Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Labohlano, la 18 July

O re entse marena le baprista hore re sebeletse Molimo Ntate oa hae.—Tšen. 1:6.

Ke barutuoa ba ’maloa feela ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang ’me ba na le setsoalle se ikhethang le Jehova. Batlotsuoa bana ba 144 000 e tl’o ba baprista leholimong le Jesu. (Tšen. 14:1) Karolo ea Sehalalelo e neng e le tabernakeleng e tšoantšetsa hore batlotsuoa ba khethiloe hore e be bana ba Molimo ha ba ntse ba le lefatšeng. (Bar. 8:​15-17) Karolo ea Sehalalelisiso e neng e le tabernakeleng e emela leholimo e leng moo Jehova a lulang teng. “Kharetene” e neng e arola Sehalalelo le Sehalalelisiso e emela ’mele oa Jesu oa nama, o neng o etsa hore a se ke a khona ho kena leholimong e le Moprista ea Phahameng ka ho fetisisa oa tempele ea tšoantšetso. Ha Jesu a fana ka ’mele oa hae oa nama e le sehlabelo bakeng sa ho lopolla batho, o ile a bulela Bakreste bohle ba batlotsuoa monyetla oa ho phela leholimong. Le bona ba lokela ho siea ’mele ea bona ea nama e le hore ba ka fumana moputso oa bona oa ho phela leholimong.—Baheb. 10:​19, 20; 1 Bakor. 15:50. w23.10 28 ¶13

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Moqebelo, la 19 July

Ke tla felloa ke nako haeba nka bua ka Gideone.—Baheb. 11:32.

Gideone o ile a lula a khobile matšoafo ha Baefraime ba ne ba mo tšoaea liphoso. (Baahl. 8:​1-3) Ha aa ka a ba halefela. O ile a bontša hore o ikokobelitse ka hore a mamele taba eo ba neng ba tšoenyehile ka eona le ho bua le bona ka mosa ’me seo se ile sa etsa hore ba theole moea. Baholo ba ka etsisa mohlala oa Gideone ka hore ba mamele ka hloko le ho arabela ka mosa ha ba tšoauoa liphoso. (Jak. 3:13) Ha ba etsa joalo, ba tla etsa hore ho be le khotso ka phuthehong. Ha Gideone a hlola Bamidiane, batho ba ile ba mo rorisa empa eena o ile a rorisa Jehova. (Baahl. 8:​22, 23) Baholo ba ka etsisa Gideone joang? Ba lokela ho rorisa Jehova ka lintho tseo ba khonang ho li etsa. (1 Bakor. 4:​6, 7) Ka mohlala, ha moholo a rorisoa ka lebaka la bokhoni ba hae ba ho ruta, a ka bontša hore Lentsoe la Molimo ke lona le re rutang le hore mokhatlo oa Jehova oa re koetlisa. Baholo ba ka nahana ka hore na tsela eo ba rutang ka eona e rorisa Jehova kapa e khahlisa batho. w23.06 4 ¶7-8

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Sontaha, la 20 July

Menahano ea ka ha e tšoane le menahano ea lona.—Esa. 55:8.

Haeba lithapelo tsa rona li sa arajoe ka tsela eo re neng re e batla, re ka ’na ra ipotsa ‘Na ke rapella ntho e nepahetseng?’ Hangata re nahana hore rea tseba hore na ke’ng e re loketseng. Empa lintho tseo re li kopang li ka ’na tsa se ke tsa re tsoela molemo ha nako e ntse e ea. Haeba ho na le bothata boo re bo rapellang, ho ka ’na ha e-ba le tsela e molemo ea ho rarolla bothata boo ho feta eo re neng re e batla. Hape e ka ’na eaba lintho tse ling tseo re li kopang ha li lumellane le thato ea Jehova. (1 Joh. 5:14) Ka mohlala, nahana ka batsoali ba ileng ba kopa Jehova hore a ba thuse hore ngoana oa bona a lule a mo sebeletsa. Ho ne ho bonahala eka ba kopa ntho e nepahetseng. Leha ho le joalo, Jehova a ke ke a re qobella hore re mo sebeletse. O batla hore kaofela ha rona ho akareletsa le bana, re ikhethele ho mo sebeletsa. (Deut. 10:​12, 13; 30:​19, 20) Kahoo, batsoali ba ka kopa Jehova hore a ba thuse hore ba rute ngoana oa bona hore a rate Jehova le hore e be motsoalle oa hae.—Liprov. 22:6; Baef. 6:4. w23.11 21 ¶5; 23 ¶12

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela