Kamoo U ka Laolang Nako ea Hao Kateng
“Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—Moeklesia 3:1.
E LE hore u be le nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa, u lokela ho tseba hore na lintho tseo ke life. Sena se tla u nolofalla haeba u utloisisa ka ho hlaka lintho tseo u nkang hore ke tsa bohlokoa, tseo u batlang ho li finyella le lintho tse tobileng tseo u lokelang ho li etsa, tse tsamaisanang le tsona.
Ntlha ea pele, etsa qeto ea hore na lintho tsa bohlokoa bophelong ba hao ke life. U ka ’na ua leka ho ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nkang hore ke ea bohlokoa, joaloka lelapa, metsoalle, ho sebetsa ka thata, thuto, ho atleha, ho shebahala hantle, chelete, thabo, lenyalo, ho ba mosa, ho phela hantle ’meleng le bolumeli. Ebe ua ipotsa, ‘Linthong tsee, ke life tseo ke nkang hore ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa?’
Ka mor’a moo, nahana ka lipakane tsohle tseo u batlang ho li finyella bophelong. Phapang ke efe pakeng tsa lintho tsa bohlokoa le lipakane? Ho latela se tšohloang sehloohong sena, re ka re lintho tsa bohlokoa li lula e le tsa bohlokoa, athe lipakane tsona, ka mor’a nako e itseng motho a ka li finyella ebe o qetile ka tsona.
U ka ’na ua ipehela lipakane life? Na u batla ho qeta nako e eketsehileng u e-na le ba lelapa la hao? Na u batla ho fumana mosebetsi o loketseng? Na u batla ho ntlafatsa tsebo ea hao nthong e itseng eo u ratang ho e etsa ha u ikhatholla? Na u batla ho ithuta e ’ngoe? Na u batla ho hlaolela tšobotsi e itseng? Na u batla ho ea phomolong? Na u batla ho bala buka? Na u batla ho ngola buka?
Ka mor’a moo, etsa qeto ea hore na lipakaneng tsee, ke life tseo u nkang hore ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Tiisa hore li lumellana le lintho tseo u li nkang e le tsa bohlokoa. Ka mohlala, haeba u batla ho ba morui ea hafang ka nkatana, u ka ’na ua ipitsetsa mathata.
Joale, lipakaneng tseo u li khethileng, nahana ka lintho tse ’maloa tseo u ka li etsang ho u thusa hore u finyelle pakane ka ’ngoe. Ka mohlala, haeba e ’ngoe ea lipakane tsa hao ke ho theola boima ba ’mele, ho ikoetlisa ho ka u thusa hore u e finyelle.
Ho Sekaseka Lintho ka Tsela ee ho ka U Thusa Joang?
Haeba lipakane tsa hao li lumellana le lintho tseo u nkang hore ke tsa bohlokoa ’me u etsa lintho tse tla u thusa hore u li finyelle, u tla bona moo u eang teng bophelong. U tla qeta nako e eketsehileng u etsa lintho tseo u nkang hore ke tsa bohlokoa. Ke ’nete hore seo ha se bolele hore u lokela ho hlokomoloha litlhoko le litabatabelo tsa batho ba bang. (Bafilipi 2:4) Ho bolela hore u tla khona ho bona le ho hana menyetla ea ho etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo.
Ke ’nete hore ho tla ba le liphephetso tse itseng. Lintho tse ling e ka ’na eaba hase tsa bohlokoa hakaalo empa leha ho le joalo ho hlokahala hore li etsoe. Lintho tsena li ka ’na tsa u jella nako, tsa u siea u se na nako kapa tsa u siela e seng kae ea ho etsa lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Ho ka ’na ha hlaha maemo a tšohanyetso. ’Me ha ho e-ba le liphetoho bophelong ba hao, seo se ka ’na sa ferekanya kemiso ea hao. Empa ha u leka ho qeta nako e eketsehileng u etsa lintho tsa bohlokoa, u tla khona ho laola nako ea hao haholoanyane le tsela eo u phelang ka eona.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
NA MECHINE EA ELEKTRONIKE E BABALLA NAKO?
E baballela batho ba bang nako empa ba bang e ba senyetsa eona. Ka mohlala, mochine oa personal digital assistant, kapa PDA, o ka ’na oa e-ba le k’halendara, lethathamo la linomoro tsa fono le liaterese, la lintho tseo motho a lokelang ho li etsa, word processor, moo motho a ka ngolang lintlha teng, k’hamera le mokhoa oa ho sebelisa e-mail le Inthanete. U ka baballa nako ka mochine oo haeba u etsa hore o lule o e-na le boitsebiso bo nakong ’me u tsamaea ka oona. Empa u ka senya nako habonolo haeba u lula u o sheba-sheba, u o penya-penya le ha ho sa hlokahale, kapa u fetola lintho ho oona kapa u o rekela lintho tse sa hlokahaleng kapa u o lumella hore o u sitise ho thabela botsoalle kapa ho phetha boikarabelo ba bohlokoa.
Tlhahiso: Batlisisa ka oona pele u o reka. Haeba mochine oa elektronike o robeha khafetsa, ho tla hlokahala nako e ngata ea ho o lokisa. Hape, mochine leha e le ofe oa elektronike o molemo hafeela mong’a oona a o sebelisa hantle. Kahoo, haeba u e-na le oona u sebelisetse ho baballa nako, eseng ho e senya.
[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
Na u ka ipha nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa?