Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 103 leq. 238-leq. 239 ser. 2
  • “’Muso oa Hao o Tle”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “’Muso oa Hao o Tle”
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Bopile Batho?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ho Qaleha Bophelo bo Thata
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Morero oa Molimo ka Lefatše—O Tla Tloha o Phethahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 103 leq. 238-leq. 239 ser. 2
Bana le batho ba baholo ba thabela bophelo Paradeiseng

THUTO EA 103

“’Muso oa Hao o Tle”

Jehova o tšepisitse hore ‘o tla hlakola meokho eohle ea rona, bohloko, ho kula le lefu. Lintho tsohle tse mpe tse neng li etsahala pele li tla be li lebetsoe.’

Jehova o ile a bopa Adama le Eva hore ba lule serapeng sa Edene ba thabile. Ba ne ba lokela ho ba le bana ba tlale lefatše ’me kaofela ba rapele Jehova. Empa Adama le Eva ha baa ka ba mamela Jehova. Leha ho le joalo, morero oa hae ha oa ka oa fetoha. Bukeng ena re ithutile hore lintho tsohle tseo Molimo a li tšepisang lia phethahala. ’Musong oa hae, Jehova o tla etsetsa batho lintho tse thabisang, joalokaha a tšepisitse Abrahama.

Batho ba baholo, bana le liphoofolo tse hlaha ba ’moho Paradeiseng

Haufinyane Satane, bademona le batho ba sa mameleng Jehova ba tla felisoa. Batho bohle ba tla sebeletsa Jehova. Ha re sa tla hlola re kula kapa re shoa. Re tla phela hamonate ha lefatše e se e le paradeise. Kaofela re tla ba le matlo a matle le lijo tse ngata tse monate. Lefatše le tla be le tletse ka batho ba mosa. Re tla phela ka khotso le liphoofolo tse hlaha, re se re sa li tšabe.

Kaofela ha rona re tla thaba haholo ha Jehova a tsosa bafu. Re tla bona batho ba phetseng mehleng ea khale, ba kang Abele, Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe, Esthere le Davida. Ba tla sebetsa le rona ho etsa hore lefatše e be paradeise. Re tla be re e-na le mosebetsi o mongata o re natefelang.

Jehova o batla hore le uena u phele paradeiseng. Ha re ntse re tsoela pele ho ithuta ka Jehova, re tla mo rata le ho feta. E se eka re ka sebetsa ka thata ho lula re le metsoalle ea Jehova hona joale le ka ho sa feleng!

“Jehova Molimo oa rona, u tšoaneloa ke ho ba matla, ho rorisoa le ho hlomphuoa hobane u bopile lintho tsohle.”—Tšenolo 4:11

Lipotso: ’Muso oa Molimo o tla tlisa liphetoho life? Har’a batho bao u balileng ka bona bukeng ee, u ka thabela ho kopana le mang Paradeiseng?

Tšenolo 21:3, 4; Jobo 33:25; Liproverbia 2:21, 22; Esaia 11:2-10; 33:24; 65:21; Matheu 6:9, 10; Johanne 5:28, 29; 17:3

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela