-
Bamameli ba Khothalitsoe le ho MatlafatsoaRua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
-
-
Molimo. Mohlomong ba bangata har’a bamameli ba hao ba ’nile ba utloa mantsoe ana ka makhetlo-khetlo. Empa ka kananelo eo u e bontšang ha u bua ka litšepiso tsena, u ka etsa hore li phele, ua etsa hore ba be le tšepo ea hore li tla phethahala le ho etsa hore lipelo tsa bona li khaphatsehe liteboho. Ho sebelisa seo u ithutileng sona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ho ka u thusa ho etsa joalo.
Jehova ke Mofani e Moholo oa Khothatso le Monehi-matla bakeng sa batho ba hae. Leha ho le joalo, u ka sebelisana le eena ho fetisa litlhohonolofatso tse joalo. Ha u bua le phutheho, sebelisa hamolemo monyetla oa ho etsa joalo.
-
-
U ’Ne U Hatele PeleRua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
-
-
U ’Ne U Hatele Pele
NA UENA ka bouena u sebelelitse ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe ea keletso e leng lenaneong lee la sekolo? Hape na u qetile boitlhakiso bo buelletsoeng? Na u sebelisa ntlha e ’ngoe le e ’ngoe ha u fana ka lipuo, ebang ke sekolong kapa libokeng tse ling le ha u kopanetse tšebeletsong ea tšimo?
Tsoela pele ho rua molemo thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae u fana ka lipuo, ho na le likarolo tseo u ka etsang khatelo-pele e eketsehileng ho tsona.
-