Na ke Tora ea Kajeno ea Babele?
TORA ea boholo-holo ea Babele e fetohile letšoao la pherekano le karohano. Ke teng moo lilemong tse ka bang 4 000 tse fetileng Molimo o ileng oa ferekanya lipuo tsa batho. Hobane’ng? Hobane ba ne ba mo fetohela. Ba ne ba hana ho mamela Molimo ’me ho e-na le hoo ba likolohisa bophelo ba bona mererong ea batho ba sa phethahalang. Kahoo Molimo oa ba arohanya.—Genese 11:1-9.
Na se etsahetseng Assisi se ne se fapane hakaalo? Na batho ba ne ba boetse ba kopane hantle? Na baetapele ba bolumeli ba batho ba fetang limillione tse peli tsa likete ba hōlisitse khotso ea lefatše?
Na ho Bile le Bonngoe?
Puong e fanoeng matsatsi a seng makae pele, mopapa a toboketsa: “Se tla etsahala Assisi ho hang e ke ke ea e-ba ho kopanngoa ha bolumeli.” A eketsa: “Re ke ke ra rapela hammoho, ke hore, ho kopanela thapelong e le ’ngoe, empa re ka ba teng ha ba bang ba rapela.”
Mopapa o bontšitse hore molao o tlang ho bolokoa ha ho rapelloa khotso e ne e le ho tla hammoho ho rapela, e seng ho rapela ’moho. Ba bang ba ile ba hlokomela hore o ne a batla ho qoba ho kopanela thapelong e le ’ngoe. Ka tsela ena a ke ke a qosoa ke Mak’hatholike ka ho tsoaka litumelo tse fapaneng.
Sena se totobala puong ea kamohelo ea mopapa ho baetapele ba bolumeli hoseng hoo. Ka matla o ile a re: “’Nete ea hore re tlile mona ha e bolele boikemisetso leha e le bofe ba ho batla kopano ea bolumeli har’a rōna kapa ho bua ka litumelo tsa rōna. Leha e le ho bolela hore malumeli a ka boelangoa morerong oa lefatše o ka fetang eohle.”
Ha hoa ka ha etsoa boiteko ba ho kopanya liphapang tse ngata lithutong tsa malumeli a neng a emetsoe ke ba neng ba kopane Assisi. Ka hona, ho kopana ha bolumeli ho ne ho ke ke ha etsahala. Pherekano ea ‘maleme ea bolumeli’ e tla tsoela pele. Ho na le ho tšoana ho hlokomelehang le ha Tora ea boholo-holo ea Babele.
Karohano ena ea bolumeli e bonahala litumelong. Ka mohlala, Bobuddha ha bo amohele ho ba teng ha Molimo, thuto ea hore qetello ea motho ke Nirvana, boemo ba tlhohonolofatso e feletseng bo fumanoang kamor’a lefu. Mahindu a lumela ho melimo e limillione le lebiling le sa khaotseng la ho tsoaloa hangata ho fellang ka Nirvana. Malumeli a K’hatholike, Orthodox le Protestanta a lumela ho Boraro-bo-bong. Mamoselame a lumela hore ho na le Molimo o le mong, Allah, le hore Muhammad ke moprofeta oa oona; leha ho le joalo, ha a lumele hore Molimo o na le mora. Bajode ba rapela Molimo o le mong empa ha ba amohele Jesu e le Messia. Malumeli a Afrika a lumela hore limela, liphoofolo, le lintho tse sa pheleng li na le moea. Maindia a Amerika a rapela matla a tlhaho.
Leha ho le joalo, khotso ea ’nete e bolela kopano ea motheo, ea batho ba fapaneng. Empa malumeli a neng a kopane Assisi a arohane ha bohloko hoo a sa tsebeng ho lumellana esita le thapelong e le ’ngoe! Molimo o ke ke oa amohela mehopolo ena e loantšanang, hobane moapostola Pauluse o ngotse, “Molimo hase Molimo oa moferefere, empa e le oa khotso.”—1 Ba-Korinthe 14:33.
Na Molimo o Mametse?
Ke joang Molimo o le mong oa ’nete, ’Mōpi oa leholimo le lefatše, o ka mamelang lithapelo tsa baetapele ba bolumeli ba se nang boikemisetso ba ho sebeletsa bonngoe ba ’nete? Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le bolela ka ho hlaka hore ba sebelisang borapeli ba ’nete ‘ba bolela bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa eba teng har’a bona, ba mpe ba phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.’—1 Ba-Korinthe 1:10.
Haeba Molimo o ne o mamela malumeli ana a arohaneng, o ne o tla be o itoantša. Ho ne ho tla be ho bontša hore o amohela seo o se nyatsang—karohano. Empa Molimo oa ’nete o ke ke oa ba molato oa litekanyetso tse peli. O ke ke oa loantša Lentsoe la oona, hobane ‘Molimo . . . ha o thetse.’ (Tite 1:2) Ka lebaka leo, ha o rate ho mamela ka kamohelo lithapelo tsa borapeli bo arohaneng joalo.
Bibele e bontša ka ho hlaka hore Molimo o amohela feela borapeli bo lumellanang le thato ea oona. Jesu o itse: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.” Hape o itse Molimo o “batla,” ke hore, o amohela le ho mamela feela ba o rapeleng “ka moea le ka ’nete.” Sena se etsoa ka ho ela Lentsoe la oona hloko le ho mamela litaelo tsa oona. Ka hona, Molimo ha o amohele malumeli a sa etseng thato ea oona, joalokaha o sa ka oa amohela bahahi ba Tora ea Babele, ba neng ba sa etse thato ea oona. O hana ba joalo. Jesu o itse ho ba etsang thato ea bona ho e-na le ea Molimo: “Ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”—Mattheu 7:21-23; Johanne 4:23, 24.
Kahoo, boemo ba moea ba malumeli a neng a kopane Assisi bo khahlanong le seo Molimo o se batlang ho barapeli ba ’nete. Ho e-na le hore ba kopane ka khopolo e le ’ngoe le monahano o le mong, ba arohantsoe ke ho se utloane, joalokaha ho bile Toreng ea Babele.
’Nete ea hore Molimo ha o rate ho mamela lithapelo tsa malumeli ana a kang Babele e hlaka hantle ha re hlahloba bopaki ba histori. Ke setšoantšo sa mofuta ofe se fanoang ke bopaki bona?
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Tora ea tempele ea Babylona