Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/08 maq. 10-11
  • Lebaka Leo U Lokelang ho Qoba Tšebelisano le Meea ka Lona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo U Lokelang ho Qoba Tšebelisano le Meea ka Lona
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Tšebelisano le Meea e se Etsang
  • Kamoo re Fumanang Tšireletso
  • Hanela Makhotla a Moea a Khopo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Jehova a ka U Thusa Hore U Hlole Meea e Khopo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ke Hobane’ng ha ho Sebelisana le Meea ho Thahaselloa Hakaale?
    Tsoha!—2000
  • Lebaka Leo ka Lona U Lokelang ho Qoba ho Sebelisana le Meea
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 7/08 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Lebaka Leo U Lokelang ho Qoba Tšebelisano le Meea ka Lona

NAHENG e ’ngoe ea Asia, letšoele le tlile moketeng oa ho tlotlisa meea. Mokete ona o loela le ho feta ha ho khethoa basali ba babeli ba tlang ho kenoa ke moea. Ba phethola mahlo ebe ba qala ho thothomela ’mele kaofela.

Naheng ea Puerto Rico, ngakana-ntšonyana (santero) e tšoara moketjana oa ho ikopanya le moea o bitsoang Changó, e leng molimo oa sealuma. Ngakana-ntšonyana ena e hlalosa lintho tseo e li bonang, ebe batho bohle ba ka tlung ba qala ho thothomela joalokaha eka ba kenoe ke moea.

Ho sebetsana le matla a phahametseng tlhaho ho tloaelehile linaheng tse ngata. Batho ba lumelang matleng a phahametseng tlhaho le ba hoheloang ke ’ona ba ntse ba eketseha. Libuka, lipapali, mananeo a thelevishene le libaesekopo tse bontšang bodemona, boloi le liketsahalo tse phahametseng tlhaho li atile ho feta leha e le neng pele.

Leha ho le joalo, Bibele e ruta hore ho sebelisa ntho leha e le efe e amanang le matla a phahametseng tlhaho, ha e le hantle ke ho sebelisana le meea. Tšebelisano le meea hase boithabiso bo se nang molato kapa bo se nang kotsi. Hase taba feela ea ho batla ho ithuta ka lintho tse sa tsejoeng. Ke ho ikopanya le bademona, e leng mangeloi a khopo a ileng a fetohela Molimo.—Tšenolo 12:9, 12.

Ha e le hantle, tšebelisano le meea ke leraba leo bademona ba le sebelisang, feela joaloka leraba le sebelisoang ke batšoasi ba litlhapi. Motšoasi oa litlhapi o sebelisa maraba a sa tšoaneng hore a tšoase mefuta e fapaneng ea litlhapi. Ka ho tšoanang, meea e khopo e sebelisa mekhoa e sa tšoaneng hore e susumetse batho ba mefuta eohle. Moeta-pele oa bademona o bitsoa “molimo oa tsamaiso ena [e khopo] ea lintho.” O atleha ho foufatsa likelello tsa ba sa lumelang hore ba se ke ba utloisisa ’nete ea Lentsoe la Molimo le morero oa hae.—2 Bakorinthe 4:4.

Seo Tšebelisano le Meea e se Etsang

Sepheo sa libōpuoa tse khopo tsa moea ke hore li re sitise ho ba le kamano e haufi le ’Mōpi oa rōna. Li susumetsa batho hore ba se ke ba mamela melao e lokileng ea Molimo, ebang baa tseba kapa che. Ka hona, tšebelisano le meea e etsa hore batho ba se ke ba amoheleha ho Molimo, ba felloe ke tšepo ’me qetellong ba timetsoe.—Tšenolo 21:8.

Luis, oa Puerto Rico o re: “Ho tloha ha ke sa le ngoana, lelapa leso le ne le sebelisana le meea. E ne e le karolo ea bolumeli ba lelapa leso le tsela eo re phelang ka eona. Ke ne ke nahana hore tsebo ea ka ea ho bona bokamoso esale pele le ho bala likarete tsa tarot e ne e le ntho ea tlhaho. Hangata ke ne ke bolella batho linomoro tsa lotho ’me ke ba thusa hore ba ikhapele chelete. Lintho tsena tseo ke neng ke nka hore ke neo li ne li ntšitisa hore ke tsebe Bibele ’me ke be le kamano le Molimo.”—Johanne 17:3.

Batho ba bangata ba ka ’na ba nahana hore ha ho kotsi ho sebelisana le meea, ebile ho molemo. Ba ka ’na ba bua ka meea ea bafu e lokileng kapa ba bolela hore ho sebelisana le meea ho ba hlaha leseling, ho etsa hore ba rue kapa ba thabe. Ho hang sena hase ’nete. Luis o re: “Kamehla motho o lahleheloa ke ho itseng.”

Mohlankana e mong ea bitsoang Chad o ile a qala ho bona lipono tse mo tšosang le ho tšoenngoa ke bademona ka hore ba mo tsose nako le nako ha a robetse. O re: “Bademona ba ile ba qala ho ntlhorisa le ho ntlhokofatsa bosiu bo bong le bo bong.” Re ka sireletsoa joang hore bademona ba se ke ba re hlokofatsa joalo?

Kamoo re Fumanang Tšireletso

Hore re itšireletse, re lokela ho qoba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le tšebelisano le meea. (Bagalata 5:19-21) Kahoo, Jehova Molimo o laela bahlanka ba hae hore ba qobe mekhoa e latelang: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang . . . ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu. Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10-12.

Tumellanong le mantsoe ao, ba bangata ba nkile mehato ea ho itšireletsa ka hore ba lahle libuka leha e le life kapa lintho tse ling tse amanang le meea. Ken, ea ileng a itokolla tšebelisanong le meea o re: “Ke ile ka hlahloba lintho tsohle tseo ke nang le tsona ’me ka chesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke nahana hore e fosahetse.”—Sheba Liketso 19:19, 20.

Tsela e khōlō ka ho fetisisa ea ho itšireletsa ke ho ba le kamano e haufi le Molimo oa ’nete, Jehova. Hlokomela seo re lokelang ho se etsa se boletsoeng ho Jakobo 4:7, 8: “Ka hona, ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela. Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna. Hloekisang matsoho a lōna, lōna baetsalibe, ’me le hloekise lipelo tsa lōna, lōna ba hlōlehang ho etsa qeto.”

Jehova Molimo o ruta ba atamelang ho eena ebile oa ba sireletsa. Ba “tseba merero” ea Satane ’me ha ba thetsoe ke boikhakanyo ba hae. (2 Bakorinthe 2:11; 11:14) Hape, Jehova o Matla ’Ohle. Ha batho ba ipiletsa ho Jehova ka tumelo, o tla ba lokolla hore ba se ke ba hlokofatsoa ke meea e khopo. Chad, eo pejana ho qotsitsoeng mantsoe a hae o re: “Ho tseba hore ke ne ke hlaseloa ke bademona le ho ipiletsa ho Jehova Molimo hore a ntšireletse ho ile ha etsa hore ba khaotse ho ntlhokofatsa.”—Pesaleme ea 91:1, 2.

Ka ho hlakileng, batho ba lipelo li lokileng ba ka thabela ho sireletsoa ke Molimo hona joale le ho tseba hore haufinyane bademona le bohle ba lumelang hore ba susumetsoe ke bona ba tla timetsoa. Ak’u nahane feela hore na lefatšeng ho tla ba le thabo le khotso hakaakang ha batho ba se ba sa susumetsoe ke meea e khopo!—Esaia 11:9; Tšenolo 22:15.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Ke mekhoa efe ea ho sebelisana le meea eo Bakreste ba lokelang ho e qoba?—Deuteronoma 18:10-12; Tšenolo 21:8.

◼ Ke mang ea khothalletsang batho hore ba sebelisane le meea?—2 Bakorinthe 2:11; 11:14; Tšenolo 12:9, 12.

◼ Re ka itšireletsa ho meea e khopo joang?—Jakobo 4:7, 8.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ha e le hantle, tšebelisano le meea ke leraba leo bademona ba le sebelisang, feela joaloka leraba le sebelisoang ke batšoasi ba litlhapi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela