Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Sontaha, la 31 August

Ba bohlale ke bona ba tla li utloisisa.—Dan. 12:10.

Re lokela ho kopa thuso haeba re batla ho utloisisa boprofeta ba Bibele. Nahana ka mohlala ona. A re re u etetse sebaka seo u sa se tsebeng empa motsoalle oa hao eo u tsamaeang le eena o se tseba hantle. O tseba hantle hore na le hokae le hore tsela e ’ngoe le e ’ngoe e ea hokae. U ne u tla thaba hore ebe motsoalle oa hao o lumetse ho tsamaea le uena. Ka tsela e tšoanang, Jehova o tšoana le motsoalle eo ’me o tseba bokamoso ba rona hantle. Kahoo, e le hore re utloisise boprofeta ba Bibele, re lokela ho ikokobetsa ’me re kope thuso ho Jehova. (Dan. 2:28; 2 Pet. 1:​19, 20) Jehova o joaloka motsoali ea molemo, o batla hore re thabele bophelo nakong e tlang. (Jer. 29:11) Ha a tšoane le batho hobane ke motsoali ea khonang ho re bolella hantle hore na ho tl’o etsahala’ng nakong e tlang ebile o lula a nepile. Jehova o khethile batho hore ba ngole boprofeta ka Lentsoeng la hae e le hore re ka tseba ka liketsahalo tsa bohlokoa pele li etsahala.—Esa. 46:10. w23.08 8 ¶3-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Mantaha, la 1 September

Re tla bona khanya e tsoang leholimong e tšoanang le ea ha letsatsi le chaba.—Luka 1:78.

Molimo o file Jesu matla a ho felisa mathata ’ohle a rona. Jesu o ile a etsa mehlolo ho bontša hore o na le matla a ho hlola mathata ao re ke keng ra a hlola ka borona. Ka mohlala, o na le matla a ho re lokolla mohloling oa mathata a rona e leng sebe seo re se futsitseng le liphello tsa sona tse kang ho kula le lefu. (Mat. 9:​1-6; Bar. 5:​12, 18, 19) Mehlolo eo Jesu a e entseng ea tiisa hore a ka folisa “mafu a mefuta eohle” a ba a tsosa bafu. (Mat. 4:23; Joh. 11:​43, 44) O boetse o na le matla a ho laola lifefo tse matla le ho ntša bademona ba keneng bathong. (Mar. 4:​37-39; Luka 8:2) Kannete hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o file Mora oa hae matla a makana. Re ka kholiseha hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala nakong e tlang tlas’a ’Muso oa hae. Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ha a ntse a le lefatšeng ea re bontša hore na o tla etsa lintho tse kholo hakae ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. w23.04 3 ¶5-7

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025

Labobeli, la 2 September

Moea o senola lintho tsohle esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.—1 Bakor. 2:10.

Haeba u le phuthehong e kholo ’me u bona eka u khethoa ka seoelo, u ka ’na oa ikutloa u se u sa thabele ho arabela. Empa u se ke oa tela. Lokisetsa likarabo tse ngata. Haeba u sa khethoe qalong ea Thuto ea Molula-Qhooa, u tla ’ne u fumane menyetla e meng ea ho arabela ha liboka li ntse li tsoela pele. Nahana hore na serapa ka seng se amana joang le sehlooho ha u lokisetsa Molula-Qhooa. Ha u etsa joalo u tla ba le likarabo tse monate tseo u ka fanang ka tsona. U ka boela oa lokisetsa ho arabela lirapeng tse hlalosang lithuto tse tebileng. Hobane’ng? Hobane e ka ba batho ba ’maloa feela ba phahamisang serapeng seo. U ka etsa’ng haeba u ntse u sa khethoe? Pele liboka li qala u ka bua le mor’abo rona ea tl’o khanna thuto ’me u mo kope hore a u khethe ho arabela serapeng seo u se khethileng. w23.04 21-22 ¶9-10

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2025
Oa Amoheloa
Ena ke thulusi ea ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse sa tšoaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela