Pono ea Bibele
Na Jehova e ne e le Molimo oa Morabe oa Bajuda?
LINAHENG tse ngata kajeno, lebitso Jehova le amahanngoa haufi-ufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa mehleng ena oa Lipaki tsa Jehova. Empa, lebitso lena le hlaha liphetolelong tse ling tsa Bibele tse sebelisoang ke malumeli a mang ntle ho Lipaki tsa Jehova. Ha e le hantle, lebitso Jehova joalokaha le emetsoe ke litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo le ’nile la sebelisoa ka lilemo tse likete.
Ka linako tse ling Jehova o bitsoa “Molimo oa Iseraele.” (1 Likronike 17:24) Polelo ena e entse hore ba bang ba lumele hore e ne e le feela molimo oa morabe oa moo, oo Baheberu ba neng ba o alimile sechabeng se seng kapa oo ba neng ba iqapetse oona. Mongoli oa buka e bitsoang A History of God, Karen Armstrong, o re: “Tšimolohong [Jehova] o ne a nkoa e le molingoana ea khahlapetsang oa morabe oa Baiseraele. Hamorao, hoo e ka bang lekholong la bosupa le la botšelela la lilemo B.C., baprofeta ba Iseraele . . . , ba ile ba nka lebitso la Molimo enoa oa morabe e le letšoao la sebele ka ho feletseng bakeng sa ntho e ke keng ea hlalosoa.”
Bo-rahistori ba ’maloa ba bolumeli ba lekile ho sala morao mohlala oa tšimoloho ea lebitso lena, Jehova, mehloling ea Bakanana kapa Baegepeta. Ba bang ba tiisa ka matla hore ke “lebitso la boholo-holo la morabe” le hore ha le tsebahatse Molimo eo ho buuoang ka eena “Testamenteng e Ncha.” Na see ke ’nete? Ho bala Bibele ka kelo-hloko ho senola eng?
Jehova—Molimo oa Batho Bohle
Bibele ea lumela hore Jehova o ne a e-na le kamano e haufi-ufi le sechaba sa Iseraele. Empa lena hase lebaka la ho mo nka joaloka molimo feela oa morabe. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a botsa: “Na ke Molimo oa Bajuda feela? Na hase le oa batho ba lichaba?” Karabelo ea Pauluse e hlakileng e ne e re’ng? “E, hape ke oa batho ba lichaba.” (Baroma 3:29) Ke mang Molimo eo Pauluse a neng a bua ka eena? Ha e le hantle, lengolong lona leo a neng a le romeletse Baroma, lebitso Jehova le hlaha ka makhetlo a 19. Moapostola ha a qotsa moprofeta oa boholo-holo oa Moheberu Joele, o boletse hore “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha” e seng Bajuda feela.—Baroma 10:13; Joele 2:32.
Baiseraele ha baa ka ba khetha Jehova hore e be Molimo oa bona; ho e-na le hoo, Jehova ke eena ea ba khethileng hore ba phethahatse merero ea hae—e leng ho lokisa tsela bakeng sa Mesia. Ho feta moo, bokamoso ba molimo oa morabe bo amahanngoa le ba batho ba hae. Ha morabe o hlōloa, ka ho tšoanang le molimo eo oa hlōloa. Ha hoa ka ha e-ba joalo ka Jehova.
Selekane sa Jehova le Abrahama—se ileng sa thehoa lekholong la lilemo pele ho mehla ea Bokreste—se ile sa tšepisa litlhohonolofatso bakeng sa batho ba lichaba tsohle, le ho bontša thahasello eo Molimo a nang le eona molokong oa batho. (Genese 12:1-3; Liketso 10:34, 35; 11:18) Morena oa Iseraele, Davida, o ile a bontša hore Jehova e ne e se feela mong’a Iseraele ha a re: “Lefatše ke la Jehova le se tletseng ho lona, naha e behang le ba lulang ho eona.”—Pesaleme ea 24:1.
Hamorao ha Solomone mor’a Davida a nehela tempele ea borapeli ea Jehova, o ile a bontša hore ho na le tsela eo batho ba ikokobelitseng ba sechaba leha e le sefe ba ka atamelang Jehova. Thapelong ea hae ea nehelo, Solomone o ile a re: “Le ho osele, eo e seng karolo ea sechaba sa hao sa Iseraele le eo ka sebele a tsoang naheng e hōle . . . ’me a tla le ho rapela ntlong ena, e se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo se tiisitsoeng, ’me u etse ho ea ka sohle seo osele a hoeletsang ho uena ka sona; e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba lebitso la hao e le hore li u tšabe joalokaha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba.”—1 Marena 8:41-43.
Iseraele e Qheleloa ka Thōko
Ha a bua ka kamano ea Iseraele le Jehova, Moprofesa C. J. Labuschagne o ile a ngola: “Ho pholletsa le histori ea eona, ka makhetlo Iseraele e ’nile ea e-ba le phihlelo ea hore Molimo oa ‘sechaba’ o ne a ka se sireletsa kapa a ba khahlanong le sona.” Lekholong la pele la lilemo ha Iseraele e ne e lahla Mesia, Jehova o ile a lahla sechaba seo.
Leha ho le joalo, lebitso la Jehova le ne le lokela ho tsoela pele le sebelisoa har’a Bakreste. Ha phutheho ea Bokreste e ntse e eketseha, litho tsa eona li ile tsa akarelletsa batho ba lichaba tsohle. A okametse seboka sa Bokreste Jerusalema, morutuoa oa Mojuda Jakobo o ile a bua ka Molimo e le ea “ileng a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng [tseo e seng Bajuda] hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae.” E le bopaki ba hore sena se boletsoe esale pele, Jakobo o ile a qotsa boprofeta bo bukeng ea Amose moo lebitso la Jehova le hlahellang teng.—Liketso 15:2, 12-18; Amose 9:11, 12.
O Hlokomela Bohle, o Hlohonolofatsa Bohle
Ho feta moo, ha a tiisa bokahohle ba Bomolimo ba Jehova, Pauluse o ile a ngola: “Etsoe ha ho khethollo pakeng tsa Mojuda le Mogerike, kaha ho na le Morena ea tšoanang holim’a bohle, ea ruileng ho bohle ba ipiletsang ho eena.” (Baroma 10:12) E, moloko oohle oa batho o mamelang o ka fumana litlhohonolofatso tsa Jehova.
Ho bana bohle ba hae ba batho ba tšepahalang le ba mamelang—ho sa tsotellehe bochaba kapa morabe oa bona—Jehova o ba tšepisa bokamoso bo khanyang. Lentsoe la hae le hlalosa batho ba joalo e le “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle.” (Hagai 2:7) Qetellong batho ba joalo ba tseba Jehova le ho mo rata. Buka ea ho qetela ea Bibele ha e bua ka bona e re: “Etsoe lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao [Jehova], hobane melao-taelo ea hao e lokileng e bonahalitsoe.”—Tšenolo 15:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Moshe a tšoere Melao e Leshome