-
Kotsi Eo Batsoali Bohle ba Tšoenyehileng ka EonaTsoha!—2007 | October
-
-
Kotsi Eo Batsoali Bohle ba Tšoenyehileng ka Eona
HEATHER le Scott ke banyalani ba sehlahlo, ba thabileng ba nang le mora ea lilemo li tharo ea bohlale le ea ipheletseng hantle.a Ba hlokomela mora enoa oa bona hantle. Mehleng ea kajeno, ona hase mosebetsi o bobebe. O akarelletsa ho tšoenyeha ka lintho tse ngata le boikarabelo bo boholo. Ho na le lintho tse ngata haholo tseo bana ba lokelang ho li rutoa! Heather le Scott ba amehile haholo ka hore ba phethe boikarabelo bo itseng ka ho khetheha: Ba batla ho sireletsa ngoana oa bona kotsing ea ho hlekefetsoa ka tsa thobalano. Hobane’ng?
Heather o re: “Ntate e ne e se motho ea mosa, o ne a le bohale ’me a e-noa haholo. O ne a nkotla haholo, ’me ’na le banab’eso ba banana a re hlekefetsa ka tsa thobalano.”b Batho ba bangata baa lumela hore ho hlekefetsa ho joalo ho siea maqeba a tebileng maikutlong. Hase feela Heather a ikemiselitseng ho sireletsa mora oa hae! Scott o ikutloa ka tsela e tšoanang tabeng ea ho mo sireletsa.
Batsoali ba bangata ba tšoenyehile ka lebaka la bana ba hlekefetsoang. Mohlomong le uena u tšoenyehile. Ho fapana le Scott le Heather, mohlomong uena ha u e-s’o ka u hlekefetsoa le ho utloa liphello tsa hona, empa ntle ho pelaelo u ’nile ua utloa ka litlaleho tse nyarosang tsa ho ata ha mokhoa ona o nyonyehang. Lefatšeng ho pota, batsoali ba lerato ba nyarosoa ke ho utloa se etsahallang bana sebakeng seo ba lulang ho sona.
Ha ho makatse hore ebe e mong oa bafuputsi tabeng ea bana ba hlekefetsoang ka tsa thobalano o ile a bitsa ho hlekefetsoa hona ho ntseng ho ata ha bana “ntho e nyahamisang ka ho fetisisa e qalang ho bonoa mehleng ena ea rōna.” Ka sebele tsena ke litaba tse sithabetsang, empa na ho ata ha liketso tsee hoa makatsa? Ha ho makatse ba ithutang Bibele. Lentsoe la Molimo le hlalosa hore re phela mehleng e tletseng likhathatso e bitsoang ‘matsatsi a ho qetela,’ mehla e tšoauoang ka ho ata ha batho ba “bohale bo tšosang,” bao e neng e tla ba “baithati,” ’me e be “ba se nang lerato la tlhaho.”—2 Timothea 3:1-5.
Ho hlekefetsoa ka tsa thobalano ke qaka e tšosang. Ka sebele, batsoali ba bang ba sithabela habohloko ha ba nahana bokhopo bo feteletseng ba batho ba tsomang bana e le hore ba ba hlekefetse ka tsa thobalano. Empa na bothata boo bo boholo hoo batsoali ba ke keng ba sebetsana le bona? Kapa na ebe ho na le mehato e sebetsang eo batsoali ba ka e nkang ho sireletsa bana ba bona? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a letotong lena la lihlooho a fetotsoe.
b Ho hlekefetsa ngoana ka tsa thobalano ho etsahala ha motho e moholo a sebelisa ngoana ho khotsofatsa takatso ea ho kopanela liphate. Hangata ho akarelletsa seo Bibele e reng ke bohlola, kapa por·neiʹa, e leng liketso tse akarelletsang ho pholla litho tsa botho, ho kopanela liphate le ho kenya litho tsa botho ka hanong kapa ka morao. Liketso tse ling tsa tlhekefetso—tse kang ho tšoara matsoele, ho bua lintho tse tsoileng tseleng, ho bontša ngoana litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ho ikhotsofatsa ka ho mo sheba a hlobotse, le ho mo bontša litho tsa botho—kaofela ha tsona li ka nkoa e le “boitšoaro bo hlephileng” kapa “ho se hloeke . . . ka meharo,” e leng liketso tseo Bibele e li nyatsang.—Bagalata 5:19-21; Baefese 4:19.
-
-
Kamoo U ka Sireletsang Bana ba HaoTsoha!—2007 | October
-
-
Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
BOHOLO ba rōna ha re batle ho bua haholo ka ho hlekefetsoa ha bana ka tsa thobalano. Batsoali ba halefa haholo ha ba nahana feela ka ketso ena! Leha ho le joalo, tlhekefetso e joalo ea tšosa ’me ke ’nete e utloisang bohloko ea se etsahalang kajeno lefatšeng, ’me e ka ba le liphello tse mpe haholo ho bana. Na taba ee e lokela ho sekasekoa? U ne u ka ikemisetsa ho tela eng hore u sireletse ngoana oa hao? Ruri u ne u tla be u tela ho fokolang feela ha u ithuta ka liketsahalo tse sa thabiseng tsa ho hlekefetsoa ha bana. Ka sebele ho tseba ka seo ho ka etsa phapang e khōlō.
U se ke ua lumella seoa sena sa ho hlekefetsa bana hore se u qete matla a ho tobana le sona. Bonyane uena u na le matla ao ngoana oa hao a se nang ’ona—litšobotsi tseo ngoana oa hao a tla nka lilemo, mohlomong tse mashome, hore a be le tsona. Lilemo tseo u li phetseng li u file tsebo e ngata, phihlelo le bohlale. Hore u atlehe, u lokela ho sebelisa litšobotsi tseo ho sireletsa ngoana oa hao. Re tla tšohla mehato e meraro ea bohlokoa eo motsoali e mong le e mong a lokelang ho e nka. Eona ke e latelang: (1) E-ba oa pele tabeng ea ho sireletsa ngoana oa hao hore a se ke a hlekefetsoa, (2) ruta ngoana oa hao hantle ka se etsahalang bothateng bona, ebe u (3) hlomella ngoana oa hao hore na a itšireletse joang.
Na U ba oa Pele ho Sireletseng Ngoana oa Hao?
Batsoali ke bona ba nang le boikarabelo bo boholo ba ho sireletsa bana hore ba se ke ba hlekefetsoa, hase boikarabelo ba bana. Ka hona, batsoali ba lokela ho rutoa pele ho ka rutoa bana. Haeba u motsoali, ho na le lintho tse ’maloa tseo u lokelang ho li tseba ka ho hlekefetsoa ha bana. U lokela ho tseba hore na ke bo-mang ba hlekefetsang bana le hore na ba sebelisa mekhoa efe. Ka tloaelo batsoali ba nahana hore batho ba hlekefetsang bana ke batho ba sa tsejoeng ba lallang bana mafifing, ba batla litsela tsa ho ba koetela le ho ba beta. Ke ’nete hore linonnori tse joalo li teng. Mecha ea litaba e re bolella ka tsona hangata. Leha ho le joalo, li batla li fokola ka palo. Hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea bana ba hlekefelitsoeng ka tsa thobalano, hangata ba hlekefelitsoe ke motho eo ba mo tsebang le eo ba mo tšepang.
Ke tlhaho hore u se ke ua lumela hore ngoana oa hao a ka nanareloa ke moahelani ea mosa, tichere, ngaka kapa mooki, mokoetlisi kapa mong ka uena. Ha e le hantle batho ba bangata ha ba joalo. Ha ho hlokahale hore u belaelle motho e mong le e mong ea haufi le uena. Empa u ka sireletsa ngoana oa hao ka ho ithuta mekhoa eo motho ea tloaetseng ho hlekefetsa bana a e sebelisang.—Bona lebokose leqepheng la 6.
Ho tseba mekhoa e joalo ho ka u thusa u le motsoali hore e be uena oa pele ea itokiselitseng hantle ho sireletsa ngoana oa hao. Ka mohlala, haeba motho e mong a bonahala a thahasella bana ho feta batho ba baholo, ’me a qolla ngoana oa hao, a mo tšoara ka tsela e khethehileng a bile a mo fa limpho, kapa a ithaopela ho sala le eena kapa ho intša le eena, u tla etsa’ng? Na u tla etsa qeto ea hore motho eo ke mohlekefetsi? Che. U se ke ua potlakela ho etsa qeto. Ho ka etsahala hore ebe motho eo u etsa seo ka pelo e ntle. Leha ho le joalo, seo se ka etsa hore u falimehe. Bibele e re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15.
Hopola hore ntho leha e le efe e bonahalang e le molemo haholo, ehlile e ka ’na eaba e ea belaetsa. Hlahlobisisa motho leha e le ofe ea ithaopelang ho qeta nako a le mong le ngoana oa hao. Tsebisa motho eo hore neng kapa neng u ka hlaha moo ba leng teng ho bona hore na ngoana oa hao o ntse a ea joang. Melissa le Brad bao e leng batsoali ba bashanyana ba banyenyane ba bararo, ba hlokolosi tabeng ea ho siea ngoana a le mong le motho e moholo. Ha mora oa bona e mong a ne a ithuta ’mino lapeng, Melissa o ile a bolella motho ea mo rutang ’mino: “Ha u ntse u le teng, nako le nako ke tla kena ka moo le leng ka teng.” Ho ba hlokolosi joalo ho ka ’na ha utloahala e se e le ho feteletsa taba, empa batsoali bana ba ne ba sa rate ho haha serobe phiri e se e jele.
Thahasella ka hohle-hohle lintho tseo ngoana oa hao a li etsang, metsoalle ea hae le mosebetsi oa hae oa sekolo. Tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka leeto leha e le lefe le lekhutšoaane leo ngoana a tla le nka le ba bang. Setsebi se seng sa mafu a kelello se qetileng lilemo tse 33 se sebetsana le litaba tsa ho hlekefetsa ka tsa thobalano se re ho bile le maemo a mangata ao ho ’ona ngoana a ka beng a sa ka a hlekefetsoa hoja batsoali ba ne ba bile hlokolosi. Se qotsa mantsoe a mohlekefetsi e mong ea fumanoeng a le molato, a reng: “Ha e le hantle batsoali ke bona ba re fang bana ba bona. . . . Ruri ba ile ba etsa hore lintho li be bobebe ho ’na.” Hopola hore bahlekefetsi ba bangata ba rata bana ba ke keng ba ba sokolisa. Batsoali ba thahasellang ka hohle-hohle bophelo ba bana ba bona ba etsa hore ho se ke ha e-ba bonolo hore ba hlekefetsoe.
Tsela e ’ngoe e ka u thusang hore e be uena oa pele ho sireletseng ngoana oa hao ke ka ho mo mamela ka hloko. Ke seoelo bana ba ka buang ka ho toba ka ho hlekefetsoa; ba ba lihlong kapa ba tšaba hore na ba bang ba tla ikutloa joang ha ba utloa seo. Ka hona, mamela ka hloko, esita le tabanyana e poteletseng e ka ’nang ea u hlaha leseling.a Haeba ngoana a bua ntho e u tšoenyang, ka bonolo mo botse lipotso tse ka etsang hore a bue. Haeba a re ha a sa batla hore motho ea itseng a tl’o sala le eena hape, mo botse hore na ke hobane’ng ha a sa batle. Haeba a re motho ea itseng ea moholo o mo bapalisa ka tsela e makatsang, mo botse: “O u bapalisa joang? O etsa’ng?” Haeba a tletleba ka hore motho ea itseng o ile a mo tsikinyetsa, mo botse, “O ne a u tsikinyetsa hokae?” U se ke ua potlakela ho lahlela likarabo tsa ngoana matjoing. Bahlekefetsi ba bolella bana hore ha ho na motho ea tla ba kholoa; ’me hangata seo ke ’nete. ’Me haeba ngoana a hlekefelitsoe, ha motsoali a lumela seo a se buang ’me a mo tšehetsa, seo se mo thusa haholo hore a hlaphoheloe.
Ruta Ngoana oa Hao ka Bothata Bona
Buka e ’ngoe e buang ka ho hlekefetsoa ha bana e qotsa mantsoe a mohlekefetsi e mong ea fumanoeng a le molato, a reng: “Ha ke fumana ngoana ea sa tsebeng letho ka litaba tsa ho kopanela liphate, ke mo hlekefetsa habonolo.” Mantsoe ao a nyarosang ke khopotso e ntle ho batsoali. Bana ba sa tsebeng letho ka taba ea ho kopanela liphate ba thetsoa habonolo ke batho ba hlekefetsang bana. Bibele e re tsebo le bohlale li ka re pholosa “ho motho ea buang lintho tse khelohileng.” (Liproverbia 2:10-12) Na hase eona ntho eo u e batlelang ngoana oa hao? Joale, mohato oa bobeli oa bohlokoa oa ho mo sireletsa ke hore u se ke ua tšaba ho mo ruta ka taba ena ea bohlokoa.
Leha ho le joalo, u ka ba ruta joang? Batsoali ba bangata ba batla ba hlajoa ke lihlong hore ba buisane le bana ka taba e amang ho kopanela liphate. Ngoana oa hao a ka ’na a hlajoa ke lihlong le ho feta, ’me mohlomong a ke ke a qala ho bua le uena ka taba e joalo. Ka hona, nka bohato ba hore u bue ka eona. Melissa o re: “Re ile ra qalella ba sa le banyenyane, ra ba ruta litho tsa ’mele. Re ne re li bitsa ka mabitso a tsona, eseng ka puo ea bana, e le ho ba bontša hore ha ho letho le mohlolo kapa le soabisang ka setho leha e le sefe sa ’mele ea bona.” Ka mor’a moo, ho itlela feela hore u rute bana ka ho hlekefetsoa. Batsoali ba bangata ba bolella bana ka tsela e bonolo feela ea hore litho tsa ’mele tseo ha ba apere liaparo tsa ho sesa li patehang, ke litho tsa botho ’me ke tsa bohlokoa.
Heather ea boletsoeng sehloohong se fetileng o re: “’Na le Scott re ile ra bolella mora oa rōna hore setho sa hae sa botona ke sa bohlokoa, ke sa hae a le mong ’me hase sa ho bapala. Ha ho na motho ea lokelang ho bapala ka sona—esita le rōna re le batsoali ba hae, esita le eona ngaka. Ha re mo isa ngakeng, rea mo hlalosetsa hore ngaka e tlil’o mo hlahloba feela ho etsa bonnete ba hore o ntse a phela hantle, ka hona, e ka ’na ea mo tšoara moo.” Batsoali ka bobeli ba buisana le ngoana ka taba ena nako le nako, ’me ba tiisetsa ngoana oa bona hore neng kapa neng a ka ba bolella haeba ho e-na le motho ea mo tšoarang ka tsela e fosahetseng kapa ea etsang hore a ikutloe a sa lokoloha. Litsebi tabeng ea tlhokomelo ea bana le ho thibela ho hlekefetsoa li khothalletsa batsoali ka bobeli hore ba buisane le bana ba bona ka taba ena.
Ba bangata ba fumane hore buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholob e thusa haholo ho ruteng bana ka taba ena. Khaolo ea 32 e nang le sehlooho se reng, “Kamoo Jesu a Ileng a Sireletsoa Kateng,” e na le molaetsa o tobileng empa e le o khothatsang o buang ka likotsi tsa ho hlekefetsoa ’me o bontša bohlokoa ba hore ba lule ba itširelelitse. Melissa o re: “Buka ena e re file tsela e ntle haholo ea ho hatisa seo re neng re se re se rutile bana ba rōna.”
Lefatšeng lena la kajeno, bana ba lokela ho tseba hore ho na le batho ba batlang ho ba tšoara ka tsela e fosahetseng, kapa ba batlang hore bana ba ba tšoare ka tsela e fosahetseng. Litemoso tsena ha lia lokela ho tšosa bana kapa li etse hore ba se ke ba tšepa motho e mong le e mong e moholo. Heather o re: “Ke feela hore ba tsebe kamoo ba ka itšireletsang kateng. ’Me ke bo bong ba boitsebiso bo bongata boo ba bo fuoang, boo bongata ba bona bo sa amaneng le ho hlekefetsoa. Ha boa tšosa mora oa ka le hanyenyane.”
Ho ruta ngoana oa hao ho lokela ho akarelletsa hore a be le pono e leka-lekaneng ka ho ba ea mamelang. Ho ruta ngoana hore a mamele ke thuto ea bohlokoa le e thata. (Bakolose 3:20) Leha ho le joalo, thuto e joalo e ka feteletsoa. Haeba ngoana a rutoa hore kamehla o lokela ho mamela motho leha e le ofe e moholo, ho sa tsotellehe hore na maemo ke afe, ho ka ba bonolo hore a hlekefetsoe. Bahlekefetsi ba lemoha kapele ha ngoana a batla a lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Batsoali ba bohlale ba ruta bana ba bona hore ho mamela ho na le meeli. Bakeng sa Bakreste, taba ena ha e thata joalokaha e utloahala eka e thata. Ke ho ba bolella feela hore: “Haeba motho leha e le ofe a u bolella hore u etse ntho eo Jehova Molimo a reng e fosahetse, u se ke ua e etsa. Esita le ’na ke le ’mè hao kapa ntate oa hao, le ka mohla ha rea lokela ho u bolella hore u etse ntho eo Jehova a reng e fosahetse. Neng kapa neng ha motho a leka ho etsa hore u etse ntho e fosahetseng, u bolelle rōna batsoali.”
Qetellong, bolella ngoana oa hao hore ha ho na motho ea lokelang ho mo joetsa hore a u patele ntho e itseng. Mo bolelle hore haeba motho a re a u patele ho itseng, o lokela hore kamehla a u bolelle eona. Ho sa tsotellehe hore na o boleletsoe eng—esita le haeba a mo tšositse kapa ngoana ka boeena a entse ntho e fosahetseng—ho lokile hore kamehla a bolelle batsoali ka eona. Litaelo tse joalo ha lia lokela ho tšosa ngoana oa hao. U ka mo tiisetsa hore batho ba bangata ba ke ke ba etsa lintho tse joalo—e leng ho mo tšoara moo ba sa lokelang ho mo tšoara teng, ho mo bolella hore a tlōle molao oa Molimo kapa ho mo joetsa hore a patele batsoali ba hae ho itseng. Ho tšoana le ha motho a rera hore na a ka tsoa le kae haeba mohaho o ka cha, litaelo tsena “empa e le tsa haeba ho ka etsahala” hore ba hlekefetsoe, ’me mohlomong ho ka ’na ha se ke ha etsahala.
Hlomella Ngoana oa Hao Hore na a Itšireletse Joang
Mohato oa boraro oo re tla o tšohla ke oa ho ruta ngoana oa hao hore na a ka nka mehato efe haeba motho a leka ho mo nanarela ha u le sieo. Hangata mokhoa o mong o khothaletsoang ke oa ho mo ruta joalokaha eka lea bapala. Batsoali baa botsa, “U ka etsa’ng haeba . . . ?” ebe ngoana oa araba. U ka ’na ua re, “U ka etsa’ng haeba re lahlehelana ha re le ka lebenkeleng? U ka mphumana joang?” Karabo ea ngoana e ka ’na ea e-ba eo u neng u sa e lebella, empa u ka mo tataisa ka lipotso tse ling, tse kang “U nahana hore ke’ng eo u ka e etsang e ke keng ea u beha kotsing?”
U ka sebelisa lipotso tse tšoanang ho botsa ngoana hore na ke mokhoa ofe o sireletsehileng oo a ka o sebelisang haeba motho e mong a leka ho mo tšoara ka tsela e fosahetseng. Haeba ngoana oa hao a tšosoa ke lipotso tse joalo, u ka ’na ua leka ho mo ruta ka ho pheta pale ea ngoana e mong. Ka mohlala: “Ngoananyana o na le mong ka eena ea mo ratang, joale o se a leka ho tšoara ngoananyana enoa moo a sa lokelang ho mo tšoara teng. U nahana hore ngoananyana eo o lokela ho etsa’ng hore a lule a sireletsehile?”
U lokela ho ruta ngoana oa hao hore a etse eng maemong a tšoanang le a boletsoeng ka holimo? Mongoli e mong o re: “Ho re ‘Che!’ e tiileng kapa ‘U se ke ua etsa joalo!’ kapa ‘Ntlohele!’ ho atleha haholo bakeng sa ho tšosa mohlekefetsi hore a se ke a tsoela pele kapa a inahane bocha ka ngoana eo a neng a batla ho mo hlekefetsa.” Thusa ngoana oa hao hore a itlhakise ka bokhutšoanyane hore na a ka etsa seo joang e le hore a be sebete ho hana a hoelelitse, a tsebe ho baleha ka potlako le ho u bolella ntho leha e le efe e etsahetseng. Ngoana eo ho bonahalang a utloisisa koetliso ka ho feletseng a ka ’na a e lebala ka mor’a libeke tse ’maloa kapa ka mor’a likhoeli. Ka hona, pheta koetliso ena nako le nako.
Batho bohle ba hlokomelang ngoana ka ho toba, ho akarelletsa le ba banna—ebang ke ntate oa hae ea mo tsoalang kapa ntate oa bobeli, kapa mong ka eena eo e leng monna—ba lokela ho ba le seabo koetlisong ena. Hobane’ng? Hobane bohle ba amehang ho ruteng ngoana ka taba e joalo, ha e le hantle, ba tšepisa ngoana hore le ka mohla ba ke ke ba etsa liketso tse joalo tsa tlhekefetso. Ka masoabi, boholo ba liketsahalo tsa ho hlekefetsa bana ka tsa thobalano li etsahala hona ka lapeng. Sehlooho se latelang se tla tšohla kamoo u ka etsang hore lelapa la hao e be setšabelo lefatšeng lena le tletseng tlhekefetso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litsebi li re bana ba bangata ba hlekefelitsoeng ba ba le matšoao a bontšang hore ho na le phoso e itseng, le hoja ba sa bue. Ka mohlala, haeba ka tšohanyetso ngoana a se a khutlela mokhoeng oo a neng a se a o tlohetse, o kang ho sesetsa likobong, ho se batle ho khaohana le batsoali, kapa ho tšaba ho ba mong, e ka ’na eaba o fana ka matšoao a hore ho na le ntho e tebileng e mo utloisang bohloko. Matšoao a joalo ha aa lokela ho nkoa e le bopaki ba hore joang kapa joang ngoana o hlekefelitsoe. Ka bonolo etsa hore ngoana a phutholohe ho u bolella hore na o tšoenngoa ke eng, e le hore u tsebe ho mo tšelisa, ho mo kholisa hore oa mo rata le ho mo sireletsa.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 5]
E-ba oa pele oa ho sireletsa ngoana oa hao hore a se ke a hlekefetsoa
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 7]
Ruta ngoana oa hao ka se etsahalang bothateng bona
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 8]
Hlomella ngoana oa hao hore na a itšireletse joang
[Lebokose le leqepheng la 4]
HO HLEKEFETSA KA TSA THOBALANO—BOTHATA BA LEFATŠE LOHLE
Ka 2006, mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng o ile a fetisetsa Sebokeng se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng tlaleho ea lefatše mabapi le liketso tse mabifi tse etsoang ho bana, e ngotsoeng ke setsebi se ikemetseng se sebeletsang Machaba a Kopaneng. Ho latela tlaleho eo, selemong se seng morao tjena banana ba hakanyetsoang ho ba limilione tse 150 le bashanyana ba hakanyetsoang ho ba limilione tse 73 ba e-song ho ka ba e-ba le lilemo tse 18 ba ile ba “qobelloa ho kopanela liphate kapa ho etsa liketso tse ling tse fosahetseng tse amanang le ho kopanela liphate.” Lipalo tseo lia tšosa, empa tlaleho eo e re: “Ha e le hantle ena ke palo e tlaase e hakanyelitsoeng.” Ha ho hlahlobisisoa liphuputso tse entsoeng linaheng tse 21, ho fumanoe hore libakeng tse ling basali ba etsang liphesente tse 36 le banna ba etsang liphesente tse 29 ba ’nile ba hlekefetsoa ka tsa thobalano ha e sa le bana. Boholo ba batho ba ba hlekefelitseng e ne e le beng ka bona!
[Lebokose leqepheng leqepheng la 6]
MOKHOA O TLOAELEHILENG OA HO HOKA BANA
Mohlekefetsi o bohlale ’me ha a sebelise matla baneng bao a batlang ho ba hlekefetsa. Ho e-na le hoo, o khetha ho hoka bana butle-butle. O qala ka ho khetha ngoana ea itseng, hangata ea bonahalang a ka hoheleha habonolo le ea tšepang batho, kaha o tla khona ho mo laola habonolo. Ka mor’a moo, o mo qolla ka har’a ba bang ho mo fa tlhokomelo e khethehileng. A ka ba a leka ho etsa hore batsoali ba ngoana eo ba mo tšepe. Hangata bahlekefetsi ba na le tsebo e ikhethang ea ho etsa eka ba thahasella ngoana le lelapa labo e le kannete.
Qetellong, mohlekefetsi o tla qala ho lokisetsa hore a hlekefetse ngoana. O qala ho etsa liketso tse bonahalang li se na molato, tse kang ho sheba ngoana ka tsela e lerato e kang e lokile, ho koebetellana le eena ka tsela ea papali le ka ho mo tsikinyetsa. A ka ’na a fa ngoana limpho tse ngata ’me a qala ho mo arola ho metsoalle ea hae, banab’abo le batsoali ba hae, e le hore a be le nako e ngata a le mong le ngoana. Neng-neng a ka ’na a kōpa ngoana hore a se ke a bolella batsoali lekunutu le lenyenyane—mohlomong la mpho eo a mo fileng eona kapa hore na nakong e tlang ba rerile ho intšetsa hokae. Mekhoa eo e betla tsela ea ho tla mo hlekefetsa. Ha mohlekefetsi a bona hore ngoana le batsoali ba hae ba se ba mo tšepa, joale boemo bo se bo loketse hore a ka mo hlekefetsa.
Le mona o ntse a tla rata ho ba mano ho e-na le hore a be mabifi kapa a mo qobelle. A ka ’na a sebelisa hampe bohelehele boo ngoana a nang le bona ka tlhaho mabapi le litaba tsa ho kopanela liphate, a iketsa eka ke “tichere,” kapa a ka ’na a re ba bapale “papali e ikhethang” eo e leng bona feela ba tla tseba ka eona. A ka ’na a leka ho bontša ngoana litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro e le hore ngoana a bone eka boitšoaro boo ke bo tloaelehileng.
Ha a atlehile ho hlekefetsa ngoana, joale o batla ho etsa bonnete ba hore ngoana a ke ke a bolella motho leha e le ofe ka taba eo. A ka ’na a sebelisa mekhoa e sa tšoaneng, e akarelletsang ho mo sokela, ho mo tšosa ka hore ho tla etsahala ho itseng ha a ka bolela, ho mo beha molato kapa mohlomong a li sebelisa kaofela. Ka mohlala, a ka ’na a re: “Ke molato oa hao. Ha ua ka ua re ke se ke ka etsa joalo.” A ka ba a phaella: “Ha u ka bolella batsoali ba hao, ba tla bitsa mapolesa ebe a nkenya teronkong bophelo bohle ba ka.” Kapa a ka ’na a re: “Ke lekunutu la rōna. Ha u ka le ntša, ha ho na motho ea tla u kholoa. Ha batsoali ba hao ba ka tseba feela, ke tla ba lematsa.” Mekhoa e bolotsana le e khopo eo batho bana ba ka e sebelisang e mengata haholo.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Thahasella ka hohle-hohle lintho tseo ngoana oa hao a li etsang
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
U se ke ua tsila-tsila ho ruta ngoana oa hao ka litaba tsa ho kopanela liphate
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ruta ngoana oa hao hore a tiee ’me a be sebete ha a tobane le motho ea hlekefetsang bana
-
-
Etsa Hore Lelapa la Hao e be SetšabeloTsoha!—2007 | October
-
-
Etsa Hore Lelapa la Hao e be Setšabelo
“BA SE nang lerato la tlhaho.” Ka mantsoe ao a bohloko, Bibele e hlalosa kamoo batho ba bangata ba mehleng ena ea rōna e bitsoang ‘matsatsi a ho qetela’ ba leng kateng. (2 Timothea 3:1, 3, 4) Seoa sa bana ba hlekefetsoang malapeng ke bopaki bo hlakileng ba hore boprofeta bona boa phethahala. Ha e le hantle, lentsoe la Segerike le reng aʹstor·gos, leo ka Sesotho le fetoletsoeng e le “ba se nang lerato la tlhaho,” le fana ka maikutlo a ho ba sieo ha lerato le lokelang ho ba teng pakeng tsa litho tsa lelapa, haholo-holo pakeng tsa batsoali le bana ba bona.a ’Me hangata boemo bo joalo baneng ba hlekefetsoang malapeng a bo bona.
Bafuputsi ba bang ba re hangata batho ba hlekefetsang bana ke banna bao e leng batsoali ka lapeng kapa ba phethang karolo ea botsoali. Beng ka bona ba banna le bona ba tloaetse ho ba hlekefetsa. Le hoja bongata ba bana ba hlekefetsoang e le ba banana, bashanyana ba bangata le bona baa hlekefetsoa. Basali ba hlekefetsang bana le bona ba atile ho feta kamoo u ka nahanang kateng. Mokhoa oa tlhekefetso o sa tlalehoeng ka ho fetisisa ke oa ha ngoana a hlekefetsoa ke ngoan’abo, moo ngoana e moholo kapa ea matla ho feta ba bang a ka iketsang mpoli kapa a hlekefetsa ngoan’abo e monyenyane kapa ea fokolang ka tsa thobalano. Joaloka motsoali, ka sebele u tlameha u nyonya liketso tse joalo kaofela.
U ka etsa joang hore mathata aa a se ke a e-ba teng ha hao? Ho hlakile hore setho se seng le se seng sa lelapa se tlameha ho ithuta le ho hlompha e meng ea melao-motheo e thibelang boitšoaro ba tlhekefetso. Tataiso e joalo e ka fumanoa Lentsoeng la Molimo, Bibele.
Pono ea Lentsoe la Molimo ka ho Kopanela Liphate
E le hore lelapa le leng le le leng e be le sireletsehileng, le lokela ho latela molao oa Bibele tabeng ea boitšoaro. Bibele ha e lihlong mabapi le ho bua ka litaba tsa ho kopanela liphate. E bua ka tsela e hlomphehang, empa e le e hlakileng le e tobileng. E bontša hore Molimo o ne a reretse hore ho kopanela liphate e be ntho e thabisang monna le mosali e le ka ’nete. (Liproverbia 5:15-20) Leha ho le joalo, e nyatsa ho kopanela liphate le motho eo e seng molekane oa motho oa lenyalo. Ka mohlala, Bibele e bua pepenene khahlanong le ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi. Khaolong ea 18 ea Levitike, ho haneloa mefuta e sa tšoaneng ea ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi. Hlokomela mantsoe ana ka ho khetheha: “Motho leha e le ofe ho lōna, a se ke a atamela ho mong ka eena leha e le ofe ea haufi ho apola bofeela ba hae [ho kopanela liphate le eena]. Ke ’na Jehova.”—Levitike 18:6.
Jehova o ile a thathamisa ketso ea ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi e le e ’ngoe ea ‘lintho tse manyala’ tseo ba li etsang ba neng ba otloa ka lefu. (Levitike 18:26, 29) Ka ho hlakileng, ’Mōpi o na le melao e phahameng haholo ea boitšoaro tabeng ena. Kajeno, mebuso e mengata e na le maikutlo a tšoanang, e nka e le tlōlo ea molao ha setho sa lelapa se hlekefetsa ngoana ka tsa thobalano. Hangata, molao o re ngoana ea hlekefelitsoeng ke motho e moholo ka tsa thobalano o betuoe. Ke hobane’ng ha ho sebelisoa mantsoe a matla joalo haeba a sa ka a qobelloa?
Batho ba bangata ba boholong ba lemohile seo e leng khale Bibele e se buile ka bana—hore ba ke ke ba khona ho beha mabaka ka tsela e tšoanang le ea batho ba baholo. Ka mohlala, Liproverbia 22:15 e re: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.” Hape moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole tjena: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke . . . nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna, ke lahlile mekhoa ea bongoana.”—1 Bakorinthe 13:11.
Ngoana a ke ke a utloisisa ka ho feletseng se boleloang ke ho kopanela liphate, ebile a ke ke a nahana ka liphello tse tla ba teng hamorao lilemong. Ka hona, hohle ho lumeloa hore bana ba ke ke ba nkoa ba lumetse ka kutloisiso e feletseng ho kopanela liphate le motho. Ka mantsoe a mang, haeba motho e moholo (kapa mocha ea seng a le moholo) a kopanela liphate le ngoana, motho eo e moholo a ke ke a itlhohlolla molato ka hore ngoana ha aa ka a hana kapa hore ke ngoana ea mo hohetseng. Motho eo e moholo o molato oa peto. Ena ke tlōlo ea molao eo hangata kotlo ea eona e leng ho kena teronkong. Molato oa peto o ho motho ea betileng, eseng ho ngoana ea hlekefelitsoeng a sa ikemisetsa.
Leha ho le joalo, ka masoabi boholo ba litlōlo tse joalo tsa molao ha li nkeloe bohato ke ba boholong kajeno. Ka mohlala, Australia ho ’nile ha hakanngoa hore ke batlōli ba molao ba etsang liphesente tse 10 feela ba qosoang, ’me ke ba ’maloa ba fumanoang ba le molato tabeng ena. Linaha tse ling le tsona li na le tlaleho e tšoanang. Le hoja mebuso e ke ke ea sireletsa lelapa la Bokreste hakaalo, ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka le sireletsa haholo.
Bakreste ba ’nete baa lemoha hore Molimo ea ileng a etsa hore melao-metheo eo e ngoloe Lentsoeng la hae, ha aa fetoha. O bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang, esita le tse patehileng mahlong a batho. Bibele e re: “Lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.”—Baheberu 4:13.
Molimo o re nka re ikarabella haeba re tlōla melao ea hae ’me re utloisa ba bang bohloko. Ka lehlakoreng le leng, oa re hlohonolofatsa ha re mamela litaelo tsa hae tse re ruisang molemo mabapi le bophelo ba lelapa. Tse ling tsa tsona ke life?
Lelapa le Momahantsoeng ke Lerato
Bibele ea re bolella: ‘Lerato ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.’ (Bakolose 3:14) Joalokaha ho hlalositsoe ka Bibeleng, lerato hase feela boikutlo bo itseng ba kelello. Le bonahala ka tsela eo le susumetsang motho ka eona—boitšoaro boo le mo khothalletsang hore a be le bona le liketso tseo le mo hanelang hore a li etse. (1 Bakorinthe 13:4-8) Ka lapeng, ho bontša lerato ho bolela ho tšoara setho ka seng sa lelapa ka tsela e se sielang seriti, ka tlhompho le mosa. Ho bolela ho phela ka tsela e lumellanang le eo Molimo a reng setho ka seng sa lelapa se phelisane ka eona le tse ling. Molimo o fa setho ka seng sa lelapa boikarabelo bo hlomphehang le ba bohlokoa.
Kaha ntate ke hlooho ea lelapa, o lokela ho etella pele ho bontšeng lerato. Oa utloisisa hore ntate oa Mokreste ha aa fuoa tokelo ea ho ba mohatelli, ho sebelisa matla a hae hampe ho mosali oa hae kapa baneng ba hae. Ho e-na le hoo, o latela mohlala oa Kreste oa bohlooho. (Baefese 5:23, 25) Ka hona, o tšoara mosali oa hae ka lerato le bonolo ’me o mamella bana ba hae le ho ba tšoara ka lerato. O ba sireletsa ka pelo eohle ’me o etsa sohle se matleng a hae hore ba se hlaheloe ke ntho leha e le efe e ka ba amohang khotso, ea ba amoha ho se tsebe letho joaloka bana le tšepo eo ba nang le eona ho batho ba baholo le ho ikutloa ba sireletsehile.
Ka tsela e tšoanang, mosali oa hae, e leng ’mè oa bana, o na le karolo ea bohlokoa le e hlomphehang eo a lokelang ho e phetha. Bibele e tšoantša bohlale ba tlhaho boo liphoofolo tse tšehali li sireletsang malinyane a tsona ka eona le tsela eo Jehova le Jesu ba re sireletsang ka eona. (Matheu 23:37) ’Mè le eena o lokela ho sireletsa bana ba hae ka thata. Ka lerato, o etsa bonnete ba hore ho sireletseha ha bana le boiketlo ba bona bo tla pele ho ba hae. Motsoali ka mong ha a sebelise matla a hae hampe, ha a hatelle e mong kapa ho mo tšosa, ’me bobeli ba bona ha ba etse seo le ho bana ba bona; hape ha ba lumelle bana ba bona hore ba tšoarane ka tsela e joalo.
Ha setho ka seng sa lelapa se tšoara tse ling ka tlhompho le seriti, ho lula ho e-na le puisano e ntle ka lapeng. Mongoli e mong ea bitsoang William Prendergast o re: “Batsoali kaofela ba lokela ho buisana le bana ba bona ba banyenyane kapa ba lilemong tsa bocha kamehla, ba bue le bona khafetsa ’me e be ka tsela e bontšang hore ba atamelane.” Oa phaella: “Ho bonahala ena e le eona tharollo e molemohali bothateng ba ho hlekefetsoa ka tsa thobalano.” Ka sebele, Bibele e khothalletsa hore ho be le puisano e joalo e etsoang kamehla le ka lerato. (Deuteronoma 6:6, 7) Ha ho lateloa tataiso eo, lapeng e ba hona moo setho ka seng sa lelapa se ka buang ka bolokolohi ho tsoa pelong, se sa tšabe letho.
Ke ’nete hore re phela lefatšeng le khopo ’me hase kamehla tlhekefetso e ka thibeloang. Leha ho le joalo, lehae le sireletsehileng le ka ba molemo haholo. Haeba setho se seng sa lelapa se hlokofatsoa ka ntle, sea tseba hore na se ka leba hokae bakeng sa matšeliso le kutloelo-bohloko. Ka sebele lehae le joalo ke qhobosheane, ke setšabelo lefatšeng lena le tletseng likhathatso. E se eka Molimo a ka hlohonolofatsa boiteko ba lōna ba ho etsa hore lelapa la lōna e be la mofuta oo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe lena la boholo-holo la Segerike le ’nile la hlalosoa tjena: “Ho ba pelo e thata ho litho tsa lelapa.” Kahoo phetolelo e ’ngoe ea Bibele e beha temana ena tjena: “Ba tla . . . hloka lerato le tloaelehileng ho litho tsa malapa a bona.”
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 10]
LITLHAHISO TSA HO SIRELETSA LEHAE LA HAO
Inthanete: Haeba bana ba hao ba sebelisa Inthanete, ba lokela ho fuoa litaelo tsa hore na ba e sebelise joang ka tsela e sireletsehileng. Ho na le mecha e mengata haholo ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, hammoho le mecha eo batho ba ka buisanang ho eona moo batho ba hlekefetsang bana, ba tsomang bana ho eona le ho ba eka. Ho molemo ho beha k’homphieutha pepeneneng moo batsoali ba ka bonang habonolo hore na bana ba e sebelisa joang. Bana ha baa lokela ho fana ka boitsebiso ba botho kapa ba lokisetse ho kopana le motho eo ba tsebaneng le eena Inthaneteng kantle ho tumello ea batsoali.—Pesaleme ea 26:4.
Joala: Maemong a mangata moo ngoana a hlekefelitsoeng, mohlekefetsi oa be a noele joala. Liketsahalo tse fetileng li bontša hore batho ba baholo ba atisa ho felloa ke boitšoaro ha ba noele haholo; ba bang ba inehella litakatso tseo ba neng ba ke ke ba inehella tsona haeba ba ne ba sa noa. Ha e le hantle, kotsi ena ke le leng la mabaka ao ka ’ona re lokelang ho mamela keletso ea Bibele ea ho qoba botahoa le ho noa ho tlōla.—Liproverbia 20:1; 23:20, 31-33; 1 Petrose 4:3.
Ho ba Boinotšing: Mosali e mong oa hopola: “Ka mor’a hore ’Mè a hlokahale, Ntate ke eena feela eo kamore ea hae e neng e e-na le kharetene lifensetereng kapa e e-na le lemati. O ne a sa re fe monyetla oa ho ba boinotšing—esita le ha re le ka kamoreng ea ho hlapa.” Monna enoa o ile a hlekefetsa barali ba hae kaofela ka tsa thobalano. Setho se seng le se seng sa lelapa se lokela ho utloisisa bohlokoa ba ho hlompha nako ea ho ba boinotšing ea litho tse ling tsa lelapa. Joalokaha batsoali ba hloka linako tsa ho ba boinotšing, bana le bona ba lokela ho fuoa nako e itseng ea ho ba boinotšing ha ba ntse ba hōla. Batsoali ba bohlale ba tšoara ba bang ka tsela eo bona ba ka ratang ho tšoaroa ka eona.—Matheu 7:12.
-