-
Jesu e ba MesiaIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 74
Jesu e ba Mesia
Johanne o ne a ntse a ruta a re: ‘Ho na le e moholo ho ’na ea tlang.’ Ha Jesu a le lilemo li ka bang 30, o ile a tloha Galilea a ea Nokeng ea Jordane, moo Johanne a neng a ntse a kolobetsa batho teng. Jesu o ne a batla hore Johanne a mo kolobetse empa Johanne a re: ‘Ha kea lokela ho u kolobetsa. Ke uena ea lokelang ho nkolobetsa.’ Eaba Jesu o re ho eena: ‘Jehova o batla hore u nkolobetse.’ Kahoo, ba kena ka Nokeng ea Jordane ’me Johanne a qoelisa Jesu ka metsing.
Ha Jesu a tsoa ka metsing a rapela. Eaba leholimo lea buleha ’me moea o halalelang o theohela ho eena joaloka leeba. Jehova a bua a le leholimong a re: “U Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.”
Ka mor’a hore moea o halalelang o theohele ho Jesu, e ile ea e-ba Kreste kapa Mesia. Joale o ne a ka etsa mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona.
Hang ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a ea lefeelleng ’me a qeta matsatsi a 40 moo. Ha a khutla, a ea ho Johanne. Ha Johanne a mo bona, a re: ‘Enoa ke Konyana ea Molimo e tlosang sebe lefatšeng.’ Ka tsela eo, o ne a bolella batho hore Jesu ke Mesia. Na oa tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a ntse a le lefeelleng? A re bone.
“Eaba lentsoe le tsoa maholimong le re: ‘U Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.’”—Mareka 1:11
-
-
Diabolose o Leka JesuIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 75
Diabolose o Leka Jesu
Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, moea o halalelang o ile oa mo isa lefeelleng. O ile a qeta matsatsi a 40 a sa je, kahoo a lapa haholo. Eaba Diabolose o re ho eena: ‘Haeba ke ’nete hore u Mora oa Molimo, e-re majoe ana a fetohe bohobe.’ Jesu a mo araba ka ho bua seo Mangolo a se buang, a re: ‘Mangolo a re motho a ke ke a phela ka lijo feela. Empa o lokela ho mamela litaelo tsohle tsa Jehova.’
Diabolose a boela a leka Jesu a re: ‘Haeba u Mora oa Molimo e le kannete, itihele fatše u le mona holim’a tempele. Etsoe Mangolo a re Molimo o tla roma mangeloi a hae hore a u kape.’ Jesu a boela a mo araba ka ho bua seo Mangolo a se buang, a re: ‘Mangolo a re u se ke oa leka Jehova.’
Ka mor’a moo, Satane a bontša Jesu mebuso eohle ea lefatše eaba o re: ‘Haeba u ka nthapela hanngoe feela, ke tla u fa mebuso ena eohle eo u e bonang.’ Empa Jesu a re ho eena: ‘Tloha Satane! Hobane mangolo a re u lokela ho rapela Jehova feela.’
Eaba Diabolose oa tloha ’me mangeloi a tlisetsa Jesu lijo. Ka mor’a moo, Jesu a qala ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. Ke oona mosebetsi oo Jehova a neng a mo rometse hore a tl’o o etsa lefatšeng. Batho ba bangata ba ne ba rata lintho tseo Jesu a ba rutang tsona, kahoo ba mo sala morao hohle moo a eang teng.
“[Diabolose] o bua leshano hobane ke mokhoa oa hae, o leshano ebile ke ntate oa leshano.”—Johanne 8:44
-
-
Jesu o Hloekisa TempeleIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 76
Jesu o Hloekisa Tempele
Jesu o ile a ea Jerusalema ka selemo sa 30. Batho ba bangata le bona ba ne ba tlile Jerusalema moketeng oa Paseka. Ba etsa mahlabelo ka liphoofolo tempeleng. Ba bang ba ne ba tla le liphoofolo ho tloha hae, ha ba bang bona ba ne ba li reka Jerusalema.
Ha Jesu a fihla tempeleng, a fumana batho ba ntse ba rekisa liphoofolo. Ba ne ba etsa chelete ka ntlong ea Jehova! Jesu o ile a etsa’ng? A etsa sephali ka liropo eaba o leleka linku le likhomo ka tempeleng ka sona. A phethola litafole tsa batho ba rekisang ’me a qhala chelete ea bona fatše. Jesu a re ho ba rekisang maeba: ‘Ntšang maeba ana ka mona! Le se ke la fetola ntlo ea Ntate ntlo ea khoebo!’
Batho ba ka tempeleng ba makatsoa ke seo Jesu a se etsang. Barutuoa ba hae ba hopola boprofeta bo buang ka Mesia, bo reng: ‘Ke tla chesehela ntlo ea Jehova.’
Jesu o ile a boela a hloekisa tempele ka selemo sa 33. Ha aa ka a lumella hore batho ba iketsetse borata ntlong ea Ntate oa hae.
“Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo.”—Luka 16:13
-
-
Jesu o Bua le Mosali SelibengIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 77
Jesu o Bua le Mosali Selibeng
Ka mor’a Paseka, Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba feta Samaria ha ba khutlela Galilea. Ha ba le tseleng, Jesu a phomola pel’a seliba sa Jakobo, haufi le motse oa Sikare. Ha a ntse a phomotse moo, barutuoa ba hae ba ile ba ea motseng ho ea reka lijo.
Eaba mosali e mong o tla selibeng ho tla kha metsi. Jesu a re ho eena: “Ak’u mphe metsi ke noe.” Mosali eo a re: ‘Ke hobane’ng ha u mpuisa? Ke Mosamaria. Bajuda ha ba buisane le Basamaria.’ Jesu a re ho eena: ‘Hoja u ne u tseba hore na ke ’na mang, u ka be u nkopa metsi ’me ke ne ke tla u fa metsi a bophelo.’ Mosali eo a re: ‘U bolela’ng hobane ebile ha u na nkho?’ Eaba Jesu o re: ‘Mang kapa mang eo ke mo fang metsi ana, a ke ke a hlola a nyoroa.’ Mosali eo a re: “Mohlomphehi, mphe metsi ana.”
Jesu a re: ‘Tloo le monna oa hao selibeng mona.’ Mosali a re: ‘Ha ke na monna.’ Jesu a re: ‘U bua ’nete. U nyetsoe ka makhetlo a mahlano. Hona joale u lula le monna le sa nyalana.’ Mosali eo a re: ‘Kea bona hore u moprofeta. Rona Basamaria re lumela hore re lokela ho rapela Molimo thabeng ena empa Bajuda ba re re lokela ho mo rapela Jerusalema. Empa ke lumela hore ha Mesia a fihla, o tla re bolella hore na re lokela ho mo rapela hokae.’ Eaba Jesu o mo bolella ntho eo a e-s’o ka a e bolella motho leha e le ofe, a re: ‘Ke ’na Mesia.’
Ka mor’a moo, mosali eo a mathela motseng a re ho batho ba motse: ‘Ke lumela hore ke fumane Mesia. O tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ’na. Tloong le tl’o mo bona.’ Kahoo, ba ea le eena selibeng ’me ba mamela ha Jesu a ruta.
Basamaria ba kopa Jesu hore a lule le bona motseng. Kahoo, a qeta matsatsi a mabeli a ntse a ba ruta ’me ba bangata ba lumela ho eena. Ba re ho mosali oa Mosamaria: ‘Ka mor’a ho mamela monna enoa, rea tseba hore ke eena ea tl’o pholosa lefatše.’
“‘Tloo!’ Mang kapa mang ea nyoriloeng a tle. Mang kapa mang ea batlang a noe metsi a bophelo mahala.”—Tšenolo 22:17
-
-
Jesu o Ruta ka ’Muso oa MolimoIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 78
Jesu o Ruta ka ’Muso oa Molimo
Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a qala ho ruta hore ’Muso oa Molimo o haufi. Barutuoa ba hae ba ile ba ea le eena Galilea le Judea. Ha Jesu a khutlela motseng oa habo Nazaretha, o ile a ea sinagogeng, a bula lengolo la Esaia a balla holimo a re: ‘Jehova o mphile moea o halalelang hore ke rute batho ka ’Muso oa hae.’ O ne a bolela’ng? O ne a bolela hore le hoja batho ba bangata ba ne ba batla hore a etse mehlolo, lebaka le ka sehloohong leo a neng a fuoe moea o halalelang ka lona ke hore a rute batho ka ’Muso oa Molimo. Eaba o re ho batho ba mo mametseng: ‘Kajeno boprofeta bona bo phethahetse.’
Ka mor’a moo, Jesu a ea Leoatleng la Galilea ’me a kopana le barutuoa ba hae ba bane bao e neng e le batšoasi ba litlhapi. A re ho bona: ‘Ntšaleng morao, ke tla le etsa batšoasi ba batho.’ Mabitso a bona e ne e le Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne. Hang-hang ba tlohela ho tšoasa litlhapi ’me ba mo latela. Ba ruta ka ’Muso oa Molimo motseng oohle oa Galilea. Ba ruta le ka lisinagogeng, limmarakeng le literateng. Batho ba bangata ba ba sala morao hohle moo ba eang teng. Batho bohle ba ile ba utloela ka Jesu ho ea fihla libakeng tse hole tsa Siria.
Ha nako e ntse e ea, Jesu o ile a fa balateli ba hae matla a ho folisa batho le a ho leleka bademona. Ba bang ba ile ba tsamaea le eena ha a il’o ruta metseng le metsaneng. Maria Magdalena, Joanna, Susanna le basali ba bang ba tšepahalang, ba ne ba hlokomela Jesu le balateli ba hae.
Jesu o ile a koetlisa balateli ba hae ’me ka mor’a moo a re ba e’o bolella batho ka ’Muso oa Molimo. Ha ba ntse ba ruta Galilea, batho ba bangata ba ile ba amohela molaetsa oa bona ’me ba kolobetsoa. Kaha batho ba bangata ba ne ba batla ho ba balateli ba Jesu, o ile a re ba tšoana le tšimo e loketseng kotulo. Kahoo a re: ‘Rapelang Jehova hore a romele basebetsi ba eketsehileng hore ba tl’o kotula.’ Ha nako e ntse e ea, o ile a khetha barutuoa ba 70 eaba o ba roma ka bobeli hore ba e’o ruta motseng oa Judea. Ba ile ba ruta batho ba mefuta eohle ka ’Muso oa Molimo. Ha ba khutla ba tla ba thabile, ba tatetse ho bolella Jesu hore na ho etsahetse’ng. Ho ne ho se letho leo Diabolose a ka le etsang ho ba thibela ho ruta.
Jesu o ile a etsa bonnete ba hore barutuoa ba hae ba tsoela pele ka mosebetsi ona leha a se a khutletse leholimong. A re ho bona: ‘Bolellang batho ka ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. Le ba rute Lentsoe la Molimo ’me le ba kolobetse.’
“Ke tlameha ho ea metseng e meng ke hase molaetsa ona o monate oa ’Muso oa Molimo hobane ke rometsoe ho etsa joalo.”—Luka 4:43
-
-
Jesu o Etsa Mehlolo e MengataIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 79
Jesu o Etsa Mehlolo e Mengata
Jesu o ile a tla lefatšeng ho tla bolella batho ka ’Muso oa Molimo. Jehova o ile a fa Jesu moea o halalelang e le hore a etse mehlolo ho bontša seo a tla se etsa ha e se e le Morena. O ne a folisa mafu ’ohle. Hohle moo a eang teng, batho ba kulang ba ne ba tla ho eena hore a ba folise. Batho ba sa boneng ba ile ba bona, ba sa utloeng litsebeng ba utloa, ba sa khoneng ho tsamaea ba tsamaea ’me bademona ba ile ba tsoa ho batho ba neng ba e-na le ’ona. Esita leha batho ba tšoara liaparo tsa hae feela ba ne ba fola. Batho ba ne ba sala Jesu morao hohle moo a eang teng. O ne a sa tebele batho leha a ne a batla ho phomola.
Ka letsatsi le leng, batho ba ile ba tlisa monna ea sa tsebeng ho tsamaea moo Jesu a neng a fihletse teng. Empa ba sitoa ho kena ka tlung hobane ho ne ho tletse batho ba bangata. Eaba ba phunya lesoba marulelong e le hore ba theolele monna eo ho Jesu. Jesu a re ho monna eo: ‘Ema u tsamaee.’ Monna eo a ema ’me batho ba makala.
Ka nako e ’ngoe ha Jesu a kena motseng o mong, banna ba leshome ba nang le lepera ba ile ba hoeletsa ba re: ‘Jesu, re thuse.’ Mehleng eo, ha motho a ne a e-na le lepera o ne a sa lumelloa hore a atamele haufi le batho ba bang. Jesu o ile a re ba ee tempeleng kaha Molao oa Jehova o ne o re ha balepera ba qeta ho folisoa ba ee teng. Ha ba le tseleng, ba fola. Molepera e mong o ile a hlokomela hore o folile, kahoo a khutlela ho Jesu ’me a mo leboha a ba a rorisa Molimo. Ke monna a le mong feela ho ba leshome ea ileng a leboha Jesu.
Mosali e mong ea neng a kutse ka lilemo tse 12, o ne a batla ho folisoa. Kahoo, a ipetetsa har’a batho ba bangata ba neng ba le pel’a Jesu e le hore a tšoare seaparo sa hae ’me a fola hang-hang. Ha mosali eo a qeta ho mo tšoara, Jesu a re: ‘Ke mang ea ntšoereng?’ Mosali eo o ne a tšohile. Leha ho le joalo, a bolella Jesu hore ke eena ea mo tšoereng. Eaba Jesu o bua le eena ka mosa o re: ‘Itsamaele ka khotso.’
Monna e mong oa ofisiri ea bitsoang Jairuse o ile a re ho Jesu: ‘Ke kopa u tle ha ka. Morali oa ka oa kula.’ Empa ha ba le tseleng, morali oa Jairuse a shoa. Ha Jesu a fihla, a fumana batho ba bangata ba tl’o tšelisa lelapa la Jairuse. A re ho bona: ‘Tholang; o mpa a robetse feela.’ Eaba o tšoara ngoanana eo ka letsoho o re: “Ngoanana, tsoha.” Hang-hang a tsoha ’me Jesu a re batsoali ba hae ba mo fe lijo. Nahana feela hore na batsoali ba hae ba ile ba thaba hakaakang.
“Molimo o ile a mo fa matla a ba a mo khetha ka moea o halalelang. O ne a tsamaea hohle libakeng tsena a etsa lintho tse ntle a bile a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose hobane Molimo o ne a e-na le eena.”—Liketso 10:38
-
-
Jesu o Khetha Baapostola ba 12Ithute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 80
Jesu o Khetha Baapostola ba 12
Ka mor’a hore Jesu a qete hoo e ka bang selemo le likhoeli tse tšeletseng a ntse a bolella batho ka ’Muso oa Molimo, o ile a lokela ho etsa qeto ea bohlokoa. O ne a tla khetha bo-mang hore ba sebetse haufi le eena? O ne a tla koetlisa bo-mang hore ba etelle pele phutheho ea Bokreste? Jesu o ne a hloka hore Jehova a mo thuse e le hore a etse qeto. Kahoo, a ea thabeng ho ea rapela a le mong bosiu bohle. Eaba hoseng o bitsa barutuoa ba bang ba hae ’me o khetha ba 12 hore e be baapostola. Na u tseba mabitso a bona? Ke Petrose, Andrease, Jakobo, Johanne, Filipi, Bartholome, Thomase, Matheu, Jakobo mora oa Alfiase, Thadiase, Simone le Judase Iskariota.
Andrease, Petrose, Filipi, Jakobo
Baapostola bana ba 12 ba ne ba tla ea le Jesu hohle moo a eang teng. O ile a ba koetlisa ’me ka mor’a moo a ba roma hore ba e’o ruta ba le bang. Jehova o ile a ba fa matla a ho leleka bademona le a ho folisa batho ba kulang.
Johanne, Matheu, Bartholome, Thomase
Jesu o ile a re baapostola ba hae ba 12 ke metsoalle ea hae ’me o ne a ba tšepa. Bafarisi ba ne ba re baapostola ha baa ruteha. Empa Jesu o ne a ba rutile ho etsa mosebetsi. Ba ne ba tla ba le Jesu pele a shoa le ka mor’a hore a tsosoe. Ba bang ba baapostola bana ba 12 ba ne ba tsoa Galilea e leng moo Jesu a neng a tsoa teng. Ba bang ba ne ba nyetse.
Jakobo mora oa Alfiase, Judase Iskariota, Thadiase, Simone
Baapostola ba ne ba sa phethahala ’me ba etsa liphoso. Ka linako tse ling ba ne ba bua ba sa nahana ebile ba etsa liqeto tse fosahetseng. Hape ba ne ba se na mamello. Ba ile ba etsa khang ka hore na ke mang e moholo ho e mong. Leha ho le joalo, ba ne ba rata ho thusa batho ba bile ba rata Jehova. E ne e tla ba bona ba qalang phutheho ea Bokreste ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong.
“Ke le bitsitse metsoalle hobane ke le boleletse lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate.”—Johanne 15:15
-
-
Thuto ea ThabengIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 81
Thuto ea Thabeng
Ka mor’a ho khetha baapostola ba 12, Jesu o ile a theoha thabeng eaba o ea moo ho nang le batho ba bangata. Ba ne ba tsoa Galilea, Judea, Tire, Sidone, Siria le ka mose ho Jordane. Ba ile ba tlisa batho ba tšoeroeng ke mafu a fapaneng le ba neng ba hlokofatsoa ke bademona. Jesu o ile a ba folisa kaofela. Eaba o lula pel’a thaba o bua le bona. O ile a hlalosa seo re lokelang ho se etsa haeba re batla ho ba metsoalle ea Molimo. Re lokela ho rata Jehova ’me re tsebe hore rea mo hloka. Empa re ke ke ra rata Molimo haeba re sa rate batho ba bang. Re lokela ho ba mosa, re tšoare batho ba bang ka toka re be re rate lira tsa rona.
Jesu o ile a re: ‘Ha hoa lekana ho rata metsoalle ea rona feela. Re lokela ho rata le lira tsa rona, re ba tšoarele ho tsoa pelong. Haeba u koatisitse motho e mong, kopa tšoarelo. Tšoara ba bang ka tsela eo u batlang hore ba u tšoare ka eona.’
Jesu o ile a fana ka keletso e ntle ho bamameli ba hae mabapi le maruo. O ile a re: ‘Ke habohlokoa ho ba motsoalle oa Jehova ho feta ho ba le chelete e ngata. Lesholu le ka utsoa chelete ea hao empa ha ho na ea ka utsoang setsoalle sa hao le Jehova. Khaotsa ho tšoenyeha ka hore na u tla ja’ng, u tla noa’ng kapa u tla apara’ng. Sheba linonyana. Molimo o lula a etsa bonnete ba hore li na le lijo. Ho tšoenyeha ho ke ke ha lelefatsa matsatsi a hao a bophelo. Hopola hore Jehova oa tseba hore na u hloka’ng.’
Letšoele leo le ne le e-s’o utloe motho ea buang joaloka Jesu. Baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ne ba sa ba ruta lintho tsena. Ke hobane’ng ha Jesu e ne e le mosuoe e moholo? Ke hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e ruta e ne e tsoa ho Jehova.
“Jarang joko ea ka le ithute ho ’na hobane ke bonolo ebile ke ikokobelitse ’me le tla khatholoha.”—Matheu 11:29
-
-
Jesu o Ruta Barutuoa ba Hae ho RapelaIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 82
Jesu o Ruta Barutuoa ba Hae ho Rapela
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Bafarisi ba neng ba e etsa, ba ne ba e etsetsa ho khahlisa batho. Ba ne ba rapela moo ho nang le batho ba bangata hore feela ba ba bone. Bafarisi ba ne ba tšoara lithapelo tse telele ka hlooho ebile ba lula ba li pheta-pheta ka matlong a thapelo le lik’honeng tsa literata tsa motse e le hore batho ba ka ba utloa. Kahoo, batho ba ne ba maketse ha Jesu Kreste a re ho bona: ‘Le se ke la rapela joaloka Bafarisi. Ba nahana hore Molimo o rata ha ba sebelisa mantsoe a mangata empa ha ho joalo. Thapelo ke puisano e lipakeng tsa hao le Jehova. U se ke oa pheta ntho e tšoanang. Jehova o batla u mo bolelle hore na u ikutloa joang.
‘Le lokela ho rapela tjena: “Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe. ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.”’ Jesu o ile a boela a re ba ka rapella lijo tsa letsatsi ka leng, eng kapa eng eo ba ka e hlokang ho Jehova le hore ba tšoareloe libe.
Jesu o ile a re: ‘Le se ke la emisa ho rapela. Le tsoele pele ho kopa Ntate oa lona Jehova lintho tse molemo. Motsoali e mong le e mong o batla ho fa ngoana oa hae lintho tse molemo. Haeba mora oa hao a kopa bohobe, na u tla mo fa lejoe? Haeba a kopa tlhapi, na u tla mo fa noha?’
Jesu o ile a hlalosa thuto ea sena: ‘Haeba le tseba ho fa bana ba lona limpho tse molemo, na Ntate oa lona Jehova le eena ha a na ho le fa moea o halalelang? Seo le lokelang ho se etsa ke ho mo kopa oona.’ Na u mamela keletso ea Jesu? Ke lintho life tseo u li rapellang?
“Le ’ne le kope, le tla fuoa. Le ’ne le batle, le tla fumana. Hape le ’ne le kokote, le tla buleloa.”—Matheu 7:7
-
-
Jesu o Fepa Batho ba LiketeIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 83
Jesu o Fepa Batho ba Likete
Nakoana pele ho Paseka ea selemo sa 32 mehleng ea Jesu, baapostola ba ile ba khutla ba khathetse ba tsoa mosebetsing oa ho ruta batho ka Molimo. Jesu o ile a ba isa motseng oa Bethsaida ka sekepe hore ba phomole. Empa ha sekepe se fihla pel’a lebopo, Jesu o ile a bona hore ho ne ho e-na le batho ba likete. Le hoja Jesu a ne a batla ho qeta nako le baapostola ba hae feela, o ile a amohela batho bao ka mosa, a folisa ba kulang a ba a qalella ho ba ruta. Letsatsi lohle, Jesu o ile a ba ruta ka ’Muso oa Molimo. Ha e ba mantsiboea, baapostola ba ile ba tla ho eena ba re: ‘E tlameha ebe batho bana ba lapile, e re ba tsamaee e le hore ba ka fumana seo ba ka se jang.’
Jesu a re: ‘Ha ho hlokahale hore ba tsamaee. Lona ba feng lijo.’ Baapostola ba re ho eena: ‘Re ba rekele bohobe?’ Filipi, e leng e mong oa Baapostola a re: ‘Leha re ne re ka ba le chelete e ngata, re ne re ke ke ra ba le chelete e lekaneng ho reka bohobe bakeng sa batho bana kaofela.’
Jesu a ba botsa: ‘Re na le lijo tse kae?’ Andrease a re: ‘Re na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli. Lijo tsena li nyenyane haholo.’ Jesu a re: “Li tliseng.” A bolella batho hore ba lule holim’a joang ka lihlopha tsa batho ba 50 le ba 100. Jesu a nka bohobe le litlhapi, a sheba leholimong, a rapela eaba o fa baapostola lijo ’me baapostola bona ba li fa batho. Banna ba 5 000, basali le bana ba ile ba ja ’me ba khora. Ka mor’a moo baapostola ba ile ba nka lijo tse setseng hore ho se ke ha e-ba le tse senyehang. Ho ne ho e-na le libaskete tse 12 tse tletseng. Ona e ne e le mohlolo, na ha ho joalo?
Batho ba ne ba thabile hoo ba neng ba batla ho etsa Jesu morena. Empa Jesu o ne a tseba hore e ne e se nako eo a e khethetsoeng ke Jehova hore e be morena. A re batho ba tsamaee eaba o romela baapostola ka lehlakoreng le leng la leoatle la Galilea. Ba kena sekepeng ’me Jesu a ea thabeng a le mong. Hobane’ng? Hobane o ne a batla ho rapela Ntate oa hae. Ho sa tsotellehe hore na o ne a phathahane hakae, kamehla Jesu o ne a ipha nako ea ho rapela.
“Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang empa le sebeletse lijo tse sa senyeheng tse tlisang bophelo bo sa feleng, tseo Mor’a motho a tla le fa tsona.”—Johanne 6:27.
-
-
Jesu o Tsamaea Holim’a MetsiIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 84
Jesu o Tsamaea Holim’a Metsi
Ha se feela hore Jesu o ne a khona ho folisa batho ba kulang le ho tsosa bafu empa o ne a khona le ho laola lifefo le pula. Ha Jesu a qeta ho rapela thabeng, o ile a sheba tlase Leoatleng la Galilea a bona sefefo. Baapostola ba hae ba ne ba le ka sekepeng ’me maqhubu a matla a se isa koana le koana. Jesu o ile a theoha a tla leoatleng ’me a qala ho tsamaea holim’a metsi a ea sekepeng sa barutuoa ba hae. Ha ba bona motho a tsamaea holim’a metsi, ba ile ba tšoha haholo. Empa Jesu a re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”
Petrose a re: ‘Morena, haeba kannete ke uena, e-re ke tle ho uena ke tsamaea holim’a metsi.’ Jesu a re ho Petrose: ‘Tloo.’ Har’a sefefo seo, Petrose o ile a tsoa ka sekepeng ’me a qala ho tsamaea holim’a metsi a lebile ho Jesu. Empa eitse ha a ntse a atamela ho Jesu, Petrose a sheba sefefo eaba oa tšoha ’me o qala ho teba. Petrose a hoeletsa: “Morena, mpholose!” Jesu a otlolla letsoho a mo tšoara ’me a re ho eena: “Tumelo ea hao e fokola hakaakang! Ke hobane’ng ha u ile oa belaela?”
Jesu le Petrose ba kena ka sekepeng ’me kapele-pele sefefo sa thola. U nahana hore baapostola ba ne ba ikutloa joang? Ba ile ba re ho Jesu: “Kannete u Mor’a Molimo.”
Lena e ne e se lekhetlo la pele Jesu a laola boemo ba leholimo. Ka lekhetlo le leng, o ne a tsamaea ka sekepe leoatleng le baapostola ba hae eaba Jesu o ea karolong e ka morao ea sekepe oa robala. Ha a ntse a khalehile, ho ile ha e-ba le sefefo se matla haholo. Maqhubu a leoatle a ne a otla sekepe ’me metsi a qala ho kena ka hare. Baapostola ba tsosa Jesu, ba hoeletsa ba re: ‘Mosuoe, rea shoa! Re thuse!’ Jesu a tsoha ’me a bua le leoatle a re: “Khutsa!” Ka eona nako eo, leoatle le sefefo tsa thola tu! Jesu a botsa baapostola a re: “Ke hobane’ng ha le se na tumelo?” Ba qala ho buisana ba le bang ba re: “Esita le sefefo le leoatle lia mo mamela.” Baapostola ba ile ba ithuta hore haeba ba ne ba tšepile Jesu, ba ne ba sa lokela ho tšaba.
“Nka be ke le hokae haeba ke ne ke se na tumelo ea hore ke tla bona kamoo Jehova a leng molemo kateng ha ke ntse ke phela?”—Pesaleme ea 27:13
-
-
Jesu o Folisa Motho ka SabathaIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 85
Jesu o Folisa Motho ka Sabatha
Bafarisi ba ne ba hloile Jesu ’me ba batla ho mo tšoara. Ba ne ba re a se ke a folisa batho ka Sabatha. Ka Sabatha e ’ngoe, Jesu o ile a fumana monna oa mokopa-kopa ea sa boneng a ntse a kopa thuso ho batho seterateng. A re ho baapostola ba hae: ‘Matla a Molimo a tla folisa monna enoa.’ Jesu a etsa seretse ka mathe a hae eaba o tlotsa monna eo ka sona holim’a mahlo. Jesu a re ho eena: ‘Tsamaea u hlatsoe mahlo a hao ka letamong la Siloame.’ Monna eo a etsa joalo, eaba ka lekhetlo la pele bophelong ba hae o qala ho bona.
Batho ba ne ba maketse. Ba ile ba re: ‘Na monna eo ha se eloa ea neng a lula a kopa kapa o mpa a tšoana le eena?’ Monna eo a re: “Ke ’na.” Batho ba re ho eena: ‘Ho tlile joang hore ebe u se u bona?’ Ka mor’a hore a ba bolelle hore na ho tlile joang, ba mo isa ho Bafarisi.
Monna eo a re ho Bafarisi: ‘Jesu o ile a ntlotsa ka seretse mahlong eaba o re ke il’o itlhatsoa. Ke ile ka etsa joalo eaba ke qala ho bona.’ Bafarisi ba re: ‘Haeba Jesu o folisa batho ka Sabatha, matla a hae ha a tsoe ho Molimo.’ Ba bang bona ba re: ‘Haeba matla a hae a ne a sa tsoe ho Molimo, o ne a ke ke a khona ho folisa.’
Bafarisi ba bitsa batsoali ba monna eo eaba ba re ho bona: ‘Ho tlile joang hore ebe mora oa lona o se a bona?’ Batsoali ba hae ba ne ba tšaba ho bua hobane Bafarisi ba ne ba re mang kapa mang ea lumelang ho Jesu o lokela ho lelekoa ka ntlong ea thapelo. Kahoo ba re: ‘Ha re tsebe, mo botseng.’ Bafarisi ba botsa monna eo lipotso tse ling eaba o re: ‘Ke le boleletse lintho tsohle. Ke hobane’ng ha le nkemeletse ka lipotso?’ Bafarisi ba halefa eaba baa mo leleka.
Jesu a ea ho eena eaba o re: ‘Na u lumela ho Mesia?’ Monna eo a re: ‘Ke ne ke tla lumela ho eena haeba ke tseba hore na ke mang.’ Jesu a re: ‘Ke ’na Mesia.’ Jesu o bile mosa ho monna eo. Ha aa ka a mo folisa feela empa o ile a mo thusa hore a be le tumelo.
“Le fositse hobane ha le tsebe Mangolo le hore na Molimo o matla hakae.”—Matheu 22:29
-
-
Jesu o Tsosa LazaroIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 86
Jesu o Tsosa Lazaro
Jesu o ne a e-na le metsoalle e meraro e lulang Bethani. Bona e ne e le Lazaro le likhaitseli tsa hae tse peli e leng Maria le Maretha. Ka letsatsi le leng ha Jesu a le ka lehlakoreng le leng la noka ea Jordane, Maria le Maretha ba ile ba mo romella molaetsa o potlakileng ba re: ‘Lazaro oa kula. Re kopa u tle kapele!’ Empa Jesu ha aa ka a ea hang-hang. O ile a ema matsatsi a mabeli eaba o re ho barutuoa ba hae: ‘Ha re eeng Bethani. Lazaro o robetse ’me ke il’o mo tsosa.’ Baapostola ba ile ba re: ‘Haeba Lazaro o robetse o tla fola.’ Eaba Jesu o re ho bona: ‘Lazaro o hlokahetse.’
Ha Jesu a fihla Bethani, e ne e se e le matsatsi a mane Lazaro a patuoe. Batho ba bangata ba ne ba tlile ho tla tšelisa Maretha le Maria. Ha Maretha a utloa hore Jesu o teng, o ile a mathela ho eena a re: “Morena, hoja u ne u le teng khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Eaba Jesu o re: ‘Khaitseli ea hao e tla phela hape. Na oa lumela Maretha?’ O ile a re: ‘E, kea lumela hore o tla tsoha.’ Jesu a tsoela pele ho re: “Ke ’na tsoho le bophelo.”
Eaba Maretha o ea ho Maria o re: ‘Jesu o teng.’ Maria a mathela ho Jesu ’me batho ba bangata ba mo sala morao. Ha a fihla ho Jesu, a itihela maotong a hae a ntse a lla ’me a re: ‘Morena, hoja u ne u le teng khaitseli ea rona e ka be e ntse e phela!’ Jesu o ile a bona hore Maria o utloile bohloko eaba le eena o qala ho lla. Ha batho ba mo bona a lla, ba re: ‘Jesu o ne a rata Lazaro hakaakang.’ Empa ba bang ba ile ba re: “O sitiloe ke’ng ho etsa hore Lazaro a se ke a shoa?” Jesu o ne a tl’o etsang?
Jesu o ile a ea lebitleng la Lazaro le neng le koetsoe ka lejoe le leholo. O ile a ba laela a re: ‘Tlosang lejoe leo.’ Maretha a re: ‘Empa e se e le matsatsi a mane a hlokahetse! O se a nkha.’ Ba tlosa lejoe leo eaba Jesu oa rapela o re: “Ntate, kea u leboha ka hore ebe u nkutloile. Kea tseba hore kamehla oa nkutloa empa ke buile ka lebaka la batho bana ba mpota-potileng e le hore ba ka lumela hore u nthomile.” Jesu a hoeletsa a re: “Lazaro, tsoa!” Ho ile ha etsahala mohlolo, Lazaro a tsoa ka lebitleng a ntse a thatetsoe ka masela. Jesu a re: “Thatollang masela ao le mo tlohele a tsamaee.”
Batho ba bangata ba boneng ketsahalo ena ba ile ba ba le tumelo ho Jesu. Ba bang bona ba bolella Bafarisi lintho tsena. Ka mor’a moo, Bafarisi ba ile ba batla ho bolaea Jesu le Lazaro. E mong oa baapostola ba 12 ea bitsoang Judase Iskariota o ile a ea ho Bafarisi a re: ‘Le tla mpatala bokae ha nka le thusa ho tšoara Jesu?’ Ba ile ba lumela ho mo fa lichelete tse 30 tsa tšepe eaba Judase o qala ho batla monyetla oa ho ba fa Jesu.
“Ho rona Molimo oa ’Nete ke ea re pholosang. Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re pholosa lefung.”—Pesaleme ea 68:20
-
-
Lijo Tsa Shoalane Tsa MorenaIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 87
Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
Bajuda ba ne ba keteka Paseka selemo se seng le se seng ka la 14 Nisane. E ne e le hore ba hopole kamoo Jehova a ileng a ba thusa hore ba tsoe bokhobeng ba Egepeta ’me a ba isa Lefatšeng le Tšepisitsoeng. Ka selemo sa 33 mehleng ea Kreste, Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba keteka Paseka Jerusalema ka kamoreng e ka holimo ea ntlo. Ha ba qeta ho ja, Jesu o ile a re ho bona: “E mong oa lona o tl’o nthekisa.” Baapostola ba ne ba maketse ’me ba botsa Jesu ba re: “Morena, na ke ’na?” Jesu a re: ‘Ke eo ke tla mo fa bohobe bona.’ Eaba o fa Judase Iskariota bohobe. Hang-hang, Judase a ema ’me a tsamaea.
Jesu o ile a rapela, ka mor’a moo a fa baapostola ba hae ba setseng bohobe. A re ho bona: “Nkang, le je. Bohobe bona bo emela ’mele oa ka.” Ka mor’a moo a rapella veine ’me a e fa baapostola ba hae. Eaba Jesu o re: ‘Nkang le noe kaofela ha lona. E emela mali a ka ao ke tla fana ka ’ona e le hore libe tsa lona li ka tšoareloa. Kea le tšepisa hore le tla ba marena ha mmoho le ’na leholimong. Etsang sena selemo le selemo ho nkhopola.’ Balateli ba Jesu ba ntse ba kopana mantsiboeeng a la 14 Nisane selemo le selemo. Hona joale mokete oo o bitsoa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena.
Ka mor’a ho ja, baapostola ba neng ba setse ba ile ba buisana ka hore na e moholo ke mang. Empa Jesu o ile a re ho bona: ‘Ea inkang e le e monyenyane har’a lona, ke eena e moholo.
‘Le metsoalle ea ka hobane ke le boleletse lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate. Haufinyane ke tla ea ho Ntate leholimong. Le tla sala mona ’me haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka. Le lokela ho ratana feela joalokaha ke le rata.’
Qetellong, Jesu o ile a rapela ’me a kopa Jehova hore a sireletse barutuoa ba hae bohle. A boela a mo kopa hore a ba thuse ho sebetsa hammoho ka khotso. A rapella hore lebitso la Jehova le halaletsoe. Ka mor’a moo, Jesu le baapostola ba hae ba binela Jehova ’me ba tsoela ka ntle. Nako ea hore Jesu a tšoaroe e ne e se e le haufi.
“Lona mohlatsoana, le se ke la tšoha hobane Ntate oa lona o thabela ho le fa ’Muso.”—Luka 12:32
-
-
Jesu oa TšoaroaIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 88
Jesu oa Tšoaroa
Jesu le baapostola ba hae ba ile ba tsamaea Phuleng ea Kidrone ba ea Thabeng ea Mehloaare. E ne e le har’a bosiu ’me khoeli e ne e khanya. Ha ba fihla serapeng sa Gethesemane, Jesu o ile a re ho bona: “Lulang mona le falimehe.” Jesu a kenella ka hare ho serapa ’me a khumama ka mangole. A rapela Jehova a utloile bohloko haholo, a re: “Ho ke ho etsahale thato ea hao.” Eaba Jehova o romela lengeloi ho khothatsa Jesu. Ha Jesu a khutlela ho baapostola ba hae o ile a ba fumana ba robetse ba le bararo. A re ho bona: ‘Tsohang. Ena ha se nako ea hore ebe le robetse. E se e le nako ea hore lira tsa ka li ntšoare.’
Ha morao Judase a fihla a tsamaea le batho ba bangata ba nkileng lisabole le melamu. O ne a tseba hore na o tla fumana Jesu hokae hobane ba ne ba tloaetse ho ea serapeng seo. Judase o ne a bolelletse masole a neng a tsamaea le eena hore o tla a bontša Jesu. A ea ho Jesu ’me a re: ‘Lumela, Mosuoe’ eaba oa mo suna. Jesu a re: ‘Judase, na u nthekisa ka ho ntšuna?’
Jesu a atamela ’me a botsa batho bao, a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” A ba araba a re: “Ke ’na enoa.” Eaba banna bao ba chechela morao ’me ba oela fatše. Jesu a ba botsa hape: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” Jesu a re: ‘Ke itse ke ’na enoa. Tlohellang banna bana ba tsamaee.’
Ha Petrose a bona se etsahalang, o ile a ntša sabole ea hae eaba o khaola tsebe ea Malkuse e leng lekhoba la moprista ea phahameng. Empa Jesu a tšoara tsebe ea monna eo ’me a mo folisa. Eaba o re ho Petrose: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona ka ha bohle ba nkang sabole ba tla bolaoa ka sabole.” Masole a ile a tšoara Jesu, a mo tlama matsoho ’me baapostola ba baleha. Masole ao a mo isa ho Anase, moprista ea ka sehloohong. Anase o ile a botsa Jesu lipotso eaba o re a ee ho moprista ea phahameng Kaifase. Empa ho ile ha etsahala’ng ka baapostola?
“Lefatšeng mona le tla hlaheloa ke mathata empa le be sebete, ke hlotse lefatše.”—Johanne 16:33
-
-
Petrose o Latola JesuIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 89
Petrose o Latola Jesu
Ha Jesu a le kamoreng e ka holimo le baapostola ba hae, o ile a re ho bona: ‘Kaofela ha lona le tla ntšiea bosiung bona.’ Petrose a re: ‘Che eseng ’na! Haeba ba bang kaofela ba u siea, le ka mohla nke ke ka u siea.’ Empa Jesu a re ho Petrose: “Pele mokoko o lla u tla be u ntatotse hararo.”
Ha masole a isa Jesu ntlong ea Kaifase, baapostola ba bangata ba ile ba baleha. Empa ba babeli ba bona ba ile ba kena har’a batho ba bangata ’me ba sala Jesu morao. E mong oa bona e ne e le Petrose. O ile a ea lebaleng la ntlo ea Kaifase ’me a iphuthumatsa mollong. Ha ba le mollong, lekhabunyane le ile la bona sefahleho sa Petrose eaba le re: ‘Kea u tseba, u ne u e-na le Jesu!’
Petrose a re: ‘Che! Ha ke tsebe hore na u bua ka’ng!’ Ha a ea keiting, lekhabunyane le leng la mo bona eaba le re: ‘Monna enoa o ne a e-na le Jesu!’ Petrose a re: ‘Jesu eo ha ke mo tsebe!’ Monna e mong a re: ‘U e mong oa bona! U bua ka tsela e tšoanang le ea Bagalilea joaloka Jesu.’ Empa Petrose a hlapanya a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!”
Ka motsotso oo mokoko oa lla. Petrose a bona Jesu a hetla ’me a mo sheba. O ile a hopola mantsoe a Jesu eaba o ea ka ntle a lla habohloko.
Ho sa le joalo, banna ba baholo ba Sanhedrine ba ile ba kopana ho tšoarela Jesu nyeoe ka har’a ntlo ea Kaifase. Ba ne ba se ba entse qeto ea ho bolaea Jesu ’me hona joale ba ne ba batla lebaka la ho etsa seo. Empa ha baa ka ba fumana letho khahlanong le eena. Qetellong Kaifase a re ho Jesu: ‘Na u Mora oa Molimo?’ Jesu a re: ‘E, ke eena.’ Kaifase a re: ‘Ha re hloke bopaki bo bong. Hona ke ho tella!’ Lekhotla la lumellana la re: ‘Monna enoa o lokela ho bolaoa.’ Ba ile ba otla Jesu lerameng, ba mo tšoela ka mathe, ba mo koala mahlo ’me ba mo otla ba ntse ba re: ‘Haeba u moprofeta re bolelle na ke mang ea u otlileng!’
Hoseng ba ile ba isa Jesu holong ea Sanhedrine eaba ba mo botsa hape ba re: ‘Na u Mora oa Molimo?’ Jesu a araba: ‘Ke lona ba reng ke eena.’ Ba ile ba mo fumana a le molato oa ho tella ’me ba mo isa ho Ponse Pilato ’musisi oa Moroma. Ho ile ha etsahala’ng hape? Re tla fumana karabo sehloohong se latelang.
“Haufinyane le tla hasana le khutlele malapeng a lona le ntšiee ke le mong. Leha ho le joalo, ha ke mong hobane Ntate o na le ’na.”—Johanne 16:32
-
-
Jesu o Shoella GolgothaIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 90
Jesu o Shoella Golgotha
Baprista ba ka sehloohong ba ile ba isa Jesu ha ’musisi oa setereke Pilato, eaba o botsa baprista o re: ‘Le qosa monna eo ka eng? ’Ba araba ba re: ‘O ipitsa morena!’ Pilato a botsa Jesu a re: “Na u Morena oa Bajuda?” Jesu a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.”
Eaba Pilato o romela Jesu ho Heroda morena oa Galilea ho bona hore na Heroda o tla mo fumana a le molato. Heroda ha aa ka a fumana letho le phoso ka Jesu, eaba o mo khutlisetsa ho Pilato. Pilato a bolella batho a re: ‘’Na le Heroda ha rea fumana letho le phoso ka monna enoa. Ke mo lumella hore a tsamaee.’ Batho ba re: ‘Mo bolaeeng! Mo bolaeeng!’ Masole a ile a shapa Jesu ka sephali a ba a mo tšoela ka mathe. A ile a mo roesa korone ea meutloa hloohong, eaba a re: ‘Lumela Morena oa Bajuda.’ Pilato o ile a pheta hape a re: ‘Ha kea fumana letho le phoso ka monna enoa.’ Empa ba hoeletsa ba re: “Mo khokhotheleng palong!” Eaba Pilato o fana ka eena hore ba mo bolaee.
Ba ile ba isa Jesu sebakeng se bitsoang Golgotha, ba mo khokhothela palong eaba baa e phahamisa. Jesu o ile a rapela a re: ‘Ntate ba tšoarele. Ha ba tsebe seo ba se etsang.’ Batho ba ne ba tšeha Jesu ba re: ‘Haeba u Mora oa Molimo, itheole palong! Ipholose.’
Motho e mong ea neng a tlotse molao ea neng a khokhothetsoe pel’a Jesu o ile a re ho eena: “U nkhopole ha u kena ’Musong oa hao.” Jesu o ile a re ho eena: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” Ho ile ha e-ba lefifi ka lihora tse tharo empa e le motšehare. Barutuoa ba bang ba Jesu le ’mè oa hae, ba ile ba ema pel’a palo eo Jesu a neng a khokhothetsoe ho eona. Jesu o ile a re Johanne a hlokomele Maria joalokaha eka ke ’mè oa hae.
Eaba Jesu o re: “Ho phethehile!” O ile a inama eaba oa shoa. Ka nako eo, lefatše le ile la thothomela. Lesela le ka tempeleng le neng le le lipakeng tsa Sehalalelo le Sehalalelisiso le ile la taboha hare. Lesole le leng le ile la re: ‘Kannete enoa e ne e le Mora oa Molimo.’
“Litšepiso tsohle tsa Molimo li phethahetse ka Jesu.”—2 Bakorinthe 1:20
-
-
Jesu o Tsosoa BafungIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 91
Jesu o Tsosoa Bafung
Ka mor’a hore Jesu a shoe, ntate ea ruileng ea bitsoang Josefa o ile a kopa hore Pilato a mo lumelle ho theola setopo sa Jesu palong. Josefa o ile a phuthela setopo sa Jesu ka lesela, a mo tšela ka matsoai eaba o mo kenya ka lebitleng. A re ba koale lebitla leo ka lejoe le leholo. Baprista ba ka sehloohong ba ile ba re ho Pilato: ‘Re tšaba hore ba bang ba balateli ba Jesu ba ka ’na ba nka setopo sa hae ebe ba re o tsohile bafung.’ Eaba Pilato o re ho bona: ‘Koalang lebitla ’me le le lebele.’
Ka mor’a matsatsi a mararo, basali ba bang ba ile ba ea lebitleng la Jesu hoseng eaba ba fumana ho tlositsoe lejoe. Lengeloi le ile la re ho basali bao: ‘Le se ke la tšoha. Jesu o tsositsoe bafung. Tsamaeang le e’o bolella barutuoa ba hae hore ba kopane le eena Galilea.’
Maria Magdalena o ile a potlakela ho ea kopana le Petrose le Johanne. A re ho bona: ‘Ho na le motho ea nkileng setopo sa Jesu!’ Petrose le Johanne ba mathela lebitleng la Jesu. Ha ba fihla, ba fumana hore ha ho na letho ka lebitleng eaba ba khutlela hae.
Ha Maria a khutlela lebitleng, o ile a bona mangeloi a mabeli eaba o re ho ’ona: ‘Ha ke tsebe hore na ba isitse Morena oa ka hokae.’ O ile a bona ntate eo a neng a nahana hore ke mohlokomeli oa jarete eaba o re ho eena: ‘Ntate, na u ka tseba hore na ba isitse Jesu hokae?’ Ha ntate eo a re: “Maria!” Maria a hlokomela hore ke Jesu. O ile a hoeletsa a re: “Mosuoe!” eaba oa mo haka. Jesu o ile a re ho eena: ‘Tsamaea u joetse bana beso hore u mpone.’ Hang-hang Maria o ile a matha a bolella barutuoa hore o bone Jesu.
Hamorao letsatsing leo, barutuoa ba babeli ba Jesu ba ne ba tsoa Jerusalema ba ea Emmause. Ho na le ntate ea ileng a fihla a ba botsa hore na ba ntse ba bua ka eng. Ba re ho eena: ‘Ha u e-s’o utloe? Baprista ba ka sehloohong ba bolaile Jesu matsatsi a mararo a fetileng. Joale ho na le basali ba reng oa phela.’ Ntate eo a re: ‘Ha le lumele seo baprofeta ba se buileng ha ba re Kreste o tla shoa a be a tsosoe bafung?’ Eaba o tsoela pele ho ba hlalosetsa Mangolo. Ha ba fihla Emmause, barutuoa ba ile ba re ntate eo a tsamaee le bona. Ka mor’a hore a rapelle lijo tsa mantsiboea, ba ile ba hlokomela hore ke Jesu. Eaba Jesu oa nyamela.
Barutuoa bana ba ile ba potlakela Jerusalema ntlong eo baapostola ba neng ba le ho eona ’me ba ba bolella lintho tsohle tse etsahetseng. Ha ba le ka tlung, Jesu o ile a hlaha ho bona kaofela. Qalong baapostola ba ne ba sa lumele hore ke Jesu. Eaba o re ho bona: ‘Shebang matsoho a ka ’me le a tšoare. Boprofeta bo itse Kreste o tla tsoha bafung.’
“Ke ’na tsela, ’nete le bophelo. Ha ho ea ka tlang ho Ntate haese ka ’na.”—Johanne 14:6
-
-
Jesu o Hlaha ho Batšoasi ba LitlhapiIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 92
Jesu o Hlaha ho Batšoasi ba Litlhapi
Ka mor’a hore Jesu a hlahe ho baapostola, Petrose o ile a il’o tšoasa litlhapi Leoatleng la Galilea. Thomase, Jakobo, Johanne le baapostola ba bang ba ile ba tsamaea le eena. Ba ile ba leka ho tšoasa litlhapi bosiu kaofela empa ba se ke ba li fumana.
Hoseng ba ile ba bona monna e mong a eme lebopong la leoatle. A ba hoeletsa a re: ‘Na le tšoasitse litlhapi?’ Ba re: “Che!” Eaba o re: “Lahlelang linete tsa lona ka letsohong le letona.” Eitse ha ba etsa joalo, linete tsa bona tsa tlala litlhapi hoo ba neng ba sitoa le ho li hulela ka har’a sekepe. Ha Johanne a elelloa hore monna eo ke Jesu, a re: “Ke Morena!” Hang-hang Petrose a ikakhela ka metsing eaba o tola ho ea lebopong la leoatle. Barutuoa ba bang ba tla ka sekepe.
Ha ba fihla lebopong la leoatle, ba ile ba fumana Jesu a ntse a besa bohobe le tlhapi. Eaba Jesu o ba kopa hore ba tlise litlhapi tsa bona hore ba eketse lijo. A re ho bona: ‘Tloong re tl’o ja.’
Ha ba qeta ho ja, Jesu a re ho Petrose: ‘Na u nthata ho feta ho tšoasa litlhapi?’ Petrose a re: ‘E, Morena, oa tseba hore kea u rata.’ Jesu a re ho eena: ‘Fepa likonyana tsa ka.’ Jesu a mo botsa hape a re: ‘Petrose, na oa nthata?’ Petrose a re: ‘Morena, oa tseba hore kea u rata.’ Jesu a re: “Lisa linku tsa ka tse nyenyane.” Jesu a mo botsa ka lekhetlo la boraro. Petrose a araba a utloile bohloko a re: ‘Morena, u tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Oa tseba hore kea u rata.’ Jesu a re: “Fepa linku tsa ka tse nyenyane.” A boela a re: “U se ke oa khaotsa ho ntatela.”
“[Jesu] a re ho bona: ‘Ntšaleng morao, ke tla le etsa batšoasi ba batho.’ Hang-hang ba tlohela matlooa a bona eaba baa mo latela.”—Matheu 4:19, 20
-
-
Jesu o Khutlela LeholimongIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 93
Jesu o Khutlela Leholimong
Jesu o ile a kopana le barutuoa ba hae Galilea, eaba o ba fa taelo ea bohlokoa o re: ‘E-eang ’me le etse batho barutuoa lefatšeng lohle. Le ba rute lintho tsohle tseo ke le rutileng tsona ’me le ba kolobetse.’ A ba tšepisa a re: ‘Hopolang, ke na le lona kamehla.’
Matsatsi a 40 ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ba makholo Galilea le Jerusalema. O ile a ba ruta lithuto tsa bohlokoa a ba a etsa mehlolo e mengata. Eaba o kopana le baapostola ba hae Thabeng ea Mehloaare ka lekhetlo la ho qetela. Jesu o ile a re ho bona: ‘Le se ke la tloha Jerusalema. Le lule le lebelletse seo Ntate a se tšepisitseng.’
Baapostola ha baa ka ba utloisisa hore na o ne a re’ng. Kahoo, ba mo botsa ba re: ‘Na joale u se u tl’o ba Morena oa Iseraele?’ Jesu a ba araba a re: ‘Nako ea hore Jehova a nketse Morena ha e-s’o fihle. Haufinyane le tla amohela matla a moea o halalelang ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, Judea le Samaria le ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.’
Joale Jesu a nyolohela leholimong, eaba leru lea mo koahela. Barutuoa ba hae ba ne ba ntse ba mo shebile empa o ne a ile.
Eaba barutuoa ba tloha Thabeng ea Mehloaare ba ea Jerusalema. Kamehla ba ne ba kopana kamoreng e ka holimo ’me ba rapela. Ba ne ba emetse hore Jesu a tle a ba fe litaelo tse eketsehileng.
“Litaba tse monate tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle hore batho ba lichaba tsohle ba li utloe ebe ke hona bofelo bo tlang.”—Matheu 24:14
-