Pono ea Bibele
Na ho Lokela ho be le Phapang Pakeng Tsa Baruti le Balumeli ba Bang?
Ea Tlotlehang Haholo, Ea Tlotlehang Hantle, Ntate, Ntate ea Halalelang Haholo, Rabi, Mobabatsehi, Mohlomphehi ea Khabane, Mohalaleli, Mohalaleli ea Fetisisang—tsena ke tse ling tsa litlotla tse khethollang baruti ba likereke tse sa tšoaneng ho balumeli ba bang. Ho khetholloa ha baruti ho balumeli ba bang ho tloaelehile malumeling a mangata, empa na tokisetso ee ke ea Molimo kapa ke neano ea batho? Habohlokoa le ho feta ke hore, na Molimo oa e amohela?
CLETUS WESSELS eo e leng moprofesa oa thuto ea bolumeli o ile a ngola a re: “Ka Testamenteng e Ncha ha ho moo ho buuoang ka baruti le balumeli ba bang, esita le mehleng ea baapostola ha hoa ka ha buuoa ka bona.” Encyclopedia of Christianity e re: “Butle-butle ho ile ha e-ba le phapang pakeng tsa baruti ba eteletseng pele le balumeli ba bang . . . Balumeli ba bang ‘feela’ ba ne ba se ba talingoa e le batho ba sa tsebeng letho ka Molimo.” Phapang ena e ile ea bonahala le ho feta lekholong la boraro la lilemo C.E.—e leng lilemo tse fetang makholo a mabeli ka mor’a hore Jesu Kreste a be teng lefatšeng!
Joale, haeba phapang e teng pakeng tsa baruti le balumeli ba bang ha ea thehoa mohlaleng oa baapostola ba Jesu le Bakreste ba bang ba pele, na see se bolela hore taba ee e fosahetse? Bibele e bontša hore e fosahetse. Nahana mabaka a seo.
“Bohle le Bara ba Motho”
Lentsoe la Molimo le re bolella hore Bakreste bohle ke basebeletsi ba Molimo ’me ha ho ea phahametseng e mong kapa ea ka tlas’a e mong. (2 Bakorinthe 3:5, 6) Alexandre Faivre eo e leng mongoli oa tsa bolumeli o re Bakreste ba pele “ba ile ba tsitlella hore ho se ke ha e-ba le lihlopha har’a bona.” ‘Ho se khethollane ka lihlopha’ joalo ho lumellana le seo Jesu a ileng a se bolella balateli ba hae, ha a re: “Bohle le bara ba motho.”—Matheu 23:8.
Ho hlakile hore banna ba hōlileng moeeng ba ne ba sebeletsa e le balebeli, e leng se neng se akarelletsa ho ba balisa le mesuoe. (Liketso 20:28) Empa banna bao e ne e se baruti ba lefshoang. Boholo ba bona e ne e le banna ba sebetsang ka tsela e tloaelehileng—ba nyetse ba bile ba e-na le bana. Ho feta moo, ba ne ba tšoaneleha hore ba sebeletse e le balebeli, eseng ka hore ba ee likolong tsa bolumeli empa ka hore e be liithuti tse hloahloa tsa Lentsoe la Molimo le ka ho hlaolela litšobotsi tsa moea tseo Molimo a li hlokang. Litšobotsi tseo li akarelletsa hore e be ‘ba itekanetseng mekhoeng, ba hlaphohetsoeng kelellong, ba hlophisehileng, ba amohelang baeti, ba tšoanelehelang ho ruta, . . . ba nang le kahlolo e molemo, eseng ba ratang ntoa, eseng ba ratang chelete, batho ba okamelang ba matlo a bona ka mokhoa o motle.’—1 Timothea 3:1-7.
Lebaka Leo e Leng Bohlale ho Khomarela Bibele
Bibele e re: “Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng.” (1 Bakorinthe 4:6) Ka masoabi, ha batho ba hlokomoloha taelo eo ea Molimo e bululetsoeng, hangata seo se senya kamano ea bona le Jehova, ’me ke sona se etsahalang ka tokisetso ena ea ho ba le phapang pakeng tsa baruti le balumeli ba bang. Joang? Ka kōpo nahana ka lintlha tsena tse tšeletseng tse latelang.
1. Ho arola baruti ho balumeli ba bang ho fana ka maikutlo a hore motho o lokela ho ba le pitso e khethehileng e le hore e be mosebeletsi oa Molimo. Empa Bibele e bolela hore Bakreste bohle ba ’nete ba lokela ho sebeletsa Molimo ’me ba rorise lebitso la hae. (Baroma 10:9, 10) Tabeng ea ho sebeletsa ka phuthehong, banna ba Bakreste ka kakaretso ba khothalletsoa hore ba hahamalle tokelo eo, e leng se tloaelehileng har’a Lipaki Tsa Jehova.—1 Timothea 3:1.
2. Phapang e teng pakeng tsa baruti le balumeli ba bang e etsa hore baruti ba iphahamise, ’me bopaki ba sena bo bonoa litlotleng tseo ba li fuoang. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Ea itšoarang joaloka e monyenyane har’a lōna kaofela ke eena e moholo.” (Luka 9:48) Tumellanong le moea oo oa boikokobetso, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba se ke ba sebelisa litlotla tsa bolumeli.—Matheu 23:8-12.
3. Baruti ba lefshoang ba ka imetsa balumeli haholo licheleteng, haholo-holo ha baruti bao ba phela mabothobothong. Ka lehlakoreng le leng, balebeli ba Bakreste ba hlokomela litlhoko tsa bona tsa lichelete ka ho etsa mesebetsi e tloaelehileng ea boipheliso, kahoo ba behela balumeli ba bang mohlala o motle.a—Liketso 18:1-3; 20:33, 34; 2 Bathesalonika 3:7-10.
4. Kaha moruti a ka ’na a phela ka likoleke tsa batho, mohlomong a ka lekeha hore a hlapolle molaetsa oa Bibele e le hore a khahlise balumeli. Ka sebele, Mangolo a ile a bolela esale pele hore sena ke sona se neng se tla etsahala. “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe.”—2 Timothea 4:3.
5. Ho khetholla baruti ho balumeli ba bang ho ka ’na ha etsa hore batho ba nke hore bolumeli ke ntho ea baruti feela, ebe bona ba tla feela ho tla ba mamela. Empa Bakreste bohle ba lokela ho ela hloko tlhoko ea bona ea moea ’me e be liithuti tse hloahloa tsa Bibele.—Matheu 4:4; 5:3.
6. Baruti ba ka khelosa balumeli habonolo esita le ho ba hanyapetsa, ha balumeli ba sa tsebe seo Bibele e se rutang. Ha e le hantle, histori e na le mehlala e mengata ea seo.b—Liketso 20:29, 30.
Lipaki Tsa Jehova li khomarela seo Bibele e se rutang, ha li na baruti empa li na le balisa ba moea le mesuoe e sa lefshoeng e ikemiselitseng ho sebeletsa mohlape oa Molimo. Re u khothalletsa hore u etele Holong ea ’Muso e sebakeng sa heno, u tl’o inoesa ka nkho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lekholong la pele la lilemo, ka linako tse ling balebeli ba tsamaeang ‘ba ne ba phela ka litaba tse molemo’ ka hore ba amoheloe ka mofuthu malapeng a batho le ho fuoa menehelo ea boithatelo.—1 Bakorinthe 9:14.
b Mehlala e meng ea sena ke ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe, Lekhotla le Otlang Bakhelohi la K’hatholike hammoho le baruti ba neng ba chesa Libibele ka morero oa ho thibela mehlape ea bona ho ithuta Lentsoe la Molimo.—Sheba makasine eabo ena ea Molula-Qhooa oa November 15, 2002, leqepheng la 27.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Batho ba Molimo ba lokela ho tšoarana joang?—Matheu 23:8.
◼ Banna ba Bakreste ba lokela ho ba le litšobotsi life e le hore e be balebeli?—1 Timothea 3:1-7.
◼ Ke hobane’ng ha Molimo a sa amohele tokisetso ea ho khetholla baruti ho balumeli ba bang?—1 Bakorinthe 4:6.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
Ho fapana le baruti, Jesu o ile a ‘inyenyefatsa’