Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Moqebelo, la 8 November

Malakabe a lerato ke mollo o chesang, lelakabe la Jah. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, le linoka li ke ke tsa le hohola.—Sefela 8:​6, 7.

Ena ke tsela e monate eo Bibele e hlalosang lerato la ’nete ka eona. Mantsoe ana a khothatsa banyalani hore ba ka khona ho ratana le ho feta. Banyalani ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba lule ba ratana hafeela ba ntse ba phela. Ka mohlala, mollo o besitsoeng o ka tuka ka nako e telele hafeela ho ntse ho kenngoa patsi. Haeba ho se na motho ea ntseng a kenya patsi mollo oo o tla tima. Ka ho tšoanang, lerato leo banyalani ba ratanang ka lona le ka lula le le matla hafeela ba le matlafatsa. Ka linako tse ling, banyalani ba ka bona eka ha ba sa ratana joaloka pele, haholo-holo ha ba e-na le mathata a lichelete, ba kula kapa ba holisa bana. Banyalani e lokela ho ba metsoalle ea Jehova e le hore “lelakabe la Jah” le lule le tuka. w23.05 20-21 ¶1-3

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Sontaha, la 9 November

U se ke oa tšoha.—Dan. 10:19.

Re lokela ho etsa’ng e le hore re be sebete? Batsoali ba rona ba ka ’na ba re khothaletsa hore re be sebete empa ba ke ke ba etsa hore re be sebete joaloka bona. Ho ba sebete ho tšoana le ho ithuta ntho e ncha. Tsela e ’ngoe eo u ka ithutang ntho e ncha ke ka hore u shebe lintho tseo motho ea u rutang a li etsang ’me u mo etsise. Ka ho tšoanang, le rona re ba sebete ka hore re ithute mohlaleng oa batho ba bontšang sebete. Le rona re lokela ho tseba Lentsoe la Molimo hantle joaloka Daniele. Re lokela ho ba metsoalle ea Jehova ka hore re lule re bua le eena ’me re mo bolelle hore na re ikutloa joang. Hape re lokela ho tšepa Jehova le ho kholiseha hore o tla lula a re thusa. Ha re etsa joalo, re tla ba sebete ha re hlaheloa ke mathata. Hangata batho ba hlompha batho ba sebete. Hape batho ba sebete ba ka thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova. Kahoo, re na le mabaka a utloahalang a hore re be sebete. w23.08 2 ¶2; 4 ¶8-9

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Mantaha, la 10 November

Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse.—1 Bathes. 5:21.

Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “etsang bonnete” le ne le sebelisoa ha ho hlahlojoa hore na lintho tsa bohlokoa tse kang khauta le silevera ke tsa ’nete. Kahoo, re lokela ho lula re hlahloba hore na lintho tseo re li utloang kapa tseo re li balang ke ’nete. Ke habohlokoa le ho feta hore re etse joalo kaha mahlomola a maholo a ntse a atamela. Ho e-na le hore re lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba bang ba e buang, re bapisa lintho tseo re li balang le tseo re li utloang le seo Bibele le mokhatlo oa Jehova o se buang. Ha re etsa joalo, re ke ke ra khelosoa ke lipolelo tse susumetsoang ke bademona. (Liprov. 14:15; 1 Tim. 4:1) Rea tseba hore bahlanka ba Molimo ba tla pholoha nakong ea mahlomola a maholo. Leha ho le joalo, ha re tsebe hore na ho tla etsahala’ng ka e mong le e mong oa rona nakong e tlang. (Jak. 4:14) Haeba re lula re tšepahala, re tla fumana bophelo bo sa feleng, ebang re tla phela ho fihlela mahlomola a maholo a fihla kapa re tla shoa pele ho ’ona. E se eka kaofela ha rona re ka lula re nahana ka tšepo eo re nang le eona le ho itokisetsa letsatsi la Jehova. w23.06 13 ¶15-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela