Labone, la 6 November
Le lebohele lintho tsohle.—1 Thess. 5:18.
Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova ha re mo rapela. Re ka mo leboha bakeng sa eng kapa eng e molemo eo re nang le eona hobane mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo e tsoa ho eena. (Jak. 1:17) Ka mohlala, re ka mo leboha ka lefatše le letle leo a le bopileng le lintho tse ling tse hlollang tseo a li entseng. Re ka boetse ra mo leboha bakeng sa bophelo, malapa a rona, metsoalle ea rona le tšepo ea bokamoso eo re nang le eona. Hape re lokela ho leboha Jehova hore ebe o re lumeletse ho ba metsoalle ea hae. Re ka ’na ra lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho nahana ka mabaka a ho leboha Jehova. Batho ba bangata mehleng ena ha ba na teboho. Ba nahana haholo ka hore na ba ka fumana lintho tseo ba li batlang joang ho e-na le ho nahana hore na ba ka etsa’ng ho bontša teboho bakeng sa lintho tseo ba nang le tsona. Haeba re tšoaetsoa ke mokhoa ona, lithapelo tsa rona e tla lula e le likopo feela. Ho qoba hore seo se re etsahalle, re lokela ho itloaetsa ho lula re bontša kananelo bakeng sa lintho tsohle tseo Jehova a re etsetsang tsona.—Luka 6:45. w23.05 4 ¶8-9
Labohlano, la 7 November
U kope [u] e-na le tumelo, [u] sa belaele ho hang.—Jak. 1:6.
Kaha Jehova ke Ntate oa rona ea lerato, ha a batle ho bona re utloa bohloko. (Esa. 63:9) Leha ho le joalo, ha a thibele hore re se ke ra hlaheloa ke mathata ’ohle a tšoanang le linoka kapa malakabe. (Esa. 43:2) Empa o re tšepisa hore o tla re thusa hore re fete mathateng ao. Hape a ke ke a lumella hore mathata a re hlahelang a etse hore re se ke ra khona ho mo sebeletsa. Jehova o boetse o re fa moea oa hae o halalelang ho re thusa hore re mamelle. (Luka 11:13; Bafil. 4:13) Kahoo, re ka kholiseha hore o tla lula a re fa lintho tseo re li hlokang e le hore re mamelle le hore re lule re mo tšepahalla Jehova o batla hore re mo tšepe. (Baheb. 11:6) Ka linako tse ling, re ka bona eka mathata a re hloele setha. Re ka ’na ra belaella le hore Jehova o tla re thusa. Empa Bibele ea re tiisetsa hore Molimo a ka re fa matla a hore re khone ho “tlola lerako.” (Pes. 18:29) Kahoo, ho e-na le hore re be le lipelaelo re lokela ho rapela Jehova ’me re tšepe hore o tla araba lithapelo tsa rona.—Jak. 1:6, 7. w23.11 22 ¶8-9
Moqebelo, la 8 November
Malakabe a lerato ke mollo o chesang, lelakabe la Jah. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, le linoka li ke ke tsa le hohola.—Sefela 8:6, 7.
Ena ke tsela e monate eo Bibele e hlalosang lerato la ’nete ka eona. Mantsoe ana a khothatsa banyalani hore ba ka khona ho ratana le ho feta. Banyalani ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba lule ba ratana hafeela ba ntse ba phela. Ka mohlala, mollo o besitsoeng o ka tuka ka nako e telele hafeela ho ntse ho kenngoa patsi. Haeba ho se na motho ea ntseng a kenya patsi mollo oo o tla tima. Ka ho tšoanang, lerato leo banyalani ba ratanang ka lona le ka lula le le matla hafeela ba le matlafatsa. Ka linako tse ling, banyalani ba ka bona eka ha ba sa ratana joaloka pele, haholo-holo ha ba e-na le mathata a lichelete, ba kula kapa ba holisa bana. Banyalani e lokela ho ba metsoalle ea Jehova e le hore “lelakabe la Jah” le lule le tuka. w23.05 20-21 ¶1-3