Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 4/8 maq. 22-26
  • Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo—Thabo ea Bona le Liphephetso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo—Thabo ea Bona le Liphephetso
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo e Phethoang ke Nkhono Kapa Ntate-moholo
  • Likhohlano Tsa Lelapa
  • Lerato le Tlhompho—Ke Tsa Bohlokoa!
  • Seo Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba ka Fanang ka Sona
  • Ho Phela Hammoho ka Lerato
    Tsoha!—1995
  • A Mang a Mathata ke Afe?
    Tsoha!—1995
  • Ha Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba Fetoha Batsoali
    Tsoha!—1999
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Tseba Nkhono le Ntate-moholo Haholoanyane?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 4/8 maq. 22-26

Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo—Thabo ea Bona le Liphephetso

“Ke rata ho ba ntate-moholo! U thabela litloholo tsa hao empa ha u ikutloe u ikarabella ka tsona. Ua hlokomela hore u na le tšusumetso e itseng bophelong ba tsona empa hore qetellong hase uena ea etsang qeto. Batsoali ba tsona ke bona ba etsang qeto.”—Gene, e leng ntate-moholo.

KE ENG e kaalo-kaalo ka ho ba nkhono kapa ntate-moholo e ka bakang boikutlo bo matla joalo? Bafuputsi ba bolela hore lintho tseo ka tloaelo batsoali ba li batlang ho bana li ka ’na tsa baka khohlano mahareng a bona. Kaha hangata bo-nkhono le bo-ntate-moholo ha ba batle lintho tseo, ba thabela kamano e lokolohileng haholoanyane le litloholo tsa bona. Kamoo Arthur Kornhaber, M.D., a behang taba kateng, ba bolokolohing ba ho rata litloholo tsa bona ‘hobane feela e le litloholo tsa bona.’ Nkhono e mong ea bitsoang Esther o re: “Ka bana ba ka, ke ne ke ameha maikutlong ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang letsatsi le leng le le leng. Ha ke le nkhono, ke ikutloa ke lokolohile hore feela ke thabele litloholo tsa ka ’me ke li rate.”

Joale bohlale le tsebo li boetse lia eketseha ha lilemo li ntse li ata. (Jobo 12:12) Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ha e sa le bacha le ba hlokang phihlelo, ba se ba e-na le phihlelo ea lilemo tse ngata e le batsoali. Kaha ba ithutile ka liphoso tseo ba ileng ba li etsa, e ka ’na eaba ba se ba e-na le tsebo e ngatanyana ea ho hōlisa bana ho feta ha ba sa le bacha.

Ka hona Dr. Kornhaber o etsa qeto ea hore: “Tlamahano e hahang le e lerato pakeng tsa bo-nkhono le bo-ntate-moholo le litloholo tsa bona ea hlokahala molemong oa bophelo bo botle maikutlong le thabong ea meloko eohle e meraro e amehang. Tlamahano ena ke tokelo ea tlhaho ea bana, . . . lefa leo ba le sietsoeng ke baholo ba bona le ruisang e mong le e mong ea ka lapeng molemo.” Ka ho tšoanang koranta e bitsoang Family Relations e re: “Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba kopanelang le ba utloisisang karolo e phethoang ke nkhono kapa ntate-moholo baa atleha ’me ba ba morolo haholoanyane.”

Karolo e Phethoang ke Nkhono Kapa Ntate-moholo

Ho na le likarolo tse ngata tsa bohlokoa tseo bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba ka li phethang. Gene o re: “Ba ka tšehetsa bana ba bona ba lenyalong. Ke nahana hore ka ho etsa joalo, ba ka bebofatsa maemo a mang a boima ao batsoali ba bacha ba iphumanang ba le ka har’a ’ona.” Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba boetse ba ka etsa ho hongata ho tšehetsa litloholo ka botsona. Hangata ke nkhono kapa ntate-moholo ea phetang lipale tse rutang ngoana histori ea lelapa. Hangata, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba phetha karolo ea bohlokoa ho fetisetseng lefa la bolumeli ho lelapa.

Malapeng a mangata, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba nkoa e le baeletsi ba tšepahalang. Jane ea boletsoeng sehloohong se ka pele o re: “Ho ka ’na ha e-ba le lintho tse itseng tseo bana ba tla li tšohla le uena tseo ba sa ikutloeng ba phutholohile ho li buisana le batsoali ba bona.” Hangata batsoali ba ananela tšehetso e joalo e tlatsetsang. Ho ea ka phuputso e ’ngoe, “bacha ba fetang karolo ea 80 lekholong ba nka bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bona e le batho bao ba ka ntšetsang makunutu ho bona. . . . Litloholo tse ngata tse seng li itjere li lula li bolokile kamano e haufi le bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba tsona.”

Nkhono kapa ntate-moholo ea lerato e ka ba oa bohlokoa ka ho khetheha ho ngoana ea sa fumaneng tšoaro e ntle ka lapeng. Selma Wassermann oa ngola: “Nkhono oa ka e bile motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bongoaneng ba ka. E bile nkhono oa ka ea ileng a kenella ’me a mpha khōliso e nepahetseng bophelong. O ne a atameleha ’me a ikemiselitse ho nkamohela ke le setloholo sa hae ho ntšelisa le ho ’matlafatsa, ’me ke ne ke tseba hore ho eena ke sireletsehile. . . . E bile ho nkhono moo ke ileng ka ithuta lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa ka ’na—hore kea ratoa ’me ka hona kea rateha.”—The Long Distance Grandmother.

Likhohlano Tsa Lelapa

Leha ho le joalo, ho ba nkhono le ntate-moholo ho ka ’na ha hlahisa likhohlano le mathata a itseng. Ka mohlala, motsoali e mong o hopola ho tjolietsana ho bileng teng pakeng tsa hae le ’mè oa hae ho bakiloeng ke taba ea ho bohlisa ngoana ka tsela e nepahetseng. “E ile ea re qabanya nakong eo ke neng ke fokola haholo.” Ka ho loketseng, batsoali ba bacha ba batla hore batsoali ba bona ba amohele tsela eo ba hōlisang bana ba bona ka eona. Ka hona litlhahiso tsa batsoali ba bona tse etsoang ka sepheo se setle li ka ’na tsa utloahala eka ke tse tšoaea-tšoaeang liphoso.

Bukeng ea hae e bitsoang Between Parents and Grandparents, Dr. Kornhaber o bua ka batsoali ba babeli ba nang le bothata bo atileng. Motsoali e mong o re: “Batsoali ba ka ha ba mphe tšoeea letsatsi le leng le le leng, le teng baa koata ha ba fumana ke le sieo lapeng ha ba fihla. . . . Ha ba ’nahanele—ha ba nahanele maikutlo a ka le hore ke hloka ho imamela.” E mong oa tletleba: “Batsoali ba ka ba batla ho nkamoha moralinyana oa ka. Ha ba e-ja, ha ba robala le ha ba etsa eng kapa eng, ba nahana ka Susie. . . . Re nahana ho falla.”

Ka linako tse ling, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba nyatsoa ka hore ba senya litloholo ka ho li fa limpho tse ngata. Ke ’nete hore ho fana ke ntho e maling ho nkhono kapa ntate-moholo, empa ba bang ba ho etsa ka tsela e feteletseng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling batsoali ba ka ’na ba tletlebisoa ke mōna. (Liproverbia 14:30) Mildred o re: “Batsoali ba ka ba ne ba ntšoere ka thata ba bile ba le bohale. Baneng ba ka teng baa fana ba bile [ba lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe]. Ke ba mōna hobane ba ntse ba e-s’o fetole tsela eo ba ntšoarang ka eona.” Ho sa tsotellehe hore ke ka sepheo sefe kapa lebaka lefe, ho ka baka mathata haeba nkhono kapa ntate-moholo a sa hlomphe takatso ea batsoali ha ho tluoa tabeng ea ho fana ka limpho.

Ka hona, ke bohlale hore bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba sebelise temoho tabeng ea ho fana ha bona. Bibele e bontša hore esita le ntho e molemo ha e etsoa ka tsela e feteletseng e ba mpe. (Liproverbia 25:27) Haeba u sa tsebe hantle hore na ke limpho tsa mofuta ofe tse loketseng, botsa batsoali. Ka tsela ena u tla ‘tseba ho fana ka limpho tse ntle.’—Luka 11:13.

Lerato le Tlhompho—Ke Tsa Bohlokoa!

Ka masoabi, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bang ba tletleba ka hore mosebetsi oa bona oa ho hlokomela le ho sala le bana o khelloa fatše. Ba bang ba ikutloa hore ha ba fuoe monyetla o lekaneng oa hore ba bone litloholo tsa bona. ’Me ba bang ba bolela hore ba ile ba bona feela bana ba bona ba seng ba itjere ba ba koekoetla empa ba sa hlalose lintho tse ba khopisitseng. Hangata masisa-pelo a joalo a ka qojoa haeba litho tsa lelapa li bontšana lerato le tlhompho. Bibele e re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, . . . ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. . . . Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.”—1 Bakorinthe 13:4, 5, 7.

Mohlomong u motsoali e mocha ’me Nkhono o etsa tlhahiso kapa tlhokomeliso e itseng e sa thabiseng, le hoja a e etsa ka sepheo se setle. Na u hlile u na le lebaka le utloahalang la ‘ho halefa’? Ha e le hantle, Bibele e bontša hore basali ba hōlileng ba Bakreste ba lokela ho ruta “basali ba bacha . . . hore ba rate banna ba bona, ba rate bana ba bona, e be ba hlaphohetsoeng kelellong, ba hloekileng, basebetsi malapeng.” (Tite 2:3-5) ’Me na uena le batsoali ba hao ha le batle ntho e tšoanang—ho fumanela bana ba hao se molemohali? Kaha lerato “ha le batle lithahasello tsa lona,” mohlomong ntho e molemohali ke ho ameha ka litlhoko tsa ngoana—eseng maikutlo a hao. Mohlomong seo se tla le thusa ho qoba “ho khantšetsana matla” neng le neng ha ho hlaha khopisonyana e itseng.—Bagalata 5:26, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.

Ke ’nete hore u ka ’na ua tšaba hore mohlomong ngoana oa hao o tla senngoa ke ho fuoa limpho tse ngata. Empa hangata nkhono kapa ntate-moholo ha a fane ka limpho ka sepheo se sebe. Litsebi tse ngata tsa tlhokomelo ea ngoana lia lumellana hore tsela eo u koetlisang le eo u laeang ngoana oa hao ka eona e tla ba le tšusumetso e matla ho feta tšusumetso eo nkhono kapa ntate-moholo a ka bang le eona ka ho kenella ka linako tse itseng. Ngaka e ’ngoe ea eletsa: “Ho hlaolela botho bo mofuthu hoa thusa.”

Haeba u e-na le lebaka le utloahalang la ho ameha ka tlhokomelo ea ngoana, u se ke ua khaola maqhama a motsoali oa hao kapa ba bohali kapa ba bohoeng ba hao le bana ba hao. Bibele e re: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” (Liproverbia 15:22) Ka nako ‘e tšoanelehang,’ buisana le bona ka ho toba ’me u ba bolelle lintho tse u tšoenyang. (Liproverbia 15:23) Hangata, tharollo e ka fumaneha.

Na u nkhono kapa ntate-moholo? Ke habohlokoa ho hlompha batsoali ba litloholo tsa hao. Ke ’nete hore u tla ikutloa u tlameha ho bua haeba u hlokomela hore setloholo sa hao se kotsing. Empa le hoja e le boikutlo ba tlhaho ho rata le ho tšabana le litloholo tsa hao, ke batsoali—eseng bo-nkhono le bo-ntate-moholo—ba nang le boikarabelo ba ho hōlisa bana ba bona. (Baefese 6:4) Bibele e laela litloholo tsa hao ho hlompha le ho mamela batsoali. (Baefese 6:1, 2; Baheberu 12:9) Kahoo, qoba ho fa batsoali ba tsona likeletso tse ngata tseo ba sa li kōpang kapa ho nyenyefatsa matla a batsoali a ho laela.—Bapisa le 1 Bathesalonika 4:11.

Ke ’nete hore hase kamehla ho leng bonolo ho ikhaohanela le litaba le ho ikoalla molomo—kapa hona ho ipupetsa—u tlohella bana ba hao ho itjarela mosebetsi oa bona oa ho ba batsoali. Empa joalokaha Gene a beha taba, “ntle leha ba u kōpa keletso, u lokela ho lumellana le seo ba nahanang hore se molemong oa bana ba bona.” Jane o re: “Ke ba hlokolosi ho qoba ho re, ‘Ntho ena e lokela ho etsoa ka tsela ena!’ Ho na le litsela tse ngata tsa ho etsa lintho, ’me haeba u khomarela maikutlo a itseng feela, seo se ka baka mathata.”

Seo Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba ka Fanang ka Sona

Bibele e bontša hore ho ba le litloholo ke tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo. (Pesaleme ea 128:3-6) Ka ho thahasella litloholo tsa hao, u ka ba le tšusumetso e matla bophelong ba tsona, ua li thusa ho hlaolela litšoaneleho tsa bomolimo. (Bapisa le Deuteronoma 32:7.) Mehleng ea Bibele mosali e mong ea bitsoang Loise o ile a phetha karolo ea bohlokoa ho thuseng setloholo sa hae, Timothea, ho hōla ho ba monna oa Molimo ea hlaheletseng. (2 Timothea 1:5) Le uena ka ho tšoanang u ka latsoa thabo ha litloholo tsa hao li phela ka koetliso ea bomolimo.

Hape u ka ba mohloli oa lerato le boikutlo bo mofuthu bo hlokahalang. Ke ’nete hore e ka ’na eaba ha u motho ea bontšang maikutlo habonolo, ea nang le boikutlo bo mofuthu. Leha ho le joalo, lerato la bomolimo le ka boetse la bontšoa ka ho ba le thahasello ea sebele, e se nang boithati ho litloholo tsa hao. Mongoli Selma Wassermann o re: “Ho bontša thahasello ho seo ngoana a u bolellang sona . . . ka sebele ho tla bontša hore ua mo tsotella. Ho ba momameli ea molemo, ea sa keneng motho hanong, ea sa nyatsa-nyatseng—seo sohle se bontša tlhompho, lerato le kananelo.” Ho setloholo, tlhokomelo e lerato joalo e ka ba e ’ngoe ea limpho tse ntle ka ho fetisisa tseo nkhono kapa ntate-moholo a ka fanang ka tsona.

Ho fihlela mona, puisano ea rōna e ’nile ea tšohla karolo e phethoang ke bo-nkhono le bo-ntate-moholo boemong bo tloaelehileng. Leha ho le joalo, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bangata kajeno, ba jara boikarabelo bo batlang bo le tomanyana.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]

“E bile ho nkhono moo ke ileng ka ithuta lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa ka ’na—hore kea ratoa ’me ka hona kea rateha”

[Lebokose le leqepheng la 24]

Likeletso ho Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba Lulang Hōle

• Kōpa batsoali hore ba u romelle litheipi tsa video kapa lifoto tsa litloholo.

• Romella litloholo tsa hao “mangolo” a rekotiloeng theiping. Bakeng sa bana ba banyenyane, itheipe u bala lipale tsa Bibele kapa u bina lipina tsa ho robatsa bana.

• Romella litloholo liposkarete le mangolo. Haeba ho khoneha, ngollana le bona kamehla.

• Haeba u khona, buisana le litloholo tsa hao tse hōle ka thelefono. Ha u buisana le bana ba banyenyane, qala moqoqo ka ho ba botsa lipotso tse bonolo, tse kang, “U jele eng hoseng?”

• Haeba ho khoneha, ba etele hakhutšoanyane kamehla.

• Lokisa le batsoali hore litloholo li u chakele. Hlophisa lintho tsa papali, joaloka ho ea libakeng tsa polokelo ea liphoofolo, limusiamong le lirapeng tsa boikhathollo.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bangata ba thusa ho hlokomela litloholo tsa bona

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Likhohlano li ka bakoa ke mekhoa e sa tšoaneng ea khōliso ea ngoana

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Hangata bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba phetha karolo e itseng ho ruteng histori ea lelapa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela