-
Ha Tlokotsi e HlahaTsoha!—2014 | July
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | HA TLOKOTSI E HLAHA—KAMOO U KA E MAMELLANG KATENG
Ha Tlokotsi e Hlaha
HOO e ka bang motho e mong le e mong o hlaheloa ke kotsi e itseng ka nako e ’ngoe bophelong. Seo se akarelletsa le batho ba bonahalang ba e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
BIBELE E RE:
“Ba lebelo ha ba hlōle peisong, leha e le hore ba matla baa hlōla ntoeng, kapa hore ba bohlale le bona ba na le lijo, leha e le hore ba nang le kutloisiso le bona ba na le maruo, kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo; hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11.
Joale potso eo re ka ipotsang eona hase hore na re tla hlaheloa ke tlokotsi empa ke hore re tla etsa joang ha e hlaha. Ka mohlala:
U tla etsa’ng ha u ka lahleheloa ke lintho tsohle tsa hao koluoeng ea tlhaho?
U tla etsa’ng ha u ka tšoaroa ke lefu le bolaeang?
U tla etsa’ng ha motho eo u mo ratang a hlokahala?
Lipaki Tsa Jehova, e leng bahatisi ba makasine ena, li lumela hore Bibele e ka u thusa hore u thulane le litlokotsi ka katleho ’me u be le tšepo e tiileng. (Baroma 15:4) Hlahloba mehlala e meraro e hlalosang sena.
-
-
Ho Lahleheloa ke ThepaTsoha!—2014 | July
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | HA TLOKOTSI E HLAHA—KAMOO U KA E MAMELLANG KATENG
Ho Lahleheloa ke Thepa
Ka Labohlano la la 11 March, 2011, tšisinyeho ea lefatše ea boholo ba 9,0 e ile ea otla Japane ’me ea bolaea batho ba fetang 15 000, ea ba ea senya thepa e etsang libilione tse 2 000 tsa liranta. Ha Kei ea lilemo li 32 a ne a hlokomelisoa hore tsunami e tseleng, o ile a fumana sebaka se phahameng sa ho itšireletsa. O re, “letsatsi le hlahlamang ke ile ka khutlela hae ke il’o lata lintho tseo nka li fumanang, eaba ke fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hohotsoe ke leoatle, ho akarelletsa le ntlo ea ka. Ntho e neng e setse e ne e le motheo oa ntlo feela.
“Ho ile ha nkuka nako hore ke amohele hore ke lahlehetsoe ke sohle seo ke neng ke e-na le sona. Ho ne ho se na letho—koloi ea ka; lik’homphieutha tse neng ke sebetsa ka tsona; litafole, litulo le sofa eo ke neng ke e sebelisa ha ke e-na le baeti; piano, katara, ukulele le lekolilo la ka; thepa ea ka ea lienke tsa ho taka litšoantšo, oli le lithupa tsa ho taka; thepa eohle ea ka ea ho penta le litšoantšo.”
HO MAMELLA TLOKOTSI
Leka ho nahana ka lintho tseo u ntseng u e-na le tsona ho e-na le tse lahlehileng. Bibele e re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Kei o hopola seo a ileng a se etsa: O re, “qalong ke ile ka etsa lethathamo la lintho tseo ke li hlokang, empa seo se ile sa nkhopotsa feela ka lintho tsohle tse ileng le metsi. Ke ile ka etsa qeto ea ho ngola feela lintho tseo ke li hlokang e le kannete ’me ke ne ke lula ke kenyelletsa tse ling ha ke li hloka. Lethathamo leo le ile la nthusa ho tsosolosa bophelo ba ka.”
Ho e-na le ho lula u nahana ka uena feela, sebelisa phihlelo ea hao bakeng sa ho tšelisa ba bang. Kei o re, “ke ile ka thusoa haholo ke letšolo la mesebetsi ea liphallelo le metsoalle, empa ha ke ntse ke tloaela ho fuoa lintho, ke ne ke ikutloa ke le mosesaane. Eaba ke hopola mantsoe a Bibele a ho Liketso 20:35 a reng, ‘ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.’ Kaha ke ne ke se na letho leo nka fanang ka lona, ke ile ka qala ho khothatsa batho ba bang ba anngoeng ke koluoa ena. Ho bontša mosa ka tsela ena ho ile ha nthusa haholo.”
Rapela Molimo hore a u fe bohlale ba hore u sebetsane le maemo a hao. Kei o ne a tšepa mantsoe a kholisang a Bibele a bontšang hore Molimo o tla “retelehela thapelong ea ba nketsoeng ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” (Pesaleme ea 102:17) U ka etsa se tšoanang.
Na u ne u tseba? Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho tla ba le nako eo ho seng motho ea tla tšoenyeha ka ho lahleheloa ke letho ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho.a—Esaia 65:21-23.
a E le ho ithuta hore na morero oa Molimo ke ofe ka lefatše, sheba khaolo ea 3 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
-
-
Ho Fokolloa ke BopheloTsoha!—2014 | July
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | HA TLOKOTSI E HLAHA—KAMOO U KA E MAMELLANG KATENG
Ho Fokolloa ke Bophelo
Mabel oa Argentina, o ne a phela hantle ’me a sebetsa e le setsebi sa ho silila ’mele. Ka 2007, o ile a qala ho utloa a khathetse ka tsela e sa tloaelehang le ho tšoaroa ke hlooho e bohloko letsatsi le leng le le leng. O re, “ke ile ka ea lingakeng tse ngata ’me ka sebelisa meriana e fapa-fapaneng, empa ha hoa ka ha thusa.” Qetellong, Mable o ile a isoa mochineng oa MRI o skenang ’me ha bonahala hore o na le hlahala bokong. O re: “Ke ne ke hloletsoe! Ke ne ke sa lumele hore ke na le lefu le sehlōhō hakana ka hare ho ’na.
“Ho ntse ho le joalo, ke ne ke ntse ke sa utloisise hantle hore na boemo ba ka bo tebile hakae ho fihlela ke lokela ho etsa opereishene. Ha ke phaphama phaposing ea batho ba kulang haholo, ke ne ke sa khone ho sisinyeha. Ke ne ke lula ke shebile marulelong feela. Pele ke etsa opereishene ke ne ke le sehlahlo ke bile ke ikemetse. Kapele feela ke ne ke se ke sa khone ho etsa letho. Ke qetile matsatsi ’ohle a ha ke le ka phaposing ea batho ba kulang haholo ke ferekane ke lula ke mametse thepa ea lingaka e lerata, lialamo tsa tšohanyetso le ho sareloa ha bakuli ba bang. Ke ne ke utloa eka ke potolohiloe ke bohloko le ho sareloa.”
“Hona joale, ke folile ho isa boholeng bo itseng. Ke khona ho tsamaea ke sa tšehetsoa esita le ho ea kantle ke le mong ka linako tse ling. Empa ke haelloa ke pono ’me le mesifa ea ka ha e sebetse hantle.”
HO MAMELLA TLOKOTSI
Lula u khobile matšoafo. Bibele ho Liproverbia 17:22 e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” Mabel oa hopola: “Ha ke ntse ke ikoka, ke ile ka tobana le mathata a tšoanang le ao bakuli ba ka ba neng ba tobana le ’ona. Ho ne ho le bohloko ha ke ntse ke ikoetlisa ’me ka linako tse ling ke ne ke nahana ho tlohela. Ke ile ka tlameha ho tiisetsa hobane ke ne ke tseba hore qetellong ho tla ntsoela molemo.”
Ho hlokahala hore u be le tšepo e le hore u mamelle. Mabel o re, “ke ne ke ithutile ka Bibeleng hore na ke hobane’ng ha litlokotsi li hlaha. Empa ke ne ke boetse ke tseba hore ha letsatsi le leng le le leng le feta, re ntse re atamela haufi le nako eo ka eona bohloko bo tla beng bo le sieo.”a
Hopola hore Molimo o amehile ka uena. (1 Petrose 5:7) Mabel o hopola hore na seo se mo thusitse joang, o re: “Ha ba ne ba nkisa kamoo ke il’o buuoa kateng ke ile ka hlokomela hore mantsoe a Molimo a ho Esaia 41:10 ke ’nete, a reng: ‘U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena.’ Ke ile ka utloa ke e-na le khotso, kaha ke ne ke tseba hore Jehova Molimo ua tsotella hore na ho etsahala’ng ka ’na.”
Na u ne u tseba? Bibele e ruta hore nako ea tla eo ka eona moloko oa batho o ke keng oa hlola o kula.—Esaia 33:24; 35:5, 6.
a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 11 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
-
-
Ho Lahleheloa ke eo U mo RatangTsoha!—2014 | July
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | HA TLOKOTSI E HLAHA—KAMOO U KA E MAMELLANG KATENG
Ho Lahlehelo ke eo U mo Ratang
Ronaldo oa Brazil, o ile a ba kotsing ea koloi e ileng ea bolaea litho tse hlano tsa lelapa labo, ho akarelletsa ’mè oa hae le ntate oa hae. O re, “e ne e se e le ka mor’a likhoeli tse peli ke le sepetlele ha ke bolelloa hore ba ile ba hlokahala kotsing eo.
“Qalong, ke ne ke sa lumele hore ba hlokahetse. Ho tla joang hore ebe ba hlokahetse kaofela? Eitse ha ke hlokomela hore ba bua ’nete ke ile ka tšoha. Ha ke e-s’o ka ke utloa bohloko hakaalo. Matsatsing a latelang, ke ne ke utloa eka ha ho na molemo oa hore ke phele ntle ho bona. Ke ile ka qeta likhoeli ke ntse ke lla letsatsi le leng le le leng! Ke ne ke ipeha molato ka hore ebe ke ile ka lumella motho e mong hore a khanne. Hoja e ne e le ’na ea khannang, ba ka be ba ntse ba phela.”
“Ho se ho fetile lilemo tse leshome le metso e tšeletseng ’me lintho li se li khutletse malulong. Leha ho le joalo, lefu la bona le siile lekhalo bophelong ba ka leo ho seng motho ea tla ke a le koale.”
HO MAMELLA TLOKOTSI
E ba le nako ea ho siama. Bibele e re ho na le “nako ea ho lla.” (Moeklesia 3:1, 4) Ronaldo o re: “Neng le neng ha ho ne hore ke lle, ke ne ke etsa joalo. Ho ne ho se na thuso ea ho thiba likhapha ’me ke ne ke imoloha ka mor’a moo.” ’Nete ke hore batho ba siama ka litsela tse fapaneng. Kahoo haeba u sa siame ka tsela e bonahalang, sena hase bolele hore u bipelitse maikutlo kapa u lokela ho iqobella ho ntša likhapha.
Qoba ho itšehla thajana. (Liproverbia 18:1) Ronaldo o re, “ke ile ka leka ho qoba tšekamelo ea ho se batle ho ba har’a batho. Batho ba ne ba nketela ’me ke ne ke ba amohela. Ke ne ke boetse ke tšollela maikutlo a ka ho mosali oa ka le metsoalle e haufi.”
Lula u khobile matšoafo ha motho e mong a bua mantsoe a hlabang. A ka ’na a akarelletsa mantsoe a kang “Ho ne ho le molemo.” Ronaldo oa hopola, “Mantsoe a mang a neng a reretsoe ho ntšelisa a ne a le bohloko.” Ho e-na le ho lula u nahana ka mantsoe a hlabang, latela keletso e bohlale ea Bibele e reng: “U se ke ua tebisetsa pelong mantsoe ’ohle ao batho ba ka a buang.”—Moeklesia 7:21.
Ithute ’nete mabapi le boemo ba bafu. Ronaldo o re: “Ho Moeklesia 9:5, Bibele e bontša hore bafu ha ba utloe bohloko ’me ho tseba ’nete eo ho etsa hore ke be le khotso. Bibele e boetse e ruta hore ho tla ba le tsoho ea bafu ’me ba tla phela hape. Kahoo ke nahana ka baratuoa ba ka ba hlokahetseng joalokaha eka ba nkile leeto.”—Liketso 24:15.
Na u ne u tseba? Bibele e tšepisa hore nako ea tla eo Molimo a “tla metsa lefu ka ho sa feleng.”a—Esaia 25:8.
a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 7 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
-