Labohlano, la 7 November
U kope [u] e-na le tumelo, [u] sa belaele ho hang.—Jak. 1:6.
Kaha Jehova ke Ntate oa rona ea lerato, ha a batle ho bona re utloa bohloko. (Esa. 63:9) Leha ho le joalo, ha a thibele hore re se ke ra hlaheloa ke mathata ’ohle a tšoanang le linoka kapa malakabe. (Esa. 43:2) Empa o re tšepisa hore o tla re thusa hore re fete mathateng ao. Hape a ke ke a lumella hore mathata a re hlahelang a etse hore re se ke ra khona ho mo sebeletsa. Jehova o boetse o re fa moea oa hae o halalelang ho re thusa hore re mamelle. (Luka 11:13; Bafil. 4:13) Kahoo, re ka kholiseha hore o tla lula a re fa lintho tseo re li hlokang e le hore re mamelle le hore re lule re mo tšepahalla Jehova o batla hore re mo tšepe. (Baheb. 11:6) Ka linako tse ling, re ka bona eka mathata a re hloele setha. Re ka ’na ra belaella le hore Jehova o tla re thusa. Empa Bibele ea re tiisetsa hore Molimo a ka re fa matla a hore re khone ho “tlola lerako.” (Pes. 18:29) Kahoo, ho e-na le hore re be le lipelaelo re lokela ho rapela Jehova ’me re tšepe hore o tla araba lithapelo tsa rona.—Jak. 1:6, 7. w23.11 22 ¶8-9
Moqebelo, la 8 November
Malakabe a lerato ke mollo o chesang, lelakabe la Jah. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, le linoka li ke ke tsa le hohola.—Sefela 8:6, 7.
Ena ke tsela e monate eo Bibele e hlalosang lerato la ’nete ka eona. Mantsoe ana a khothatsa banyalani hore ba ka khona ho ratana le ho feta. Banyalani ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba lule ba ratana hafeela ba ntse ba phela. Ka mohlala, mollo o besitsoeng o ka tuka ka nako e telele hafeela ho ntse ho kenngoa patsi. Haeba ho se na motho ea ntseng a kenya patsi mollo oo o tla tima. Ka ho tšoanang, lerato leo banyalani ba ratanang ka lona le ka lula le le matla hafeela ba le matlafatsa. Ka linako tse ling, banyalani ba ka bona eka ha ba sa ratana joaloka pele, haholo-holo ha ba e-na le mathata a lichelete, ba kula kapa ba holisa bana. Banyalani e lokela ho ba metsoalle ea Jehova e le hore “lelakabe la Jah” le lule le tuka. w23.05 20-21 ¶1-3
Sontaha, la 9 November
U se ke oa tšoha.—Dan. 10:19.
Re lokela ho etsa’ng e le hore re be sebete? Batsoali ba rona ba ka ’na ba re khothaletsa hore re be sebete empa ba ke ke ba etsa hore re be sebete joaloka bona. Ho ba sebete ho tšoana le ho ithuta ntho e ncha. Tsela e ’ngoe eo u ka ithutang ntho e ncha ke ka hore u shebe lintho tseo motho ea u rutang a li etsang ’me u mo etsise. Ka ho tšoanang, le rona re ba sebete ka hore re ithute mohlaleng oa batho ba bontšang sebete. Le rona re lokela ho tseba Lentsoe la Molimo hantle joaloka Daniele. Re lokela ho ba metsoalle ea Jehova ka hore re lule re bua le eena ’me re mo bolelle hore na re ikutloa joang. Hape re lokela ho tšepa Jehova le ho kholiseha hore o tla lula a re thusa. Ha re etsa joalo, re tla ba sebete ha re hlaheloa ke mathata. Hangata batho ba hlompha batho ba sebete. Hape batho ba sebete ba ka thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova. Kahoo, re na le mabaka a utloahalang a hore re be sebete. w23.08 2 ¶2; 4 ¶8-9