THUTO EA 7
Tora ea Babele
Ka mor’a Moroallo, bara ba Noe le basali ba bona ba ile ba ba le bana ba bangata. Malapa a bona a ile a eketseha eaba a ea libakeng tse fapaneng feela joalokaha Jehova a ne a ba boleletse.
Empa batho ba bang ba ne ba sa mamele Jehova. Ba ile ba re: ‘A re haheng motse oo re tla lula ho oona. Re tla haha tora e telele e fihlang leholimong. Re tla tsejoa ke batho ba bangata.’
Jehova o ne a sa rate ha batho bana ba haha tora eaba o ba thibela ho tsoela pele. Na oa tseba hore o entse seo joang? O ile a etsa hore ba bue lipuo tse sa tšoaneng. Ka lebaka leo, ba ile ba tlohela ho haha hobane ba ne ba se ba sa utloane. Motse oo ba neng ba o haha o ile oa bitsoa Babele, e bolelang “Pherekano.” Batho ba ile ba tloha eaba ba ea libakeng tse fapaneng. Empa ba ’na ba etsa lintho tse mpe leha ba fihla libakeng tseo. Na batho ba ratang Jehova ba ne ba ntse ba le teng? Re tla fumana karabo khaolong e latelang.
“Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa empa mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Luka 18:14