“Kotsi e Khukhunelang Bophelo ba Sechaba”
KAROLO e tšosang ea boraro ea batho ba baholo ba sebelisang Internet United States e se e kile ea shebella mocha o itseng oa Internet o bontšang ho kopanela liphate, joalokaha ho senola phuputso e sa tsoa etsoa ea ho sebelisa Internet bakeng sa ho etsetsana melaetsa e buang ka ho kopanela liphate. Hona joale matšoele-tšoele a batho a inehela tšusumetsong ea ho khotsofatsa litakatso tsa ’ona tsa ho kopanela liphate ka Internet. Dr. Al Cooper, setsebi sa kelello se neng se etsa phuputso ena, o re: “Ena ke kotsi e khukhunelang bophelo ba sechaba, eo lebaka le leng la ho eketseha ha eona ka sekhahla e leng hobane e le batho ba seng bakae feela ba hlokomelang hore ke kotsi kapa ba e nkang ka ho teba.”
Ke bo-mang bao ka ho khetheha ba pepesehetseng mokhoeng oo oa ho buisana ka litaba tsa ho kopanela liphate lithelefonong le lik’homphieutheng? Dr. Cooper o re: “Ba sebelisang lintho tse joalo ke bao e ka ’nang eaba thahasello ea bona ea ho kopanela liphate e ’nile ea hatelloa le ho beheloa meeli bophelo ba bona bohle” empa e le bao “ka tšohanyetso ba bontšoang menyetla e sa feleng ea ho kopanela liphate” ho Internet.
Leha ho le joalo, boholo ba ba tloaetseng ho shebella mecha ea Internet e bontšang ho kopanela liphate ba nka hore tloaelo ena ha e na kotsi. Na ho joalo? Feela joalokaha motho ea lemaletseng lithethefatsi a tšoasoa ke sethethefatsi seo a se thahasellang, batho ba bangata ba lemaletseng mokhoa oa ho buisana ka litaba tsa ho kopanela liphate lithelefonong le lik’homphieutheng ba batla “ho bona” liketsahalo tse eketsehileng tsa ho kopanela liphate ho Internet e le hore ba khotsofatse litakatso tsa bona. Ka sebele ba ka ba ba ipeha kotsing ea ho felloa ke mesebetsi le ho beha kamano ea bona le balekane ba bona kotsing!
Leha ho le joalo, ba batlang ho khahlisa Molimo ba na le mabaka a eketsehileng a ho qoba ho shebella mecha ea Internet e bontšang ho kopanela liphate. Lentsoe la Molimo lea eletsa: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo. Ka lebaka la lintho tseo khalefo ea Molimo ea tla.” (Bakolose 3:5, 6) E le hore motho a ‘bolaee litho tsa ’mele oa hae’ mabapi le takatso e litšila ea ho kopanela liphate, ho hlokahala hore a hlaolele lerato le matla bakeng sa Jehova Molimo. (Pesaleme ea 97:10) Haeba a iphumana a tšoasitsoe ke kotsi e khukhunelang bophelo ba sechaba ea mokhoa oa ho buisana ka litaba tsa ho kopanela liphate lithelefonong le lik’homphieutheng, o lokela ho matlafatsa lerato la hae bakeng sa Jehova ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele. Botsoalle bo hahang le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e haufi bo phetha karolo e khōlō ho thuseng motho ho matlafatsa boikemisetso ba hae ba ho khahlisa Molimo.