Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jr khao. 15 maq. 182-192
  • “Nke ke ka Khutsa”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Nke ke ka Khutsa”
  • Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TSOELA PELE LEHA BATHO BA SA THAHASELLE MOLAETSA
  • BAHANYETSI BA KE KE BA RE NTŠA KOTSI E KE KENG EA ETSOLLOA
  • “U SE KE UA TŠOHA”
  • MANTSOE A NGOLETSOENG UENA
  • “U ba Bolelle Lentsoe Lena”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • U Tla Khetha Metsoalle ea Mofuta Ofe?
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • “Ke Tla Khotsofatsa Moea o Khathetseng”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • “Ke Kentse Mantsoe a ka Molomong oa Hao”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
jr khao. 15 maq. 182-192

Khaolo ea Leshome le Metso e Mehlano

“Nke ke ka Khutsa”

1. Ke hobane’ng ha Jeremia le baprofeta ba bang ba Jehova ba sa ka ba khutsa?

“UTLOANG lentsoe la Jehova.” Mantsoe ao a ne a utloahala literateng le mapatlelong a Jerusalema ho tloha ka 647 B.C.E. Moprofeta oa Molimo ha aa ka a tela. Esita leha motse o ne o timetsoa lilemo tse 40 hamorao, o ile a pheta keletso eo. (Jer. 2:4; 42:15) Molimo ea Matla ’Ohle o ile a romela baprofeta ho tiisa hore Bajuda ba ne ba ka utloa keletso ea Hae ’me ba baka. Joalokaha ho bontšitsoe qalong ea buka ena, Jeremia o ne a ikhetha har’a batho bao e neng e le babuelli ba Molimo. Ha Molimo a ne a roma Jeremia, O ile a re ho eena: ‘U lokela ho ema ’me u ba bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laelang eona. U se ke ua tšoha.’ (Jer. 1:17) Mosebetsi oo o ne o hloka boikitlaetso. Jeremia o ile a utloa bohloko ’meleng le maikutlong, empa ho sa tsotellehe liteko tseo, o ile a tlameha ho phetha mosebetsi oo a neng a o filoe. O ile a re: “Pelo ea ka e morusu ka hare ho ’na. Nke ke ka khutsa.”—Jer. 4:19.

2, 3. (a) Barutuoa ba Jesu ba ile ba etsisa Jeremia joang? (b) Ke hobane’ng ha u lokela ho latela mohlala oa Jeremia?

2 Tsela eo Jeremia a ileng a phetha mosebetsi oa hae oa boprofeta ka eona, e ile ea behela bahlanka ba Jehova ba ka moso mohlala. (Jak. 5:10) Nakoana ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., baeta-pele ba Bajuda ba ile ba tšoara moapostola Petrose le moapostola Johanne, ba ba laela hore ba khaotse ho bolela. U ’nile ua bala karabo ea bona. “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:19, 20) Ka mor’a hore ba ba tšose ka hore nakong e tlang ba ne ba tla ba etsa ha e phetoe, baeta-pele bao ba ile ba lokolla Petrose le Johanne hore ba tsamaee. Ua tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo. Banna bao ba tšepahalang ba ne ba ke ke ba khaotsa ho bolela, ’me ha baa ka ba khaotsa.

3 Na ua hlokomela hore na mantsoe a Petrose le Johanne a tlalehiloeng ho Liketso 4:20 a bontša cheseho eo Jeremia a neng a e-na le eona joang? Kaha u mohlanka oa Jehova Molimo matsatsing ana a bohlokoa a ho qetela, na le uena monahanong oa hao u na le boikemisetso bo tšoanang ba ho re: “Nke ke ka khutsa”? A re ke re boneng hore na re ka lula re e-na le matla a kang a Jeremia joang a hore re tsoele pele re bolela litaba tse molemo ho sa tsotellehe maemo a ntseng a mpefala ao re phelang har’a ’ona.

TSOELA PELE LEHA BATHO BA SA THAHASELLE MOLAETSA

4. Ke maikutlo afe a neng a atile Jerusalema ea boholo-holo?

4 Na u kholisehile hore tšepiso ea Molimo ea hore o tla re tlisetsa bokamoso bo babatsehang pusong ea Mora oa hae, ke litaba tse molemo ka ho fetisisa tseo batho ba ka li utloang? Leha ho le joalo, batho ba bangata kajeno ba bua se kileng sa buuoa ke Bajuda ba bang ba mehleng ea Jeremia ba ileng ba re: “Mabapi le lentsoe leo u re boleletseng lona ka lebitso la Jehova, ha re u mamele.” (Jer. 29:19; 44:16) Hangata Jeremia o ne a utloa mantsoe a joalo. Ho joalo le ka bahlanka ba Jehova kajeno kaha batho ba bangata ba re, “Ha ke thahaselle.” Kaha batho ba bangata ha ba thahaselle molaetsa, seo se ka etsa hore baboleli ba ’Muso ba felloe ke cheseho. Haeba sena ke sona se etsahalang tšimong ea heno, kapa se etsahalang ho batho ba bang phuthehong ea heno kapa mohlomong ho uena, ke sefe se ka etsoang?

5. (a) Jeremia o ile a etsa’ng ha batho ba ne ba bontša hore ha ba thahaselle molaetsa? (b) Ke hobane’ng ha batho ba sa thahaselleng litaba tse molemo ba le kotsing e khōlō?

5 Nahana hore na Jeremia o ile a ba le monahano ofe har’a batho ba Juda bao boholo ba bona ba neng ba sa thahaselle molaetsa. Ha Jeremia a ne a qala mosebetsi oa hae, Jehova o ile a mo bontša esale pele kahlolo ea Molimo e neng e tla tla. (Bala Jeremia 4:23-26.) Kahoo, moprofeta Jeremia o ile a hlokomela hore bophelo ba batho ba likete bo ne bo itšetlehile ka hore ba utloe mantsoe ao a neng a tla a bolela ’me ba nke khato ka ’ona. Kajeno, batho ba boemong bo tšoanang, ho akarelletsa le ba tšimong ea heno. Mabapi le “letsatsi leo,” leo ka lona Molimo a tla ahlola lefatše la kajeno le khopo, Jesu o ile a re: “Le tla tla holim’a bohle ba lulang holim’a lefatše lohle. Joale, le lule le falimehile ka nako eohle le etsa thapeli e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho.” (Luka 21:34-36) Ka lebaka la mantsoe ana a Jesu, u ka fihlela qeto ea hore batho ba sa amoheleng litaba tse molemo ba kotsing e khōlō.

MOTHO EA NENG A SA THAHASELLE MOLAETSA A KA QETELLA A O THAHASELLA

Mosali e mong oa New Zealand o ile a bolela hore ho ne ho se mohla a kileng a mamela Lipaki, empa a re joale o se a thabela ho li mamela. Bekeng eona eo o ne a ile a ea lepatong la Paki, hobane monna oa hae o ne a sebetsa le monna oa morali’abo rōna ea neng a hlokahetse. Mosali eo o ile a hlokomela hore batho ba bangata ba neng ba tlile lepatong ba ne ba bua le monna oa mofu ho mo khothatsa. Hape o ile a bolela hore tlhaloso ea Bibele e hlakileng ka tšepo ea rōna ea tsoho e ne e utloahala.

Mosali eo o ile a hlalosa hore o ne a koetlisa baoki ba sebetsang mahaeng a batho ba kulang haholo, ba hlokomelang batho ba makhatheng a lefu. Ka lebaka la ho ba lepatong leo, o ile a khothalletsa liithuti tsa hae hore li ee mapatong a tsamaisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Hobane’ng? O ile a bolella Lipaki tse neng li mo etetse hore o ile a bolella liithuti tsa hae hore Lipaki li bua ’nete ha li hlalosa hore na boemo ba bafu ke bofe li bile li fana ka tšepo e khothatsang ka bokamoso. O ne a lumela hore baoki bao ba ne ba ka sebelisa lintlha tseo tse peli ho khothatsa bakuli ba bona.

Ho hlakile hore taba ea hore batho ha baa ka ba thahasella molaetsa ka nako e telele, ha e bolele hore Jehova a ke ke a ‘ba fa pelo ea ho mo tseba.’ (Jer. 24:7) Batho ba tšimong ea heno ba sa kang ba thahasella molaetsa ba ka ’na ba qetella ba o thahasella.

6. Ke hobane’ng ha u lokela ho tsoela pele u bolela, esita le ho batho ba nang le thahasello e fokolang molaetseng oo u o bolelang?

6 Leha ho le joalo, batho ba neng ba sa thahaselle molaetsa, empa joale ba se ba o mamela ba bile ba etsa seo lentsoe la Jehova leo re ba bolellang lona le reng ba se etse, ba tla rua molemo o moholo. Molimo o re fa monyetla oa hore re pholohe timetso re tle re kene lefatšeng la hae le lecha. Ka litsela tse itseng, ho ne ho le joalo le boboleling ba Jeremia. Baahi ba Juda ba ne ba ka pholoha. (Bala Jeremia 26:2, 3.) E le hore Jeremia a ba thuse, o ile a qeta lilemo tse mashome a ntse a ba phehella hore ba ‘mamele ’me ba khutle,’ hore ba mamele lentsoe la Molimo oa ’nete. Ha re tsebe hore na ke batho ba bakae ba ileng ba baka ’me ba fetola tsela eo ba neng ba phela ka eona, ka lebaka la bopaki boo moprofeta Jeremia a ileng a fana ka bona. Empa ba bang ba ile ba etsa joalo ’me ho na le ba bangata ba etsang joalo le mehleng ena ea rōna. Ha re ntse re tsoela pele re bolela litaba tse molemo, hangata re utloa ka batho bao pele ba neng ba sa thahaselle molaetsa empa hamorao ba ile ba o amohela. (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Motho ea Neng a sa Thahaselle Molaetsa a ka Qetella a o Thahasella,” le leqepheng la 184.) Na leo hase lebaka le leng la hore re lule re le mafolofolo mosebetsing oa rōna oa boboleli ba litaba tse molemo o pholosang bophelo?

Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho bolela litaba tse molemo ho sa tsotellehe hore na u kopana le batho ba sa thahaselleng molaetsa hakae?

BAHANYETSI BA KE KE BA RE NTŠA KOTSI E KE KENG EA ETSOLLOA

7. Lira li ile tsa leka ho felisa mosebetsi oa Jeremia oa boprofeta joang?

7 Ntho e ’ngoe e hlollang ka tšebeletso ea Jeremia ke hore na bahanyetsi ba ile ba leka ka makhetlo a mangata hakae ho mo felisa hammoho le ho felisa mosebetsi oa hae. Baprofeta ba bohata ba ne ba mo hanyetsa phatlalatsa. (Jer. 14:13-16) Ha Jeremia a ne a tsamaea literateng tsa Jerusalema, batho ba neng ba eme matlotlosia ba ne ba mo nyefola ba bile ba mo soma. (Jer. 15:10) Ba bang ba lira tsa hae ba ile ba leka litsela tse ling tsa ho mo tlosa seriti. (Jer. 18:18) Ba bang ba ile ba kena letšolong la ho mo senya lebitso ho etsa hore batho ba lipelo li ntle ba se ke ba mamela linnete tsa Molimo tseo Jeremia a neng a li phatlalatsa. (Lillo 3:61, 62) Na Jeremia o ile a tela? Ho e-na le hoo, o ile a tsoela pele a bolela molaetsa. O ile a khona ho etsa see joang?

8. Ha bahanyetsi ba ne ba mo hanyetsa ka matla, Jeremia o ile a etsa’ng?

8 Sebetsa se ka sehloohong seo Jeremia a neng a loantša khanyetso eohle ka sona e ne e le ho tšepa Jehova. Qalong ea tšebeletso ea Jeremia, Molimo o ile a mo bolella hore O ne a tla mo matlafatsa a be a mo sireletse. (Bala Jeremia 1:18, 19.) Jeremia o ne a tšepile tšepiso eo ’me Jehova ha aa ka a mo phoqa. Ha bahanyetsi ba ne ba mo hanyetsa ka matla ’me ba mo tšoara ka thata le ho feta, o ile a betefala le ho feta ’me le mamello ea hae ea matlafala. Hlokomela hore na litšobotsi tseo li ile tsa mo thusa hakae.

9, 10. Ke liketsahalo life bophelong ba Jeremia tse lokelang ho u khothatsa hore u be sebete?

9 Ka lekhetlo le leng, baprista hammoho le baprofeta ba marabele, ba ile ba isa Jeremia ka pele ho likhosana tsa Juda hore a bolaoe. Na litšoso tsa bona li ile tsa tšosa Jeremia hoo e ileng eaba ha a sa bolela? Che. Seo a ileng a se bua se ile sa bontša ka ho hlaka hore seo bakoenehi bao ba neng ba se bua, e ne e se ’nete ’me seo se ile sa pholosa bophelo ba hae.—Bala Jeremia 26:11-16; Luka 21:12-15.

10 Hopola hore ka mor’a hore mohlanka oa tempele ea bitsoang Pashkure a mamele molaetsa o matla oa moprofeta Jeremia, o ile a mo kenya metšoasong. E tlameha ebe Pashkure o ne a ile a fihlela qeto ea hore sena se ne se tla utloisa Jeremia bohloko hoo a neng a ke ke a hlola a bua. Kahoo, letsatsing le latelang Pashkure o ile a mo tlohela hore a tsamaee. Empa le hoja ho totobetse hore Jeremia o ne a utloile bohloko ka lebaka la ho hlokofatsoa ho joalo, o ile a bua le Pashkure ka ho toba, a mo bolella molaetsa oa kahlolo eo Jehova a neng a tla mo tlisetsa eona. Ka sebele, esita le ho hlokofatsoa ha hoa ka ha khutsisa Jeremia! (Jer. 20:1-6) Hobane’ng? Jeremia ka boeena o re bolella lebaka: “Jehova o ne a e-na le ’na joaloka senatla se tšabehang. Ke ka lebaka leo ba ntlhorisang ba tla khoptjoa ’me ba se ke ba hlōla.” (Jer. 20:11) Esita leha a ne a hlorisoa ke bahanyetsi ba mabifi, Jeremia ha aa ka a tšoha. O ne a e-na le tšepo e tiileng ho Jehova ’me le uena u ka ba le eona.

11, 12. (a) Jeremia o ile a bontša joang hore o hlokolosi ha Hanania a ne a mo hanyetsa? (b) Re ka rua molemo ofe ka hore re lule re “ithibile bobeng”?

11 Re lokela ho hopola hore Jeremia e ne e se motho ea chesehang ho tlōla. Ha a ne a sebetsana le bahanyetsi o ne a e-ba hlokolosi. O ne a tseba hore na o ne a lokela ho tsamaea ha ho le joang. Ka mohlala, nahana ka se etsahetseng pakeng tsa hae le Hanania. Ka mor’a hore moprofeta eo oa bohata a hanyetse lentsoe la Jehova la boprofeta phatlalatsa, Jeremia o ile a mo khalemela a ba a hlalosa hore na batho ba ka tseba moprofeta oa ’nete joang. Jeremia o ne a nkile joko ea lehong e neng e tšoantšetsa ho ba tlas’a joko ea Babylona; Hanania o ile a ba mabifi eaba o roba joko eo. Ke mang ea neng a ka tseba hore na ka mor’a moo Hanania o ne a tla etsa’ng? Kahoo, Jeremia o ile a etsa’ng? Re bala sena: “Moprofeta Jeremia a tsamaea.” Jeremia o ile a tloha sebakeng seo. Hamorao, Jehova o ile a mo tataisa hore a khutlele sebakeng seo, ’me o ile a bolella Hanania hore na ke sefe seo Molimo a neng a tla se tlisa—e leng hore morena oa Babylona o ne a tla isa Bajuda botlamuoeng le hore Hanania eena o ne a tla shoa.—Jer. 28:1-17.

12 Ho latela tlaleho ena e bululetsoeng, ho hlakile hore ha re etsa mosebetsi oa boboleli re lokela ho ba sebete hape re be hlokolosi. Haeba lelapeng le leng motho a sa batle ha re mo behela mabaka ka Mangolo ’me a e-ba mabifi, mohlomong a bile a re bontša mahlo a ntoa, re lokela ho kōpa tšoarelo ’me ka moea o motle re tlohe moo re ee ntlong e ’ngoe. Ha ho hlokahale hore re phehe khang le mang kapa mang ka litaba tse molemo tsa ’Muso. Ha re lula re “ithibile bobeng,” re etsa hore ho be le monyetla oa hore re tle re thuse mong’a ntlo ka letsatsi le leng ha ho loketse.—Bala 2 Timothea 2:23-25; Liprov. 17:14.

Ke hobane’ng ha ho tšepa Jehova e le habohlokoa hakaale ha re bolela litaba tse molemo? Ke hobane’ng ha re lokela ho ba sebete empa re boetse re le hlokolosi?

“U SE KE UA TŠOHA”

13. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re ho Jeremia: “U se ke ua tšoha,” hona ke hobane’ng ha re lokela ho tšohla taba ee?

13 Barapeli ba ’nete ba ile ba angoa ke maemo a mabe a neng a rena Jerusalema pele e timetsoa ka 607 B.C.E. Kahoo, u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a re ho Jeremia: “U se ke ua tšoha.” (Jer. 1:8; Lillo 3:57) Jehova o ile a boela a re a bolelle batho ba habo ’ona mantsoe ao a khothatsang. (Bala Jeremia 46:27.) Re ithuta’ng ho see? Mehleng ena ea bofelo e kotsi, ka linako tse ling re ka ’na ra tšoha. Linakong tse joalo, na re tla mamela Jehova, eo ha e le hantle a re bolellang sena: “U se ke ua tšoha”? Pejana bukeng ena, re ile ra tšohla hore na Molimo o ile a matlafatsa Jeremia joang nakong eo e neng e tšosa e le kannete. A re ke re hlahlobeng ka bokhutšoanyane hore na ke sefe se ileng sa etsahala, e le hore re bone hore na re ka ithuta’ng ho sona.

14, 15. (a) Jeremia o ile a iphumana a le boemong bofe bo kotsi? (b) Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho sireletsa Jeremia joang?

14 Ha Bababylona ba ntse ba matlafatsa thibella eo ba neng ba e etselitse Jerusalema, batho ba ile ba lapa. Ho e-s’o ee kae ba bangata ba ile ba felloa ke lijo. (Jer. 37:21) Ho phaella tlaleng e neng e mo bolaea, Jeremia o ne a qabeletsoe sebakeng seo a neng a ka ’na a shoela ho sona. Likhosana tsa Juda li ne li hokahokile Morena Tsedekia eo e neng e le nkhate-ke-hlaname hore a lumellane le tsona. Ka mor’a moo, li ile tsa akhela Jeremia ka lemeneng le tebileng. Le ne le se na metsi, empa le ne le e-na le seretse se sengata. Ha Jeremia a qala ho tetebela, o ile a bona hore ho ne ho se tsela eo a neng a ka ipholosa ka eona. Haeba e ne e le uena ea neng a le boemong boo, na u ne u ke ke ua tšoha?—Jer. 38:4-6.

15 Le hoja e ne e le motho joaloka rōna, Jeremia o ne a tšepile lentsoe la Jehova la hore O ne a ke ke a mo lahla. (Bala Jeremia 15:20, 21.) Na Jehova o ile a mo putsa ka lebaka la tšepo eo? Rea tseba hore ka sebele o ile a etsa joalo. Molimo o ile a susumelletsa Ebede-meleke hore a se ke a mamela likhosana empa a pholose Jeremia. Ka tumello ea morena, Ebede-meleke o ile a ntša moprofeta Jeremia ka lemeneng leo, a mo pholosa lefung kaha a ka be a shoeletse ka lemeneng leo le neng le e-na le seretse.—Jer. 38:7-13.

16. Jehova o ile a pholosa bahlanka ba hae ba tšepahalang likotsing life?

16 Esita leha Jeremia a ne a se a tsoile ka lemeneng, o ne a ntse a le kotsing. Ebede-meleke o ile a etsa thapeli ho morena lebitsong la Jeremia a re: “[O] tla shoela teng ka lebaka la tlala. Etsoe ha ho sa na bohobe motseng.” (Jer. 38:9) Ho ne ho oele tlala ea sekoboto Jerusalema hoo batho ba neng ba se ba fetohile malimo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a boela a kenella ho pholosa moprofeta oa hae. Kahoo, Jeremia o ile a tiisetsa Ebede-meleke hore Jehova o ne a tla mo sireletsa. (Jer. 39:16-18) Jeremia o ne a sa lebala tiisetso ena ea Molimo: “Ke na le uena ho u lopolla.” (Jer. 1:8) Kaha Molimo ea Matla ’Ohle o ne a lebetse banna bao ba babeli ba tšepahalang, ba ne ba ke ke ba felisoa ke lira tsa batho kapa ke tlala. Ba ile ba pholoha lefu motseng oo o neng o tlil’o timetsoa. See se bolela’ng? Jehova o ile a tšepisa hore o ne a tla ba sireletsa ’me o ile a phethahatsa tšepiso eo ea hae.—Jer. 40:1-4.

17. Ke hobane’ng ha u lokela ho tšepa tšepiso ea Jehova ea hore o tla sireletsa bahlanka ba hae?

17 Ho phethahala ha boprofeta ba Jesu bo mabapi le qetello ea tsamaiso ea lintho ha ho cheche empa ho habile sehlohlolong. Haufinyane ho tla ba le “lipontšo letsatsing le khoeling le linaleling, ’me lefatšeng lichaba li tla ba matšoenyehong, li sa tsebe tsela ea ho tsoa ha . . . batho ba ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” (Luka 21:25, 26) Re lokela ho leta e le hore re bone hore na lipontšo tseo e tla ba tsa mofuta ofe le hore na li tla tšosa batho ba bangata hakae. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng, ha ua lokela ho belaela hore na Jehova o na le matla a ho pholosa batho ba hae le hore na o batla ho ba pholosa kapa che. Leha ho le joalo, batho ba sa amoheloeng ke Jehova bona ba tla hlaheloa ke ntho e fapaneng. (Bala Jeremia 8:20; 14:9.) Le haeba ho bonahala eka bahlanka ba hae ba boemong boo ho sa bonahaleng hore na ba tla tsoa ho bona joang, bo kang ho ba tlaase-tlaase ka har’a lemena le mongobo le lefifi, a ka ba pholosa! Mantsoe ana ao Molimo a ileng a a bolella Ebede-meleke a tla phethahala ho batho ba hae: “‘Ruri ke tla u pholosa, ’me u ke ke ua lihuoa ka sabole; ka sebele u tla fumana moea oa hao e le thepa e hapuoeng, kahobane u ntšepile,’ ho bolela Jehova.”—Jer. 39:18.

MANTSOE A NGOLETSOENG UENA

18. (a) Ke mantsoe afe a ileng a fetola bophelo ba Jeremia? (b) Taelo ea Molimo e ho Jeremia 1:7 e bolela’ng ho uena?

18 “U lokela ho ea ho bohle bao ke tla u romela ho bona; ’me u lokela ho bua ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke tla u laela eona.” (Jer. 1:7) Bophelo ba Jeremia bo ile ba fetohela ruri ha a ne a utloa taelo eo e neng e tsoa ho Molimo. Ho tloha ka nako eo, o ne a amehile haholo ka ho phatlalatsa “lentsoe la Jehova.” Poleloana eo e hlaha hangata bukeng ea Jeremia. Khaolong ea ho qetela, Jeremia o bua ka ho haptjoa ha Jerusalema le ho isoa kholehong ha morena oa eona oa ho qetela e leng Tsedekia. Ka sebele, ho fihlela ha liketsahalo li bontša ka ho hlaka hore mosebetsi oa hae o ne o fihlile pheletsong, Jeremia o ile a tsoela pele a ruta le ho eletsa batho ba Juda hore ba mamele Jehova.

19, 20. (a) Ke hobane’ng ha tšebeletso ea Jeremia e u behela mohlala? (b) Mosebetsi oa boboleli o amana joang le ho fumana thabo le khotsofalo? (c) Ho tšohla buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia ho u amme joang?

19 Ho na le lintho tse ngata tseo mosebetsi oa Jeremia o neng o tšoana ka tsona le mosebetsi oa ho bolela phatlalatsa oa Lipaki Tsa Jehova kajeno. Joaloka eena, u sebeletsa Molimo oa ’nete nakong ea kahlolo. Boikarabelo ba hao bo hloka nako ea hao le matla a hao, empa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo ke oona oa bohlokoa ka ho fetisisa tsamaisong ena ea lintho. Ka oona, u tlotlisa lebitso le leholo la Molimo ’me u amohela hore ke eena ea nang le tokelo e feletseng le matla a ho busa e le ’Musi oa Bokahohle. (Bala Lillo Tsa Jeremia 5:19.) U boetse u bontša hore u rata moahelani oa hao ka tsela e ikhethang ka hore u thuse batho ba bang hore ba tsebe Molimo oa ’nete le hore na o batla hore batho ba phele joang.—Jer. 25:3-6.

20 Mabapi le mosebetsi oo Jehova a ileng a mo fa oona, Jeremia o ile a re: “Lentsoe la hao ho ’na e ba thabo e khaphatsehang le ho nyakalla ha pelo ea ka; etsoe ke ’nile ka bitsoa ka lebitso la hao, Jehova Molimo oa mabotho.” (Jer. 15:16) Kajeno, batho bohle bao lipelo tsa bona li ba susumeletsang hore ba buelle Molimo oa ’nete, ba ka ba le thabo le khotsofalo ea mofuta oo. Kahoo, u na le lebaka le letle la hore u tsoele pele u phatlalatsa molaetsa oa Jehova joaloka Jeremia.

Mohlala oa Jeremia le oa Ebede-meleke o ka u thusa joang hore u be sebete? Ke tšobotsi efe ea Jeremia eo u batlang ho e etsisa ha u ntse u etsa mosebetsi oa boboleli?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela