Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/08 leq. 22
  • Matla a Thetsang a Lipapatso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matla a Thetsang a Lipapatso
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsebo ea ho Susumetsa
    Tsoha!—1998
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Bana ba Rōna ke Lefa la Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 12/08 leq. 22

Matla a Thetsang a Lipapatso

KA MONGOLI OA TSOHA! POLAND

Tomek o shebeletse thelevishene ’me o nkehile ke seo a se bonang moo. O mametse ka hloko molaetsa oa papatso o phehellang bashebelli, o reng: “Ha mora oa hao a e apere, o tla ba matla, e be moatlelete ’me le metsoalle ea hae e tla mo tsota. U lokela ho mo rekela eona!” Tomek o mathela ho ntate oa hae, a ntse a binela ka marameng pina e monate eo a neng a sa tsoa e utloa. O re: “Ntate, na u tla nthekela eona?”

◼ Ke hobane’ng ha bana ba batla lintho tse bapatsoang? Morupeli e mong ea qotsitsoeng makasineng oa Sepolishe o bitsoang Rewia o re: “Kaha ba bang ba na le lintho tseo, le bona baa li batla. Ha ba batle hore ba bang ba ba khelle fatše.” Batsoali ba bang ba atisa ho inehela ha bana ba lula ba kōpa ntho e itseng, ba lla ’me ba ikoatisa, ebe ba ba rekela ntho eo ba e batlang.

Ke’ng se etsang hore papatso e reretsoeng bana e be e thetsang hakaale? Jolanta Wąs, eo e leng setsebi sa kelello, o re: “Ha e bue hakaalo ka hore na ntho e rekisoang ke bokae, ke ea boleng hakae, kapa hore na e molemo hakae.” Papatso e reretsoe “hore e hape batho maikutlo.” Wąs o re: “Bana ba banyenyane ha ba khone ho seka-seka se boleloang papatsong. . . . Ha ba bapise seo ba se bolelloang moo le seo ba seng ba ntse ba se tseba.” Le haeba ba ka leka ho se bapisa, ba ka ’na ba e-ba le kutloisiso e fokolang hore ba hlahlobisise ka nepo se bapatsoang.

U ka etsa’ng ho sireletsa ngoana oa hao matleng a thetsang a lipapatso? Ntlha ea pele, makasine ea Rewia e re “u lokela ho qeta nako u e-na le ngoana oa hao ’me u lule u mo hlalosetsa hore leibole ea lieta [kapa ea liaparo] hase eona e hlileng e bontšang hore na motho ke oa bohlokoa kapa che.” Ruta ngoana oa hao hore o ntse a ka phela a thabile le ha a se na lintho tsa morao-rao tsa ho bapala. Ntlha ea bobeli, batsoali ba lokela ho elelloa kamoo lintho tse bapatsoang li ka susumetsang bana ba bona kateng. Ntlha e ka sehloohong eo Wąs a e khothalletsang ke hore “re se ke ra lumella mecha ea phatlalatso hore e be eona e re bolellang hore na bana ba rōna ba hloka eng.”

Qetellong, batsoali bohle ba ka rua molemo keletsong e ka Bibeleng. Moapostola Johanne o ile a ngola, a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.”—1 Johanne 2:15, 16.

Na hase ’nete hore lintho tse ngata tse bapatsoang li ipiletsa ‘takatsong ea mahlo’ li bile li susumetsa ba banyenyane le ba baholo hore ba etse “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa [bona] oa boipheliso”? Ka ho thahasellisang, moapostola Johanne o ile a tsoela pele ka keletso ea hae, a re: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

Batsoali ba lulang ba ipha nako ea ho buisana le bana ba bona ka lintho tse hahang ba ka ba ruta melao-motheo ea bomolimo le mekhoa e metle. (Deuteronoma 6:5-7) Kahoo bana ha ba na ho nkeha habonolo ke lipapatso tse thetsang tsa lefatše lena, tse reretsoeng ho ba phehella hore ba hatelle batsoali ba bona hore ba ba rekele lintho tse bapatsoang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela