re mamelle. (Luka 11:13; Bafil. 4:13) Kahoo, re ka kholiseha hore o tla lula a re fa lintho tseo re li hlokang e le hore re mamelle le hore re lule re mo tšepahalla Jehova o batla hore re mo tšepe. (Baheb. 11:6) Ka linako tse ling, re ka bona eka mathata a re hloele setha. Re ka ’na ra belaella le hore Jehova o tla re thusa. Empa Bibele ea re tiisetsa hore Molimo a ka re fa matla a hore re khone ho “tlola lerako.” (Pes. 18:29) Kahoo, ho e-na le hore re be le lipelaelo re lokela ho rapela Jehova ’me re tšepe hore o tla araba lithapelo tsa rona.—Jak. 1:​6, 7. w23.11 22 ¶8-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela