Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 6/8 maq. 3-4
  • Lithapelo Tsa Khotso—Ke Mang ea li Mamelang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithapelo Tsa Khotso—Ke Mang ea li Mamelang?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Etsahetseng
  • Seboka se Tumisitsoeng
  • Malumeli a Bokane Assisi a Batla Khotso
    Tsoha!—2002
  • Na ke Tora ea Kajeno ea Babele?
    Tsoha!—1987
  • “Matsoho a Lōna a Tletse Mali”
    Tsoha!—1987
  • Khotso ea Lefatše—Joang Hona Neng?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 6/8 maq. 3-4

Lithapelo Tsa Khotso—Ke Mang ea li Mamelang?

KE ENG seo Moindia oa Amerika ea roetseng katiba ea masiba a se etsang sethalleng se le seng joaloka moprista oa Orthodox ea Magerike? Ke hobane’ng ha moprista e moholo oa Mobuddha a lutse le mobishopo e moholo oa Canterbury? Rabbi oa Mojode o bua’ng le moruti oa Kereke e Orthodox ea Russia? Hona ke hobane’ng ha Mopapa John Paul II oa Kereke ea K’hatholike a ne a ka okamela seboka seo?

Lilemo tse seng kae tse fetileng ho ne ho ke ke ha etsahala hore mopapa a kopanele thapelo le baetapele ba malumeli a mang a ka sehloohong. Empa leha ho le joalo, hamorao ka 1986, motseng oa Itali oa Assisi, o ile a kopanela le malumeli a mang ho keteka “Letsatsi la Lefatše la ho Rapella Khotso.” Seboka se ile sa tšehetsoa ke mopapa tumellanong le Machaba a Kopaneng a ileng a phatlalatsa 1986 e le Selemo sa Machaba sa Khotso.

Assisi, ho ile ha etsoa lithapelo tse fapa-fapaneng tsa khotso. Empa ke mang ea ileng a li mamela? Molimo oa Boraro-bo-bong oa Bokreste-’mōtoana? Kapa Molimo oa Bajode? Allah oa Mamoseleme? Molimo oa Monoana o Motona le Lialuma oa batho ba lumelang tlhahong? Na e mong oa melimo eo o ile a mamela lithapelo tseo? Ha e le mona ho fetile nako ha e sa le seboka sa Assisi se tšoaroa, likarabo li hlakile.

Se Etsahetseng

Lithapelo tsa baetapele bao ba bolumeli ebile karolo e khōlō ea letsatsi leo la machaba la thapelo e neng e tšoaretsoe Assisi mokhubung oa Itali ka la 27 Mphalane. Ho ne ho entsoe sethalla se seholo se ngotsoeng “KHOTSO” ka lipuo tse 14. Se ne se entsoe halofo ea selikalikoe, mopapa a le bohareng ba sona, ’me baetapele ba fetang 60 ba malumeli a ka sehloohong ba rapela ka ho fapanyetsana sethalleng. Lik’hamera tsa thelevishene tsa nka lifoto tsa tšebeletso eo, ’me ho boleloa hore e ne e shebeletsoe ke batho ba limillione tse 500 lefatšeng lohle.

Ba rapetseng pele ebile Mabuddha, ba kōpa “thabo le nyakallo tse khapatsehang.” Ha latela Mahindu, a rapella “khotso bathong bohle.” Mamoseleme a rapela: “Thoriso e isoe ho Molimo, Morena oa Bokahohle.”

“Re neheng khotso,” ebile thapelo ea Maafrika a lumelang tlhahong e bonahalang ha a rapela melimo ea ’ona. “Re neha Moea o Moholo Mosi oona oa Peipi, Lefatše ’M’a Rōna,” ho boletse Maindia a Amerika ha a ntse a tsuba peipi ea oona ea litšebeletso tsa khotso. “Tlisa khotso lefatšeng,” ho kōpile Bajode.

“Ka khotso le bonngoe ha re kōpeng Morena Molimo oa rōna ka tieo,” eo ebile thapelo ea Mak’hatholike, Machahe, Maluthere, le baemeli ba Orthodox ea Magerike. Masikhe, balateli ba moprofeta Zoroaster, Mashinto, le Majaine bohle ba rapelletse khotso ea lefatše.

Seboka se Tumisitsoeng

Ebile ka lekhetlo la pele, kamoo ho tlalehang likoranta, hore baruti ba malumeli a maholo ba kopane sebakeng se le seng ho tla rapela. Ka hona, seboka seo sa bitsoa “ketsahalo ea histori.”

Ba bang ba lumetse hore boprofeta ba Bibele bo phethahalitsoe moo. Kaha Assisi e qhooeng ea leralla, ba nka hore ke tšoantšetso ea thaba eo ho boleloang ka eona ho Mikea khaolo 4, temana 2. Tlaleho e re seboka sa Assisi e ne e le “sebaka se profetiloeng ke moprofeta Mikea lilemong tse 2 700 tse fetileng: ‘[Mehleng ea] bofelo thaba eo tempele ea Morena e emeng ho eona e tla ba e phahameng haholo... Batho bohle ba tla bōkana mosikong oa eona ’me ba tla re: A re nyoloheleng thabeng ea Morena. O tla re ruta seo re tšoanetseng ho se etsa.’”—Voce delle Contrade.

Koranta R Sabato ka cheseho e itse: “Ke lekhetlo la pele ntho ea mofuta oona e etsahetse ho tloha ka Tora ea Babele. Joale, ka lebaka la takatso ea batho ea ho flhla leholimong, ba ile ba arohana lihlopha. Kajeno, lebitsong la bolumeli bo ba bulelang tsela ea mpho ea Molimo, le khotso, batho ba kopane.”

Lipotso tsa Bohlokoa Lia Botsoa

Ha ho pelaelo hore ketsahalo eo ebile seboka se ikhethang e le ruri. Leha ho le joalo, se phahamisitse lipotso tsa bohlokoa. Koranta ea letsatsi le letsatsi La Nazione e botsitse: “Na molaetsa oo o phethahalitse morero oa ’ona? Na o flhlile lipelong tsa bashebelli ba limillione tse 500? Na o tla roba melala e sataletseng ea ba ikemiselitseng ho tsamaisa liketsahalo tsa lefatše le ho rera bokamoso ba lona, ka tsela e tobileng kapa e sa tobang?”

Batho ba nahanang ba botsa lipotso tse ling tse phunyeletsang: Na Molimo o amohela lithapelo tsohle ho sa tsotellehe hore na ho sebelisoa tsa mofuta ofe? Na ho lekane ho rapella ho hong ntle ho ho etsa bonnete ba hore pono ea Molimo ke efe tabeng eo? Na batho ba susumelitsoeng ke seboka sena ba sebeletsa khotso? Nako e fetileng e re ruta eng? Kaholim’a tsohle, Mangolo a re eng ka tsela ea ho finyella khotso ea lefatše?

Hape re tlameha ho botsa: Na seboka sa malumeli a lefatše Assisi e ne e hlile e le Tora ea Babele ea mehla ea joale?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela