Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/14 maq. 4-5
  • U Lokela ho Etsa’ng ha U Khalemeloa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Lokela ho Etsa’ng ha U Khalemeloa?
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • Ha Jehova a re Khalemela, o Bontša Hore oa re Rata
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Ho Mamella
    Tsoha!—2019
  • 6 Ho Laea Bana
    Tsoha!—2018
  • Ruta Bana ba Hao ho Ikokobetsa
    Tsoha!—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 4/14 maq. 4-5
Ntate o khalemela mohlankana

SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

U Lokela ho Etsa’ng ha U Khalemeloa?

BOTHATA

“Ha motho e mong a u khalemela, ha e le hantle motho eo u o bolella hore hona le ntho e fosahetseng eo u e etsang. Ha ke e-s’o utloe motho ea reng, ‘Kea thaba ha batho ba mpolella hore ke ntse ke etsa ntho e fosahetseng!’”—Amy, ea lilemo li 17.a

Batho ba laolang lifofane ba laola lifofane tse peli hore li se ke tsa thulana

Motho ea hlokomolohang khalemelo o tšoana le mofofisi oa sefofane ea sa mameleng taelo ea batho ba laolang lifofane. Liphello e ka ba tse bosula.

Na u thatafalloa ho amohela khalemelo e tsoang ho batsoali, matichere le batho ba bang ba hōlileng? Haeba ho joalo sehlooho sena se tla u thusa.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Motho e mong le e mong o hloka khalemelo.

“Kaofela re khoptjoa hangata.”—Jakobo 3:2.

“Ha ua lokela ho hlajoa ke lihlong ha u khalemelloa phoso eo u e entseng.”—Jessica.

Hase hore u motho e mobe ha u khalemeloa.

“Jehovab o khalemela eo a mo ratang, feela joalokaha ntate a khalemela mora ea mo khahlisang.”—Liproverbia 3:12.

“Ha batho ba nkhalemela, ke nahana kamoo e tlamehang ebe ho bile thata kateng ho bona hore ba etse joalo le kamoo ho nkhalemela ha bona ho bontšang hore baa nthata.”—Tamara.

Khalemelo e u thusa hore u be motho ea molemo.

‘Mamela taeo ’me u hlalefe.’—Liproverbia 8:33.

“Khalemelo ke ea bohlokoa e le hore motho a hōle. E u hlokomelisa kamoo batho ba bang ba u shebang kateng, ebile e u thusa ho loantša mekhoa e mebe eo e ka ’nang eaba ha u tsebe hore u na le eona.”—Deanne.

SEO U KA SE ETSANG

Leka ho bona bohlokoa ba khalemelo. E ka ’na eaba u tloaetse ho koata ha u khalemeloa. Empa leka ho behella maikutlo a hao ka thōko. E le ho u thusa ho etsa joalo, tlosa kelello hanyane boemong boo u leng ho bona ’me u nahane u fana ka khalemelo e tšoanang ho motho e mong, mohlomong ho ngoan’eno. Na joale u khona ho bona molemo oa khalemelo eo? Joale khutlisetsa kelello boemong boo u leng ho bona ’me u leke ho sheba taba eo ka leihlo le tšoanang.—Molao-motheo oa Bibele: Moeklesia 7:9.

“Ka linako tse ling u ka ’na ua halefisoa ke ha motho e mong a u tšoaea phoso hoo u ka lebalang hore o ne a leka ho u thusa hore u be motho ea molemo eseng ho u utloisa bohloko.”—Theresa.

Lula u ikokobelitse. U se ke ua lumella boikhohomoso bo etse hore u se amohele khalemelo. Ka lehlakoreng le leng, u se ke ua itumella hore u sithabetsoe ke khalemelo hobane feela ho na le ntho eo u lokelang ho ntlafatsa ho eona. Boikokobetso bo tla u thusa hore u qobe ho ikhohomosa kapa ho sithabela ka ho feteletseng. Hopola: Khalemelo e utloisang bohloko haholo e ka ’na eaba ke eona eo u e hlokang ka ho fetisisa. Haeba u e qhelela ka thōko, u ka ’na ua lahleheloa ke monyetla o moholo o tla u thusa hore u hōle.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 16:18.

Khalemelo e utloisang bohloko haholo e ka ’na eaba ke eona eo u e hlokang ka ho fetisisa

“Ho amohela khalemelo ke karolo ea bohlokoa e tla u thusa hore u be motho e moholo ea nang le boikarabelo. Haeba re sa ithute ho e amohela, re ka ’na ra ikutloisa bohloko ha nako e ntse e ea.”—Lena.

Leboha. Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho amohela khalemelo, e ka ba hantle hore u lebohe motho ea u fileng eona. Ha ho potang hore motho eo oa u tsotella ebile o batla hore u atlehe.—Molao-motheo oa Bibele: Pesaleme ea 141:5.

“Ke hantle hore u re ‘Kea leboha,’ haholo-holo haeba u ne u hloka keletso. Esita le haeba u ne u sa e hloke, u ka ’na ua bontša kamoo u ananelang kateng boiteko ba motho ea u fileng eona.”—Carla.

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

b Bibele e re lebitso la Molimo ke Jehova.

MANGOLO A SEHLOOHO

  • “U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe.”—Moeklesia 7:9.

  • “Boikakaso bo etella ho oa pele.”—Liproverbia 16:18.

  • “Ha ea lokileng a ka nkotla [a nkhalemela], e ne e tla ba mosa o lerato.”—Pesaleme ea 141:5.

Justin

“Ha ho monate ho khalemeloa, empa ke leka ho hopola hore motho ea nkhalemelang o batla hore ke be motho ea molemo ka ho fetisisa. Ke leka ho mo nka joaloka motsoalle ea nthusang hore ke atlehe.”​—JUSTIN

Charlette

“Kea tseba hore ke tla etsa liphoso, ka hona ke ananela haholo ha motho a mpolella hore ke fositse. Seo se nthusa hore ke tsebe hore na ke lokela ho ntlafatsa hokae.”—CHARLETTE

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela