-
Bamameli ba Khothalitsoe le ho MatlafatsoaRua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
-
-
oa ba tsotella le hore ka sebele o tla ba thusa ho hlōla liteko leha e le life tseo ba talimanang le tsona hona joale.—Esa. 41:10, 13; 1 Pet. 5:7.
Thabela Seo Molimo a se Etsang Hona Joale. Ha u batla ho khothatsa barab’eno, ba hlokomelise ka seo Jehova a se etsang hona joale. Ho bua ka lintho tsena ka tsela e bontšang hore ua li thabela ho tla tsosa maikutlo a tšoanang lipelong tsa bamameli ba hao.
Nahana kamoo Jehova a re thusang kateng ho thulana le likhatello tsa bophelo ka katleho. O re bontša tsela e molemohali ea ho phela. (Esa. 30:21) O hlalosa mabaka a ho ba teng ha bonokoane, ho hloka toka, bofutsana, ho kula le lefu ’me o re bolella kamoo a tla felisa lintho tsena kateng. O re lika-likelitse ka lerato la bara ba motho. O re fa tokelo ea bohlokoa ea thapelo. O re fa tokelo ea ho ba Lipaki tsa hae. O re senolela hore Kreste o se a behiloe teroneng maholimong le hore matsatsi a ho qetela a tsamaiso ea khale ea lintho a se a fela ka potlako.—Tšen. 12:1-12.
Ho phaella litlhohonolofatsong tseo re na le liboka tsa rōna tsa phutheho, likopano tse nyenyane le tse khōlō. Ha u bua ka litokisetso tsena ka tsela e bontšang hore u li ananela e le kannete, u tla matlafatsa ba bang hore ba ikemisetse hore ba se ke ba hlokomoloha ho kopana le barab’abo bona.—Baheb. 10:23-25.
Litlaleho tse fanang ka bopaki ba hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba rōna tšebeletsong ea tšimo le tsona lia re matlafatsa. Lekholong la pele la lilemo ha Pauluse le Barnabase ba ne ba le tseleng e eang Jerusalema, ba ile ba tlisetsa “barab’abo rōna bohle thabo e khōlō” ka ho bua ka ho qaqileng ka ho sokoloha ha batho ba lichaba. (Lik. 15:3) Le uena u ka tlisetsa barab’abo rōna thabo ka ho arolelana le bona liphihlelo tse hahang.
Ho tla ba le khothatso e eketsehileng ha batho ba thusoa ho bona molemo oa seo ba se etsang. Ba babatse ka ho kopanela ha bona tšebeletsong ea Bokreste. Babatsa bao mosebetsi oa bona o khinnoeng haholo ke botsofali le ho kula empa ba mameletse ka botšepehi. Ba hopotse hore Jehova ha a lebale lerato leo ba le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae. (Baheb. 6:10) Tumelo e pakiloeng tlas’a teko ke letlotlo la bohlokoahali. (1 Pet. 1:6, 7) Barab’abo rōna ba hloka ho hopotsoa sena.
Bua ka Mafolofolo ka Tšepo e Larileng ka Pele. Litšepiso tse hlasimollang tsa lintho tse tlang ke khothatso e khōlō ho bohle ba ratang Molimo. Mohlomong ba bangata har’a bamameli ba hao ba ’nile ba utloa mantsoe ana ka makhetlo-khetlo. Empa ka kananelo eo u e bontšang ha u bua ka litšepiso tsena, u ka etsa hore li phele, ua etsa hore ba be le tšepo ea hore li tla phethahala le ho etsa hore lipelo tsa bona li khaphatsehe liteboho. Ho sebelisa seo u ithutileng sona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ho ka u thusa ho etsa joalo.
Jehova ke Mofani e Moholo oa Khothatso le Monehi-matla bakeng sa batho ba hae. Leha ho le joalo, u ka sebelisana le eena ho fetisa litlhohonolofatso tse joalo. Ha u bua le phutheho, sebelisa hamolemo monyetla oa ho etsa joalo.
-
-
U ’Ne U Hatele PeleRua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
-
-
U ’Ne U Hatele Pele
NA UENA ka bouena u sebelelitse ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe ea keletso e leng lenaneong lee la sekolo? Hape na u qetile boitlhakiso bo buelletsoeng? Na u sebelisa ntlha e ’ngoe le e ’ngoe ha u fana ka lipuo, ebang ke sekolong kapa libokeng tse ling le ha u kopanetse tšebeletsong ea tšimo?
Tsoela pele ho rua molemo thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae u fana ka lipuo, ho na le likarolo tseo u ka etsang khatelo-pele e eketsehileng ho tsona.
-