Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 9/1 leq. 27
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bontša Tumelo Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • U ka Phela ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na Bafu Baa Phela? Seo Molimo o se Bolelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Bathesalonika le ho Timothea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 9/1 leq. 27

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore lipoleloana tse kang e reng “eo e leng eena feela ea nang le ho se shoe” le e reng “eo ho seng le ea mong oa batho ea mo boneng” li bua ka Jesu, eseng ka Jehova Molimo?

Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “Ea thabileng le eo e leng eena feela ’Musi ea Matla a Maholo o tla bontša ponahalo ena linakong tsa eona tse behiloeng, eena Morena oa ba busang e le marena le Khosi ea ba busang e le likhosi, eo e leng eena feela ea nang le ho se shoe, ea lulang leseling le sa atameleheng, eo ho seng le ea mong oa batho ea mo boneng kapa ea ka mo bonang.”—1 Timothea 6:15, 16.

Bahlalosi ba bangata ba Bibele ba etsa qeto ena: ‘Ha ho na lebaka la hore motho a nahane hore ho buuoa ka motho e mong ka ntle ho Ea Matla ’Ohle ha ho thoe “eo e leng eena feela ea nang le ho se shoe,” le ha ho thoe “eena feela ’Musi ea Matla a Maholo” kapa ha ho thoe “eo ho seng le ea mong oa batho ea mo boneng kapa ea ka mo bonang.”’ Ke ’nete hore mantsoe ao a ka sebelisoa ha ho hlalosoa Jehova. Leha ho le joalo, litemana tse potolohileng taba ena li bontša hore ho 1 Timothea 6:15, 16, Pauluse o ne a bua ka Jesu ka ho toba.

Qetellong ea temana ea 14, Pauluse o bua ka ‘ponahalo ea Morena oa rōna Jesu Kreste.’ (1 Timothea 6:14) Kahoo, ha Pauluse temaneng ea 15 a ngola hore “ea thabileng le eo e leng eena feela ’Musi ea Matla a Maholo o tla bontša ponahalo ena linakong tsa eona tse behiloeng,” o ne a bua ka ponahalo ea Jesu, eseng ea Jehova Molimo. Joale, “eo e leng eena feela ’Musi ea Matla a Maholo” ke mang? Ho bonahala e le ho utloahalang ho etsa qeto ea hore Jesu ke eena ’Musi eo ea Matla a Maholo eo Pauluse a buang ka eena. Hobane’ng? Litemana tse potolohileng taba ena li bontša ka ho hlaka hore Pauluse o bapisa Jesu le babusi ba batho. Joalokaha Pauluse a ile a ngola, ruri Jesu ke “eena Morena oa [batho] ba busang e le marena le Khosi ea [batho] ba busang e le likhosi.”a Ka sebele ha Jesu a bapisoa le bona ke eena “feela ’Musi ea Matla a Maholo.” Jesu o se a fuoe “bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.” (Daniele 7:14) Ka sebele ha ho na ’musi e mong oa motho ea ka reng o fuoe litokelo tseo!

Ho thoe’ng ka poleloana e reng “eo e leng eena feela ea nang le ho se shoe”? Mona ho boetse ho bapisoa Jesu le marena a batho. Ha ho le ea mong har’a babusi ba lefatše ea ka bolelang hore o fuoe ho se shoe, empa Jesu a ka bua joalo. Pauluse o ile a ngola tjena: “Rea tseba hore Kreste, kaha joale o tsositsoe bafung, ha a sa hlola a shoa; lefu ha le sa mo laola.” (Baroma 6:9) Kahoo, Jesu ke oa pele oa hore ka Bibeleng ho hlalosoe hore o fuoe mpho ea ho se shoe. Bonneteng, ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ana, Jesu e ne e le eena feela ea filoeng bophelo bo sa senyeheng.

Re boetse re lokela ho hlokomela hore Pauluse o ne a tla be a fositse ha a ne a ka re ke Jehova Molimo feela ea nang le ho se shoe, kaha ha Pauluse a ne a ngola mantsoe ao, Jesu le eena o ne a ke ke a hlola a e-shoa. Empa Pauluse o ne a ka re Jesu ke eena feela ea ke keng a shoa ha a bapisoa le babusi ba lefatše.

Ho feta moo, ke ’nete e tsoileng matsoho hore ka mor’a hore Jesu a tsohe bafung a be a nyolohele leholimong, ho ne ho ka buuoa ka eena e le “eo ho seng le ea mong oa batho ea mo boneng kapa ea ka mo bonang.” Empa, barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng ba ne ba tla mo bona ka mor’a hore ba shoe ’me ba tsohe hang ka mor’a lefu la bona, ba tsoha e le libōpuoa tsa moea ’me ba e-ea leholimong. (Johanne 17:24) Empa ha ho na motho ea lulang lefatšeng ea neng a tla bona Jesu ha a se a tlotlisitsoe. Ka hona, ke ’nete ha ho thoe haesale Jesu a tsoha bafung a bile a nyolohela leholimong, ha ho “le ea mong oa batho” eo ha e le hantle a kileng a mo bona.

Bonneteng, ha motho a habanya 1 Timothea 6:15, 16, ho ka ’na ha bonahala eka e bua ka Molimo. Empa litemana tse potolohileng mantsoe a Pauluse—hammoho le mangolo a mang a tšehetsang taba eo—li bontša hore Pauluse o ne a bua ka Jesu.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho sebelisitsoe lipolelo tse tšoanang le tseo ha ho buuoa ka Jesu ho 1 Bakorinthe 8:5, 6; le ho Tšenolo 17:12, 14; 19:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela