Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mathata a Etsang Hore re be le Tšepo
    Molula-Qhooa—2011 | May 1
    • Mathata a Etsang Hore re be le Tšepo

      “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.”—2 TIMOTHEA 3:1.

      NA U kile ua utloa kapa hona ho bona a mang a mahlomola a boletsoeng ka tlaase moo?

      ● Lefu le tšabehang le feta ka batho ba bangata.

      ● Tlala ea boja-likata e bolaea batho ba makholo.

      ● Tšisinyeho ea lefatše e bolaea ba likete ’me e siea ba se nang palo ba hloka mahae.

      Maqepheng a latelang, u tla hlahloba lintlha tse etsang hore motho a nahane ka ho teba ka liketsahalo tse kang tsena. U tla boela u bone hore Bibele e boletse esale pele hore ho tla ba le maemo a joalo nakong eo ho thoeng ke ‘matsatsi a ho qetela.’a

      Leha ho le joalo, sepheo sa lihlooho tsena hase ho etsa hore u lumele hore re phela lefatšeng le tletseng mathata. Etsoe u iponela mathata ana ka bouena. Ho e-na le hoo, sepheo sa lihlooho tsena ke hore u be le tšepo. Li tla bontša hore ha likarolo tsena tse tšeletseng tse profetiloeng li etsahala, seo se bolela hore ‘matsatsi a ho qetela’ a haufi le ho fela. Lihlooho tsena li tla boela li tšohle mabaka ao ka tloaelo a behoang ho hanyetsa taba ena li be li fane ka mabaka a utloahalang a ho lumela hore ho na le ntho e molemo e larileng ka pele.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Mabapi le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse lintho tsena tse mpe hore li etsahale, sheba sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bokhopo le Mahlomola?” leqepheng la 16 le la 17 makasineng eona ena.

  • Boprofeta ba 1. Litšisinyeho Tsa Lefatše
    Molula-Qhooa—2011 | May 1
    • Boprofeta ba 1. Litšisinyeho Tsa Lefatše

      “Ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše.”—LUKA 21:11.

      ● Winnie ea nang le selemo le likhoeli tse ’nè o ile a ntšoa tlas’a maloanlahla Haiti. Baqolotsi ba litaba tsa thelevishene ba neng ba tlaleha koluoa eo ke bona ba ileng ba utloa ha a ntse a bobola. Le hoja eena a pholohile, ha ho joalo ka batsoali ba hae.

      BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Ha tšisinyeho ea lefatše e boholo ba 7,0 sekaleng sa Richter e e-ba teng Haiti ka January 2010, ho hakanngoa hore ho ile ha shoa batho ba fetang 300-000. Ba ka bang limilione tse 1,3 bona ba ile ba hloka mahae ka ho panya ha leihlo. Le hoja tšisinyeho ena ea Haiti e bile e khōlō haholo, hase ketsahalo e bang teng seoelo. Bonyane ho bile le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše tse 18 lefatšeng ka bophara pakeng tsa April 2009 le April 2010.

      KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Hase hore litšisinyeho tsa lefatše li eketsehile; ke feela hore kajeno theknoloji e tsoetse pele joale re khona ho li elelloa ho feta batho ba mehleng ea khale.

      NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Ak’u nahane ka ntlha ena: Bibele ha e bue ka palo ea litšisinyeho tse tla ba teng matsatsing a ho qetela. Ho e-na le hoo, e re ho tla ba le “litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše . . . sebakeng se seng ka mor’a se seng,” e leng ntho e tla etsa hore e be e ’ngoe ea lintho tse hlaheletseng mehleng ena ea liketsahalo tsa bohlokoa.—Mareka 13:8; Luka 21:11.

      U NAHANA’NG? Na re bona ho etsahala litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše joalokaha Bibele e boletse?

      Litšisinyeho tsa lefatše hase tsona feela tseo e ka bang bopaki bo kholisang ba hore re phela matsatsing a ho qetela. Empa ke bo bong ba boprofeta bo phethahalang. Hlahloba ba bobeli.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

      “Rōna [litsebi tsa fisiks ea lefatše] re re ke litšisinyeho tsa lefatše tse khōlō. Batho ka kakaretso bona ba re ke likoluoa.”—KEN HUDNUT, OA SETSI SA LIPATLISISO TSA JIOLOJI, UNITED STATES.

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

      © William Daniels/Panos Pictures

  • Boprofeta ba 2. Tlala ea Boja-likata
    Molula-Qhooa—2011 | May 1
    • Boprofeta ba 2. Tlala ea Boja-likata

      “Ho tla ba le likhaello tsa lijo.”—MAREKA 13:8.

      ● Ntate e mong o balehela motseng oa Quaratadji, Niger. Bo-motsoal’ae, barab’abo le likhaitseli tsa hae le bona ba balehile tlala mahaeng ’me ba tlile mona. Empa ntate enoa o lutse a le mong mosemeng. Ke hobane’ng ha a le mong? Morena oa motse oo, ea bitsoang Sidi, o re: “Ke hobane o se a sitoa ho shebana le [ba lelapa] mahlong kaha ha a na mokhoa oa ho ba fepa.”

      BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Lefatšeng ka bophara, ho batho ba supileng, hoo e ka bang a le mong ha a na lijo tse lekaneng bakeng sa letsatsi le leng le le leng. Lipalo tsena li phahama le ho feta linaheng tsa Afrika tse ka boroa ho Sahara, moo motho a le mong ho ba bararo a hlokang lijo letsatsi le leng le le leng. Ho etsa hore taba ena e hlake haholoanyane, nahana ka lelapa le nang le ntate, ’mè le ngoana. Haeba ho e-na le lijo tse ka jeoang ke batho ba babeli feela, ke mang ea sa tl’o ja? Ke ntate? ’mè kapa ngoana? Ena ke khetho eo malapa a joalo a lokelang ho e etsa letsatsi le letsatsi.

      KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Lefatše le hlahisa lijo tse ka lekanang motho e mong le e mong. Ntho e lokelang ho etsoa feela ke hore li laoloe hantle.

      NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Ke ’nete hore hona joale lihoai li ka hlahisa tsa ba tsa tsamaisa lijo tse ngata ho feta leha e le neng pele. Ha e le hantle, mebuso ea batho e lokela ho laola kabo ea lijo tsa lefatše e le ho rarolla mathata a tlala. Leha ho le joalo, esita le ka mor’a lilemo tse mashome e leka ho etsa seo, ha ea atleha.

      U NAHANA’NG? Na Mareka 13:8 ea phethahala? Ho sa tsotellehe tsoelo-pele e teng theknolojing, na khaello ea lijo ha e ame bohle lefatšeng ka bophara?

      Litšisinyeho tsa lefatše le tlala ea boja-likata hangata li baka lintho tse ling tseo e leng karolo ea pontšo ea hore re phela matsatsing a ho qetela.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

      “Bana ba fetang karolo ea boraro ba bolaoang ke nyumonia, letšollo le mafu a mang ba ka be ba sa shoe hoja ba ne ba sa haelloe ke phepo.”—ANN M. VENEMAN, EO E NENG E LE MOOKAMELI EA KA HOLIMO-LIMO OA LETLŌLE LA MACHABA A KOPANENG LA THUSO EA BANA.

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

      © Paul Lowe/Panos Pictures

  • Boprofeta ba 3. Mafu
    Molula-Qhooa—2011 | May 1
    • Boprofeta ba 3. Mafu

      “Batho ba tla . . . tšoaroa ke mafu a tšabehang.”—LUKA 21:11, Contemporary English Version.

      ● Bonzali ea sebetsang lefapheng la bophelo bo botle ba sechaba naheng e ’ngoe ea Afrika e tsekolotsoeng ke ntoa ea lehae, o etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa basebetsi ba morafong o toropong ea habo, ba qetoang ke vaerase ea Marburg.a O ’nile a kōpa thuso ho ba boholong toropong e khōlō empa ha aa e fumana. Qetellong ka mor’a likhoeli tse ’nè, thuso ea fihla, empa e fumana Bonzali a se a hlokahetse. O ile a tšoaetsoa lefu leo la Marburg ha a ntse a leka ho thusa basebetsi ba morafong ba neng ba tšoeroe ke lona.

      BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Mafu a tšoaetso ea matšoafo (a kang nyumonia), letšollo, HIV/AIDS, lefuba le malaria ke a mang a mafu a bolaeang batho ba bangata lefatšeng. Lilemong tsa morao tjena, mafu ana a mahlano a ’nile a bolaea batho ba hakanyetsoang ho limilione tse 10,7, ho bolelang hore a ’nile a bolaea motho a le mong hoo e ka bang metsotsoana e meng le e meng e meraro, selemo ho pota.

      KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Palo ea baahi ba lefatše e lula e eketseha, ka hona ho hlakile hore mafu le ’ona a tla eketseha. Ho se ho e-na le batho ba bangata haholo ba ka tšoaroang ke mafu ana.

      NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Palo ea baahi ba lefatše e eketsehile haholo. Empa ho joalo le ka tsebo eo batho ba seng ba e-na le eona ea ho fumana hore na motho o tšoeroe ke eng, ho laola mafu le ho a phekola. Ka hona, na mafu a tšoarang batho a ne a sa lokela ho fokotseha? ’Nete ke hore ho etsahala se fapaneng le seo.

      U NAHANA’NG? Na batho ba tšoeroe ke mafu a tšabehang, joalokaha Bibele e ile ea profeta?

      Litšisinyeho tsa lefatše, tlala ea boja-likata le mafu ke tse ling tsa lintho tse bolaeang batho tse sa etsoeng ke motho ka ho toba. Batho ba bang ba limilione ba hlokofatsoa ke batho ba bang—’me bongata ba hlokofatsoa ke batho ba neng ba lokela ho ba sireletsa. Hlokomela hore na boprofeta ba Bibele bo re ho tla etsahala’ng.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Feberu ea Marburg Hemorrhagic e bakoa ke vaerase e amanang le lefu la Ebola.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

      “Ke ntho e tšabehang ha motho a jeoa ke tau kapa ke ntho e ’ngoe, empa ho ntse ho le hobe ka tsela e tšoanang le ha motho a jeoa ke lefu le itseng ka hare a bile a bona seo se etsahala le ho ba mo potolohileng.”—MICHAEL OSTERHOLM, EA ETSANG LIPATLISISO KA MAFU.

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]

      © William Daniels/Panos Pictures

  • Boprofeta ba 4. Ho Hloka Lerato la Tlhaho
    Molula-Qhooa—2011 | May 1
    • Boprofeta ba 4. Ho Hloka Lerato la Tlhaho

      “Batho ba . . . ke ke ba e-ba le lerato le tloaelehileng ho ba malapa a bona.”—2 TIMOTHEA 3:1-3, God’s Word Bible.

      ● Chris o sebetsa sehlopheng sa ba thusang batho ba hlekefetsoang malapeng, Wales Leboea. O re: “Ke hopola ka le leng ho kena mofumahatsana e mong ea neng a kile a tla moo ho rōna, a tetekiloe hoo ke neng ke se ke sa mo tsebe. Bo-’mè ba bang ba hlekefelitsoe maikutlong hampe hoo ba sitoang feela le ho sheba batho mahlong.”

      BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Naheng e ’ngoe ea Afrika, hoo e ka bang mosali a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo o kile a hlekefetsoa ka likobo ha a sa le monyenyane. Tlhahlobo e entsoeng naheng eona eo e sibolotse hore banna ba batlang ba feta a le mong ho ba bararo ba nka hore ke ntho e nepahetseng ho otla basali ba bona. Leha ho le joalo, hase basali feela ba hlekefetsoang malapeng. Ka mohlala, Canada banna ba ka bang bararo ho ba bang le ba bang ba leshome ba ’nile ba otloa kapa ba hlekefetsoa ka litsela tse ling ke balekane ba bona.

      KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Haesale batho ba ntse ba hlekefetsoa malapeng. Ke feela hore kajeno ho buuoa ka hona haholo ho feta nakong e fetileng.

      NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Lilemong tse ngata morao tjena batho ba ’nile ba lemosoa ka tlhekefetso e bang teng malapeng. Empa na ho lemosa batho ka bothata boo ho fokolitse palo ea batho ba hlekefetsoang malapeng? Le hanyenyane. Ho hloka lerato la tlhaho ho hloele mekoalaba mehleng ena.

      U NAHANA’NG? Na 2 Timothea 3:1-3 ea phethahala? Na ehlile batho ba bangata ha ba na lerato leo ka tlhaho ba neng ba lokela ho ba le lona ho ba malapa a bona?

      Boprofeta ba bohlano bo phethahalang hona joale bo ama lehae la rōna, e leng lefatše. Hlahloba se rutoang ke Bibele tabeng ena.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

      “Ho bontšoa hore tlhekefetso ea malapeng ke tlōlo ea molao e sa tlalehoeng ho feta tsohle tse teng. Ka karolelano, mosali a ka hlekefetsoa ke molekane oa hae makhetlo a 35 pele a ka ea tlaleha seo mapoleseng.”—MOEMELI OA THUSO E FANOANG THELEFONONG HO BATHO BA WALES BA HLEKEFETSOANG MALAPENG.

  • Boprofeta ba 5. Ho Senya Lefatše
    Molula-Qhooa—2011 | May 1
    • Boprofeta ba 5. Ho Senya Lefatše

      “[Molimo o tla] felisa ba senyang lefatše.”—TŠENOLO 11:18.

      ● Monghali Pirri ke ’mokelli oa veine ea palema Kpor, Nigeria. Khoebo ea hae e sentsoe ke oli e ngata e qhalanelang Nōkeng ea Niger. O re: “E bolaea litlhapi, e re senya matlalo e bile e senya le linōka tsa rōna. Ha ke sa na ntho eo ke iphelisang ka eona.”

      BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Ho latela litsebi tse ling, litšila tse ka etsang lithane tse limilione li 6,5 li kena maoatleng selemo se seng le se seng. Ho hakanngoa hore hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea litšila tseo ke lipolasetiki tse tla nka lilemo tse makholo pele li ka bola. Batho ha ba silafatse lefatše feela, empa ba bile ba sebelisa lihlahisoa tsa lona ka tsela e feteletseng. Liphuputso li bontša hore lefatše le hloka selemo le likhoeli tse hlano hore le boele le be le lihlahisoa tseo batho ba li sebelisitseng ka selemo. Koranta ea Australia e bitsoang Sydney Morning Herald, e re: “Haeba baahi ba lefatše ba ntse ba eketseha le tsela eo lihlahisoa li sebelisoang ka eona e ntse e eketseha ka tsela ena, ka 2035 re tla hloka lihlahisoa tse lekanang le tse ka hlahisoang ke mafatše a mabeli.”

      KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Batho ba bohlale ’me ba khona ho fumana tsela ea ho rarolla mathata. Re ka rarolla mathata ana ’me ra pholosa lefatše.

      NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Batho ba bangata ba sebetsang ka thata le lihlopha tse itseng ba ’nile ba lemosa ka ho senngoa ha tikoloho. Leha ho le joalo, batho ba ntse ba tsoeloa pele ho silafatsa lefatše ka tsela e tšabehang.

      U NAHANA’NG? Na ho hlokahala hore Molimo a kenelle e le hore a pholose lefatše lee la rōna le senngoang, joalokaha a tšepisitse hore o tla etsa joalo?

      Ntle le lintho tse hlano tse profetiloeng tseo re li tšohlileng, Bibele e ile ea bua le ka liketso tse ntle tse neng li tla etsahala matsatsing a ho qetela. Hlahloba mohlala o le mong boprofeteng ba botšelela.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

      “Ke ikutloa eka ke ne ke e-na le paradeise, empa hona joale ke na le thotobolo ea lintho tse chefo.”—ERIN TAMBER, MOAHI OA GULF COAST, UNITED STATES, HA A BUA KA LIPHELLO TSA OLI E ILENG EA QHALANA KOUNG EA MEXICO KA 2010.

      [Lebokose le leqepheng la 8]

      Na Molimo ke Eena ea Ikarabellang?

      Kaha Bibele e boletse esale pele hore ho tla ba le maemo a mabe mehleng ena, na see se bolela hore Molimo ke eena ea ikarabellang? Na ke eena ea etsang hore re utloe bohloko? U ka fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsena khaolong ea 11 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

      U.S. Coast Guard photo

  • Boprofeta ba 6. Mosebetsi oa ho Bolela Lefatšeng Lohle
    Molula-Qhooa—2011 | May 1
    • Boprofeta ba 6. Mosebetsi oa ho Bolela Lefatšeng Lohle

      “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—MATHEU 24:14.

      ● Vaiatea o lula sehlekehlekeng se hōle sa Pacific, seo e leng karolo ea Lihlekehleke Tsa Tuamotu. Le hoja Tuamotu e e-na le lihlekehleke tse nyenyane tse ka bang 80 sebakeng se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 802 900, e na le baahi ba ka bang 16 000 feela. Leha ho le joalo, Vaiatea le baahelani ba hae ba ’nile ba eteloa ke Lipaki Tsa Jehova. Lebaka? Hobane Lipaki li rata ho bolella bohle litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae.

      BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Molaetsa oa ’Muso o fihla likarolong tsohle tsa lefatše. Ka 2010 feela, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qeta lihora tse fetang libilione tse 1,6 li bolela litaba tse molemo linaheng tse 236. Ka karolelano seo se bolela hore letsatsi le leng le le leng Paki e ’ngoe le e ’ngoe e ne e qeta metsotso e 30 e etsa mosebetsi oa ho bolela. Ka lilemo tse leshome tse fetileng, li ’nile tsa hlahisa le ho aba lingoliloeng tse rutang Bibele tse fetang libilione tse 20.

      KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Ke lilemo tse likete joale molaetsa oa Bibele o ntse o boleloa.

      NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Ke ’nete hore ba bangata ba ’nile ba ruta ho itseng ka molaetsa oa Bibele. Leha ho le joalo, ba bangata ba entse joalo ka nakoana feela le hona sebakeng se senyenyane. Ha ho bapisoa, Lipaki Tsa Jehova tsona li bolela lefatšeng lohle ka tsela e hlophisehileng ’me li finyella batho ba limilione tse makholo. Lipaki li ’nile tsa tsoela pele mosebetsing oa tsona oa ho bolela ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea e meng ea mekhatlo e matla ka ho fetisisa le e sehlōhō e kileng ea e-ba teng historing ea batho.a (Mareka 13:13) Ho feta moo, Lipaki Tsa Jehova ha li lefelloe ho bolela. Ho e-na le hoo, li tela nako ea tsona ebile li aba lingoliloeng ntle ho tefo. Mosebetsi oa tsona o tšehetsoa ka ho feletseng ke menehelo e etsoang ka ho ithatela.

      U NAHANA’NG? Na ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ li boleloa lefatšeng lohle? Na ho phethahala ha boprofeta boo ho bontša hore ho na le ho itseng ho molemo ho tla tloha ho etsahala haufinyane?

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, shebella livideo tse tharo tse buang ka se ileng sa etsahalla Lipaki, e leng ea “Faithful Under Trials,” “Purple Triangles,” le “Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault,” tseo u ka li fumanang ho Lipaki Tsa Jehova.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

      “Hafeela Jehova a sa ntse a lumeletse tsamaiso ena hore e be teng, re tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho, re sebelisa monyetla o mong le o mong hore re pakele batho.”—BUKA EA SELEMO EA LIPAKI TSA JEHOVA EA 2010.

  • Nako e Monate e Haufi!
    Molula-Qhooa—2011 | May 1
    • Nako e Monate e Haufi!

      “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehi- leng khotsong e ngata.”—PESALEME EA 37:10, 11.

      NA U ka rata ho bona ha boprofeta bo boletsoeng ka holimo bo phethahala? Ha ho pelaelo hore u ka rata. Ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore haufinyane seo se tla etsahala.

      Lihlooho tse fetileng li tšohlile bo bong ba boprofeta ba Bibele bo bontšang ka ho hlaka hore re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) Molimo o ile a susumetsa bangoli ba Bibele hore ba bolele liketsahalo tseo esale pele e le hore re ka ba le tšepo. (Baroma 15:4) Ho phethahala ha boprofeta boo ho bolela hore matšoenyeho a rōna a haufi le ho fela.

      Ho tla etsahala’ng ka mor’a matsatsi a ho qetela? ’Muso oa Molimo o tla busa batho kaofela. (Matheu 6:9) Hlokomela hore na Bibele e re lefatše le tla ba joang nakong eo:

      ● Ho ke ke ha hlola ho e-ba le tlala. “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

      ● Maloetse a ke ke a hlola a e-ba teng. “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.

      ● Lefatše le tla Nchafatsoa. “Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba, le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone.”—Esaia 35:1.

      Tsena ke tse ling tsa lintho tse khothatsang tse profetiloeng ke Bibele tse tla tloha li etsahala. Ho ka ba molemo hore u kōpe Lipaki Tsa Jehova hore li u bontše hore na ke hobane’ng ha li kholisehile hore nako e monate e fela e le haufi.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela