Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 6/8 maq. 7-10
  • “Matsoho a Lōna a Tletse Mali”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Matsoho a Lōna a Tletse Mali”
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Baetapele le Batho ba tla Mamela?
  • Hase Tšusumetso ea Khotso
  • Malumeli a Bokane Assisi a Batla Khotso
    Tsoha!—2002
  • Lithapelo Tsa Khotso—Ke Mang ea li Mamelang?
    Tsoha!—1987
  • Na Malumeli a Lefatše a Fana ka Ketello Pele e Nepahetseng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Na ke Tora ea Kajeno ea Babele?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 6/8 maq. 7-10

“Matsoho a Lōna a Tletse Mali”

“LEHA le ka atisa lithapelo tsa lōna, nke ke ka li mamela: matsoho a lōna a tletse mali.” Ke kamoo Molimo o matla ’ohle o boletseng ba ipolelang hore ba o sebeletsa empa ba kopanetse tšollong ea mali a se nang molato.—Esaia 1:15.

Na malumeli a lefatše lena a molato oa ho tšolla mali a se nang molato? E. Ntoeng e ’ngoe le e ’ngoe ea lekholo lena la rōna la bo20 la lilemo, malumeli a lefatše lena le baruti ba ’ona a tšehelitse ho tšolloeng ha mali. Sena se lebisitsoe le lithong tsa bolumeli bo le bong hore li bolaeane ka bongata bo tšabehang.

Leha ho le joalo, Jesu o rutile balateli ba hae ho ‘khutlisetsa lisabole tsa bona lilateng tsa tsona.’ (Mattheu 26:52) Moapostola Pauluse o boletse: “Libetsa tsa ntoa ea rōna hase tsa nama.” (2 Ba-Korinthe 10:4) Molaetsa o matla oa Lentsoe la Molimo ke hore ba sebelisang bolumeli ba ’nete ba lokela ho ratana ’me ba se ke ba tšolla mali: “Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo. Hobane taba eo le e utloileng, e sa le ho qaleng, ke hore re ratane, ’me re se ke ra ba joale ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ’ngoan’abo.”— Johanne 3:10-12.

Haeba bolumeli bo sa sebelise lerato la mofuta ’ona, lithapelo tsa bona li ke ke tsa utluoa ke Molimo. Bibele e re: “’Me seo re se kōpang, leha e le sefe le sefe, re se neoa ke oona; hobane re boloka litaelo tsa oona, ’me re etsa tse leng ntle pel’a oona.” (1 Johanne 3:22) Empa malumeli a lefatše lena ha a e-s’o boloke litaelo tsa Molimo. Ho e-na le hoo, a tsoetse pele ka bofokoli a bolaea batho ba limillione tse lekholo lintoeng tsa lekholo lena la lilemo feela!

Na Baetapele le Batho ba tla Mamela?

Puong ea hae e phethang Assisi, John Paul II o itse: “Re mema baetapele ba lefatše ho hlokomela thapelo ea rōna e ikokobelitseng ho Molimo bakeng sa khotso.” Na baetapele ba lipolitiki le batho ba bona ka kakaretso ba tla mamela boipiletso bona? Hore re tle re fumane karabo a re shebeng historing.

Histori e senola hore litumellano le lithapelo ha li ncha. Mehleng e Hare, litumellano tsa khotso hangata li ne li bitsoa hore ke tumellano ea Molimo ea ho emisa ntoa kapa tumellano e halalelang ea ho emisa ntoa. Li tsebahalitsoe meketeng ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana, eo ho eona likhohlano tsohle li neng li fela. Empa le ho tšosa ba neng ba tlōla litumellano tsa ho emisa ntoa ka hore ba tla khaoloa, ho ne ho sa lekana ho etsa hore batho ba li hlomphe.

Ka selemo sa 1915, Mopapa Benedict XV a etsa boipiletso lichabeng ho “felisa polao e sehlōhō” ea ntoa ea pele ea lefatše. A rapela Molimo ho “felisa koluoa e sehlōhō.” Empa baetapele ba lichaba le batho ha ba ka ba mamela. ’Me ka ho utloahalang, Molimo ha o’a ka oa mamela hobane ba loanang ka mahlakoreng ka bobeli e ne e le litho tsa bolumeli bo le bong. Ka hona, Mok’hatholike a bolaea Mok’hatholike le Moprostanta a bolaea Moprostanta, e leng se khahlanong le melao ea Molimo ka ho feletseng.

Selemo ka 1939, ha maru a sefefo sa ntoa ea bobeli ea lefatše a ntse a bokellana, Pius XII a hlophisa “mokhatlo oa lithapelo tsa phatlalatsa bakeng sa khotso.” Ka Phato e latelang, pele ntoa e qhoma, a ipiletsa ho baetapele ba lichaba le batho ba bona ho emisa “liqoso, litšokelo, ho se tšepane” e le ho qoba limpe tse khōlō.

Empa lithapelo le boipiletso boo ha lia ka tsa emisa ntoa mahareng a Mak’hatholike le Maprostanta Jeremane; leha e le ho bontša tsela e lebisang khotsong ho Mashinto a Japane le Mak’hatholike Itali. ’Me kereke e ne e sa khaole litho tsa eona tsa bolumeli tse neng li bolaeana. Ka hona, ho bolaeana ha bana ba motho ha tsoela pele ka likhoeli tse tšeletseng, ho tšehetsoa ke moruti oa sechaba se seng le se seng.

Karabelong ea boipiletso ba mopapa toropong ea Assisi, ntoa e ile ea lala ka la 27 Mphalane 1986 libakeng tse ling. Empa linaheng tse ling ea tsoela pele. Mabakeng a mangata sena se ne se le linaheng tseo malumeli a ’ona a neng a emetsoe Assisi. Ka mohlala, masole a K’hatholike a IRA a akhela bomo Ireland. Masikhe a ne a loana India. Tšollo ea mali e ne e tsoela pele Afghanistan, Ethiopia, Lebanone, Iran, Iraq, le libakeng tse ling. Ekasita le moo litumellano tsa ho emisa ntoa li neng li bolokoa ka tsatsi leo, lefu le tšabo li ile tsa boela tsa jaloa tsatsing le latelang feela. Khotso e makatsang ruri!

Na “Molimo oa khotso” o ka hlohonolofatsa likhatelopele tse joalo tse amohelang ba emisang ho bolaea kajeno ’me ba qalise hape hosasane? Na Molimo o ile oa amohela Kaine ha a qeta ho bolaea Abele? Che.—Ba-Heberu 13:20.

Hase Tšusumetso ea Khotso

Litlhahlobo tsa hauflnyane tse entsoeng lichabeng tse fapaneng li bontša hore palo e khōlō ea batho e nka malumeli a lefatše a hlohlelletsa ntoa ho e-na le ho buella khotso. Ke kamoo karolo ea 47 lekholong ea Mafora le 48 lekholong ea Baiseraele e ikutloang kateng.

John Taylor, mongoli-kakaretso oa Lekhotla la Malumeli a Lefatše bakeng sa Khotso, o itse koranteng ea Fora ea K’hatholike e tsoang hang ka khoeli L’Actualitè Religieuse dans le Monde: “Re ithetsitse ka ho nahana hore bolumeli bo ne bo ka tlisa leseli le mosa likhohlanong, le hore re ka be re ruile molemo haholo ka ho tšoarana ka matsoho ho loantša ntoa ea libetsa. Empa ha re hlahloba mathata ana, re fumana hore lintoa ha li bakoe ke libetsa, empa ke lehloeo le likarohano har’a batho . . . Hape le mona bolumeli bo kenelletse.”

Rahistori Ernesto Galli Della Loggia, koranteng ea Avvenire ea K’hatholike ea letsatsi le letsatsi o buile ka ho toba haholoanye a re: “Bolumeli ha bo bonahale bo theile bonngoe har’a batho, empa karohano. Ho bile ka tsela eo ka makholo a lilemo. Hase feela hore malumeli a lumelang hore Molimo o mong feela a ile a loantšana ka booona a sa khaotse, empa a mang a ’ona—haholo-holo a Bokreste le Bomoseleme—a ile a inehela ka matla ’ohle ho felisa malumeli a lumelang hore moea o arohane le ’mele a ho bitsang hore ke batho ba boholo-holo. Sena se etsahetse hobane bolumeli le lipolotiki ke mahlakore a mabeli a khemang ’moho.”

Ka lebaka lena le a mang, mebuso e hlokomoloha kapa e mamella baetapele ba bolumeli, e ba talima e le khathatso e hlokahalang. ’Me bolumeli ba lefatše ka bobona ke thetso feela e se nang molemo liphellong tsa motho kapa maemong a lefatše.

Qetellong ea letsatsi leo la thapelo, mopapa ka boeena a lumela hore Bok’hatholike boa ikarabella tšollong ena eohle ea mali. O itse: “Ke itokiselitse ho lumela hore Mak’hatholike ha a ka a tšepahala kamehla tiisong ena ea tumelo.” ’Me a eketsa: “Ha re’a ka ra ba ‘baetsi ba khotso’ kamehla. Kahoo, bakeng sa rōna, empa mohlomong ka kutloisiso e ’ngoe, bakeng sa bohle, kopano ena ea Assisi ke ketsahalo ea pako.”

Empa na bolumeli ba kajeno bo bontšitse ka liketso tsa bona hore bo na le boikutlo bo fetohileng mabapi le ntoa? Na ruri bo bakile liketsong tsa bona tsa ho se tšepahale tsa nako e fetileng? Ha Ernesto Galli Della Loggia a bua ka lintoa tsa kajeno, o ile a totobatsa: “Lintoa tse robong ho tse leshome ke tsa bolumeli.”

Ka lebaka leo lithapelo tsa khotso li ’nile tsa hloka thuso. Ha ho baetapele ba lipolotiki kapa batho ba bo mamelang le ho sebelisana le bona; leha e le Molimo, hobane o itse: “Leha le ka atisa lithapelo tsa lōna, nke ke ka li mamela: matsoho a lōna a tletse mali.” (Esaia 1:15) Ke ka baka leo Selemo sa 1986 sa Khotso sa Machaba se neng se buelletsoe ke Machaba a Kopaneng le ho tšehetsoa ka lithapelo tsa malumeli a lefatše lena li ileng tsa hlōleha hakana.

[Lebokose le leqepheng la 9]

Phuputso Itali

MAKASINE oa Tsoha! o entse liphuputso metseng e fapaneng ea Itali, moo ho ileng ha botsoa batho ba makholo, bongata e le Mak’hatholike. Ha ba botsoa hore na mehato e nkiloeng e kang letsatsi la lithapelo Assisi la khotso le ho beoa ha libetsa fatše li tla thusa ho felisa lintoa le libetsa, ba etsang karolo ea 70 lekholong ba re che, karolo ea 17 lekholong ea re e mpa feela e le bohato ba peler ’me ke karolo ea 10 feela e nahanang hore ke ntho e ntle e ka etsoang.

Moprista oa motse o ka leboea Bergamo, o itse: “Ke nahana hore bohato boo bo tla sebetsa haholo ha feela molaetsa oa bona o etsoa. Ke qalo e ntle e sa lokelang ho hlokomolohuoa.”

Empa moroetsana oa K’hatholike ea tsoang sebakeng se tšoanang o itse: “Motho a ke ke a qoba ho makatsoa ke boikaketsi ba batho ba ’nileng ba loana ka lilemo, hape le bakeng sa bolumeli, ’me bao joale ba beang lihlomo tsa bona fatše ’me ba rapella khotso ea lefatše, ba tseba hantle hore hosasane ba tla tsoela pele ka ntoa.” Mocha oa Brescia o itse: “Liboka tse kang tsena ha li thuse ho loantša liphapang tsa bolumeli. Likereke li lokela ho ba le thahasello e nyenyane lipolotiking haeba li batla hore Molimo o li mamele.”

Karabelong ea potso ena, “Ke eng seo bolumeli bo lokelang ho se etsa ho tlatsetsa ka matla khotsong?” Mok’hatholike oa Turin o itse “bo lokela ho ikarola liketsong tsa lefatše ’me bo rute batho ho phela ntle ho libetsa.” Moroetsana oa Mok’hatholike oa Cremona o boletse: “Kereke e tlameha ho bea mohlala o motle ka ho se kopanele lintoeng le lipolotiking. Empa nako e se e ile.”

Ha a botsoa, “U nahana eng ka boikhathatso ba mopapa ba khotso?” ramolao oa naha ea Pesaro o arabetse: “Kereke e sebelisa bothata ba khotso molemong oa eona ho hasa Bok’hatholike lefatšeng.” ’Me mofumahali ea lilemo li 84 oa Mok’hatholike o itse: “Ha ho thuse. Haeba ba bath ntoa, ba ntse ba tla e qala ha ba rata.”

E bua ka “merero ea lipolotiki” ea bolumeli, buka ea Milan II Corriere della Sera e entse tlhaloso ena ea bohlokoa: “Kereke e sebelisa libetsa le pefo molemong oa eona ’me e hōlisa mehato ea eona hore e laole, litsekisano tsa maikutlo a sechaba litabeng tsa bohlokoa tsa lipolotiki, ho e-na le ho ikokobetsa.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Lithapelo li ile tsa etsoa ke batho ba tsoang lefatšeng lohle

Bacha ba bangata ba thahasella khotso ea lefatše

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela