Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 5/8 maq. 20-25
  • Ho Isoa Botlamuoeng Siberia!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Isoa Botlamuoeng Siberia!
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Isoa Botlamuoeng
  • Mosebetsi Botlamuoeng
  • Bophelo ba Rōna ba Moea
  • Ho Mamella ha Maemo a Ntse a Fetoha
  • Khōlo ea ka ea Moea
  • Kamoo Mosebetsi o Ileng oa Atleha Kateng
  • Ho Thabela Keketseho e Khōlō
  • Liphofu Tse ka Sehloohong Tsa Soviet Union
    Tsoha!—2001
  • Ke Atlehile Ho Sebeletsa Molimo Tlas’a Mathata
    Tsoha!—2005
  • Seo ke Amehileng ka Sona ka ho Fetisisa—Ho Lula ke Tšepahala
    Tsoha!—2000
  • Ho ba Tlas’a Thibelo ea Bokomonisi ka Lilemo Tse Fetang 40
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 5/8 maq. 20-25

Ho Isoa Botlamuoeng Siberia!

Joalokaha ho boletse Vasily Kalin

Haeba u ne u bona monna ea balang Bibele a khobile matšoafo har’a melumo ea ho phatloha ha libomo tse betsoang ka likanono, na u ne u ke ke ua batla ho tseba lebaka leo a khobileng matšoafo ka lona? Ke seo Ntate a ileng a se bona lilemong tse fetang 56 tse fetileng.

E NE e le ka July 1942, ha Ntoa ea II ea Lefatše e ne e le tlhōrōng ea eona. Ha masole a ntoa a Majeremane a feta motseng oa habo Ntate oa Vilshanitsa, Ukraine, Ntate o ile a kena lelapeng le leng la batho ba bang ba seng ba hōlile. Ha libomo li ntse li phatloha sebakeng seo, monna oa teng o ne a lutse pel’a setofo a ntse a halika koro ’me a ipalla Bibele.

Ke hlahile lilemo tse hlano ka mor’a seo, haufi le motse o motle oa Ukraine o ka bophirimela oa Ivano-Frankivs’k, oo ka nako eo e neng e le karolo ea Soviet Union. Hamorao Ntate o ile a mpolella ka kopano ea hae e sa lebaleheng le monna eo, e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova le ka masetla-libete a lilemong tseo tsa ntoa. Batho ba ne ba khathetse ke eona ’me ba ferekantsoe ke boemo bohle, ’me ba bangata ba ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ho e-na le ho hloka toka ho hongata hakaale? Ke hobane’ng ha batho ba likete ba se nang molato ba e-shoa? Ke hobane’ng ha Molimo a ho lumelletse? Hobane’ng? Hobane’ng? Hobane’ng?’

Ntate o ile a tšohla lipotso tsena le monna-moholo eo ka nako e telele le ka ho tobang taba. A sebelisa litemana tse fapa-fapaneng tsa Bibele, monna eo o ile a bontša Ntate likarabo tsa lipotso tse neng li mo qakile ka nako e telele. O ile a mo hlalosetsa hore Molimo o rerile ho felisa lintoa ka nako ea hae eo a e khethileng le hore lefatše le tla fetoha paradeise e ratehang.—Pesaleme ea 46:9; Esaia 2:4; Tšenolo 21:3, 4.

Ntate o ile a mathela lapeng ’me a khotsa: “Lea tseba ke’ng? Ka mor’a hore ke buisane le Lipaki tsa Jehova hanngoe, ke bulehile mahlo! Ke fumane ’nete!” Ntate o ile a bolela hore le hoja a ne a e-ea Kerekeng e K’hatholike kamehla, ha ho mohla baprista ba kileng ba khona ho arabela lipotso tsa hae. Kahoo, Ntate o ile a qala ho ithuta Bibele, ’me ’Mè a kopanela le eena. Ba ile ba boela ba qala ho ruta bana ba bona ba bararo—ausi oa ka, ea neng a le lilemo li 2 feela le baholoane ba ka, e mong o ne a le lilemo li 7 ’me e mong a le lilemo li 11. Nakoana ka mor’a moo, ntlo ea bona e ile ea rusolloa ke bomo, ’me ha sala kamore e le ’ngoe feela eo ba neng ba ka e sebelisa.

’Mè o ne a tsoa lelapeng le leholo la banana ba tšeletseng le moshemane a le mong. Ntate oa hae e ne e le e mong oa barui sebakeng seo, ’me o ne a tšabana le bophahamo le botumo ba hae. Kahoo, qalong, seng se ile sa hanyetsa tumelo e ncha e fumanoeng ke lelapa leso. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ba bangata ba bahanyetsi bana ba ile ba khaotsa ho sebelisa mekhoa ea bolumeli e sa lumellaneng le Mangolo, e kang ea ho sebelisa litšoantšo, ’me ba kopanela le batsoali ba ka borapeling ba ’nete.

Baprista ba ile ba hlohlelletsa batho pepenene ho ba khahlanong le Lipaki. Ka lebaka leo, baahi ba motse ba ne ba pshatla lifensetere tsa bona le ho ba sokela. Ho sa tsotellehe sena, batsoali ba ka ba ile ba tsoela pele ho ithuta Bibele. Ka hona, ha ke hlaha ka 1947, lelapa leso le ne le rapela Jehova ka moea le ka ’nete.—Johanne 4:24.

Ho Isoa Botlamuoeng

Ke sa ntse ke hopola ka ho hlaka liketsahalo tsa hoseng ha la 8 April, 1951, le hoja ke ne ke le lilemo li ’nè feela ka nako eo. Lapeng ho ile ha kena masole a tsamaeang le lintja. A ile a hlahisa taelo e re lelekang naheng ’me a phenyekolla. Masole a tšoereng lithunya tsa morathatha le lintja a ne a eme monyako, ’me a mang a apereng junifomo a ne a lutse tafoleng eso, a re emetse ha re ntse re phothasela re itokisetsa ho tsamaea ka mor’a lihora tse peli tseo re neng re li fuoe. Ke ne ke sa utloisise se etsahalang, ’me ke ne ke lla.

Batsoali ba ka ba ile ba laeloa hore ba saene tokomane e bolelang hore ha e sa le Lipaki tsa Jehova le hore ha ba sa tla hlola ba ikamahanya le tsona. Haeba ba ne ba e saena, ba ne ba tla tloheloa ba itulele lapeng la bona le naheng ea habo bona. Empa Ntate o ile a re ka tieo: “Ke kholisehile hore ho sa tsotellehe hore na le re isa hokae, Molimo oa rōna, Jehova, o tla ba le rōna.”

Lesole le leng le ile la mo kōpa ka tieo: “Nahana ka lelapa la hao, nahana ka bana ba hao. Etsoe, ha le isoe Kanana. Le isoa leboea le hōle, moo ho lulang ho khetheha lehloa le moo libere li tsamaeang literateng.”

Ka nako eo lentsoe “Siberia” le ne le tšosa le bile le makatsa ho batho bohle. Leha ho le joalo, tumelo le lerato le matla ho Jehova li ile tsa ipaka li le matla ho feta tšabo ea se sa tsejoeng. Thepa ea rōna e ile ea kenngoa koloing, ’me ra isoa motseng ra kenngoa makarecheng a terene, hammoho le malapa a mang a ka bang 20 ho isa ho 30. ’Me kahoo ra qala leeto le fohlang morung, kapa hlatheng ea Siberia.

Ha re le seteisheneng sa terene le ha re le tseleng, re ile ra kopana le literene tse ling tse neng li nkile batlamuoa, ’me ra bona matšoao a leketlileng makarecheng a terene: “Ho Palame Lipaki tsa Jehova.” Sena ka bosona e bile bopaki bo ikhethang, kaha ka tsela ena ba bangata ba ile ba tseba hore Lipaki tse likete le malapa a tsona li isitsoe libakeng tse fapa-fapaneng tse ka leboea le bochabela bo hōle.

Ho fallisoa hona ha Lipaki tsa Jehova le ho isoa botlamuoeng ka April 1951 ho tlalehiloe ka ho hlaka. Rahistori Walter Kolarz o ile a ngola ka hona bukeng ea hae ea Religion in the Soviet Union: “Hona ha ea ka ea e-ba ho fela ha ‘Lipaki’ Russia, empa e bile ho phetla khaolo e ncha liketsong tsa tsona tsa ho sokolla. Li ne li leka le ho jala tumelo ea tsona ha li emisitse liteisheneng tseleng ea tsona e eang botlamuoeng. Ha ho letho le molemo ho feta moo leo ’Muso oa Soviet Union o neng o ka le etsa ho jala tumelo ea tsona. Ho tloha metsaneng eo li neng li lula ho eona moo li neng li sa kopane le batho ba bangata ‘Lipaki’ li ile tsa isoa lefatšeng le sabaletseng haholoanyane, le hoja lena e ne e le lefatše le sisimosang la likampo tsa mahloriso le tsa bokhoba.”

Lelapa leso le bile lehlohonolo, kaha re ile ra lumelloa ho nka lijo tse itseng—phofo, koro le linaoa. Ntate-moholo o ile a lumelloa le ho hlaba kolobe, e ileng ea re fepa hammoho le Lipaki tse ling. Tseleng ho ne ho utloahala lipina tse tlohang pelong ka makarecheng. Jehova o ile a re matlafatsa e le hore re ka mamella.—Liproverbia 18:10.

Re qetile libeke tse ka bang tharo re ntse re haola le Russia ’me qetellong ra fihla Siberia e batang, e thōko le e hōle. Re ile ra isoa seteisheneng sa Toreya se sebakeng sa Chunsk seterekeng sa Irkutsk. Ho tloha moo re ile ra fohla moru re isoa motsaneng o monyenyane, oo litokomane tsa rōna li neng li o hlalositse e le ‘lehae la rōna la ka ho sa feleng.’ Thepa ea malapa a 15 e ile ea fella habonolo ka sekosekareng, ’me terekere ea se hula har’a liretse tsa pula ea selemo. Malapa a ka bang 20 a ile a isoa liahelong tsa sesole, tseo e neng e le mehohoma ea liphaseje e se nang likamore. Ba boholong ba ile ba lemosa baahi esale pele hore Lipaki tsa Jehova ke batho ba babe haholo. Kahoo, qalong batho ba ne ba re tšaba ba bile ba sa batle ho tloaelana le rōna.

Mosebetsi Botlamuoeng

Lipaki tsa Jehova li ne li rema lifate, ’me li etsa joalo tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa. Li ne li etsa mosebetsi oo oohle ka matsoho—li sakha lifate, li li poma, li li laela likosekareng tse huloang ke lipere ’me ka mor’a moo li li laela makarecheng a terene. Boemo bo ne bo mpefatsoa ke menoang e mengata eo li neng li sa khone ho ipatela eona. E ile ea loma Ntate hampe-mpe. O ile a ruruha ’mele kaofela, ’me o ile a rapela Jehova ka matla hore a mo thuse ho mamella. Empa ho sa tsotellehe mathata ana ’ohle, tumelo ea Lipaki tse ngata tsa Jehova e ile ea lula e sa thekesele.

Ka mor’a nakoana re ile ra isoa motseng oa Irkutsk, moo lelapa leso le ileng la lula moo e kileng ea e-ba kampo ea chankana ’me la sebetsa fekthering ea litene. Litene li ne li ntšoa ka matsoho ka liontong tse khōlō tse chesang, ’me litekanyetso tsa mosebetsi li ne li lula li eketsoa, e le hore esita le bana ba tlamehe ho thusa batsoali ba bona ho li finyella. Re ile ra hopola ha Baiseraele ba ne ba sebetsa e le makhoba Egepeta.—Exoda 5:9-16.

Ho ile ha totobala hore Lipaki li ne li sebetsa ka thata le ka botšepehi, eseng hore ke “lira tsa batho” joalokaha ho ne ho boletsoe. Ho ile ha hlokomeloa hore ha ho Paki leha e le ’ngoe e rohakang ba boholong, leha e le hona hore Lipaki li loantša liqeto tsa ba bolaoling. Esita le tumelo ea tsona e ile ea rateha ho ba bangata.

Bophelo ba Rōna ba Moea

Le hoja Lipaki li ne li phenya-phenngoa hangata—pele li isoa botlamuoeng, ha li le tseleng le ha li le libakeng tseo li isitsoeng botlamuoeng ho tsona—tse ngata li ile tsa khona ho pata limakasine tsa Molula-Qhooa esita le Libibele. Hamorao, li ile tsa li kopitsa ka letsoho kapa ka mekhoa e meng. Liboka tsa Bokreste li ne li tšoaroa kamehla liahelong tsa sesole. Ha molaoli oa liahelo tsa sesole a ne a fihla ’me a re fumana re ntse re bina re le sehlopha, o ne a ee a re laele hore re emise. Re ne re ee re emise. Empa ha a e-ea mohahong o latelang, re ne re qalella hape ho bina. Ho ne ho se bonolo ho re thibela.

Leha e le hona hore mosebetsi oa rōna oa boboleli o ile oa emisa. Lipaki li ne li bua le motho e mong le e mong, hohle. Baholoane ba ka le batsoali ba ka ba ne ba atisa ho mpolella kamoo ba neng ba khona ho abelana linnete tsa Bibele le ba bang kateng. Ka lebaka la sena, ’nete ea Bibele e ile ea qala butle-butle ho hapa lipelo tsa batho ba tšepahalang. Kahoo, mathoasong a bo-1950, ’Muso oa Jehova o ile oa tsebahatsoa Irkutsk le libakeng tse haufi.

Qalong Lipaki li ne li nkoa e le lira tsa bopolotiki, empa hamorao ba boholong ba ile ba hlokomela hore mokhatlo oa rōna ke oa bolumeli ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ba boholong ba ile ba leka ho emisa mosebetsi oa rōna. Kahoo re ne re phuthehela ho ithuta Bibele ka lihlotšoana tse nyenyane tsa malapa a mabeli kapa a mararo e le hore re pate mohoasa. Hoseng ho hong ka February 1952 ho ile ha phenyekolloa ka hloko. Ka mor’a moo, Lipaki tse leshome li ile tsa tšoaroa, ’me rōna ba bang ra isoa libakeng tse fapa-fapaneng. Lelapa leso le ile la isoa motsaneng oa Iskra, o nang le baahi ba ka bang lekholo ’me o ka ba lik’hilomithara tse 30 ho tloha motseng oa Irkutsk.

Ho Mamella ha Maemo a Ntse a Fetoha

Ka tsela e sa lebelloang batsamaisi ba motsana oo ba ile ba re amohela ka mofuthu. Batho ba teng ba ne ba ikokobelitse ba bile ba e-na le botsoalle—ba ’maloa ba bile ba tsoa malapeng a bona ho tla re thusa. Lelapa leso e bile la boraro la ho behoa ka ntlong eona eo e nyenyane e ka bang boholo ba lisekoere-mithara tse 17. Mabone a parafine e ne e le ’ona feela a ka khantšang.

Hoseng ho latelang ho ne ho e-na le likhetho. Batsoali ba ka ba ile ba bolela hore ba se ba khethile ’Muso oa Molimo, e leng hoo baahi ba neng ba sa ho utloisise. Kahoo, litho tsa lelapa leso tse seng li le lilemong li ile tsa qeta letsatsi lohle li tšoeroe. Ka mor’a moo, batho ba ’maloa ba ile ba botsa ka litumelo tsa bona, ’me sena se ile sa fana ka monyetla o motle oa hore lelapa leso le bue ka ’Muso oa Molimo e le oona tšepo feela ea moloko oa batho.

Nakong ea lilemo tse ’nè tseo re li phetseng motsaneng oa Iskra, ho ne ho se na Lipaki tse ling tse haufi tseo re neng re ka kopana le tsona. E le hore re tsoe motsaneng, re ne re lokela ho fumana tumello e khethehileng ho molaoli, ’me o ne a fana ka eona ka seoelo, kaha lebaka le leholo la ho isoa moo e ne e le ho re arola ho batho ba bang. Leha ho le joalo, kamehla Lipaki li ne li leka ho kopana e le hore li arolelane lijo leha e le life tse ncha tsa moea tseo li li fumaneng.

Ka mor’a lefu la Stalin ka 1953, Lipaki tsohle tse ahlotsoeng li ile tsa fokoletsoa kahlolo ea tsona ho tloha lilemong tse 25 ho ea ho tse 10. Tse Siberia li ne li se li sa hloke tokomane e khethehileng hore li ee libakeng tse ling. Leha ho le joalo, ba boholong ba ile ba qala ho phenyekolla le ho tšoara Lipaki haeba ba ne ba li fumana li e-na le Libibele kapa lingoliloeng tsa Bibele. Ho ile ha thehoa likampo tse khethehileng bakeng sa Lipaki, ’me barab’abo rōna ba ka bang 400 le baralib’abo rōna ba ka bang 200 ba ile ba koalloa ho tsona haufi le motsana oa Irkutsk.

Litlaleho tsa ho hlorisoa ha rōna Soviet Union li ile tsa fihla ho Lipaki tsa Jehova lefatšeng ho pota. Ka hona, lipakeng tsa bohareng ba 1956 le February 1957, ho ile ha amoheloa kōpo e matla lebitsong la rōna likopanong tsa setereke tse 199 tse neng li tšoeroe likarolong tsohle tsa lefatše. Bohle ba neng ba le teng ba 462 936 ba ile ba amohela kōpo ena e neng e lebisitsoe ho eo e neng e le tona-khōlō ea Soviet, Nikolay A. Bulganin. Har’a tse ling, kōpo eo e ile ea kōpa hore re lokolloe le hore re “lumelloe ho amohela le ho hatisa makasine ea Molula-Qhooa ka Serussia, Seukraine le ka lipuo tse ling tseo ho ka ’nang ha fumaneha li hlokahala, hammoho le likhatiso tse ling tsa Bibele tse sebelisoang ke lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara.”

Nakong eo, lelapa leso le ile la romelloa motsaneng o ka ntle oa Khudyakovo, o ka bang lik’hilomithara tse 20 ho tloha Irkutsk. Re lutse moo lilemo tse supileng. Ka 1960 moholoane oa ka Fyodor o ile a tloha a ea Irkutsk, ’me selemong se latelang e moholo ho eo o ile a nyala ’me ausi oa ka eena a falla. Eitse ka 1962, Fyodor a tšoaroa ’me a kenngoa teronkong ka lebaka la ho bolela ha hae.

Khōlo ea ka ea Moea

Ho tloha motsaneng oa rōna oa Khudyakovo, e ne e ka ba leeto la lik’hilomithara tse 20 ka maoto kapa ka baesekele ho ea kopana le ba bang bakeng sa ho ithuta Bibele. Kahoo, re ile ra leka ho fallela Irkutsk e le hore re be haufi le Lipaki tse ling. Leha ho le joalo, hlooho ea sebaka seo re neng re phela ho sona e ne e le khahlanong le ho falla ha rōna, ’me e ile ea etsa sohle se matleng a eona ho re thibela. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana monna enoa o ile a qala ho re amohela, ’me re ile ra khona ho fallela motsaneng oa Pivovarikha, o ka bang lik’hilomithara tse leshome ho tloha Irkutsk. Ho ne ho e-na le phutheho ea Lipaki tsa Jehova sebakeng seo, ’me ha qaleha bophelo bo bocha bakeng sa ka. Moo Pivovarikha ho ne ho hlophisitsoe litsi tsa Thuto ea Buka ea Phutheho ’me ho e-na le barab’abo rōna ba hlokomelang mesebetsi ea moea. Ke ne ke thabile hakaakang!

Ka nako ena ke ne ke se ke rata ’nete ea Bibele haholo, ’me ke ne ke batla ho kolobetsoa. Ka August 1965 takatso ea ka e ile ea phethahala ha ke ne ke kolobetsoa Nōkeng e nyenyane ea Olkhe, moo Lipaki tse ngata tse ncha li ileng tsa kolobelletsoa teng nakong eo. Ho moshebelli ea seng hloahloa hakaalo, ho ne ho bonahala eka re thabela pikiniki le ho sesa nōkeng. Kapele ka mor’a moo ke ile ka fuoa kabelo ea ka ea pele ea ho ba molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. ’Me ka November 1965, re ile ra fumana lebaka le leng hape la ho thaba ha Fyodor a lokolloa teronkong.

Kamoo Mosebetsi o Ileng oa Atleha Kateng

Ka 1965 batlamuoa bohle ba ile ba phuthoa, ’me ra tsebisoa hore re na le tokelo ea ho ea kae kapa kae moo re batlang ho ea teng, kahoo ha felisoa ‘tulo ea rōna ea ka ho sa feleng.’ Na u ka inahanela thabo e ileng ea re aparela? Le hoja ba bangata har’a rōna ba ile ba fallela likarolong tse ling tsa naha, ba bang ba ile ba etsa qeto ea ho sala moo Jehova a neng a ile a re hlohonolofatsa le ho re tšehetsa khōlong ea rōna le mosebetsing oa rōna oa moea. Ba bangata ba bona ba hōliselitse bana ba bona, litloholo le litlohotloloana tsa bona Siberia, eo ka mor’a nako e ileng ea ipaka e sa tšose hakaalo.

Ka 1967, ke ile ka kopana le Maria, mosetsana eo lelapa labo le lona le neng le isitsoe botlamuoeng Siberia le tloha Ukraine. Ha re sa le banyenyane, ka bobeli re ne re ile ra lula motsaneng oa Ukraine o bitsoang Vilshanitsa. Re ile ra nyalana ka 1968, ’me hamorao ra hlohonolofatsoa ka mora, Yaroslav, ’me hamorao ka morali, Oksana.

Re ile ra tsoela pele ho sebelisa mapato le manyalo bakeng sa ho bokana hammoho ka bongata ho thabela botsoalle ba moea. Re ne re boetse re sebelisa liketsahalo tsena ho hlalosa linnete tsa Bibele ho ba seng le metsoalle bao e seng Lipaki ba neng ba e-ba teng ho tsona. Hangata liofisiri tsa tšireletso li ne li e-ba teng mererong ena, moo re neng re bolela phatlalatsa ka se tsoang Bibeleng ka tšepo ea tsoho kapa tokisetso ea Jehova ea lenyalo le litlhohonolofatso tsa nakong e tlang lefatšeng la hae le lecha.

Ka lekhetlo le leng, ha ke phethela puo ea lepato, ho ile ha hlaha koloi, mamati a eona a buleha ka potlako, ’me e mong oa banna ba ka hare ho eona a tsoa ’me a ntaela hore ke kene ka koloing. Ke ne ke sa tšoha. Etsoe, re ne re se batlōli ba molao, empa e le hore re lumela ho Molimo. Leha ho le joalo, ke ne ke kentse litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa phutheho ka pokothong. Ka lebaka la tsona ke ne nka ’na ka tšoaroa. Kahoo ke ile ka ba kōpa hore na nka fa mosali oa ka chelete, pele ke tsamaea le bona. Ka hona, ke ntse ke eme ka pel’a bona, ke ile ka mo fa sepache hammoho le litlaleho tsa phutheho ke sa tatasele.

Ho qala ka 1974, ’na le Maria re ile ra qala ho hlophisa lingoliloeng tsa Bibele ka sekhukhu lapeng la rōna. Kaha re ne re e-na le mora e monyenyane, re ne re li etsa bosiu haholo e le hore a se ke a tseba ka tsona. Leha ho le joalo, ka lebaka la bohelehele, o ne a ee a robatse ’mutlanyana ’me ebe o ntse a nyarela ho bona seo re se etsang. Hamorao o ile a re: “’Na kea tseba hore na ke mang ea etsang limakasine tsa Molimo.” Re ile ra batla re tšoha, empa kamehla re ne re kōpa Jehova hore a sireletse lelapa la rōna mosebetsing ona oa bohlokoa.

Qetellong, ba boholong ba ile ba amohela Lipaki tsa Jehova ka tsela e ntlenyana, ’me kahoo re ile ra lokisetsa ho tšoara likopano tse khōlō setsing sa bonono le boikhathollo sa Mir se motseng oa Usol’ye-Sibirskoye. Re ile ra tiisetsa liofisiri tsa motse hore sepheo sa liboka tsa rōna ke ho ithuta Bibele le ho thabela botsoalle ba Bokreste feela. Ka January 1990 ho ile ha bokana ba fetang 700, ba tlala holo le ho hapa tlhokomelo ea batho ba bangata.

Ka mor’a seboka motlalehi e mong o ile a botsa, “Le khonne neng ho koetlisa bana ba lōna?” Eena hammoho le baeti ba bang, ba ne ba makalitsoe ke ho mamela ha bona ka hloko ka lihora tse ’nè sebokeng sena sa pele sa phatlalatsa. Ka mor’a moo ho ile ha phatlalatsoa sehlooho se setle koranteng ea moo se buang ka Lipaki tsa Jehova. Se ile sa re: “Ka sebele motho a ka ithuta ho hong ho [Lipaki tsa Jehova].”

Ho Thabela Keketseho e Khōlō

Ka 1991 re ile ra tšoara likopano tse supileng Soviet Union, tseo ba 74 252 ba bileng teng ho tsona. Hamorao, ka mor’a hore tseo e neng e le lirephabliki tsa Soviet Union li fumane boipuso, ke ile ka amohela kabelo e tsoang ho Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova ea hore ke ee Moscow. Eaba ke botsoa hore na nka ba boemong ba ho eketsa karolo ea ka mosebetsing oa ’Muso. Ka nako eo Yaroslav o ne a se a nyetse ’me a e-na le ngoana ’me Oksana a le lilemong tsa bocha. Kahoo, ka 1993, ’na le Maria re ile ra qala tšebeletso ea rōna ea nako e tletseng Moscow. Hona selemong seo, ke ile ka khethoa ho ba mohokahanyi oa Setsi sa Tsamaiso ea Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova oa Bolumeli oa Sebaka, Russia.

Hona joale ’na le Maria re sebetsa le ho lula mehahong e mecha ea lekala la rōna e ka thōko ho St. Petersburg. Ke ho nka e le tokelo ho ba boemong ba ho kopanela le barab’abo rōna ba bang ba tšepahalang ho hlokomela lenane le eketsehang ka potlako la baboleli ba ’Muso, Russia. Hona joale ho na le Lipaki tse ka holimo ho 260 000 moo e neng e le lirephabliki tsa Soviet Union, le ba fetang 100 000 Russia feela!

’Na le Maria re atisa ho nahana ka ba seng sa rōna le metsoalle e ratehang e tsoelang pele e tšepahala tšebeletsong ea bona ea ’Muso Siberia, sebaka se ileng sa fetoha lehae la rōna le ratehang. Hona joale ho tšoareloa likopano tse khōlō moo kamehla, ’me ho na le Lipaki tse ka bang 2 000 tse mafolofolo Irkutsk le mathōkong a eona. Ka sebele, boprofeta bo ho Esaia 60:22 bo boetse boa phethahala karolong eo ea lefatše: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata.”

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ke na le Ntate, lelapa leso le batlamuoa ba bang Irkutsk ka 1959

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Bana botlamuoeng, Iskra

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Selemo seo re nyalaneng ka sona

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

’Na le Maria kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela