Na Batho ba Tla ke ba Bontše Moea o Renang ka Keresemese Selemo Sohle?
“Khanya e be ho Molimo bophahamong bo holimo, ’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng.”—Luka 2:14.
BATHO ba limilione ba tseba mantsoe ana a builoeng ke mangeloi a Molimo ha a ne a tsebisa balisa ba neng ba hlokometse mehlape ea bona bosiu ka tsoalo ea Jesu. Ka nako eo likereke li bolelang hore Jesu o tsoetsoe ka eona, ba bangata ba ipitsang Bakreste ba etsa boiteko bo matla ba ho itšoara hantle. Nako ena eo ka eona batho ba amehang haholo ka ho thaba, khotso le ho etsa lintho tse khahlisang—e leng lintho tse boletsoeng phatlalatsong ea lengeloi—e atisa ho bitsoa moea o renang ka Keresemese.
Maikutlo a babatsehang joalo a bile a khahla le batho ba sa ketekeng Keresemese joaloka mokete oa bolumeli. Le bona ba ananela maikutlo a matle ao ho bonahalang mokete ona o a khothalletsa. Libakeng tseo ho tsona ka Keresemese batho ba sa eeng sekolong kapa mosebetsing, nako ena ea phomolo e fa batho monyetla oa ho khatholoha, ho qeta nako ba e-na le malapa a bona le metsoalle, kapa hore feela ba ithabise. Ke ’nete hore batho ba bangata ba tšepahalang ba nka Keresemese e le nako eo ka eona ba lokelang ho tlotla Jesu Kreste.
Ho sa tsotellehe hore na ba nka Keresemese e le ea bohlokoa hakae, ba bangata ba lumela ntle ho tikatiko hore maikutlo afe kapa afe a molemo a hlahisoang ke letsatsi lena la phomolo hangata e ba a nakoana. Ho e-s’o ee kae batho ba khutlela mekhoeng ea bona e tloaelehileng. Moqoqo o phatlalalitsoeng ke banka ea Canada e bitsoang Royal Bank, oo sehlooho sa oona se reng “Moea o Renang ka Keresemese,” o boletse tjena: “Batho ba bangata ba ipitsang Bakreste ba tšoaneloa ke lebitso leno libeke tse seng kae feela ka selemo, ba ba mosa o senyekhenyekhe ho batho ba bang ho fihlela ka mor’a Selemo se Secha ha ba khutlela mokhoeng oa bona oa hore ha ho tsuonyana phatela-’ngoe le oa ho se natse mahlomola a batho ba bang.” Sengoliloeng seo se tsoetse pele ka ho re, “se hlileng se fosahetseng” ka moea o renang ka Keresemese ke hore batho ha ba na oona “selemo sohle.”
Ho sa tsotellehe hore na u lumellana le se tšohliloeng mona kapa che, se hlahisa lipotso tsa bohlokoa. Na ho tla ke ho etsahale hore batho ba tsebe ho fana le ho utloisisa ba bang ka linako tsohle? Na ho na le lebaka le utloahalang la ho tšepa hore se phatlalalitsoeng ke lengeloi bosiung boo Jesu a tsoetsoeng ka bona se tla phethahala? Kapa na tšepo ea hore ho tla ke ho be le khotso ea ’nete ke toro feela?