Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ncha: Dendi
  • Kajeno

Mantaha, la 14 July

[A] tsoela ka ntle [a] lla habohloko.—Mat. 26:75.

Moapostola Petrose o ile a etsa liphoso. Nahana ka liketsahalo tse latelang. Ha Jesu a ne a hlalosa hore o tl’o hlorisoa a be a shoe ho phethahatsa boprofeta bo ka Bibeleng, Petrose o ile a mo khalemela. (Mar. 8:​31-33) Petrose le baapostola ba bang ba ne ba lula ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona. (Mar. 9:​33, 34) Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolaoa, Petrose o ile a hlasela monna e mong a ba a mo khaola tsebe. (Joh. 18:10) Bosiung bona boo, o ile a tšoha ’me a latola hore o tseba motsoalle oa hae Jesu ka makhetlo a mararo. (Mar. 14:​66-72) Ntho eo e ile ea etsa hore Petrose a lle habohloko. Jesu ha aa ka a lahla moapostola enoa oa hae ea neng a nyahame. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a fa Petrose monyetla oa hore a bontše hore o ntse a mo rata. Jesu o ile a mo fa mosebetsi oa hore a hlokomele linku tsa hae. (Joh. 21:​15-17) Petrose o ile a amohela mosebetsi oo. Petrose o ile a ba har’a batho ba pele ba ileng ba tlotsoa ka moea o halalelang ha a ne a le Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta. w23.09 22 ¶6-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labobeli, la 15 July

Lisa linku tsa ka tse nyenyane.—Joh. 21:16.

Moapostola Petrose o ile a re ho baholo: “Le lise mohlape oo Molimo a le fileng oona.” (1 Pet. 5:​1-4) Haeba u moholo, rea tseba hore u rata Bakreste-’moho le uena ’me u batla ho ba hlokomela. Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka ’na oa utloa eka u phathahane haholo kapa u khathetse haholo ’me u ke ke oa khona ho phetha mosebetsi ona. U ka etsa’ng haeba u ikutloa joalo? Bolella Jehova hore na u ikutloa joang. Petrose o ile a re: “Haeba motho . . . a thusa batho ba bang, a itšetlehe ka matla a Molimo.” (1 Pet. 4:11) Bakreste-’moho le uena ba hlaheloa ke mathata a ke keng a fela hona joale empa hopola hore “molisa ea ka sehloohong” Jesu Kreste, a ka ba thusa ho feta mang kapa mang. A ka ba thusa hona joale ebile a ka ba thusa le lefatšeng le lecha. Molimo o batla hore baholo ba rate Bakreste-’moho le bona, ba ba hlokomele le hore ba behele “mohlape mohlala.” w23.09 29-30 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Laboraro, la 16 July

Jehova oa tseba hore menahano ea ba bohlale ha e na thuso.—1 Bakor. 3:20.

Re lokela ho qoba ho nahana joaloka batho ba sa mameleng melao ea Jehova. Haeba re nahana joaloka batho ba sa mameleng melao ea Jehova, re ka qetella re sa hlomphe Jehova ebile re sa mamele melao ea hae. (1 Bakor. 3:19) Hangata “bohlale ba batho ba lefatše lena” bo etsa hore batho ba se ke ba mamela Molimo. Bakreste ba bang ba phutheho ea Pergame le ea Thiatire ba ile ba susumetsoa ke batho ba neng ba rapela melimo ea litšoantšo le ba neng ba etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano ba neng ba lula libakeng tseo. Jesu o ile a khalemela Bakreste ba liphutheho tseo tse peli hobane ba ne ba lumella batho hore ba etse boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Tšen. 2:​14, 20) Le kajeno batho ba ka re susumetsa hore re lumele ho etsa lintho tse fosahetseng. Ba malapa a rona le batho bao re tloaelaneng le bona ba ka etsa hore re nahane hore re itšoere ka thata le ho re khothaletsa ho tlola melao ea Jehova. Ka mohlala, ba ka re ha ho bohlokoa ho lula u itšoere hantle le hore melao ea Molimo e buang ka boitšoaro e feletsoe ke nako. Ka linako tse ling re ka ’na ra nahana hore litaelo tseo Jehova a re fang tsona ha lia hlaka. Re ka ba ra batla ho “fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngotsoeng.”—1 Bakor. 4:6. w23.07 16 ¶10-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela