Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 12/15 maq. 3-4
  • “Batho ba re ke Mang?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Batho ba re ke Mang?”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšobotsi Tse Ngata Tsa Jesu
  • Na Ehlile Ponahalo ea Hae ke ea Bohlokoa?
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 12/15 maq. 3-4

“Batho ba re ke Mang?”

ESE e le nako ea Keresemese hape. Batho lefatšeng ho pota ba khetha ho keteka letsatsi la tsoalo. Letsatsi la tsoalo ea mang? La tsoalo ea Mor’a Molimo kapa ea Mojuda ea inehetseng feela ea neng a ikemiselitse ho ntlafatsa bolumeli bo neng bo atile ha habo lekholong la pele la lilemo? La ’mampoli oa mafutsana kapa la lerabele le neng le sokela ’Muso oa Roma haholo hoo le ileng la bolaoa, kapa mohlomong la mohlalefi ea neng a hatella hore motho ka mong a itsebe a be a tsebe le ’muso o ka hare oa bohlale? U na le lebaka la ho botsa, ‘Ha e le hantle, Jesu Kreste e ne e le mang?’

Jesu ka boeena o ne a thahasella tsela eo batho ba neng ba arabela potso eo ka eona. Ka letsatsi le leng o ile a botsa barutuoa ba hae a re: “Batho ba re ke mang?” (Mareka 8:27) Ke hobane’ng ha a ile a botsa potso e joalo? Batho ba bangata ba ne ba se ba tlohetse ho mo latela. Kamoo ho bonahalang kateng ba bang ba ne ba ferekane ebile ba soabile ka mor’a hore a hane boiteko ba bona ba ho mo etsa morena. Ho feta moo, ha a phephetsoa ke lira tsa hae, Jesu ha aa ka a fana ka pontšo e tsoang leholimong e neng e paka hore na ke mang. Kahoo ha ba araba potso eo, barutuoa ba ile ba re ke mang? Ba ile ba bolela a mang a maikutlo a neng a atile har’a batho: “Ba bang ba re ke Johanne Mokolobetsi, ba bang ba re ke Elia, ho ntse ho le joalo ba bang ba re ke Jeremia kapa e mong oa baprofeta.” (Matheu

16:13, 14) Ha baa ka ba re letho ka mabitso a mangata a nyatsang Jesu a neng a tletse hohle Palestina nakong eo—monyefoli, moikaketsi, moprofeta oa bohata esita le lehlanya.

Litšobotsi Tse Ngata Tsa Jesu

Haeba Jesu a ne a ka botsa potso e tšoanang kajeno, mohlomong o ne a ka ’na a e botsa tjena: “Litsebi li re ke mang?” Hape, mohlomong likarabo li ne li tla re: Ho na le maikutlo a mangata a fapaneng. Ho latela seo David Tracy oa Univesithi ea Chicago a se boletseng, batho ba bangata ba ’nile ba e-ba le likhopolo le litlhaloso tse ngata tse sa tšoaneng mabapi le Jesu le seo a ileng a se bua le ho se etsa. Ho pholletsa le lekholo le fetileng la lilemo, litsebi li sebelisitse mekhoa e mengata e rarahaneng, ea kahisano, ea thuto e mabapi le batho le ea ho phenyekolla libuka e le ha li leka ho fana ka likarabo potsong ea hore na ha e le hantle Jesu e ne e le mang. Qetellong, li phethile ka hore Jesu ke mang?

Litsebi tse ling li tsoela pele ho bolela hore Jesu oa historing e ne e le moprofeta oa Mojuda ea rutang ka bofelo ea neng a khothalletsa batho ho baka. Leha ho le joalo, li qoba ho mo bitsa Mor’a Molimo, Mesia le Molopolli. Tse ngata li belaella tlaleho ea Bibele e reng o tsoa leholimong le hore o ile a tsoha bafung. Ho tse ling, Jesu e ne e le motho feela eo ka lebaka la bophelo ba hae bo behang mohlala le lithuto tsa hae a ileng a susumetsa litumelo tse ’maloa tseo qetellong li ileng tsa bōpa Bokreste. Joalokaha ho boletsoe ho Theology Today, ba bang hape ba nka Jesu e le “mohlalefi ea tšoaeang liphoso, ea sollang, motho ea nang le matla a phahametseng a tlhaho empa e le oa boemo bo tlaase; mohlophisi oa sechaba, seroki sa lehipi se tšoaeang tsamaiso liphoso, ramaqiti ea tsebang ho nyanya batho ba belaelloang leleme ea tsebahatsang maikutlo a hae phatlalatsa ha a ntse a tsamaea metseng e phetheselang, e futsanehileng, e nang le baahi ba tletseng mabifi e sa tsoelang pele ea Palestina.”

Ho boetse ho na le maikutlo a mang hape a sa tloaelehang. ’Mino oa rap, bonono ba metseng e meholo esita le motjeko li hlahisa Jesu e le motho e motšo.a Ba bang ba nahana hore ha e le hantle Jesu e ne e le mosali. Ka lehlabula la 1993, baeti ba neng ba etetse Orange County Fair, California, ba ile ba bona seemahale sa “Christie,” “Kreste” e motšehali ea hlobotseng a le sefapanong. Hoo e ka bang ka nako e tšoanang New York, ho ne ho pepesitsoe “Christa”—“Jesu” oa mosali ea thakhisitsoeng sefapanong. Liemahale tsena ka bobeli li ile tsa baka phehisano e khōlō. ’Me mathoasong a 1999, bareki ba libuka ba ne ba ka fumana buka “e buang ka lerato le neng le le teng pakeng tsa Moshemane [eo] Jesu le ntja ea hae, Angel.” Botsoalle ba bona bo hlalosoa e le “boikutlo ba moea bo susumetsang ’me bo bontša kamoo moshemane le ntja ba ikemiselitseng ho tela bophelo ba bona kateng e mong bakeng sa e mong.”

Na Ehlile Ponahalo ea Hae ke ea Bohlokoa?

Ke hobane’ng ha u lokela ho thahasella seo Jesu a neng a le sona nakong e fetileng le seo a leng sona hona joale? Ha re qotsa mantsoe a Napoleon—lebaka le leng ke hobane “Jesu Kreste o bile le tšusumetso ’me o ’nile a laela bafo ba Hae kantle le hore a be teng ka seqo.” Ka lithuto tsa hae tse matla le ka mokhoa oa hae oa bophelo, Jesu o bile le tšusumetso e khōlō bophelong ba batho ba limilione tse likete hoo e ka bang ka lilemo tse likete tse peli. Mongoli e mong ka ho loketseng o ile a re: “Mabotho ’ohle a kileng a hoanta, le likepe tsohle tsa ntoa tse kileng tsa hahoa, le liparamente tsohle tse kileng tsa lula, marena ’ohle a kileng a busa, kaofela ha tsona ha li kopantsoe hammoho ha lia ka tsa ama bophelo ba batho holim’a lefatše ka tsela e matla hakaalo.”

Ho feta moo, u lokela ho tseba seo Jesu a neng a le sona nakong e fetileng le seo a leng sona hona joale hobane o tla ama bokamoso ba hao ka mokhoa o tobileng. U na le monyetla oa ho ba mofo oa ’muso oa leholimo o seng o hlonngoe—’Muso oa Molimo o tlas’a Jesu. Ka tlas’a tataiso ea Jesu, lefatše la rōna le tletseng mathata le tla khutlisetsoa boemong ba lona bo hlollang ba ho ba le mefuta-futa ea lintho tse phelang le hore ho be le teka-tekano pakeng tsa lintho tse phelang le tikoloho. Boprofeta ba Bibele bo re tiisetsa hore ’Muso oa Jesu o tla fepa ba bolaoang ke tlala, o hlokomele ba futsanehileng, o folise ba kulang le ho tsosa bafu.

Ka sebele u batla ho tseba hore na ke motho oa mofuta ofe ea okametseng ’muso ona o hlokahalang e le kannete. Sehlooho se latelang se tla u thusa hore u fumane temohisiso ka Jesu oa sebele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabapi le ponahalo ea Jesu, bona sehlooho se reng “Jesu o ne a Shebahala Joang?,” tokollong ea Tsoha! ea December 8, 1998.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela