Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 11/8 maq. 20-24
  • Malumeli a Bokane Assisi a Batla Khotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Malumeli a Bokane Assisi a Batla Khotso
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphatlalatso Tse Thoholetsang Khotso
  • Lithapelo Tsa Khotso
  • Boitlamo bo Kopanetsoeng ba ho Finyella Khotso
  • ‘Hoja Liketso li ka Latela Lipolelo’
  • Bolumeli le Khotso
  • Lithapelo Tsa Khotso—Ke Mang ea li Mamelang?
    Tsoha!—1987
  • “Matsoho a Lōna a Tletse Mali”
    Tsoha!—1987
  • Na ke Tora ea Kajeno ea Babele?
    Tsoha!—1987
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 11/8 maq. 20-24

Malumeli a Bokane Assisi a Batla Khotso

“E se eka ho ke ke ha hlola ho e-ba le pefo! E se eka ho ke ke ha hlola ho e-ba le ntoa! E se eka ho ke ke ha hlola ho e-ba le bokhukhuni! Ka lebitso la Molimo, e se eka bolumeli bo bong le bo bong bo ka tlisa toka le khotso, tšoarelo le bophelo, le lerato holim’a lefatše!”—Mopapa John Paul II.

ASSISI, ITALY, ka la 24 January, 2002—Baemeli ba malumeli a lefatše ba ne ba bokane ho ea rapella khotso, khotso e sokeloang ke bokhukhuni, ho se mamellane le ho hloka toka. Seboka seo se ile sa phatlalatsoa ke mopapa likhoeli tse ka bang peli ka mor’a ho putlama ha Mehaho e ’Meli e Melelele New York City. Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba ile ba amohela memo ena ea Vatican ka cheseho.

Liketsahalong tse peli tsa pejana—ka 1986 le ka 1993—mopapa o ne a ile a hoeletsa letsatsi la thapelo hona motseng oo oa Mataliana.a Baqolotsi ba litaba ba fetang sekete ba tsoang lefatšeng ka bophara ba ile ba tla ho tla beha seboka seo sa 2002 leihlo. Malumeli a mangata a ne a emetsoe ka lithapelo tsa khotso—malumeli a ipitsang hore ke a Bokreste (Mak’hatholike, Malutere, Machache, Maorthodox, Mamethodiste, Mabaptiste, Mapentekonta, Mamennonite, Maquaker le a mang), Boislamo, Bohindu, Boconfucius, Bosikhe, Bojaine, Botenrikyo, Bobuddha, Bojuda, malumeli a setso a Afrika, Boshinto le Bozoroaster. Ho ne ho boetse ho le teng baemeli ba malumeli a mang, hammoho le moemeli oa Lekhotla la Lefatše la Likereke.

Liphatlalatso Tse Thoholetsang Khotso

Letsatsi le ile la qala hoseng ka 8:40, ha “terene ea khotso” e ne e tloha seteisheneng se senyenyane sa Vatican. Terene ena e nang le makareche a supileng a mabothobotho e ne e tsamaea e lebetsoe ke liroala-nkhoana tse peli. Leeto la lihora tse peli le ile la fihlisa mopapa le baeta-pele ba bang ba bolumeli Assisi. Ho ne ho lebetsoe ka hohle—mapolesa a ka bang sekete e ne e le malala-a-laotse.

Baeta-pele bana ba bolumeli ba ile ba bokana lepatlelong la boholo-holo le neng le hlonngoe tente e khōlōhali. Ka hare, sethaleng se seholo se sefubelu, se sebōpeho sa V, ho ne ho lutse baemeli ba bolumeli, mopapa a lutse bohareng. Lehlakoreng la sethala e ne e le sefate sa mohloaare, e leng letšoao la khotso. Ka pel’a sethala e ne e le baeti ba fetang 2 000 ba khethiloeng ka hloko. Moleng o ka pele ho ne ho lutse tse ling tsa liofisiri tse boemong bo phahameng ka ho fetisisa Italy. Lik’hoaere tse hlahelletseng li ile tsa bina lifela tsa khotso pakeng tsa lipuo. Libakeng tse ling tsa motse ona, batho ba likete, haholo-holo bacha, ba ne ba nkile mapetjo a khahlanong le ntoa ka lipuo tse ’maloa ’me ba bina lipina tsa khotso. Ba bangata ba ne ba nkile makala a lifate tsa mohloaare.

Ka mor’a ho lula sethaleng, mopapa o ile a amohela baemeli ba malumeli a sa tšoaneng. Joale ka mor’a hore ho binoe sefela se thehiloeng ho Esaia 2:4 ka Selatine—se profetang ka nako ea ha “sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole”—baemeli ba bangata ba neng ba apere liaparo tse ikhethang tsa bolumeli, ba ile ba phatlalatsa hore ba tšehetsa khotso ka hohle-hohle. E latelang ke mehlala e seng mekae.

“Nakong ena ea bohlokoa historing, batho ba hloka ho bona lintho tse etsoang bakeng sa khotso le ho utloa mantsoe a fanang ka tšepo.”—Mok’hadinale François Xavier Nguyên Van Thuân.

Molimo “hase Molimo oa ntoa le khohlano empa ke Molimo oa khotso.”—Ecumenical Patriarch Bartholomeus I.

“Ho se tšoane ha malumeli ha hoa lokela ho etsa hore [batho] ba hlokomolohe kapa hona ho hloea ba bolumeli bo fapaneng.”—Dr. Setri Nyomi, World Alliance of Reformed Churches.

“Toka le lerato la boena ke litšiea tse peli tsa bohlokoahali tse etsang hore batho ba be le khotso ea sebele.”—Moeta-pele Amadou Gasseto, moemeli oa malumeli a setso a Afrika.

“Khotso ke eona feela e halalelang, ha ho mohla ntoa e halalelang!”—Andrea Riccardi, Kereke e K’hatholike.

Baemeli ba bang ba ile ba lumela hore bolumeli bo na le molato o moholo ho hlohlelletseng ntoa le ho se mamellane. Moemeli oa Lutheran World Federation o ile a re lefatše le ’nile la “tsukutloa ke lehloeo le mabifi le hlohlellelitsoeng ke batho ba lumelang hore Bibele ha e tolokoe.” Moemeli oa Bojuda o itse: “Malumeli a hlohlellelitse lintoa tse ngata tse tšabehang le tse tšolotseng mali a mangata.” Moemeli oa Mohindu o itse: “Ka makhetlo-khetlo histori e senola liketsahalo tsa kamoo ba ipolelang e le bapholosi ba bolumeli ba sebelisitseng bolumeli kateng ho laola batho le ho baka likarohano.”

Ka mor’a hore ba nyatse bokhukhuni le ntoa ka matla, baemeli ba ile ba tsamaea ho ea libakeng tseo ba li abetsoeng ho ea rapella khotso ho melimo ea bona e sa tšoaneng.

Lithapelo Tsa Khotso

Baemeli ba malumeli a Bokreste-’mōtoana ba ile ba rapela ba le hammoho Basilica e ka tlaase ea St. Francis, haufi le lebitla leo kereke e rehelletsoeng ka lona. Tšebeletso e ile ea qala ka “thapelo ea Boraro bo Teroneng” e neng e etsoa ke mopapa le baemeli ba bararo. Lithapelo li ile tsa kenelloa ka lifela le lithapelo tse tlotlisang khotso hammoho le ho bala Bibele tabeng eona eo ea khotso. Thapelo e ’ngoe e ile ea kōpa hore ho thehoe “tumelo e kopaneng.” Ha mokete o phethoa, ba bileng teng ba ile ba bina Ntat’a Rōna ka Selatine, e thehiloeng ho Matheu khaolo ea 6, temana ea 9 ho ea ho ea 13.

Ka nako e tšoanang, baemeli ba malumeli a mang ba ne ba rapella libakeng tse ling. Holong e shebileng Mecca, Mamosleme a ile a ipiletsa ho Allah a khumame k’hapeteng. Mazoroaster, a ileng a rapela haufi le Majaine le Maconfucius, a ile a besa mollo o halalelang. Baemeli ba malumeli a setso a Afrika ba ile ba rapela balimo ba bona. Mahindu a ile a kōpa khotso ho melimo ea ’ona. Kaofela ba ile ba rapela melimo ea bona ka tieo ho latela litšebeletso tsa bona tsa bolumeli.

Boitlamo bo Kopanetsoeng ba ho Finyella Khotso

Baemeli ba ile ba boela ba kopana tenteng e khōlōhali bakeng sa ho ea etsa litšebeletso tse koalang. Mabone a tukang—a emelang tšepo ea ho finyella khotso—a ile a fuoa baemeli ke baitlami ba banna. Pono ena e ne e le e hlollang. Joale litho tse ’maloa tsa meifo ea baemeli li ile tsa bala boitlamo bo kopanetsoeng ba ho finyella khotso, se seng le se seng sa etsa boitlamo bo ikhethang.

“Ho bōpa khotso ho bolela ho rata moahelani.”—Ecumenical Patriarch Bartholomeus I.

“Pefo le bokhukhuni li hanana le seo ka sebele bolumeli bo leng sona.”—Dr. Konrad Raiser, moemeli oa Lekhotla la Lefatše la Likereke.

“Re inehetse ho ruteng batho ho hlomphana le ho sielana seriti.”—Bhai Sahibji Mohinder Singh, moemeli oa bolumeli ba Masikhe.

“Khotso kantle ho toka hase khotso ea sebele.”—Mobishopo oa Orthodox, Vasilios.

Qetellong, mopapa o ile a bala mantsoe a ngotsoeng selelekeleng sa sehlooho sena. Ha baemeli ba phethela seboka sena sa litumelo tse kopanetsoeng, ba ile ba kopana ka matsoho e le pontšo ea khotso. Mantsoe a hlophiloeng ka makhethe le ka bokheleke a ile a tsamaisana le litšebeletso tse khabileng le tse hlophisitsoeng. Empa joale batho ba ile ba itšoara joang ka ketsahalo ee e khōlōhali?

‘Hoja Liketso li ka Latela Lipolelo’

Likoranta le thelevishene li ile tsa thoholetsa bohato boo bo nkiloeng ke mopapa. Ba bang ba bile ba bitsa mopapa “’muelli oa likereke tsohle tse ipitsang hore ke tsa Bokreste.” Koranta ea Vatican L’Osservatore Romano e hlalositse letsatsi la Assisi e le “ketsahalo ea bohlokoa e lebisang khotsong ea batho ba tsoetseng pele.” “Assisi e Fana ka Leseli la Khotso,” e bile sehlooho se seholo sa koranta ea Corriere dell’Umbria.

Hase bashebelli bohle ba neng ba chesehela seo. Ba bang ba ile ba bolela hore ha ba na tšepo hobane lintoa tsa bolumeli li ’nile tsa tsoela pele ho hlasela moloko oa batho ka mor’a hore ho be le matsatsi a ho rapella khotso ka 1986 le ka 1993. Lehloeo la bolumeli le hlohlellelitse polao e sehlōhō Uganda, Yugoslavia ea mehleng, Indonesia, Pakistan, Bochabela bo Hare le Ireland Leboea.

Koranta ea Italy, La Repubblica, e itse basomi ba bang ba qheletse ka thōko seboka seo e le “feela pontšo ea mponeng.” Setho sa Paramente ea Europe se boletse hore batho ba bolumeli ba lokela “ho latela Kosepele”—e leng ho mamela mantsoe a reng “rata lira tsa hao, reteletsa lerama le leng” e le hore ba ka khothalletsa khotso. Ho ea ka eena, “ha ho ea etsang” seo.

Mopresidente oa Italian Jewish Communities o itse “e tla ba ho thahasellisang ho bona hore na joale ho tla etsahala eng, haeba le teng ho tla nkoa bohato bo tiileng le hore ho be le phetoho ea sebele tumellanong le se builoeng.” Moemeli oa Mabuddha a Mataliana o ile a itlhalosa ka ho tšoanang, a re motho o lokela “ho etsa bonnete ba hore boipiletso ba khotso ha e be feela boikemisetso bo botle bo sa phethahaleng.” Moqolotsi e mong oa litaba ha a ngola makasineng ea Italy L’Espresso, o fane ka maikutlo a hore seboka sa Assisi se phethile morero o fapaneng bakeng sa malumeli a Bokreste-’mōtoana a neng a emetsoe moo. O se bitsitse “makhotla a ikopantseng khahlanong le karohano, ho hloka taeo le ho hloka tumelo bolumeling,” hammoho le boiteko ba ho loantša “bohato bo matla ba ho fetola litaba tsa bolumeli tsa lefatše” bo hlasetseng Europe ho sa tsotellehe ‘histori ea eona ea Bokreste.’

Har’a ba nyatsitseng ketsahalo eo haholo e bile litsebi tsa mekhoa le litumelo tsa K’hatholike, tse neng li tšohile hore lithuto tsa kereke li tla hlapolloa. Puisanong ea thelevishene, Vittorio Messori eo e leng sengoli se tsebahalang sa K’hatholike, o ile a bolela kotsi ea hore ketsahalo eo ea Assisi e ne e ka ’na ea fifatsa phapang e teng pakeng tsa malumeli. Ke ’nete hore ba boholong kerekeng ba etse hloko hore ba se ke ba fana ka maikutlo a hore ba tsoaka malumeli. Mopapa ka boeena o ile a hanyetsa liqoso tse joalo. Leha ho le joalo, ho ba bangata ketsahalo ena ka boeona ho bonahala e fana ka maikutlo a hore malumeli a sa tšoaneng a mpa a emela litsela tse sa tšoaneng tsa ho finyella matla a phahameng.

Bolumeli le Khotso

Leha ho le joalo, ke eng eo malumeli a ka e etsang ho tlisa khotso? Batho ba bang ba ferekanngoa ke potso ena haholo kaha ho bonahala malumeli a baka lintoa ho feta ho li thibela. Bo-rahistori ba boletse kamoo ba boholong mebusong ba sebelisitseng bolumeli kateng ho hlohlelletsa ntoa. Feela potso ea sala: Ke hobane’ng ha malumeli a ’nile a lumela ho sebelisoa?

Bonyane malumeli a Bokreste-’mōtoana a na le molao o halalelang o ka beng o a thusitse ho qoba molato oa ho amahanngoa le ntoa. Jesu o ile a bolela hore balateli ba hae e ne e ke ke ea e-ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19; 17:16) Haeba malumeli a Bokreste-’mōtoana a ne a phela tumellanong le mantsoe ana, a ka be a sa itsoakanya le mebuso ea lipolotiki, a lumella le hona ho hlohonolofatsa mabotho le ntoa.

Ka sebele, baeta-pele ba bolumeli ba tla tlameha ho ikarola ho ba matla lipolotiking haeba ba batla ho phela tumellanong le se boletsoeng Assisi. Ho feta moo, ba tla tlameha ho ruta balateli ba bona litsela tsa khotso. Leha ho le joalo, bo-rahistori ba hlokomela hore batho ba etsang liketso tsa pefo lefatšeng ba akarelletsa ba bangata ba lumelang ho Molimo—kapa bonyane ba bolelang hore ba lumela ho eena. Mohlophisi oa koranta e ’ngoe ea haufinyane tjena o itse: “Nakoana ka mor’a la 11 Sept., motho e mong o ile a ngola mantsoe ana a nahantšang ka thata leboteng le leng Washington, D.C.: ‘Molimo ea ratehang, ak’u re pholose bathong bana ba lumelang ho uena.’”

Litšebeletso tse khabileng le tse hlophisitsoeng tse ileng tsa ba Assisi li siile lipotso tse thata li sa arabeloa. Empa mohlomong ha ho potso ea bohlokoa—kapa e tšoenyang—ho batho ba bangata ba malumeli ho feta ena: Ke hobane’ng ha ho bonahala Molimo a hanne ho arabela lithapelo tsa khotso tse ’nileng tsa etsoa ke malumeli a lefatše ho fihlela lee le holimo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E le hore u tsebe ka ho eketsehileng ka letsatsi la lithapelo tsa khotso ka 1986, ka kōpo bona Tsoha! ea June 8, 1987.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Baemeli ba nkile mabone a tukang—a emelang tšepo ea ho finyella khotso

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

AP Photo/Pier Paolo Cito

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]

AP Photo/Pier Paolo Cito

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela