Pono ea Bibele
Na ho Loketse ho Rapela Jesu?
HO THEOSA le makholo a lilemo, ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba ’nile ba rapela Jesu Kreste joalokaha eka ke eena Molimo ea Matla ’Ohle. Leha ho le joalo, Jesu ka boeena o ile a lebisa tlhokomelo le borapeli ho Jehova Molimo feela. Ka mohlala, ha a ne a susumelletsoa hore a etse ketso ea borapeli ho Diabolose, Jesu o ile a re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela, ’me ke eena feela eo u lokelang ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Matheu 4:10) Hamorao Jesu o ile a laela barutuoa ba hae: “Le se ke la bitsa mang kapa mang ntate oa lōna lefatšeng, kaha o mong Ntate oa lōna, Oa leholimo.”—Matheu 23:9.
Ho mosali oa Mosamaria, Jesu o ile a hlalosa mofuta oa borapeli boo batho ba lokelang ho bo lebisa ho Molimo. Borapeli ba bona bo lokela ho thehoa moeeng le ’neteng. Ha e le hantle, “Ntate o batla ba joaloka bona hore ba mo rapele.” (Johanne 4:23, 24) E, tlhompho ea borapeli e lokela ho lebisoa ho Molimo feela. Ho isa borapeli ho motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe e ’ngoe e ne e tla ba mofuta o mong oa borapeli ba litšoantšo, e leng ho nyatsuoang ke Mangolo a Seheberu hammoho le a Segerike.—Exoda 20:4, 5; Bagalata 5:19, 20.
Ba bang ba ka ’na ba hanyetsa ka ho re, ‘Empa na Bibele ha e bontše hore re boetse re lokela ho rapela Jesu? Na ho Baheberu 1:6 Pauluse ha aa ka a re: “Mangeloi ’ohle a Molimo a ke a mo [Jesu] rapele”?’ (King James Version) Temana ee re ka e utloisisa joang leseling la seo Bibele e se buang ka borapeli ba litšoantšo?
Borapeli ka Bibeleng
Ntlha ea pele, re lokela ho utloisisa seo Pauluse a neng a se bolela mona ka borapeli. O sebelisitse lentsoe la Segerike pro·sky·neʹo. Unger’s Bible Dictionary e bolela hore lentsoe lena ha e le hantle le bolela ho ‘aka letsoho la motho e le pontšo ea tlhompho kapa ho mo tlotla.’ An Expository Dictionary of New Testament Words, ea W. E. Vine, e re lentsoe lena “le hlalosa ketso ea tlhompho, ebang e etsetsoa motho . . . kapa Molimo.” Mehleng ea Bibele pro·sky·neʹo e ne e atisa ho akarelletsa ho inama ha sebele ka pel’a motho oa boemo bo phahameng.
Nahana ka papiso eo Jesu a ileng a fana ka eona ea lekhoba le ileng la sitoa ho lefa chelete e ngata eo le neng le e kolota mong’a lona. Mofuta oa lentsoe lena la Segerike oa hlaha papisong ena, ’me King James Version ha e o fetolela e re: “Ka hona mohlanka a itihela fatše, ’me a mo [morena] rapela [mofuta oa pro·sky·neʹo], a re, Morena, u se ke ua mphella pelo, ’me ke tla lefa sohle.” (Matheu 18:26; mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Na monna eo o ne a etsa ketso ea borapeli ba litšoantšo? Le hanyenyane! O ne a mpa a bontša tlhompho e tšoanelang morena, mong’a hae le motho ea mo phahametseng.
Liketso tse joalo tsa tlhompho, kapa tsa ho tlotla, li ne li tloaelehile haholo Bochabela mehleng ea Bibele. Jakobo o ile a inama ka makhetlo a supileng ha a kopana le ngoan’abo, Esau. (Genese 33:3) Banab’abo Josefa ba ile ba mo inamela, kapa ba mo etsetsa ketso ea tlhompho, e le ho bontša ho hlompha boemo ba hae lekhotleng la Egepeta. (Genese 42:6) Leseling la sena re ka utloisisa hamolemonyana se ileng sa etsahala ha linohe tsa linaleli li fumana lesea Jesu, eo li neng li nka hore ke “ea tsoetsoeng e le morena oa Bajuda.” Joalokaha e fetoletsoe ho King James Version, tlaleho e re bolella hore “li ile tsa oa ka mangole, ’me tsa mo rapela [pro·sky·neʹo ].”—Matheu 2:2, 11.
Kahoo, ho hlakile hore lentsoe pro·sky·neʹo, le fetoleloang e le “ho rapela” liphetolelong tse ling tsa Bibele, ha le sebelisoe feela bakeng sa mofuta oa tlhompho e tšoanelang Jehova Molimo. Le ka boela la bolela tlhompho e bontšoang ho motho e mong. E le ho leka ho qoba pherekano leha e le efe, liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela lentsoe pro·sky·neʹo ho Baheberu 1:6 e le “ho mo tlotla” (New Jerusalem Bible), “ho mo hlompha” (The Complete Bible in Modern English), “ho inama ka pel’a hae” (Twentieth Century New Testament), kapa “ho mo etsetsa ketso ea tlhompho” (New World Translation).
Jesu o Lokeloa ke ho Etsetsoa Ketso ea Tlhompho
Na Jesu o lokeloa ke ho etsetsoa ketso e joalo ea tlhompho? Ka sebele, ho joalo! Lengolong la hae le eang ho Baheberu, moapostola Pauluse o hlalosa hore joaloka “mojalefa oa lintho tsohle,” Jesu “o ile a lula ka letsohong le letona la Boholo bo Hlomphehang libakeng tse phahameng.” (Baheberu 1:2-4) Ka hona, “lebitsong la Jesu lengole le leng le le leng le khumame la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.”—Bafilippi 2:10, 11.
Ka ho totobetseng, haufinyane Kreste o tla sebelisa boemo bona ba hae bo phahameng le matla a hae a maholo a ho liha likahlolo a tsamaeang le boemo boo ho fetola lefatše lena paradeise ea lefatše lohle. Tlas’a tataiso ea Molimo le ka lebaka la thekollo ea sehlabelo sa Jesu, o tla tlosa masoabi ’ohle lefatšeng, bohloko le ho sareloa molemong oa ba ikokobeletsang puso ea hae ea ho loka. Ka hona, na ha aa lokeloa ke hore re mo hlomphe hape re mo utloe?—Pesaleme ea 2:12; Esaia 9:6; Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4.
“Molimo ea Batlang Boinehelo bo Khethehileng”
Leha ho le joalo, Bibele e bontša ka ho hlaka hore borapeli ba rōna—ka kutloisiso ea tlhompho le boinehelo ba bolumeli—bo lokela ho lebisoa ho Molimo feela. Moshe o ile a mo hlalosa e le “Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.” ’Me Bibele e re phehella hore re “rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.”—Deuteronoma 4:24, NW; Tšenolo 14:7.
Ka sebele Jesu o phetha karolo ea bohlokoa haholo borapeling ba ’nete, o lokeloa ke tlhompho le tlotla. (2 Bakorinthe 1:20, 21; 1 Timothea 2:5) Ke eena tsela feela eo re ka atamelang Jehova Molimo ka eona. (Johanne 14:6) Ka hona, Bakreste ba ’nete ba etsa hantle ha ba lebisa borapeli ba bona ho Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle feela.