Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/10 maq. 10-11
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Felise Diabolose?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Felise Diabolose?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Beha Mohlala oa Boitšoaro
  • E Tla ba Halelele Hakae?
  • “Le Hanyetse Diabolose” Joalokaha Jesu A Ile a mo Hanyetsa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Hanyetsa Satane, ’me o Tla Baleha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Diabolose—Hase Tumela-khoela Feela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 12/10 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Ke Hobane’ng ha Molimo a sa Felise Diabolose?

HAEBA u ne u e-na le matla, na u ne u ke ke ua imolla motho e mong ha a le mahlomoleng? Hangata basebetsi ba pholoso ba potlakela sebakeng se oetsoeng ke koluoa ea tlhaho hore ba phallele le ho pholosa batho bao ba sa ba tsebeng. Kahoo, motho e mong a ka ’na a ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a sa potlakele ho felisa Satane ea bakelang batho mahlomola a mangata hakaale?’

E le ho u thusa ho araba potso eo, ak’u nahane ka nyeoe e itseng ea bohlokoa. ’Molai ea lekang ka matla ho sitisa nyeoe o belaela ka hore moahloli o tsamaisa nyeoe ka leeme o bile o bolela hore moahloli o file lekhotla la baahloli tjotjo. Kahoo, lipaki tse ngata li fuoa monyetla oa hore li fane ka bopaki.

Moahloli oa tseba hore ho latela methati e mengata ea ka khotla ho tla baka litšitiso tse ngata, ebile o ne a ka rata hore nyeoe eo e phethoe ka potlako. Empa oa hlokomela hore ho hlokahala hore mahlakore ka bobeli a fuoe nako e lekaneng ea ho tšetleha taba ea ’ona, e le hore kahlolo e tla fanoa e be mohlala linyeoeng tse ling tse ka ’nang tsa latela.

Papiso ee e amana joang le qoso eo Diabolose—ea boetseng a bitsoang “drakone,” “noha” le “Satane”—a qositseng Jehova, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle” ka eona? (Tšenolo 12:9; Pesaleme ea 83:18) Ha e le hantle Diabolose ke mang? ’Me o qositse Jehova ka eng? Hona Molimo o tla mo felisa neng?

O Beha Mohlala oa Boitšoaro

Qalong Diabolose e ne e le motho ea phethahetseng oa moea, e le le leng la mangeloi a Molimo. (Jobo 1:6, 7) O ile a iphetola Diabolose ha a inehella takatso ea boithati ea ho batla hore batho ba mo rapele. Kahoo, o ile a belaella tokelo ea Molimo ea ho busa, a ba a fana ka maikutlo a hore batho ha baa lokela ho mamela Molimo. O ile a etsa qoso ea hore batho ba sebeletsa Molimo hobane a ba reka ka litlhohonolofatso. Satane o ile a bolela hore batho bohle ba ne ba tla “rohaka” ’Mōpi oa bona ha ba tobana le mathata.—Jobo 1:8-11; 2:4, 5.

E le ho araba liqoso tseo tsa Satane, ho ne ho sa tl’o hlokahala hore ho sebelisoe matla feela. Ha e le hantle, hoja ebe Molimo o ile a felisa Diabolose serapeng sa Edene, seo se ne se ka ’na sa fa ba bang maikutlo a hore Diabolose o nepile. Kahoo Molimo ea matla ’ohle, o ile a nka mehato ea ho rarolla liqoso tseo ho bashebelli bohle.

Tumellanong le melao-motheo eo a e behileng le toka ea hae e phethahetseng, Jehova Molimo o ile a bontša hore lehlakore ka leng le ne le tla hlahisa lipaki tse tla fana ka bopaki bo le tšehetsang tsekong eo. Nako e fanoeng e file litloholo tsa Adama monyetla oa hore li phele le hore li tlatsetse ho pakeleng Molimo, ka hore li khethe ho lula li tšepahala ho eena ka ho rata ho sa tsotellehe mathata ao li tobanang le ’ona.

E Tla ba Halelele Hakae?

Jehova Molimo oa hlokomela hore ha nyeoe eo e ntse e tsoela pele, batho ba tla ’ne ba be mahlomoleng. Empa o ikemiselitse ho liha nyeoe kapele kamoo ho ka khonehang. Bibele e hlalosa hore ke “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:3) Ho hlakile hore “Molimo oa matšeliso ’ohle,” a ke ke a lumella Diabolose hore a phele halelele ho sa hlokahale, kapa a lumella tšusumetso ea hae hore e lule e le teng. Ka lehlakoreng le leng, Molimo a ke ke a felisa Diabolose pele nyeoe ea bokahohleng e fela.

Qetellong ha liqoso tsena li se li rarollotsoe, ho tla tlosoa ka ho feletseng qoso tokelong ea Jehova ea ho busa. Nyeoe e khahlanong le Satane e tla ba mohlala ka ho sa feleng. Ha ho ka ba le ea hlahisang qoso e tšoanang le eo, se etsahaletseng Satane se tla sebelisoa e le mohlala o ke keng oa phetoa.

Ka nako e loketseng, Jehova Molimo o tla laela Mora oa hae ea tsositsoeng hore a felise Diabolose le ho etsolla mesebetsi eohle ea hae. Bibele e bua ka nako eo ka eona Kreste a tlang ho “nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntat’ae, ha a entse puso eohle le bolaoli bohle le matla lefeela. Kaha o tla busa e le morena ho fihlela Molimo a behile lira tsohle tlas’a maoto a hae. E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.”—1 Bakorinthe 15:24-26.

Ho thabisang ke hore Bibele e tšepisa hore maemo a kang a Paradeise a tla ba teng lefatšeng lohle. Batho ba tla phela ka tsela eo Molimo a neng a e rerile qalong, ba phele paradeiseng ea khotso! “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Ka sebele, “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:11, 29.

Ak’u nahane ka tebello ena e babatsehang eo bahlanka ba Molimo ba nang le eona e hlalositsoeng ka Bibeleng: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Diabolose o qositse Molimo le batho ka leshano lefe?—Jobo 1:8-11.

● Ke litšobotsi life tsa Molimo tse re tiisetsang hore ka nako e loketseng o tla felisa Diabolose?—2 Bakorinthe 1:3.

● Bibele e fana ka tšepo efe?—Tšenolo 21:3, 4.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

E le hore ho lihuoe kahlolo e tla sebelisoa e le mohlala oa boitšoaro, mahlakore ka bobeli a lokela ho fuoa nako e lekaneng ea ho tšetleha taba tsekong eo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela