Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/09 maq. 26-27
  • U ka ba Motsoali ea Atlehileng le Hoja U se na Molekane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka ba Motsoali ea Atlehileng le Hoja U se na Molekane
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
  • Malapa a Motsoali a le Mong a ka Atleha!
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Nahanela Batsoali ba se Nang Balekane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho ba Motsoali ea se Nang Molekane ea Atlehileng
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 10/09 maq. 26-27

U ka ba Motsoali ea Atlehileng le Hoja U se na Molekane

HO ’NILE ha boleloa hore haeba malapa a nang le batsoali ba babeli a ne a ka tšoantšoa le liphoofolo, mohlomong a ka be a kentsoe lethathamong la liphoofolo tse kotsing ea ho fela. Nahana ka sena: United States feela ho na le batsoali ba ka bang limilione tse 13 ba se nang balekane ’me boholo ba bona ke bo-’mè. Liphuputso li bontša hore hoo e ka bang halofo ea bana bohle naheng eo, bonyane ba tla qeta nako e itseng ea bocha ba bona ba lula malapeng a batsoali ba se nang balekane.

Haeba u motsoali ea se nang molekane, u ka kholiseha hore ba lelapa la hao ba ka atleha bophelong. Leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang.

◼ Qoba ho bua lintho tse sa haheng. Bibele e re: “Matsatsi ’ohle a ea hlorileng a mabe; empa ea pelo e ntle o ba le mokete kamehla.” (Liproverbia 15:15) Ke ’nete hore ho ka ’na ha bonahala eka lintho ha li u tsamaele hantle. Empa joalokaha temana ena e bontša, thabo ke boikutlo ba motho ba pelo, eseng boemo boo a leng ho bona. (Liproverbia 17:22) Ha u rue molemo oa letho ka ho lula u nahana hore bana ba hao ba malimabe kapa lelapa la hao le qhalane. Ho nahana ka lintho tse joalo ho tla u nyahamisa ’me ho u thatafalletse ho phetha boikarabelo ba hao joaloka motsoali.—Liproverbia 24:10.

Tlhahiso: Etsa lethathamo la lintho tse sa haheng tseo u hlalosang boemo ba hao ka tsona, ebe pel’a tsona u ngola lintho tse hahang tseo u ka bo hlalosang ka tsona. Ka mohlala, ho e-na le ho re, “Boemo bona boa nkimela” e re “Nka khona ho jara boikarabelo ba ka ke le motsoali ea se nang molekane ebile nka fumana thuso eo ke e hlokang.”—Bafilipi 4:13.

◼ Etsa moralo oa kamoo u tla sebelisa chelete kateng. Batsoali ba bangata ba se nang balekane—haholo-holo ba bo-’mè—ba hula ka thata licheleteng. Empa maemong a mang, mathata a lichelete a ka fokotsoa ka hore motho a rale hantle kamoo a tla sebelisa chelete kateng. Maele a Bibele a re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) E le hore u qobe “tlokotsi” ea tsa lichelete, u lokela ho nahana le ho rera lintho esale pele.

Tlhahiso: Ngola moralo oa kamoo u tla sebelisa chelete kateng. Boloka tlaleho ea litšenyehelo tsa hao tsa khoeli ’me u fumane hore na chelete ea hao e fella linthong life. Hlahlobisisa lintho tseo u li etsang ka chelete. Na u reka ka sekoloto haholo? Na u rekela bana lintho e le hore u koale sekheo sa motsoali ea sieo? Haeba bana ba hao ba se ba le baholo, lula fatše le bona ’me le buisane ka litsela tseo le ka baballang chelete ka tsona. Oo e tla ba mokhoa o motle oa ho ba koetlisa. Ebile ba ka ’na ba e-ba le litlhahiso tse seng kae tse molemo!

◼ Sebelisana ka khotso le molekane eo u hlalaneng le eena. Haeba ka bobeli le abetsoe ho lula le ngoana, hlokomela hore ho bua hampe ka molekane eo u hlalaneng le eena ho ngoana—kapa ho sebelisa ngoana hore a u shebele hore na e mong o ntse a etsa’ng bophelong—ho kotsi.a Ho molemo hore u sebelisane hantle le molekane eo u hlalaneng le eena mabapi le ho khalemela ngoana kapa ntho leha e le efe e amang boiketlo ba hae. Bibele e re: “Etsa sohle se matleng a hao ho phela ka khotso le batho bohle”—’me seo se akarelletsa molekane eo u hlalaneng le eena.—Baroma 12:18, Today’s English Version.

Tlhahiso: Nakong e tlang ha le qabana, u tšoare molekane eo u hlalaneng le eena joaloka mosebetsi-’moho le uena. Ha u le mosebetsing u ne u tla leka ka matla hore u boloke khotso le batho bohle—esita le bao ka ho khetheha u sa ba utloisiseng. Leka ho etsa se tšoanang ha u sebelisana le molekane eo u hlalaneng le eena. Ka linako tse ling le ka ’na la se ke la lumellana, empa ha ho hlokahale hore le taba e sa reng letho e fetohe ntho e khōlō.—Luka 12:58.

◼ Beha mohlala o motle. Ipotse: ‘Ke batla hore bana ba ka ba latele melao efe ea boitšoaro le hore ba be le maikutlo afe? Na ke ba behela mohlala oa see?’ Ka mohlala, na u motho ea thabileng le hoja u le motsoali ea se nang molekane? Kapa na u lumella lintho tse u etsahallang hore li u lahlise tšepo bophelong? Na u ntse u halefisitsoe ke kamoo molekane eo u hlalaneng le eena a neng a u tšoere kateng? Kapa na u itsoella pele ka bophelo le ha u etsahalloa ke lintho tse se nang toka tseo u ke keng ua li laola? (Liproverbia 15:18) Ke ’nete hore ao ke maemo a thata, ’me le uena u tla etsa liphoso. Empa ho bonolo hore bana ba hao ba be le maikutlo a tšoanang le a hao ka bophelo ha ba shebile seo u se etsang.

Tlhahiso: Ngola fatše litšobotsi tse tharo tseo u ka thabelang hore bana ba hao ba li bontše ha ba se ba hōlile.b Pel’a tšobotsi ka ’ngoe, ngola seo u ka se etsang hona joale ho behela ngoana mohlala o tla mo thusa hore a hlaolele tšobotsi eo.

◼ Itlhokomele. Kaha bophelo bo maphathaphathe, ho bonolo hore u se ke ua itlhokomela ’meleng le maikutlong. U se ke ua oela lerabeng leo! U tlameha ho ela hloko ‘tlhoko ea hao ea moea’! (Matheu 5:3) Hopola—koloi e se nang peterole e ke ke ea tsamaea sebaka se selelele. Ho joalo le ka uena haeba u sa iphe nako ea ho imatlafatsa.

Ho boetse ho na le “nako ea ho tšeha” le “nako ea ho tlōla-tlōla.” (Moeklesia 3:4) Ho ikhatholla hase ho senya nako. Hoa u hlasimolla le ho u matlafalletsa ho phetha boikarabelo ba hao u le motsoali ea se nang molekane.

Tlhahiso: Botsa batsoali ba bang ba se nang balekane hore na ba itlhokomela joang. Ha u ntse u “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo,” na bonyane u ka qeta nako e itseng beke le beke u etsa ntho eo u e ratang? (Bafilipi 1:10) Ngola fatše ntho eo u ka ratang ho e etsa le hore na u ka ’na ua e etsa neng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba sehlooho se reng “Lelapa le Arohaneng—Kamoo Tlhalo e Amang Bacha Kateng,” leqepheng la 18-21 la makasine ena.

b Litšobotsi tse ling tseo u ka nahanang ka tsona ke “tlhompho,” “ho ba le kahlolo e molemo” le “ho tšoarela,” tse tšohliloeng leqepheng la 6-8 makasineng ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela